Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 7/15 maq. 3-4
  • “Re Rute ho Rapela”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Rute ho Rapela”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšoantšo le “Bahalaleli ba Basireletsi”
  • Tšimoloho ea Rosari
  • Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Rosari?
    Tsoha!—1990
  • Na re Lokela ho Rapela Bahalaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Bahalaleli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na U Lokela ho Rapela Moroetsana Maria?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 7/15 maq. 3-4

“Re Rute ho Rapela”

“MORENA, re rute ho rapela.” Kōpo eo e ile ea etsoa ke e mong oa barutuoa ba Jesu Kreste. (Luka 11:1) Ka ho hlakileng, morutuoa eo ea sa boleloang lebitso e ne e le motho ea nang le kananelo e tebileng ea thapelo. Ka ho tšoanang, barapeli ba ’nete kajeno ba hlokomela bohlokoa ba eona. Ha e le hantle, thapelo ke tsela ea ho beha taba ka pel’a Motho ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng! ’Me nahana feela! “Ea utloang merapelo” o fana ka tlhokomelo ea hae ea botho linthong tseo re amehang ka tsona le tseo re tšoenyehang ka tsona. (Pesaleme ea 65:2) Habohlokoa ka ho fetisisa, ka thapelo, re leboha le ho rorisa Molimo.—Bafilippi 4:6.

Leha ho le joalo, mantsoe “re rute ho rapela” a phahamisa lipotso tse itseng tse tebileng. Ho pholletsa le lefatše, malumeli a fapaneng a sebelisa mekhoa e mengata ea ho atamela Molimo. Empa na ho na le tsela e nepahetseng le e fosahetseng ea ho rapela? E le ho arabela, a re hlahlobeng pele tse ling tsa litloaelo tsa malumeli a atileng, tse amanang le thapelo. Re tla lebisa tlhokomelo ea rōna ho tse tloaetsoeng ho la Latin America.

Litšoantšo le “Bahalaleli ba Basireletsi”

Ka tloaelo, linaha tsa Latin America li chesehela bolumeli haholo. Ka mohlala, ho pholletsa le Mexico, motho a ka hlokomela tloaelo e atileng ea ho rapela “bahalaleli ba basireletsi.” Ka sebele, ho tloaelehile ho baahi ba Mexico ho ba le “bahalaleli ba basireletsi” bao ka matsatsi a itseng ba etsetsoang mekete. Hape, Mak’hatholike a Mexico a rapela mefuta e mengata e sa tšoaneng ea litšoantšo. Leha ho le joalo, hore na ho rapeloa “mohalaleli” ofe ho itšetlehile ka hore na morapeli o rata ho etsa kōpo ea mofuta ofe. Haeba motho a batla eo a ka mo nyalang, a ka khantšetsa “Mohalaleli” Anthony kerese. Motho ea mothating oa ho nka leeto ka koloi a ka ipeha tlas’a kaloso ea “Mohalaleli” Christopher, mosireletsi oa ba leetong, haholo-holo ba tsamaeang ka koloi.

Leha ho le joalo, litloaelo tse tjee li simolohile kae? Histori e bontša hore ha Masepanishe a fihla Mexico, a ile a fumana baahi ba moo ba inehetse borapeling ba melimo ea bohetene. Bukeng ea hae ea Los Aztecas, Hombre y Tribu (Maaztec, Motho le Morabe), Victor Wolfgang von Hagen o re: “Ho ne ho e-na le melimo ea botho, semela se seng le se seng se ne se e-na le molimo oa sona, mosebetsi o mong le o mong o e-na le molimo kapa molimotsana oa oona, esita le ho ipolaea ho ne ho e-na le oa hona. Yacatecuhtli e ne e le molingoana oa bo-rakhoebo. Lefatšeng lena le neng le tletse barapeli ba melimo, ka ho hlaka melimo eohle e ne e khetholla litšekamelo kapa mesebetsi e itseng.”

Ho tšoana ha melimo ena le “bahalaleli” ba K’hatholike e ne e le ho hlokomelehang hoo ha bahlōli ba Masepanishe ba ne ba leka ho etsa matsoalloa ana “Bakreste,” e ileng ea e-ba feela ho fetolela botšepehi ba ’ona ho litšoantšo tsa kereke tsa “bahalaleli.” Sehlooho se seng ho The Wall Street Journal se ile sa lumela mohloli oa bohetene oa Bok’hatholike bo sebelisoang likarolong tse ling tsa Mexico. Se ile sa bontša hore sebakeng se seng, boholo ba “bahalaleli” ba 64 ba hlomphuoang ke baahi ba moo bo lumellana le “melimo e tobileng ea Bamaya.”

New Catholic Encyclopedia e beha lebaka la hore “lipakeng tsa bahalaleli le batho ba lefatšeng, ho na le tlamo e tiileng ea botsoalle bo haufi-ufi, . . . tlamo eo ho e-na le hore e tlose botsoalle le Kreste le Molimo, ea bo matlafatsa le ho bo tebisa.” Empa ke joang tlamo eo ka ho hlakileng e leng mesaletsa ea bohetene e ka tebisang kamano ea motho le Molimo oa ’nete? Na ka sebele lithapelo tse lebisoang ho “bahalaleli” ba joalo li ka khahlisa Molimo?

Tšimoloho ea Rosari

Tloaelo e ’ngoe e atileng e ama ho sebelisoa ha rosari. Diccionario Enciclopédico Hispano-Americano (Dikishinari ea Encyclopedia ea Mahispania a Amerika) e hlalosa rosari e le “khoele e nang le lifaha tse mashome a mahlano kapa tse lekholo le nang le mashome a mahlano, tse arotsoeng ka likoto tsa leshome ke lifaha tse khōloanyane ’me lintlheng e kopantsoe ke setšoantšo sa Kreste sefapanong, se etelloang pele ke lifaha tse tharo.”

Buka e ’ngoe ea K’hatholike ha e hlalosa kamoo rosari e sebelisoang kateng, e re: “Rosari e Halalelang ke mofuta oa thapelo ea mantsoe le ea kelello mabapi le Limisteri tsa topollo ea rōna. E entsoe ka likoto tse leshome le metso e mehlano, sekoto ka seng se e-na le lifaha tse leshome. Sekotong ka seng ho phetoa hanngoe ka hlooho Thapelo ea Morena, ho etsoe Ahe Maria makhetlo a leshome le Letlotlo le be ho Ntate hanngoe. Sekotong ka seng ho nahanisisoa ka misteri.” Limisteri ke lithuto tsa motheo kapa thuto eo Mak’hatholike a tlamehang ho e tseba, tabeng ena ho ikamahantsoe le bophelo, mahlomola le lefu tsa Jesu Kreste.

The World Book Encyclopedia e re: “Mefuta ea pele ea ho rapela ka rosari e ile ea qala Bokresteng nakong ea Mehla e Bohareng, empa ke ka lilemo tsa bo-1400 le tsa bo-1500 feela moo e ileng ea ata.” Na tšebeliso ea rosari ka ho khetheha e fumaneha ho Mak’hatholike feela? Che. Diccionario Enciclopédico Hispano-Americano ea bolela: “Lifaha tse tšoanang li sebelisoa borapeling ba Islam, ba Bolama le ba Mabuddha.” Ka sebele, Encyclopedia of Religion and Religions ea ngola: “Ho ’nile ha fanoa ka maikutlo a hore Bamahomede ba nkile Rosari ho Mabuddha, ’me Bakreste ba e nkile ho Bamahomede nakong ea Lintoa tsa Bolumeli.”

Ba bang ba beha lebaka la hore rosari e mpa feela e le thuso ea ho hopola nakong eo ho hlokahalang pheta-phetane ea lithapelo tse ngata. Empa na Molimo o khahlisoa ke tšebeliso ea eona?

Ha re batle ho nahanela kapa ho pheha khang ka ho tšoaneleha kapa ho utloahala ha litloaelo tse joalo. Jesu o ile a fana ka karabelo e utloahalang kōpong ea hore a rute balateli ba hae ho rapela. Seo a ileng a se bolela se tla re hlaha leseling ’me mohlomong se makatse babali ba bang.

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Ka ho tloaelehileng Mak’hatholike a sebelisa lifaha tsa rosari. Tšimoloho ea tsona ke efe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela