Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 27 leq. 68-leq. 69 ser. 6
  • Jesu o re Matheu e be molateli oa hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o re Matheu e be molateli oa hae
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pitso ea Mattheu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Pitso ea Mattheu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lekhetho—Na ke Moputso oa ho ba “Sechaba se Tsoetseng Pele?”
    Tsoha!—2003
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 27 leq. 68-leq. 69 ser. 6
Bafarisi ba shebile Jesu ha a le lijong ha Matheu a e-⁠na le babokelli ba lekhetho le baetsalibe

KHAOLO EA 27

Jesu o re Matheu e be Molateli oa hae

MATHEU 9:​9-13 MAREKA 2:​13-17 LUKA 5:​27-32

  • JESU O RE MOLEKHETHO EA BITSOANG MATHEU E BE MOLATELI OA HAE

  • JESU O CHAKELA BAETSALIBE E LE HORE A KA BA THUSA

Nakoana ka mor’a hore Jesu a folise monna ea holofetseng, o lula Kapernauma haufi le Leoatle la Galilea. Le lekhetlong lena, letšoele le tla ho eena ’me o qalella ho le ruta. Ha a tloha o bona Matheu, eo lebitso le leng la hae e leng Levi a lutse ofising ea lekhetho. Jesu o mo memela ntho e ikhethang o re: “E-ba molateli oa ka.”​—Matheu 9:9.

Joalokaha Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne ba ne ba tseba ka mehlolo le lithuto tsa Jesu, e ka ’na eaba Matheu le eena oa li tseba. Joaloka banna bana, le eena o amohela memo ena. Kosepeleng ea hae oa hlalosa hore na o ile a etsa’ng ha a re: “Kapele ka mor’a moo [Matheu] a fela a ema ’me a mo latela.” (Matheu 9:9) Matheu o tlohella mosebetsi oa hae oa ho ba ’mokelli oa lekhetho ’me e ba molateli oa Jesu.

Jesu o bona Matheu ofising ea lekhetho ’me o mo memela hore e be molateli oa hae

Hamorao, Matheu o etsa mokete oa semetletsa, mohlomong hobane a batla ho leboha Jesu ka memo ena e ikhethang. Ebe ke bo-mang ba teng moketeng oo kantle ho Jesu le barutuoa ba hae? Matheu o memme batho ba bang bao a neng a sebetsa le bona ha e ntse e le molekhetho. Batho bana ba bokella lekhetho bakeng sa ’muso oa Roma oo Bajuda ba o hloileng. Taba ee e etsa hore Bajuda ba ikutloe joang ka babokelli ba lekhetho? Ba ba hloile hobane ba qhekella batho ka ho ba batla lekhetho le lengata ho feta leo ba tlamehang ho le lefa. Moketeng ona, Matheu o memme le batho ba tsebahalang ka ho etsa lintho tse mpe.​—Luka 7:​37-39.

Ha Bafarisi ba ikhohomosang ba bona hore na Jesu o na le bo-mang moketeng ona, ba re ho barutuoa ba hae: “Ke hobane’ng ha mosuoe oa lona a ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?” (Matheu 9:​11) Kaha tsebe ke lesholu, Jesu o utloa seo ba ntseng ba se bua ’me o ba araba ka ho re: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. Joale, e-eang, ’me le ithute hore na sena se bolela eng, ‘Ke batla mohau, eseng sehlabelo.’ Etsoe ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng.” (Matheu 9:​12, 13; Hosea 6:6) Bafarisi ba phoqa Jesu ha ba re ke mosuoe empa ho na le ntho ea bohlokoa eo ba ka ithutang eona ho eena.

Ho bonahala Matheu a memetse babokelli ba lekhetho le baetsalibe ha hae hobane a batla hore ba mamele Jesu ’me ba be le setsoalle le Molimo. (Mareka 2:​15) Le Jesu o batla ho ba thusa ho ba metsoalle ea Molimo. Ho fapana le Bafarisi bana ba ikhohomosang, Jesu eena ha a ba nyatse kaha o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko. Joalokaha ngaka e thusa motho ea kulang hore a fole, Jesu o thusa batho bohle bao setsoalle sa bona le Molimo se senyehileng.

Jesu ha a hauhele balekhetho le baetsalibe hobane a lumellana le boitšoaro ba bona empa o ba tšoara ka tsela e tšoanang le eo a tšoarang batho ba kulang ’meleng ka eona. Na u sa hopola tsela e mosa eo a ileng a tšoara molepera ka eona? O ile a re: “Kea batla. Hloeka.” (Matheu 8:3) Le rona re lokela ho hauhela batho ba hlokang thuso ’me re lokela ho ameha haholo ka ho ba thusa ho ba metsoalle ea Molimo.

  • Jesu o fumana Matheu a ntse a etsa’ng?

  • Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba hloile babokelli ba lekhetho?

  • Ke hobane’ng ha Jesu a e-na le baetsalibe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela