Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 72 leq. 170-leq. 171 ser. 1
  • Jesu o Roma Barutuoa ba 70 Hore ba Il’o Ruta ka ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Roma Barutuoa ba 70 Hore ba Il’o Ruta ka ’Muso
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Rōma ba Bang ba 70 ho ea Bolela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Jesu o Rōma ba 70
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 72 leq. 170-leq. 171 ser. 1
Ba bang ba baboleli ba ’Muso ba tlalehela Jesu ba thabile ka letšolo la bona la ho paka

KHAOLO EA 72

Jesu o Roma Barutuoa ba 70 Hore ba Il’o Ruta ka ’Muso

LUKA 10:​1-24

  • JESU O KHETHA BARUTUOA BA 70 ’ME O BA ROMA HORE BA IL’O RUTA KA ’MUSO

Selemo sa 32 se haufi le ho fela, ’me e se e le lilemo tse tharo joale Jesu a kolobelitsoe. Eena le barutuoa ba hae ba sa tsoa khutla Moketeng oa Litabernakele Jerusalema. Ho ka etsahala hore ba ntse ba le haufi le teng. (Luka 10:​38; Johanne 11:1) Ha e le hantle, ka likhoeli tsena tse tšeletseng tsa ho qetela tsa mosebetsi oa hae, Jesu o qeta nako e ngata a le Judea kapa a le ka mose ho Noka ea Jordane seterekeng sa Perea. Batho ba moo le bona ba hloka ho bolelloa ka ’Muso.

Pejana, ka mor’a Paseka ea selemo sa 30, Jesu o ile a qeta likhoeli tse itseng a ntse a ruta Judea a bile a pholletsa le Samaria. Ho elella Pasekeng ea selemo sa 31, Bajuda ba Jerusalema ba ile ba leka ho mo bolaea. Ka mor’a moo, o ile a qeta selemo le halofo a ruta Galilea ho feta libakeng tse ling. Nakong eo, batho ba bangata e ile ea e-ba balateli ba hae. Ha Jesu a le Galilea, o ile a koetlisa baapostola ba hae eaba hamorao oa ba roma ’me o ba fa taelo e reng: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘ ’Muso oa maholimo o atametse.’ ” (Matheu 10:​5-7) Hona joale o hlophisa hore ba il’o bolela Judea.

Jesu o thakhola letšolo lena ka ho khetha barutuoa ba 70 ’me o ba roma ka bobeli. Kahoo, ho se ho e-na le lihlopha tse 35 tsa batho ba bolelang ka ’Muso oa Molimo, moo ‘kotulo e leng kholo, empa basebetsi ha se bakae.’ (Luka 10:2) Ba lokela ho etela libaka tseo Jesu a ka ’nang a fihla ho tsona. Ba lokela ho folisa ba kulang le ho phatlalatsa molaetsa o tšoanang le oo Jesu a ntseng a o phatlalatsa.

Barutuoa bana ha baa lokela ho phathahana ka ho ruta ka lisynagogeng. Jesu o ba laetse hore ba ee ho batho malapeng. O itse: “Kae kapa kae moo le kenang ka tlung le re pele, ‘E se eka ntlo ena e ka ba le khotso.’ Haeba motsoalle oa khotso a le teng, khotso ea lona e tla lula ho eena. Empa haeba a le sieo, e tla khutlela ho lona.” Joale, ba lokela ho re’ng ha ba fihla? Jesu o re: “Le tsoele pele ho ba bolella [hore], ‘ ’Muso oa Molimo o atametse ho lona.’ ”​—Luka 10:​5-9.

Litaelo tseo Jesu a li fang barutuoa ba 70 ha a ba roma, li tšoana hantle le tseo a li fileng baapostola ba 12 nakong e ka etsang selemo pele ho mona. Oa ba eletsa hore ba hlokomele hore ha se batho bohle ba tla ba amohela. Leha ho le joalo, mosebetsi oo ba o etsang o tla etsa hore batho ba mamelang ba be le tjantjello ea ho kopana le Jesu le ho rutoa ke eena.

Ho e-s’o ee kae, lihlopha tsena tse 35 tsa baboleli li khutlela ho Jesu. Ba mo phetela ba thabile ba re: “Morena, esita le bademona ba behoa tlas’a rona ka ho sebelisa lebitso la hao.” E tlameha ebe tlaleho ena e ntle e thabisa Jesu, kaha o araba ka ho re: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong. Bonang! Ke le file matla a ho hatakela linoha le liphepheng tlas’a maoto.”​—Luka 10:​17-19.

Ka tsela ena, Jesu o tiisetsa balateli ba hae hore ba tla atleha le ha ba tobane le lintho tse kotsi, ka tsela ea tšoantšetso ba tla hatakela linoha le liphepheng. Ho phaella moo, ba ka kholiseha hore ka le leng Satane o tla lelekoa leholimong. Jesu o boetse o thusa barutuoa bana ba 70 ho bona hore na ha e le hantle ntho ea bohlokoa ke efe. O re: “Le se ke la thabela hore ebe meea e behoa tlas’a lona, empa le thabe kahobane mabitso a lona a ngotsoe maholimong.”​—Luka 10:20.

Jesu o thabile hona hoo, ’me o rorisa Ntate oa hae phatlalatsa hore ebe o mo lumeletse ho sebelisa bahlanka bana ba hae ba ikokobelitseng ka tsela e matla hakana. Joale o re ho barutuoa ba hae: “Ho thaba mahlo a bonang lintho tseo le li bonang. Etsoe ke re ho lona, Baprofeta ba bangata le marena a mangata ba ile ba lakatsa ho bona lintho tseo le li bonang empa ha baa ka ba li bona, le ho utloa lintho tseo le li utloang empa ha baa ka ba li utloa.”​—Luka 10:​23, 24.

  • Jesu o etsa mosebetsi oa hae hokae likhoeling tse tšeletseng tsa ho qetela, hona ke hobane’ng ha a khethile ho o etsa moo?

  • Barutuoa ba 70 ba ne ba lokela ho batla batho hokae?

  • Le hoja barutuoa ba 70 ba entse mosebetsi o moholo hakaale, Jesu o re ba lokela ho hopola ntho efe eo e leng ea bohlokoa le ho feta?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela