Sehlahlo sa Bocha ho ea ho Ile!
MONNA ea neng a le ka thōko ho Jesu o ne a tjametsoe ke lefu. O ile a kōpa ka tieo: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Jesu a mo araba: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:42, 43) Ke ’nete hore monna eo ea sa boleloang lebitso o ne a sa tl’o shoa ka lebaka la boloetse ba boqhekung; o ne a ahloletsoe lefu ka lebaka la bonokoane. Leha ho le joalo, batho ba ntseng ba hōla ba ka khothatsoa haholo ke boemo ba hae bo sithabetsang.
Ka sebele tšepo e ikhethang eo monna enoa a neng a e-na le eona ea babatseha! Le hoja Jesu a ne a le makhatheng a lefu thupeng ea tlhokofatso haufi le eena, monna eo o ne a se na khoao ea hore Jesu o ne a tlil’o busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. O ile a ba a re, e se eka ka letsatsi le leng, ka mohau Jesu a ka mo hopola. A k’u nahane feela hore monna eo ea neng a se a ahloletsoe lefu, o tla tsosetsoa paradeiseng e ntle, ’me Jesu e le Morena!
Moloko oa batho o boemong bo tšoanang hantle le ba motlōli eo oa molao ea neng a le makhatheng a lefu. Joang? Ho sa tsotellehe hore na re lilemong life, kaofela re utloa liphello tsa sebe ’me re hloka poloko. (Baroma 5:12) Joaloka senokoane sane re ka retelehela ho Kreste Jesu bakeng sa tšepo—esita le tšepo ea ho imolloa mathateng a bohloko a hlahang botsofaling! Ntle le pelaelo, Jesu o tiisetsa batho hore ba tla phela ka ho sa feleng ba phethahetse ’meleng le kelellong lefatšeng la paradeise.—Johanne 3:16, 36.
Lintho Tsohle li Etsoa Tse Ncha Bakeng sa ba Baholo le ba Banyenyane
’Musong oa Kreste baahi ba lefatše “ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11) Ha ho ea tla re: “Kea kula.” (Esaia 33:24) Kholofalo leha e le efe eo re neng re lokela ho e mamella bophelong, e tla felisoa, etsoe “ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” (Esaia 35:6) Maqheku a tla boela a e-ba le sehlahlo sa bocha; letlalo la ’ona le “nchafale ho feta bocheng.”—Jobo 33:25.
Empa na hoa utloahala ho ba le tšepo e joalo? Ak’u nahane ka Ea fileng monna eane ea shoang tšepo ea ho phela Paradeiseng. Ka makhetlo-khetlo matšoele a ne a tlisa batho ba holofetseng, ba se nang litho, ba foufetseng le ba sa utloeng litsebeng ho Jesu. Ka mafolofolo o ne “a phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong.” (Matheu 9:35, 36; 15:30, 31; Mareka 1:40-42) O ne a bontša ka ho toba seo ’Muso oa hae o tla se finyella. Jesu o bile a tsosa le bafu ba ’maloa. (Luka 7:11-17; Johanne 11:38-44) Seo se ile sa bontša hore, o hlile o na le matla a bolaoli ha a tšepisa hore “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.
Ak’u nahane feela u se u tsoha Paradeiseng ka ’mele o mocha, u bona hantle, u utloa meloli ea linonyana tse binang hamonate le batho ba thabileng, u se u sa utloe mahlaba maotong le matsohong, ’me kelello e hlaphohetsoe ka ho feletseng. “Litšiu tsa tlokotsi” tsa botsofali li tla be li ile ka ho sa feleng. (Moeklesia 12:1-7; Esaia 35:5, 6) Esita le “lefu le tla etsoa lefeela”—le tla ‘metsoa ka ho sa feleng.’—1 Bakorinthe 15:26, 54.
Ha re hlahlobisisa liketsahalo tsa hona joale tsa lefatše ho ea ka boprofeta ba Bibele, re fumana hore re atamela ka potlako nakong eo ho hōla ho ke keng ha hlola ho e-ba ka tsela eo re ho tsebang ka eona. (Matheu 24:7, 12, 14; Luka 21:11; 2 Timothea 3:1-5) Nako e se e atametse ea hore maqheku a bontšitseng tumelo ho Molimo le a mo sebelelitseng a boele a thabele sehlahlo sa bocha—empa ka nako eo e se e le ho ea ho ile!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Koetlisa Boko Boo!
Joalokaha boikoetliso ba ’mele bo matlafatsa mesifa, boikoetliso ba kelello bo ntlafatsa boko. Bakeng sa ho hlasimolla kelello, re lokela ho etsa lintho tse ncha. Mekhoa e latelang e tla re thusa ho matlafatsa lisele tsa boko.
◼ Thahasella lintho tse ncha, joaloka bonono, ho betla kapa ho bōpa litšoantšo, lipapali tseo ho tsona u bōpang mantsoe ka litlhaku tse kopakantsoeng, kapa papali ea ho kopanya litšoantšo tse nyenyane ho etsa setšoantšo se le seng se seholo le ea ho araba lipotso ka ho ngola likarabo ka har’a mabokosana a fanoeng; ithute puo e ’ngoe.
◼ Itloaetse batho ka ho fapa-fapana; e-ba le batho ’me u qoqe ho e-na le ho lula u etsa ntho e le ’ngoe ’me u tla chorisa kelello.
◼ Matlafatsa bomoea ba hao. “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.
◼ Bala boitsebiso bo molemo; bolella ba bang ka seo u se balileng.
◼ Leka ho hopola ’me u qoqe ka litaba tse boletsoeng seea-le-moeeng kapa thelevisheneng ho thusa kelello ho hopola lintho tseo u ntseng u nahana ka tsona le tseo u seng u khaolitse ho nahana ka tsona.
◼ Sebelisa letsoho leo u sa le sebeliseng haholo (ebang ke la leqele kapa le letona) ha u bula thelevishene, u bua mohaleng, kapa u hlatsoa meno.
◼ Sebelisa litho tsohle tsa hao tsa kutlo ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng letsatsi ka leng.
◼ Ithute u be u etele libaka tse thahasellisang ebang li haufinyane kapa li hōle.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Jesu o tšepisa hore haufinyane mahlaba a tsamaisanang le ho hōla a tla nyamela, a nkeloe sebaka ke sehlahlo sa bocha ka ho sa feleng