Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt leq. 14-leq. 15
  • Potso ea 6: Bibele e ile ea profeta eng ka Mesia?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Potso ea 6: Bibele e ile ea profeta eng ka Mesia?
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Potso ea 6: Bibele e ile ea profeta eng ka Mesia?

POTSO EA 6

Bibele e ile ea profeta eng ka Mesia?

BOPROFETA

“Uena Bethlehema Efratha, . . . ho uena ho tla hlaha ’musi oa Iseraele.”

Mikea 5:2

PHETHAHATSO

“Ka mor’a hore Jesu a hlahele Bethlehema e Judea mehleng ea puso ea Morena Heroda, balepi ba linaleli ba tsoang ka Bochabela ba tla Jerusalema.”

Matheu 2:1

BOPROFETA

“Ba arolelana liaparo tsa ka, ba lahla lotho bakeng sa liaparo tsa ka.”

Pesaleme ea 22:18

PHETHAHATSO

“Ka mor’a hore masole a khokhothele Jesu palong, a nka liaparo tsa hae a li tabola likarolo tse ’nè . . . A nka le seaparo sa hae sa ka hare. Empa sona se ne se se na moroko, se lohiloe ho tloha holimo ho ea tlase. Masole ao a re: ‘A re se keng ra se tabola, re lahle lotho hore re tle re bone hore na e tla ba sa mang.’”

Johanne 19:23, 24

BOPROFETA

“O lebela masapo ’ohle a hae. Ha ho na le le leng la ’ona le robehileng.”

Pesaleme ea 34:20

PHETHAHATSO

“Ha a fihla ho Jesu a bona hore o se a shoele eaba ha a mo robe meomo.”

Johanne 19:33

BOPROFETA

“O ile a hlajoa ka lebaka la litšito tsa rona.”

Esaia 53:5

PHETHAHATSO

“Lesole le leng la mo hlaba lehlakoreng ka lerumo eaba ho tsoa mali le metsi.”

Johanne 19:34

BOPROFETA

“Ba mpatala moputso oa ka oa likotoana tse 30 tsa silevera.”

Zakaria 11:12, 13

PHETHAHATSO

“E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota, a ea ho baprista ba baholo a re: ‘Le tla mpha eng ha nka le fa eena hore le mo tšoare?’ Ba mo tšepisa likotoana tsa silevera tse 30.”

Matheu 26:14, 15; 27:5

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela