Qoba Lintho Tse Bakang Tšitiso ‘Letsatsing Lena la Litaba Tse Molemo’
BALEPERA ba bane ba ile ba nahana ka hore na ke sefe seo ba neng ba lokela ho se etsa. Ho ne ho se motho ea ba fileng letho hekeng ea motse. Basyria ba neng ba thibeletse Samaria, ba ne ba batla hore batho ba lape ka ho thibela lijo hore li kene motseng. Ho ne ho se na thuso ho kena motseng kaha theko ea lijo e ne e phahame haholo. Ho ne ho se ho e-na le tlaleho ea hore ho na le motho ea jeloeng.—2 Mar. 6:24-29.
Balepera bao ba ile ba ipotsa: ‘Ho ka ba joang ha re ka ea kampong ea Basyria? Hore na rea ea kapa ha re ee hoa tšoana.’ Eitse ha ho fifala, ba kena tseleng hona mantsiboeeng ao. Ha ba fihla kampong, ho ne ho khutsitse. Balebeli ba ne ba le sieo. Lipere le liesele li ne li ropiloe, empa masole a ne a le sieo. Bone ba bona ba ile ba nyarela ka tenteng. Ho ne ho se na motho, empa lijo le lino e ne e le matletsetletse. Ba ile ba iphepa. Balepera bao ba ile ba boela ba bona khauta, silevera, liaparo le lintho tse ling tsa bohlokoa. Ba ile ba li nka, ba li pata, eaba baa khutla ba il’o lata tse ling. Kampo eohle e ne e siiloe feela. Ka mohlolo Jehova o ne a entse hore Basyria ba utloe molumo oa lebotho la sesole. Kaha Basyria ba ne ba nahana hore baa hlaseloa, ba ile ba tšola tlhako morong. Tlotlo le ne le oele makhoabane!
Balepera bao ba ne ba ntse ba pata lintho tseo tsa bohlokoa. Empa matsoalo a bona a ile a qala ho ba tšoenya ha ba nahana ka baahelani ba bona ba Samaria ba neng ba bolaoa ke tlala. Ba ile ba qala ho re: “Seo re se etsang ha sea nepahala. Letsatsi lena ke letsatsi la litaba tse molemo!” Balepera bao ba ile ba khutlela Samaria ka potlako ’me ba pheta litaba tse monate tsa seo ba se fumaneng.—2 Mar. 7:1-11.
Le rōna re phela nakong eo ho ka boleloang hore ke “letsatsi la litaba tse molemo.” Ha Jesu a bua ka karolo e ikhethang ea “pontšo . . . ea qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:3, 14) Seo se lokela ho re ama joang?
Matšoenyeho a Rōna a ka re Imela
Kaha balepera bao ba ne ba thabetse seo ba se fumaneng, ba ile ba lebala Samaria ka nakoana. Ba ile ba shebana le hore na ba ne ba ka fumana eng. Na le rōna re ka etsahalloa ke se tšoanang? “Likhaello tsa lijo” ke karolo ea pontšo e tšoaeang nako ea qetello ea tsamaiso ea lintho. (Luka 21:7, 11) Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo.” (Luka 21:34) Kaha re Bakreste, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lumella matšoenyeho a letsatsi le letsatsi hore a re lebatse hore re phela ‘letsatsing la litaba tse molemo.’
Mokreste e mong ea bitsoang Blessing, ha aa ka a lumella lintho tseo a li ratang hore li mo imele. E ne e le pula-maliboho, o ile a qetela lithuto tsa hae, eaba qetellong o nyaloa ke motho ea sebetsang Bethele ’me o ile a lumelloa hore e be setho sa lelapa la Bethele la Benin. O re: “Ke hloekisa likamore tsa bolulo, ’me ke rata mosebetsi oa ka haholo.” Hona joale, Blessing oa thaba ha a nahana ka lilemo tse 12 tseo a li qetileng tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me o motlotlo hore ebe ha aa ka a lebala “letsatsi la litaba tse molemo” leo re phelang ho lona hona joale.
Hlokomela Lintho Tse Jang Nako
Ha Jesu a ne a roma barutuoa ba 70, o ile a re: “Ka sebele, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona kōpang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Luka 10:2) Feela joalokaha ho lieha ho kotula ho ka etsa hore lijalo li senyehe, haeba re sa tsotelle mosebetsi oa rōna oa boboleli, seo se ka etsa hore batho ba lahleheloe ke bophelo. Ke kahoo Jesu a ileng a phaella ka ho re: “Ha le le tseleng le se ke la lumelisa leha e le mang ka ho mo kopa.” (Luka 10:4) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lumelisa,” ha le bolele ho re feela “lumela.” Le ka boela la akarelletsa ho hakana le ho qoqa halelele ha re kopana le metsoalle ea rōna. Ka hona, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba qobe lintho tse jang nako ’me ba sebelise nako ka bohlale. Molaetsa oo ba neng ba lokela ho o bolela o ne o potlakile.
Nahana hore na lintho tse bakang tšitiso li jella batho nako e ngata hakae. Ke lilemo tse ngata thelevishene e itlhomme pele tabeng ea ho senyetsa batho nako libakeng tse ngata. Liselefouno le lik’homphieutha tsona? Phuputsong e entsoeng ho batho ba 1 000 Brithani ho fumanoe hore “Mobrithani ea tloaelehileng feela o qeta metsotso e 88 ka letsatsi a bua ka thelefono, e meng e 62 a bua ka selefouno, e 53 a ngola melaetsa ea e-mail, le e 22 a ngola li-SMS.” Ha nako eo e kopana e kopola eo bo-pula-maliboho ba thusang ba e qetang tšebeletsong letsatsi ka leng ka makhetlo a fetang a mabeli! U qeta nako e kae u ntse u bua le batho ka thelefono kapa u ba romela melaetsa?
Ernst le Hildegard Seliger ba ne ba le seli hore na ba sebelisa nako ea bona joang. Nako eo ba e qetileng likampong tsa mahloriso tsa Manazi le lichankaneng tsa Makomonisi, ha e kopana ke lilemo tse fetang 40. Ka mor’a hore ba lokolloe, ba ile ba bula maliboho ho fihlela bophelo ba bona ba mona lefatšeng bo fela.
Batho ba bangata ba ne ba rata ho ngollana le ba ha Seliger. Ba ha Seliger ba ka be ba ile ba qeta lihora tse ngata ba bala mangolo kapa ba a ngola. Leha ho le joalo, lintho tsa moea e ne e le tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona.
Ke ’nete hore kaofela ha rōna re nka ho buisana le batho bao re ba ratang e le habohlokoa, ’me seo hase phoso. Ka linako tse ling ho itlosa bolutu ka tsela e loketseng hoa hlokahala. Leha ho le joalo, re tla be re etsa hantle haeba re ba seli hore re qobe lintho tse re jellang nako letsatsing lena la ho bolela litaba tse molemo.
Bolela Litaba Tse Molemo ka Botlalo
Ruri ho phela ‘letsatsing la litaba tse molemo’ ke tlotla e khōlō. A re se keng ra itebala joalokaha qalong balepera ba bane ba ile ba itebala. Hopola hore ba ile ba re: “Seo re se etsang ha sea nepahala.” Ka tsela e tšoanang, ha hoa nepahala hore le rōna re lumelle lipakane tsa rōna kapa lintho tse re jellang nako hore li re sitise ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong.
Tabeng ena, ho na le motho ea re behetseng mohlala o tsotehang. Ha moapostola Pauluse a ne a nahana ka lilemo tsa pele tse 20 tseo a neng a li qetile a le tšebeletsong, o ile a ngola a re: ‘Ke boletse ka ho phethahetseng litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.’ (Bar. 15:19) Pauluse ha aa ka a lumella letho hore le fokotse cheseho ea hae. Le rōna a re cheseheng joaloka eena ha re ntse re phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ‘letsatsing lena la litaba tse molemo.’
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Blessing ha aa ka a lumella lintho tseo a li ratang hore li mo sitise tšebeletsong ea hae ea nako e tletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ba ha Seliger ba ne ba le seli hore na ba sebelisa nako ea bona joang