Bibele e Loantšitse Mafu Pele ho Saense
Ka mehla ha ho buuoa ka Bibele kajeno, hang-hang batho ba bangata ba hlokang tsebo ba e qhelela ka thōko joaloka ntho eo ho sa hlokahaleng hore ba e ele hloko. Ba hana ho bula likelello tsa bona ho fumana hore lilemong tse likete-kete tse fetileng e ile ea bolela seo batho ba kajeno ba sa tsoa ithuta sona kapa seo ba sa ntseng ba tla ithuta sona. Sena ke ’nete mabapi le liketsahalo tsa lefatše, puso, bolepi ba linaleli, tikoloho, histori ea tlhaho, thuto ea lintho tse phelang, le thuto ea kelello. Ke ’nete hape mabapi le mafu.
BIBELE ke buka ea bophelo. Ha ho taba leha e le efe e ’ngoe e ngotsoeng kapa pokello ea lingoliloeng e sebetsang ka tsela e pharalletseng joaloka eona litšobotsing tse ngata hakana tsa bophelo. Bophelo bo botle ba ’mele le bophelo lia amana, kahoo ha ho makatse hore e be Bibele e tšoere melao-motheo e mengata e amanang ka ho toba le bophelo bo botle ba ’mele. Bibele e bua ka mafu a mangata, a kang lepera, ho ruruha methapo ka morao (hemorrhoids), seema (edema), le mafu a ka maleng.—Deuteronoma 24:8; 28:27, NW; Luka 14:2; 1 Timothea 5:23.
Bibele e ne e hlile e sa ngolloa ho re ruta ka mafu a ’mele. Leha ho le joalo, boitsebiso boo e fanang ka bona ke bo nepahetseng saenseng le bo molemo bakeng sa hore motho a ikhopotse bona. Mopesaleme oa boholo-holo o ile a fumana ’mele oa motho e le o hlollang, ’me o ile a ngola tjena ka oona: “Hobane uena [Jehova] u hlahisitse liphio tsa ka; u ile ua mpoloka ke sirelelitsoe ka mpeng ea ’mè oa ka. Ke tla u rorisa hobane ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha sephefumolohi sa ka se hlokomela hantle. Masapo a ka a ne a sa pateha ho uena ha ke ntse ke etsoa sephiring, ha ke ntse ke lohuoa likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše. Mahlo a hao a bone esita le ’mele oa ka o sa tsoa emoloa, ’me likarolo tsa oona kaofela li ne li ngotsoe fatše, mabapi le matsatsi ao li entsoeng ka ’ona ’me ho ne ho se le e ’ngoe ea tsona e neng e se e le teng.”—Pesaleme ea 139:13-16, NW.
Le hoja lesea le sa tsoa emoloa le sirelelitsoe ka har’a lefifi le ka pōpelong, Jehova oa le bona ha le ntse le bōptjoa le ha masapo a ntse a hōla. Ho eena “lefifi le joaloka leseli.” (Temana ea 12, BPN) Ha ho letho le patehileng ho Jehova. Ho latela thuto ea phekolo ea meriana, lesea le sa tsoa emoloa le sirelelitsoe ho ’m’a lona ke setho se kopanyang lesea le ka pōpelong le ’m’a lona ’me ka tsela eo ’mele ha o le hane joaloka setho seo e seng karolo ea oona. Leha ho le joalo, ’nete e boleloang ke pesaleme ena hase thuto ea phekolo ea meriana empa ke ea moea, e leng ’nete ea hore Jehova o bona tsohle, o bona esita le lefifing le ka pōpelong.
Ho tloha nakong ea kemolo, ‘likarolo tsa rōna kaofela tsa ’mele li se li ntse li ngotsoe’ lethathamong la liphatsa tsa lefutso le ka har’a sele ea lehe le emolisitsoeng le ka pōpelong ea ’mè. Hape, nako ‘e mabapi le matsatsi ao li neng li tla etsoa ka ’ona,’ karolo ka ’ngoe ka tatellano ea eona e loketseng, e reroa ke lisupa-nako tse ngata tsa ’mele tse hahelletsoeng ka har’a liphatsa tsa lefutso.
Mopesaleme Davida o ne a sa tsebe makolopetso ana ’ohle a saense, empa Jehova, ea ileng a mo bululela hore a ngole pesaleme eo, o ne a a tseba, kaha ke Eena ea bōpileng motho qalong. Bahlahlobisisi ba phahameng ba latola hore pesaleme eo e ngotsoe ke Davida, empa le bona ba tlameha ho lumela hore pesaleme eo e ngotsoe makholo a lilemo pele ho Kreste.
Bibele e Lebisa Tlhokomelo Thibelong
Ha ho hlahlojoa melao ea Molimo e ileng ea fuoa Iseraele ka Moshe lilemong tse makholo a 15 pele ho Kreste, hoa bonahala hore ntho ea sehlooho eo Molao oo o neng o e hatella mabapi le bophelo bo botle ka ho hlakileng e ne e le ho lebisa tlhokomelo thibelong. Ka mohlala, ho Deuteronoma 23:13 o re: “U be le kepa liphahlong tsa hao, ’me ha u e-tsoa ho ea lula kantle, u cheke sekoti ka eona, u ntoo koahela se tsoileng ho uena.” Molao ona oa ho koahela mantle e ne e le khato e tsoetseng pele le e bohlale ea ho itšireletsa mafung a salmonellosis, shigellosis, feberu ea mala, le mafu a mang a mangata a letšollo a jaloang ke lintsintsi ao kajeno a ntseng a bolaea batho ba likete-kete libakeng tseo ho tsona ho sa lateloeng molao-motheo oo.
Levitike khaolo ea 11 e tiisa hore mafu a ka jaloa ke likokoanyana tse fofang, litoeba, ’me habohlokoa ka ho fetisisa, a ka jaloa ke metsi a silafetseng. Metsi ana a silafetseng a paka molao-motheo oa hore mafu a bakoa ke likokoana-hloko tse nyenyane haholo, e leng ho bontšang hore Bibele e tsoetse pele ka lilemo tse likete-kete ho feta Leeuwenhoek (1683) kapa Pasteur (lekholo la bo19 la lilemo). Ho ka boleloa se tšoanang mabapi le ho behella motho ea tšoeroeng ke lefu le tšoaetsanoang ka thōko, ho neng ho laetsoe ho Levitike khaolo 13 tabeng ea lepera.
Hangata lithibelo tsa lijo tse tlalehiloeng ho Levitike 11:13-20 li ne li akarelletsa linonyana tse jang nama, tse kang lintsu, lioli, le liphōkō, le linonyana tse jang libolu, tse kang lekhoaba le lenong. Kaha ke tsona tse hlahang ka holimo-limo lethathamong la liphoofolo tse jang lintho tse ling tse phelang, li na le metsoako e mengata haholo e chefu e hlahisoang ke likokoana-hloko. Liphoofolo tse hlahang tlaase lethathamong lena la liphoofolo tse jang lintho tse ling tse phelang li ja metsoako ena e chefu e hlahisoang ke likokoana-hloko ka tekanyo e tlaase hoo e sa hlokomeleheng, athe liphoofolo tse hlahang ka holimo-limo lethathamong leo la liphoofolo tse jang lintho tse ling tse phelang li na le metsoako e joalo e mengata e bokellaneng. Molao oa Moshe o ne o lumella hore ho jeoe liphoofolo tse ling tse jang limela le tse neng li sa hlahe lethathamong la liphoofolo tse jang lintho tse ling tse phelang tse nang le metsoako e mengata e chefu e hlahisoang ke likokoana-hloko. Linama tse itseng tse thibetsoeng li ne li e-na le makhōpho a bolokang likokoana-hloko tse kang tse bakang trichinosis.
Hona joale, ka mor’a lilemo tse 3 500, hoa lumeloa hore thibelo ea Bibele e khahlanong le tšebeliso e mpe ea mali, e akarellelitsoeng libakeng tse ’maloa Molaong oa Moshe, e ipaka e le e nepahetseng phekolong ea meriana. (Genese 9:4, NW; Levitike 3:17; 7:26; 17:10-16; 19:26; Deuteronoma 12:16; 15:23) Thibelo ena e phetiloe hape ka Mangolong a Segerike a Bakreste ho Liketso 15:20, 29 le 21:25. Tšebetso ea phekolo ea meriana e leka ho fokotsa kapa ho qoba ka ho felletseng ho sebelisa mali ao ho fanoeng ka ’ona mochineng o hloekisang mali o sebetsang joaloka phio, mochineng oa pelo le matšoafo le litšebetsong tsa ho buoa ka kakaretso. Lefu la sebete ka mefuta ea lona e mengata, AIDS, lefu le tšoaetsanoang la cytomegalovirus, le mafu a mang a mangata haholo a tsamaisoang ke mali ke likhopotso tse sisimosang ho bahlalefi ba lefatše ba hlokomolohang melao ea Molimo.
Boikoetliso ba ’mele ke ba bohlokoa bakeng sa bophelo bo botle ba ’mele, ’me Bibele ea lumela hore bo na le molemo. Boikoetliso bo matla ba ’mele bo etsoang hararo ka beke ka nako e ka etsang metsotso e 20 feela bo ka fokotsa likotsi tse ka hlahelang pelo le phallo ea mali. Bo eketsa mofuta o sireletsang oa cholesterol o bitsoang HDL, bo ntlafatsa boemo ba matla a hao, ’me bo eketsa ho tenyetseha ha hao le boikutlo ba boiketlo. Le hoja Bibele e lumela hore boikoetliso ba ’mele ke ba bohlokoa, e etelletsa pele khōlo ea moea eo e leng ea bohlokoa haholoanyane: “Boikoetliso ba ’mele bo na le molemo o fokolang; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo tšoere tšepiso ea bophelo hona joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8, NW.
Melao ea Bibele ea boitšoaro e sebeletsa e le eona tšireletso e ka sehloohong khahlanong le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ao ntle le pelaelo a neng a le teng empa litsebi li e-s’o a khetholle kapa mohlomong li bile li sa a belaelle ka makholo-kholo a lilemo.—Exoda 20:14; Ba-Roma 1:26, 27; 1 Ba-Korinthe 6:9, 18; Ba-Galata 5:19.
“Buka e Nepahetseng Haholo ea Saense”
Hippocrates e ne e le ngaka ea Legerike ea lekholong la bohlano le la bone la lilemo B.C.E. ea ileng a tsejoa e le “moqapi oa phekolo ea meriana,” empa boholo ba seo Bibele e se buang ka mafu se ngotsoe ke Moshe, lilemong tse ka bang sekete pele ho moo. Leha ho le joalo, ka ho hlokomelehang The AMA News e ile ea hatisa lengolo le tsoang ho ngaka e ’ngoe le neng le re: “Babatlisisi ba phekolo ea meriana ba nang le tsebo e ntle ka ho fetisisa bao hona joale ba ntseng ba etsa mosebetsi o molemohali ba fihlela qeto ea hore Bibele ke buka e nepahetseng haholo ea saense. . . . Linnete tsa bophelo, ho fumana lefu le tšoereng motho, phekolo, le ho thibela mafu tse fanoeng ka Bibeleng ke tse tsoetseng pele le tse ka tšeptjoang haholo ho feta likhopolo tsa Hippocrates, tseo tse ngata tsa tsona li ntseng li e-s’o tiisoe, le tseo tse ling tsa tsona li fumanoeng e le tse fosahetseng haholo.”
Bukeng ea hae The Bible and Modern Medicine, Dr. A. Rendle Short, ka mor’a ho bontša hore melao ea ho boloka bohloeki e neng e le teng lichabeng tse potolohileng Iseraele e ne e le e fokolang haholo haeba e ne e le teng, o ile a re: “Ka hona ke ho makatsang haholo hore e be bukeng e kang Bibele, eo ho thoeng ha e lumellane le saense, ho na le lethathamo la melao ea ho boloka bohloeki, ebile ke ho makatsang ka ho tšoanang hore e be sechaba se neng se sa tsoa phonyoha bokhobeng, se ’nileng sa hlōloa ke lira khafetsa le se ’nileng sa isoa khōlehong nako le nako, se na le lethathamo la melao ea bophelo bo botle e bohlale le e utloahalang hakana libukeng tsa sona tsa molao.”
Mathata a Tšusumetso ea Kelello ’Meleng
Bibele e ipakile e le e tsoetseng pele phekolong ea meriana ka ho ela hloko ha eona kamano ea kelello le ’mele e teng mafung a mang nako e telele pele kamano e joalo e amoheloa lefapheng la phekolo ea meriana. Ho feta moo, tlhaloso ea Bibele ea karolo eo kelello e e phethang ponahatsong ea lefu la ’mele e sa ntsane e le mohlala oa kutloisiso e hlakileng. Liproverbia 17:22 e re: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” Hlokomela hore ha ho ahloloe letho mona, ho mpa ho boleloa polelo eo e leng ’nete feela. Ha ho eletsoe hore re bolelle motho ea sithabelitsoeng ke mehopolo kapa maikutlo a sa thabiseng hore a khaotse ho tepella maikutlo, joalokaha eka ho bonolo hakaalo.
Boikutlo bo nepahetseng boa thusa; ho tšoenyeha ho fosahetse ’me ho kotsi. “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” (Liproverbia 12:25) Liproverbia khaolo ea 18 temana ea 14, (NW) e lokela ho nahanisisoa ka hloko: “Moea oa motho o ka mamella tsietsi; empa ha e le moea o hlomohileng, ke mang ea ka o mamellang?” Lengolo lena le bontša hore matla a motho a ho mamella lefu la ’mele (tsietsi) ho isa bohōleng bo itseng a ka ’na a eketsoa ke ho fumana tšehetso ea matla a hae a moea.
Ngaka ea mafu a kelello, James T. Fisher, o ile a bolela tjena mabapi le molemo oa Thuto ea Jesu ea Thabeng thutong ea kelello: “Haeba u ne u ka nka lihlooho tsohle tsa botsebi ka kakaretso tse kileng tsa ngoloa ke litsebi le lingaka tsa mafu a kelello tse nang le litšoaneleho tse ntle ka ho fetisisa tabeng ea tlhokomelo ea bophelo bo botle ba kelello—haeba u ne u ka li kopanya, eaba ua li sefa, ’me u tlosa litaba tse sa hlokahaleng—haeba u ne u ka nka boitsebiso bohle boo e leng ’moko-taba eaba u tlohela boitsebiso bo bongata bo sa hlokahaleng, le haeba u ne u ka re likaroloana tsena tse sa tsoakoang tsa tsebo e hloekileng ea saense li hlalosoe ka bokhutšoanyane ke liroki tse hloahloa ka ho fetisisa har’a liroki tse phelang, u ne u tla fumana kakaretso e sa hlakang hantle le e sa fellang ea Thuto ea Thabeng. ’Me ha se bapisoa le eona, se setseng lihloohong tsa botsebi e ne e tla ba se sa khotsofatseng ka ho fetelletseng.”—A Few Buttons Missing, leqephe 273.
Maikutlo a bakoang ke kamano ea kelello le ’mele a ka ama boemo ba rōna ba ’mele, empa sena ka bosona ha se bolele hore ha ho na ho kula ha sebele ’meleng ho amehang. Ka hona ke habohlokoa hore pele motho a leke ho thusa ka litlhoko tsa ’mele le hore bonyane a khetholle ho kula hoo, ha ka nako e tšoanang a ntse a khothalletsa boemo bo nepahetseng ba kelello le ba moea, bo tla thusa motho ho mamella. Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng haeba ho se phekolo e fanang ka tharollo ea sebele e fumanehang tsamaisong ena ea lintho.
Ka mor’a sebe sa Adama, lefu le ile la fetoha tšobotsi ea sebele e ke keng ea qojoa e neheletsanoang ka lefutso ho batho bohle. (Ba-Roma 5:12) Kahoo, hangata hase ho loketseng ho bolela hore lefu le itseng le tšoereng motho le bakoa ke boemo ba hae ba moea. Ena ke ntlha ea bohlokoa e lokelang ho hopoloa ha ho sebetsanoa le mathata a batho ba boemong ba ho tepella maikutlo.
Karolo e Phethoang ke Ngaka
Bakreste ba lokela ho sebelisana le lingaka le tšebetso ea kajeno ea phekolo ea meriana joang? Ha re hlahloba Bibele, ha re fumane motheo oa Mangolo oa ho fa lingaka tlotliso e sa lokelang kapa oa ho talima theknoloji ea phekolo ea meriana e le eona tšepo ea ho qetela bakeng sa bophelo bo botle. Ho fapana le hoo, bopaki bo bontša se fapaneng. Mareka o re bolella ka “mosali ea neng a sa khaotse ho ilela khoeli” ka lilemo tse ngata ea “neng a utloisitsoe bohloko bo bongata ke lingaka tse ngata le ea neng a sebelisitse maruo a hae kaofela ’me a sa rua molemo empa, ho e-na le hoo, a bile mobe le ho feta.” (Mareka 5:25-29, NW) Le hoja hangata lefu lena le tloaelehileng le phekoloa ka katleho kajeno, mafu a mangata a sa ntsane a sa phekolehe, ’me mafu a mang a mangata a macha a sa phekoleheng a ntse a sibolloa nako le nako.
Leha ho le joalo, Bibele ha e tšehetse khopolo e fetelletseng e fapaneng le eo, e leng khopolo ea ba bang ba talimang tšebetso e tloaelehileng ea phekolo ea meriana e le e nang le molemo o fokolang kapa e se nang molemo ho hang. Ba bang ba nyenyefatsa ngaka ’me ba ipeha sebakeng sa eona kapa ba nka mokhoa o mong oa tšebetso oo e seng oa phekolo ea meriana oo e ka ’nang eaba ke o nketsoeng holimo ka motsotsoana feela ’me ba o beha boemong ba ngaka. Ho Ba-Kolosse 4:14, ha ho pelaelo hore ho hlalosoa ha Luka e le ngaka e “ratoang” ho ne ho supa litšoaneleho tsa hae tsa moea ho fapana le matla a hae a phekolo ea meriana. Leha ho le joalo, ke ho utloahalang hore tokelo eo a ileng a e thabela ea ho ngola karolo ea Mangolo a Halalelang tlas’a pululelo e ne e ke ke ea fuoa motho eo tšebetso ea hae ea phekolo ea meriana e neng e sa amohelehe kapa e sa lumellane le Mangolo.
Ho na le bopaki bo bontšang hore Luka o ne a sebelisa phekolo ea meriana e neng e sebelisoa nakong ea hae, le hore o ne a sebelisa mantsoe le tlhaloso ea meriana a bontšang tšusumetso ea Hippocrates. Le hoja e ne e se ka mehla Hippocrates a neng a bolela se nepahetseng, o ile a leka ho kenya kutloisiso tšebetsong eo ’me o ile a nyatsa tumela-khoela le likhopolo tsa phekolo ea meriana tsa bolumeli ba bohata. Hape, setšoantšo sa Jesu se bonolo se ho Luka 5:31, “Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batloa ke ba kulang,” se ne se ke ke sa ba le moelelo oa letho haeba ho ne ho sa amoheloe hore ba nang le phihlelo ea phekolo ea meriana ba ka ba le molemo o itseng ho sebetsaneng le mafu.
Ha ho motheo oa Mangolo o tšehetsang ho ba le pono e fetelletseng ea ho nyatsa tšebeliso ea metsoako e loantšang likokoana-hloko, metsoako e thibelang maqeba ho petla, kapa meriana e kokobetsang bohloko haeba ho bonahala hore ho hlokahala hore e sebelisoe. Jeremia 46:11 (NW) le 51:8 (NW) li hlalosa setlhare sa balsam sa Gileade seo e ka ’nang eaba e ne e le se thobang le se kokobetsang bohloko haesita le se nang le molemo oa ho thibela maqeba ho petla. Ha ho boemo ba Mangolo kapa ba thuto bo khahlanong le ho noa meriana.
Leha ho le joalo, metsoako e mengata haholo e loantšang likokoana-hloko ha ea khona ho thibela kotsi e ntseng e eketseha ea ho pepesetsoa ha batho mafu a tšoaetsanoang a tsamaisoang ke lintsintsi, menoang, le likhofu—e leng sona sesosa se ka sehloohong sa lefu lefatšeng ka bophara. Basebetsi ba bophelo ba ile ba tlameha ho khutlela morao ho ea qala ka melao-motheo ea mantlha ea Bibele ea ho qhala likhoere-khoere ka mokhoa o sireletsehileng, ho sireletsa phepelo ea metsi, ho laola lintho tse tlisang likokoanyana tse fofang, le mehato ea tšireletseho e lokelang ho nkuoa likamanong tsa batho le linthong tse tšoeroeng ka matsoho tse kenngoang ka hanong. Haufinyane tjena ka bo-1970, baoki le lingaka ba ne ba fuoa likhopotso khafetsa ka matšoao a manamisitsoeng ka holim’a lisinki tsa lipetlele le holim’a libethe tsa bakuli a neng a re: “Hlatsoa Matsoho”—e leng eona tsela e ka sehloohong ea ho thibela mafu ho hasana.
Taba e Lokelang ho Nkoa e le Bohato ba Tšireletso
Ba fanang ka keletso ea bophelo bo botle—ebang ke ngaka, chiropractor, homeopath, kapa motsoalle ea nang le sepheo se setle empa mohlomong a hloka tsebo—ba itjarisa boikarabelo bo boholo ka mehla ha ba eletsa motho ea kulang. Sena ke ’nete haholo-holo haeba keletso eo ba fanang ka eona e le e kotsi kapa e tlosang tlhokomelo, e kenyang motho maikutlo a mabe, kapa e liehisang khato ea ho fana ka thuso eo hangata e ’nileng ea atleha haholoanyane. Ho na le litemoso tse ngata ka Bibeleng tsa hore batho ba fanang ka phekolo bakeng sa bophelo bo botle haesita le batho ba eang ho bona ba itebele khahlanong le tšebetso ea bo-kea-tseba le tšebelisano le meea ho seo e ka ’nang eaba ke ha motho a se a batla thuso ka litsela tsohle. Hopola Liproverbia 14:15: “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”
Na melao-motheo e boletsoeng ka ho hlaka ka Mangolong a Halalelang ea sebetsa bakeng sa ho boloka bophelo bo botle kajeno? Feela joalokaha ntho e ka sehloohong eo Molao oa Moshe o neng o lebisa tlhokomelo ho eona e ne e le ho thibela mafu, ka ho tšoanang kajeno tsela ea ho sebetsana le tlhokomelo ea bophelo bo botle e thibelang mafu e ipakile e le ea bohlokoa haholo ho feta litsela tse thehiloeng haholo-holo phekolong. Thuto ea kajeno eo Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o fanang ka eona ha o leka ho theha phekolo ea kajeno ea bophelo bo botle linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong ke ena: “Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.”
Qetellong, Mokreste o lokela ho talima bophelo bo botle ka tlhompho, le ka ho shebela litaba hōle ka sepheo sa ho sebelisa bophelo bo botle ho tlotlisa Molimo ho ntšetseng pele mosebetsi o thabisang oa ’Muso. ’Me tlas’a puso eo ea ’Muso, tšepiso ke hore: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
“Masapo a ka a ne a sa pateha ho uena ha ke ntse ke etsoa sephiring”