Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 12/1 maq. 8-9
  • Jesu o Nyolohela Jerusalema Hape

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Nyolohela Jerusalema Hape
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Nyolohela Jerusalema Hape
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Mosebetsi oa Jesu Perea
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ke Eng e Loketseng ka Sabbatha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 12/1 maq. 8-9

Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Jesu o Nyolohela Jerusalema Hape

KAPELE-PELE Jesu o boetse o tseleng hape, o ruta ho tloha motseng ho isa motseng o mong le ho tloha motsaneng ho isa motsaneng o mong. Ka ho totobetseng o seterekeng sa Perea, ka mose ho Nōka ea Jordane ho tloha Judea. Empa moo a hlileng a eang teng ke Jerusalema.

Filosofi ea Sejode ea hore ke palo e fokolang feela ea ba lokelang ho bolokoa ke eona eo mohlomong e ileng ea susumetsa motho e mong ho botsa: “Morena, hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na?” Ka karabelo ea hae, Jesu o qobella batho ho nahana ka se hlokahalang bakeng sa poloko: “Etsang ka matla [ke hore, ho ipetetsa, kapa ho iqobella] ho kena ka monyako o patisaneng.”

Boiteko bo matla joalo bo hlokahala ka potlako “hobane . . . ba bangata,” Jesu o tsoela pele, “ba tla rata ho kena, ’me ba tla sitoa.” Ba tla sitoa hobane’ng? O hlalosa hore ‘etlare ha mong a ntlo a se a tsohile, ’me a koetse monyako, batho ba eme kantle, le ho kokota monyako, ba re: “Morena, Morena, re bulele,” o tla re: “Ha ke tsebe hore na le ba hokae; ntloheleng, Iōna bohle ba etsang ho sa lokang!”’

Ba koaletsoeng ka ntle ho totobetse hore ba itletse ka nako e ratoang ke bona. Empa ka nako eo monyako oa monyetla oa ho kena o koetsoe le ho notleloa. Hore ba kene ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba tla pejana, le hoja nako eo e ne e ka ’na ea e-ba e sa lokelang ho bona. Ka sebele, phello e bohloko e emetse ba iphapanyetsang ho etsa borapeli ba Jehova morero oa bona oa sehlooho bophelong.

Karolo e khōlō ea Bajode bao Jesu a rometsoeng ho ea ba sebeletsa, e hlolehile ho sebelisa monyetla oa bona o babatsehang oa ho amohela tokisetso ea Molimo ea poloko. Ka hona Jesu o re ba tla lla le ho tsikitlanya meno ha ba lahleloa ka ntle. Ka ’nģa e ’ngoe, batho ba tsoang “bochabela, le bophirimela, le leboea, le boroa,” e, ba tsoang lichabeng tsohle, “ba tla lula lijong ’musong oa Molimo.”

Ka hona, joalokaha Jesu a tsoela pele: “Ba morao ba teng [ba nyatsehang bao e seng Bajode, ’moho le Bajode ba hateletsoeng] bao e tla ba ba pele, ’me ba pele ba teng [Bajode ba amohelehang ka baka la lintho tse bonahalang le bolumeli] bao e tla ba ba morao.” Ho ba oa morao ho bolela hore bao ba botsoa, le ba se nang teboho ho hang ba ke ke ba e-ba teng ’Musong oa Molimo.

Bafarisi joale ba tla ho Jesu ’me ba re: “Tloha mona, u ikele, hobane Heroda [Antipase] o rata ho u bolaea.” E ka ’na eaba Heroda ka boeena o iIe a qala ho jala boikutlo bona ho etsa hore Jesu a balehe sebakeng seo. E ka ’na eaba Heroda o ne a tšaba ho ameha polaong ea moprofeta e mong oa Molimo joalokaha a ile a ameha polaong ea Johanne Mokolobetsi. Empa Jesu o bolella Bafarisi: “E-eang, le bolelle phokojoe eo, le re: Bona, ke leleka bademona, ’me ke sa folisa batho kajeno le hosasane; ’me ka la boraro ke ea phetheha.”

Hoba a qete mosebetsi oa hae moo, Jesu o tsoela pele ka leeto la hae ho ea Jerusalema hobane, joalokaha a boletse, “ha ho lokele hore moprofeta a bolaoe ka ntle ho Jerusalema.” Ke hobane’ng ha ho ne ho ka lebelloa hore Jesu o tla bolaeloa Jerusalema? Hobane Jerusalema ke motse-moholo, moo ho lulang litho tse 71 tsa Lekhotla le Phahameng la boahloli la Bajode le moo mahlabelo a liphoofolo a nyeheloang teng. Ka hona e ne e ke ke ea e-ba ho lumelehang bakeng sa “Konyana ea Molimo” ho bolaeloa leha e le hokae haese Jerusalema.

Jesu o hoa a sisimohile: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, joale ka khoho ha e bokella litsuanyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne! Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” Ka ho hana Mora oa Molimo, sechaba se ahloleloa lefu!

Ha Jesu a ntse a tsoela pele ho leba Jerusalema, o memeloa tlung ea moholo e mong oa Bafarisi. Ke Sabbatha, ’me batho ba mo etse hloko ka ho fetisisa, kaha ho na le motho ea ruruhileng ke ho bokellana metsi mohlomong liphakeng tsa hae le maotong. Jesu o buisana ka ho toba le Bafarisi le litsebi tsa Molao tse teng moo, oa botsa: “Na ho ka lokela ho folisa motho ka sabbatha na? Kapa che?”

Ha ho ea buang. Ka hona Jesu o folisa monna eo, ’me oa mo khutlisa. Eaba joale oa botsa: “Na e ka ba mang ho Iōna, eo ekareng ha ho oetse mora oa hae kapa pholo ea hae selibeng, a ke keng a ntša mora kapa pholo kapele ka tsatsi la Sabbatha?” (TLP) Hape-hape, ha ho ea ileng a mo fetola mantsoeng ao. Luka 13:22–14:6; Johanne 1:29.

◆ Jesu o bontša hore ke eng e hlokahalang bakeng sa poloko, ’me ke hobane’ng ha ba bangata ba koalloa ka ntle?

◆ Ba “morao” bao e bang ba pele ke bo-mang, le ba “pele” bao e bang ba morao?

◆ E be ke hobane’ng ha ho ile ha boleloa hore Heroda o ne a batla ho bolaea Jesu?

◆ Ke hobane’ng ha ho sa lokela hore moprofeta a bolaeloe ka ntle ho Jerusalema?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela