Tsoalo ea Jesu—Kamoo e Etsahetseng Kateng le Lebaka la Eona
“HASE ntho e ka etsahalang!” Batho ba bangata bao e seng Bakreste ba ne ba ka bua seo ha ba utloa tlaleho ea tsoalo ea Jesu. Ba utloisisa hore ha ho lumellane le saense ho lumela hore moroetsana a ka ima ’me a tsoala mora a sa kopanela liphate le monna. Uena u re’ng?
Ka 1984, The Times ea London e ile ea hatisa lengolo le neng le tšohla taba ena, le re: “Ho sebelisa saense e le lebaka la ho pheha khang ea hore mehlolo e ke ke ea etsahala ha ho utloahale. Ho lumela hore mehlolo e ke ke ea etsahala ho hloka tumelo e tšoanang le ho lumela hore e ka etsahala.” Lengolo leo le ile la tekenoa ke liprofesa tse 14 tsa saense liunivesithing tsa Brithani. Li ile tsa re: “Ka thabo re amohela hore ho tsoaloa ke moroetsana, mehlolo e Likosepeleng le tsoho ea Kreste ke lintho tse etsahetseng.”
Leha ho le joalo, hoa utloahala hore motho a makale ha a qala ho utloa pale ea ho tsoaloa ha Jesu ke moroetsana. Le ’mè oa Jesu oa moroetsana o ile a makala ha lengeloi la Molimo le re: “Bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu.” Ha Maria a araba o ile a botsa a re: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke kopanele liphate le monna?” Eaba lengeloi le hlalosa hore Molimo o ne a tla etsa mohlolo ona ka moea oa Hae o halalelang, ’me la eketsa la re: “Ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.” (Luka 1:31, 34-37) Ka sebele, Ea neng a bōpile batho ba e-na le matla a hlollang a ho ba le bana, o ne a ka etsa le hore moroetsana a emole a be a tsoale Jesu. Haeba Molimo a entse bokahohle le melao ea bona e nepahetseng, o ne a ka boela a sebelisa lehe le tsoang pōpelong ea Maria ho hlahisa Mora ea phethahetseng oa motho.
Lebaka Leo ka Lona e Neng e Hlokahala
Monna ea tšabang Molimo Josefa o ne a lebeletsane le Maria ha a ima. Torong, lengeloi la Molimo le ile la hlalosetsa Josefa lebaka le hlollang leo ka lona molebeletsoa oa hae oa moroetsana e neng e le moimana. Lengeloi le ile la re: “U se ke ua tšaba ho isa Maria mosali oa hao lapeng, etsoe se emotsoeng ka ho eena se teng ka moea o halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu, etsoe o tla pholosa batho ba habo libeng tsa bona.” (Matheu 1:20, 21) Ka Seheberu lebitso la Jesu le bolela “Jehova ke Poloko.” Le re hopotsa hore ho hlokahala hore re bolokoe sebeng le lefung hape le re hopotsa ka tokisetso ea Jehova Molimo ea ho fana ka poloko eo ka Jesu.
Kaha motho oa pele Adama o ile a etsa sebe, bana bohle ba hae ba ile ba tsoaloa ba sa phethahala, ba lemaletse ho tlōla melao ea Molimo. (Baroma 5:12) Bana ba Adama ba ne ba ka bolokoa sebeng ’me ba phethahala joang? Ho ne ho lokela hore ho lefshoe ka bophelo ba motho e mong ea phethahetseng ea lekanang le Adama e le hore ho phethahatsoe toka. Ke ka lebaka leo Molimo a ileng a etsa hore motho ea phethahetseng Jesu a tsoaloe ka mohlolo, ’me ke ka lebaka leo Jesu a ileng a lumella lira tsa hae hore li mo bolaee. (Johanne 10:17, 18; 1 Timothea 2:5, 6) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe a be a nyolohele bophelong ba leholimo, o ne a ka bua ka kholiseho a re: “Ke ile ka shoa, empa, bona! ke phela ka ho sa feleng le kamehla, ’me ke na le linotlolo tsa lefu le tsa Hadese [lebitla le tloaelehileng].”—Tšenolo 1:18.
Ka linotlolo tsa tšoantšetso tsa Hadese, Jesu o bula tsela ea hore batho ba baetsalibe ba fumane seo Adama a se lahlileng. Jesu o ile a hlalosa a re: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela; e mong le e mong ea phelang ’me a bontša tumelo ho ’na ho hang a ke ke a shoa le ka mohla.” (Johanne 11:25, 26) Ke tšepiso e babatsehang hakaakang! Empa ho sa na le lebaka le leng le leholo la tsoalo ea Jesu.
Lebaka la Bohlokoahali
Jesu o ne a sa qale ho ba teng ha a le ka pōpelong ea Maria. O ile a bolela ka ho hlaka a re: “Ke theohile leholimong.” (Johanne 6:38, Bibele ea Sesotho) Jesu o ne a ile a phela leholimong le Ntate oa hae oa leholimo ho tloha tšimolohong ea pōpo. Ha e le hantle, Bibele e hlalosa hore ke “tšimoloho ea pōpo ea Molimo.” (Tšenolo 3:14) Ha a le leholimong, Jesu o ile a bona borabele ba lengeloi le khopo le ileng la etsa hore batho ba pele ba fetohele puso ea Molimo. Sena se ile sa etsa hore Jesu a be le lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la hore a batle ho tsoaloa e le Mora oa Molimo ea phethahetseng oa motho. E ne e le lebaka lefe?
E ne e le ho paka hore Ntate oa hae oa leholimo o na le tokelo ea ho busa bokahohle. Ka ho lula a tšepahala ho tloha ha a tsoaloa ho isa lefung lefatšeng, Jesu o ile a bontša hore o ikemiselitse ho ikokobelletsa tsela eo Jehova a busang libōpuoa tsa Hae ka eona. Pele Jesu a bolaoa ke lira tsa Molimo, o ile a bolela ka ho hlaka lebaka la ho ikemisetsa ho shoa lefu la sehlabelo. O ile a re e ne e le hore lefatše le tsebe hore o rata Ntate. (Johanne 14:31) Haeba batho ba pele ba babeli Adama le Eva ba ne ba ile ba ba le lerato le joalo, ba ka be ba ile ba tšepahala tekong e neng e le bobebe haholoanyane ha e bapisoa le ea Jesu.—Genese 2:15-17.
Botšepehi ba Jesu bo ile ba boela ba pepesa lengeloi le khopo, e leng Satane, hore o leshano. Satane o ne a etselelitse Molimo le motho ha a ne a re ka pel’a mangeloi leholimong: “Tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae.” (Jobo 2:1, 4, Bibele ea Sesotho) Satane o ile a re batho bohle ba ne ba ke ke ba mamela Molimo haeba bophelo ba bona bo le kotsing, empa o ne a fositse.
Litaba tsena tse boletsoeng li ile tsa phephetsa ho loka ha puso ea Molimo. E le ho li rarolla, Jesu o ile a ikemisetsa ho tsoaloa e le motho le ho tšepahala ho isa lefung.
Ka hona, lebaka le ka sehloohong la tsoalo ea Jesu lefatšeng, joalokaha a le boletse, e ne e le hore a “pakele ’nete.” (Johanne 18:37) O ile a etsa seo ka ho bontša ka mantsoe le ka liketso hore puso ea Molimo e lokile ka ho feletseng le hore ho ikokobelletsa eona ho tlisa thabo e sa feleng. Hape Jesu o ile a hlalosa hore o ne a tlile lefatšeng ho fana ka bophelo ba hae e le motho hore e be “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata,” a bula tsela ea hore baetsalibe ba phethahale ’me ba fumane bophelo bo sa feleng. (Mareka 10:45) E le hore batho ba utloisise litaba tsena tsa bohlokoa, ho ne ho hlokahala tlaleho ea tsoalo ea Jesu. Ntle ho moo, litaba tse amanang le tsoalo ea Jesu li fupere lithuto tse ling tsa bohlokoa joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 4]
Bana ba Adama ba ne ba tla bolokoa sebeng joang?