Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 3/1 leq. 23
  • Ea Khonang ho Tsosa Bafu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ea Khonang ho Tsosa Bafu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Hase ’Nete!”
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Jesu o Tsosa Mora oa Mohlolohali
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Leleka Mahlomola a Mohlolohali
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Leleka Mahlomola a Mohlolohali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 3/1 leq. 23

Atamela ho Molimo

Ea Khonang ho Tsosa Bafu

Luka 7:11-15

NA U hlokahalletsoe ke motho eo u mo ratang? Haeba ho joalo, u fetile boemong bo bohloko ka ho fetisisa bophelong. ’Mōpi oa rōna o utloisisa bohloko ba hao. Ho feta moo, a ka felisa lefu. Ka Bibeleng o fane ka tlaleho ea batho ba ileng ba tsosoa bafung nakong e fetileng, e le hore a bontše hore ke Ea Fanang ka bophelo le Ea Tsosang Bafu. A re tšohleng tlaleho e ’ngoe ea tsoho ea bafu eo a ileng a fa Mora oa hae, Jesu Kreste matla a ho e etsa. Mohlolo ona o tlalehiloe ho Luka 7:11-15.

E ne e le ka selemo sa 31 C.E. ha Jesu a ne a etetse motse oa Naine o Galilea. (Temana ea 11) Ho ka etsahala hore ho ne ho se ho tla phirima ha a fihla moeling oa motse oo. Bibele e re: “Ha a atamela heke ea motse, bonang! ho ne ho e-na le motho ea shoeleng ea jeroeng a ntšetsoa ka ntle, mora ea tsoetsoeng a ’notši oa ’m’ae. Ntle ho moo, ’m’ae e ne e le mohlolohali. Bongata bo boholo bo tsoang motseng le bona bo ne bo e-na le eena.” (Temana ea 12) Nahana feela hore na mosali eo oa mohlolohali o ne a utloile bohloko hakaakang! Ha mora enoa oa hae ea mong a e-shoa, e ne e le lekhetlo la bobeli a shoeloa ke motho ea mo phelisang le ea mo sireletsang.

Jesu o ile a hlokomela ’mè enoa ea mesarelong, eo ho ka etsahalang hore o ne a tsamaea pel’a mojaro o neng o nkile setopo sa mora oa hae. Tlaleho eo e re: “Ha Morena a re heli! ’me a mo bona, a mo hauhela, eaba o re ho eena: ‘Khaotsa ho lla.’” (Temana ea 13) Jesu o ile a angoa maikutlo haholo ke mahlomola a mosali eo oa mohlolohali. Mohlomong o ne a nahana ka ’mè oa hae, eo ho ka etsahalang hore ka nako eo e ne e le mohlolohali, ’me haufinyane a tla utloisoa bohloko ke lefu la Jesu.

Jesu o ile a atamela—empa e se ka morero oa ho kena mokolokong oa lepato. A bontša hore o na le matla, o ile a “ama mojaro oa mofu” eaba batho baa ema. Joale, ka lentsoe la motho ea nang le matla a phahametseng lefu, a re: “‘Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!’ Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua, eaba o mo fa ’m’ae.” (Temana ea 14, 15) ’Mè enoa o ne a lahlehetsoe ke mora oa hae ka lefu. Kahoo, ha Jesu a “mo fa ’m’ae,” ba ile ba boela ba phela hammoho e le lelapa. Ha ho pelaelo hore bohloko bo neng bo le ka pelong ea mohlolohali eo bo ile ba fetoha meokho ea thabo.

Na pelo ea hao e labalabela ho thaba ka tsela eo—hore u boelanngoe le moratuoa oa hao ea shoeleng? Tiiseha hore Molimo o u utloela bohloko. Kutloelo-bohloko ea Jesu bakeng sa mohlolohali eo ea saretsoeng e ile ea bontša hore Molimo o na le qenehelo, hobane Jesu o ne a e-na le botho bo tšoanang le ba Ntate oa hae. (Johanne 14:9) Bibele e re ruta hore Molimo o labalabela ho tsosa bafu ba leng mohopolong oa hae. (Jobo 14:14, 15) Lentsoe la hae Bibele, le re fa tšepo e babatsehang, e leng, ho lebella ho phela paradeiseng lefatšeng le ho bona ha baratuoa ba rōna ba tsoha bafung. (Luka 23:43; Johanne 5:28, 29) Re u khothalletsa ho ithuta ka ho eketsehileng ka Ea Tsosang Bafu le kamoo u ka bang le tšepo ea hore baratuoa ba hao ba tla tsoha bafung.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

“Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua, eaba o mo fa ’m’ae”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela