Seo re Tlamehang ho se Etsa Hore re Pholosoe
KE HOBANE’NG ha ho hlokahala hore re pholosoe? Hobane kaofela ha rōna re hlokofatsoa ke liphello tse kotsi tsa sebe: ho se phethahale, bohloko, ho kula, masoabi, ’me qetellong lefu. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ho joalo hobane ntate-moholo oa rōna Adama o ile a fetohela molao oa Molimo. Pauluse o ile a ngola: “Sebe se kene lefatšeng ka motho [Adama] a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Ke hobane’ng ha sebe sa Adama se ile sa etsa hore lefu le aparele batho bohle? Ka sebele, hona ho etsahetse ho latela hore na lintho li sebetsa joang ka tlhaho.
Ha Adama a etsa sebe, o ile a ahloleloa lefu tumellanong le molao oa bomolimo. Sena e ne e le se loketseng le se hlokahalang. Se ne se loketse, hobane bophelo hase tokelo empa ke mpho e tsoang ho Molimo. Ka ho etsa sebe ka boomo, Adama o ile a lahla tokelo eohle ea ho fumana mpho eo. (Ba-Roma 6:23) Ho ahloleloa ha Adama lefu ho ne ho hlokahala hobane ha ho letho le sa phethahalang le ka lumelloang ho pholoha le ho silafatsa bokahohle ka ho sa feleng. Kahoo, ha Adama a etsa sebe, o ile a qala ho shoa ’me haa ka a hlola a e-ba le bophelo bo phethahetseng le bo se nang sebe hore a bo fetisetse ho bana ba hae e le lefa. O ne a ka ba nea feela bophelo bo qaphalelitsoeng ke ho se phethahale le sebe.—Ba-Roma 8:18-21.
Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebala hore ke feela ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo re nang le bona bophelo bo bokhutšoanyane boo re nang le bona kajeno. (Jobo 14:1) Molimo o ne o sa tlameha ho lumella Adama le Eva hore ba be le bana pele ba e-shoa. O ile oa ba lumella ho etsa joalo e le hore o ka paka hore batho ba bang ba sa phethahalang ba ne ba tla tšehetsa bobusi ba Molimo ka ho tšepahala ho oona. Molimo hape o ile oa lumella sena hobane o ne o tseba hore qetellong o ne o tla lopolla, kapa o pholose, bana ba arabelang ba bafetoheli bao ba pele, Adama le Eva. Joang?
Tokisetso ea Pholoho
Jehova Molimo o ne a ke ke a qhela habonolo feela kahlolo e lokileng ea hae. A ke ke a itebatsa ka boomo sebe sa pele sa Adama le sohle seo batho ba phaelletseng ka sona ho sona ho tloha nakong eo. Haeba Molimo o ne o ka hlokomoloha melao ea oona e lokileng, hona ho ne ho tla senya tlhompho bakeng sa tsamaiso eohle ea oona ea toka le ho senya tšepo ho eona. Nahana ka mohoo o neng o tla utloahala haeba, ka lebaka la phetoho e itseng ea maikutlo ea botho, moahloli oa motho ka boomo a ne a ka lumella motlōli oa molao hore a se ke a otloa. Leha ho le joalo, moahloli ea nang le kutloelo-bohloko ka tšoanelo a ka lokisetsa hore kahlolo e behiloeng ke molao e lefshoe lebitsong la motho ea molato ke e mong ea utloisisang ho etsa joalo. Hona, ka tsela e itseng, ke seo Molimo o re etselitseng sona.
Jehova o ile a lokisetsa hore Mora oa hae, Jesu Kreste, a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho bakeng sa bophelo bo phethahetseng boo Adama a bo lahlileng. Jesu ka boithatelo o ile a jara kotlo ea libe tsa rōna—lefu. (Esaia 53:4, 5; Johanne 10:17, 18) Bibele e re: ‘Mor’a motho o tlile ho nehelana ka bophelo ba hae e le topollo bakeng sa ba bangata.’ (Mattheu 20:28; 1 Timothea 2:6) Ha ho e mong hape ea neng a ka etsa sena. Jesu o ne a khethehile ka hore o ile a tsoaloa a se na sebe ’me o ile a lula e le motho ea phethahetseng, le ea se nang sebe ho fihlela lefung la hae. (Ba-Heberu 7:26; 1 Petrose 2:22) Ho tšepahala ha hae ho isa lefung ho ile ha mo nolofaletsa hore a lefe kotlo e behiloeng bakeng sa libe tsa rōna.
Leha ho le joalo, hopola hore Molimo, Moahloli e Moholo, ha oa tlameha ho lokolla e mong le e mong. O talima bophelo ba Jesu bo phethahetseng ba botho bo entsoeng sehlabelo e le tefo bakeng sa molato oo re o kolotang oa sebe. Empa Jehova Molimo a ke ke a se sebelisa ho baetsalibe leha e le bafe ba sa bakeng, ba sa ananeleng le ba ka boomo. Ho e-na le ho fana ka tokollo ea mofuta o mong o itseng e akaretsang kapa ho pholosa lefatše lohle, Bibele e beha maemo a lokelang ho honyelloa haeba re tla pholosoa liphellong tsa sebe se futsitsoeng.
Litlhokahalo Bakeng sa Pholoho
Kahoo, e be joale ke eng se hlokahalang bakeng sa pholoho? Tlhokahalo e ka sehloohong ke eo moapostola Pauluse a e boleletseng molebeli oa chankane oa Filippi: ‘Lumela ho Morena Jesu Kreste, ’me u tla bolokeha.’ (Liketso 16:31) Kamohelo e tlohang botebong ba pelo ea mali a tšolotsoeng a Jesu ke ea bohlokoa haeba re tla pholosoa. ’Me pholoho e tla bolela eng bakeng sa rōna? Jesu o bontšitse karabo ha a re: “’Na ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me li ke ke tsa timela le ka mohla o le mong.” (Johanne 10:28) Bakeng sa ba bangata, pholoho e tla bolela bophelo bo sa feleng lefatšeng le tsosolositsoeng hore e be paradeise e phethahetseng. (Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 21:3, 4) Leha ho le joalo, tabeng ea “mohlatsoana,” ho tla bolela ho busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo.—Luka 12:32; Tšenolo 5:9, 10; 20:4.
Ba bang ba fana ka tlhahiso ea hore ho lumela ho Jesu ke qetello ea taba. Ka hona pampitšana e ’ngoe ea bolumeli e re: “Ho na le ntho e le ’ngoe feela eo ho hlokahalang hore mang kapa mang a e etse hore a ee leholimong. Ke ho amohela Jesu Kreste e le Mopholosi oa hae oa botho, a inehele ho Eena e le Morena le Monghali, ’me a Mo bolele joalo phatlalatsa ka pel’a lefatše.” Kahoo, ba bangata ba lumela hore phihlelo e tlang ka tšohanyetso le e amang maikutlo ea tšokoloho ke sohle seo re se hlokang e le hore re ka tiisa hore re fumana bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, ho tsitsisa mohopolo tlhokahalong e le ’ngoe feela ea bohlokoa ea pholoho ha u behella tse ling ka thōko ho tšoana le ho bala karolo e le ’ngoe feela ea bohlokoa ea tumellano ha u hlokomoloha tse ling.
Hona ho totobala haholoanyane ha re mamela litlhaloso tsa ba bang bao ka nako e ’ngoe ba neng ba nahana hore ho bolela hore u lumela ho Jesu e ne e le sohle se hlokoang bakeng sa ho pholosoa. Bernice o re: “Ke hōliselitsoe Kerekeng ea Baena, empa ke ile ka ipotsa hore na ke hobane’ng, haeba bophelo bo sa feleng bo itšetlehile feela holim’a Jesu, eena ka boeena a itse: ‘Bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.’”—Johanne 17:3.
Ka lilemo tse robong Norman o ne a kholisehile hore o pholositsoe. Empa joale a bona hore ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela ho ipolela ka maikutlo a phahameng hore Jesu Kreste e ne e le Mopholosi oa hae. O re: “Ke ile ka bona ho tsoa Bibeleng hore ha hoa lekana hore feela ke lumele ho Molimo hore re baetsalibe le hore re hloka pholoho. Hape re lokela ho etsa mesebetsi e tšoanelang pako.”—Mattheu 3:8; Liketso 3:19.
E, ho lumela ho Jesu ke habohlokoa bakeng sa pholoho ea rōna, empa ho hlokahala ho eketsehileng. Jesu o buile ka ba bang ba neng ba ipolela hore ba lumela ho eena ’me ba bile ba ‘etsa mesebetsi e matla’ ka lebitso la hae. Empa ha aa ka a amohela boemo ba bona. Hobane’ng? Hobane e ne e le ‘basebetsi ba bokhopo’ ’me ba ne ba sa etse thato ea Ntat’ae. (Mattheu 7:15-23, NW) Morutuoa Jakobo o re hopotsa bohlokoa ba ho ba ‘baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela ba ithetsang ka mabaka a sa utloahaleng.’ Hape o itse: “U lumela hobane Molimo o mong feela: u etsa hantle; empa le bona batemona ba lumela, ’me ba thothomela. . . . Tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”—Jakobo 1:22; 2:19, 26.
Leha ho le joalo, ba bang ba phea khang hore ba pholositsoeng kannete ba etsa lintho tsena tsohle ho sa tsotellehe hore na ho thoe’ng. Empa na ’neteng ea taba ho hlile ho joalo? Denis, ea ‘ileng a amohela Jesu’ ha e le moshemane e monyenyane, o re: “Batho ba ‘pholositsoeng’ bao ke ’nileng ka ba tseba ha ba ikutloe hore ho hlile hoa hlokahala hore ba hlahlobe Mangolo hobane ba nahana hore ba se ba entse sohle se hlokahalang bakeng sa pholoho.” Ka sebele, boikaketsi le liketso tseo e seng tsa Bokreste tsa ba bangata ba ipolelang hore ba pholositsoe li entse hore taba eohle ea pholoho e nyelisehe.
Leha ho le joalo, ba bangata ba tsitlella hore Mangolo a re: “Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:36) Ka baka leo, ba etsa qeto ea hore hang ha u amohetse Morena Jesu Kreste e le Mopholosi oa hao oa botho, ha ho mohla u tla lahleha hape. Kahoo lepetjo la bona le re, “hang ha u pholositsoe, u pholositsoe ka mehla.” Empa na hantle-ntle ke seo Mangolo a se bolelang? Ho arabela sena, ho hlokahala hore re nahane ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Bibele e e buang ka taba ena. Re ke ke ra rata ho ‘ithetsa ka mabaka a sa utloahaleng’ ka hore re bale feela likarolo tse khethiloeng tsa Lentsoe la Molimo.
“Hang ha u Pholositsoe, u Pholositsoe ka Mehla”?
Hlokomela temoso e bululetsoeng ea morutuoa Juda. O ngotse: “Baratuoa, ke ne ke chesehela ho le ngolla ka ho pholosoa hoo e leng ha rōna bohle. Joale ka ikutloa ke tlameha ho le ngolla, ke le khothatsa ho loanela tumelo e neiloeng bahalaleli hanngoe feela.” (Juda 3, TLP) Ke hobane’ng ha Juda a ile a ngola see? Hobane o ne a tseba hore Bakreste ka bomong ba ne ba ka ’na ba lahleheloa ke ‘ho pholosoa hoo e leng ha bona bohle.’ A tsoela pele ho re: ‘Ke rata ho le hopotsa hore, Morena hoba a pholose sechaba sa hae naheng ea Egepeta, hamorao o ile a felisa ba sa kang ba lumela.’—Juda 5, TLP.
Temoso ea Juda e ne e sa tl’o ba ea molemo oa letho haeba Bakreste ba ne ba sa talimana le kotsi e tšoanang le eo ea Baiseraele bao. Juda o ne a sa belaelle bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu. Sehlabelo seo se re pholositse sebeng sa Adama, ’me Jesu o tla sireletsa ba lumelang ho eena. Ha ho ea ka ba utlang letsohong la hae. Empa re ka lahleheloa ke tšireletso eo. Joang? Ka ho etsa se ileng sa etsoa ka Baiseraele ba bangata ba ileng ba pholosoa Egepeta. Ka boomo re ka ikhethela ho se utloe Molimo.—Deuteronoma 30:19, 20.
Nahana u lopolloa toreng e chang. Nahana ka topoloho eo u neng u tla e utloa ha u ntšoa ka mokhoa o sireletsehileng mohahong oo ’me mopholosi a re: “Joale u sireletsehile.” E, u ne u tla be u sireletsehile lefung le neng le u tobile ka sebele. Empa ho ne ho tla etsahala joang haeba u etsa qeto ea ho khutlela ka mohahong ka lebaka le leng la booatla? Bophelo ba hao bo ne bo tla ba kotsing hape.
Bakreste ba boemong bo pholositsoeng. Ba na le tebello ea bophelo bo sa feleng hobane ba boemong bo amohelehang ka pel’a Molimo. E le sehlopha, pholoho ea bona sebeng sa Adama le liphello tsohle tsa sona ke ntho e tiileng. Empa ka bomong ba tla pholosoa ho ea bophelong bo sa feleng haeba ba tsoela pele ho khomarela litlhokahalong tsohle tsa Molimo. Jesu o ile a hatisa sena ha a itšoantša le sefate sa morara ’me barutuoa ba hae a ba tšoantša le makala a sefate seo sa morara. O itse: “Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beheng, [Molimo] oa le rema . . . Ekare ha motho a sa lule ho ’na, o lahleloa ntle, joalo ka lekala, ’me oa omella; ’me makala a omeletseng a ee a roalloe, a lahleloe mollong, a che.” (Johanne 15:2, 6; Ba-Heberu 6:4-6) Ba felloang ke tumelo ho Jesu ba felloa le ke bophelo bo sa feleng.
“Ea Tla Tiisetsa ho Fihlela Qetellong, Eena o Tla Pholosoa”
E, ho na le lintho tse fapaneng tse amehang ho pholosoeng. Re tlameha ho fumana tsebo e nepahetseng ka merero ea Molimo le tsela ea oona ea ho pholosa. Joale re tlameha ho lumela ho Moemeli e Moholo oa pholoho, Jesu Kreste, e be re etsa thato ea Molimo bophelo bohle ba rōna. (Johanne 3:16; Tite 2:14) Pholoho ke ntho e tiileng bakeng sa ba latelang tsela ena. Empa e ama ho tiisetsa ho fihlela qetellong ea bophelo ba rōna ba hona joale kapa ea tsamaiso ena ea lintho. Ke feela ‘ea tla tiisetsa ho fihlela qetellong ea tla pholosoa.’—Mattheu 24:13, TLP.
Molebeli oa chankane oa Filippi hammoho le ba bang ka lapeng la hae, o ile a arabela ka tieo molaetseng oa pholoho oo Pauluse le Silase ba neng ba o bolela. “A ba a kolobetsoa kapele-pele le bohle ba lelapa la hae.” (Liketso 16:33, TLP) Re ka nka boemo bo tšoanang bo tiileng. Kahoo, re tla kena kamanong e haufi le e hlohonolofetseng le Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ’me re ka ba le tšepo e feletseng litokisetsong tsa bomolimo bakeng sa pholoho. Molebeli oa chankane oa Filippi o ile “a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba lumetse ho Molimo.” (Liketso 16:34, NW) Tsela e joalo e tla etsa hore le rōna re ‘nyakalle.’
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho ne ho tla etsahala joang haeba u ka mathela hape ka mohahong o chang ka mor’a hore u pholosoe?