Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/15 maq. 4-7
  • Na Bolumeli bo ka Khotsofatsa Litlhoko tsa Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli bo ka Khotsofatsa Litlhoko tsa Rōna?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khotsofatsa Litlhoko tsa Rōna tsa Nama
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Thahasella Bolumeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Le Batle ’Muso oa Molimo Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Na Bolumeli bo Khotsofalitse Litlhoko tsa Rōna?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • U ka Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/15 maq. 4-7

Na Bolumeli bo ka Khotsofatsa Litlhoko tsa Rōna?

RE TLA ja’ng? Re tla noa’ng? Re tla apara’ng? Lipotso tsena li potlakile, haholo-holo ha ho le thata ho fumana litlhokahalo tsa motheo tsa bophelo. Leha ho le joalo, hlokomela seo Jesu Kreste a se boletseng: “Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se noa; leha e le ka sa ’mele ea lōna, ka seo le tla se apara.” (Mattheu 6:25) Na hoo ho bonahala ho makatsa? Haeba motho a hloka lijo, liaparo, le bolulo, seo a se hlokang ke thuso e bonahalang, e seng seo ba bang ba ka se talimang e le polelo feela ea bolumeli e sa reng letho.

Jesu o ne a bontša kutloelo-bohloko, a sa leke ho balehela taba. O ne a ela hloko litlhoko tsa batho hantle. Ho sa tsotellehe hoo, o tsebile hape ka kotsi ea sebele. Ha ho tluoa ho khotsofatseng litlhoko tsa rōna, ho bonolo ho thea bophelo ba rōna linthong tse bonahalang le ho nahana hore Molimo hase oa bohlokoa. Ka baka leo, ho hlokahala re behe lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa sebakeng sa tsona.

Re tla be re beha lintho tsa bohlokoa sebakeng sa tsona haeba re latela keletso ea Jesu: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:33) Haeba re latela keletso ena, bolumeli—bolumeli ba ’nete bo theiloeng linneteng tsa Bibele—bo ka khotsofatsa litlhoko tsa rōna.

Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa feteletse lintho ha a bolela hore ho ba e mong oa barutuoa ba hae le ho latela lithuto tsa bolumeli ba hae ho ne ho ka rarolla mathata a rōna hang-hang; hape ha a ka a bolela hore barutuoa ba hae ba itulele feela ’me ba letele Molimo ho ba etsetsa lintho ka mohlolo. Motho e mong le e mong e ne ekaba Mokreste haeba hoo ho bolela ho lokoloha kapele joalo mathateng ’ohle a bophelo! Seo Jesu a se hlalositseng ke hore Ntat’ae, Jehova Molimo, o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang ho khotsofatsa litlhoko tsohle tsa rōna. Ke ka lebaka leo Jesu a boetseng a re: “Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle.”—Mattheu 6:32.

Hape Jehova o khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa bohlokoa tsa moea. Ka Mangolo a Halalelang, o re file tataiso e bululetsoeng ho tsamaisa bophelo ba rōna tseleng e molemohali. (Esaia 48:17) Molimo o theile mokhatlo oa barapeli ba fanang ka thuso ha e hlokahala. (Liketso 4:34) Hape o thusa bahlanka ba oona ka moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang. (Luka 11:13; Ba-Galata 5:22-25) Ho feta moo, Molimo o entse tokisetso ea ho khutlisetsa Paradeise lefatšeng.—Luka 23:43, NW; Tšenolo 21:1-4.

Ho Khotsofatsa Litlhoko tsa Rōna tsa Nama

Joale nahana ka metheo e meng ea Bibele e thusitseng batho ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa nama. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ngotse:

“A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1)

Nahana ka mathata ’ohle ao re ka a phemang haeba re qoba ho itšilafatsa ka koae, lithethefatsi tse sa lumelloang ka molao, le lintho tse ling tse silafatsang ’mele. ’Me ho molemo hakaakang ho rōna ha re sa senye chelete, nako, le monahano ka libuka tsa boitšoaro bo litšila le boithabiso bo ka silafatsang moea oa rōna!

Hape Mangolo a re:

“U se ke ua tloaela manoa-joala le manyolo-nyolo; hobane letahoa le lenyolo-nyolo ba ipakela bofuma; ’me ho rata boroko ho apesa maharasoa.” (Liproverbia 23:20, 21)

Hlokomela liphello tsa botahoa le meharo—bofuma le maharasoa. Kajeno batho ba bangata—esita le batho ba bolumeli—ba bofumeng hobane ba noa ka ho tlolisa lino tse tahang kapa ke makhoba a lintho tse silafatsang ’mele. Ho qoba lintho tse joalo e le hore re iphaphathe le metheo ea Bibele ho ka re thusa haholo ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa lijo, liaparo, le bolulo.

Molao-motheo o mong o thusitseng Bakreste ho khotsofatsa litlhoko tsa bona o bonahala mantsoeng a moapostola Pauluse:

“Re fela re kholoa hoba re na le letsoalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.” (Ba-Heberu 13:18)

Botšepehi litšebelisanong tsohle tsa bona bo thusitse Bakreste ba bangata ho iphepa hantle ’moho le malapa a bona. Bo ba hapetse botumo bo botle, ’me ba bang ba rata ho sebetsa le bona. Ho ka ’na ha etsahala hore motho ea tšepahalang a se be le lintho tse bonahalang ka bongata, empa ka tloaelo o na le lintho tsa motheo tse hlokahalang bophelong ’me o boloka seriti sa hae.

Se amanang haufi le sena ke keletso ena:

“Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa lintho tse molemo ka matsoho a hae.” (Ba-Efese 4:28)

Ho sebelisa molao ona ho thusitse ba bangata ho fumana mosebetsi le ho tšoarella ho oona hobane ba tšepahala. Ka baka leo, ba tseba ho ipaballa le ho baballa malapa a bona. Ho e-na le ho tšoaetsoa ke moea oa lefatše lena, o foufalitseng ba bangata ka liketso tsa ho se tšepahale, Bakreste baa tšepahala, ’me sena se ba tlisetsa liphello tse molemo.

Ka mohlala: E mong oa Lipaki tsa Jehova Japane o ne a batla ho sebetsa lihora tse ’maloa beke ka ’ngoe e le hore a fumane nako e eketsehileng ea ho hahamalla lintho tsa moea. Leha ho le joalo, ha a etsa kōpo ena, mohiri oa hae a mo leleka mosebetsing. Ho sa le joalo, ’mè oa mohiri a botsa: “Na u lelekile monna eane ea tšepahalang ka ho fetisisa?” Lintho li ile tsa mpefalla Paki ha e ne e tsoa kotsi mokokotlong mosebetsing o mong. Nakoana kamorao ho moo, ea kopana le mohiri oa eona oa pele, ea neng a sa thaba hobane a tsebile hore e mong oa basebeletsi ba hae o ne a ntse a utsoa gauda, platinum, le masale femeng ea hae. Kapele mohiri a kōpa Paki ho khutlela mosebetsing, lekhetlong lena ka ho lumellana le maemo a hae. Motho enoa o ne a batla mosebeletsi ea tšepahalang.

Ho latela moapostola Pauluse, Mokreste o lokela ho ‘ineela ho sebetsa’ e seng feela ho ipaballa empa hape “a tle a tsebe ho nea ea hlokang.” (Ba-Efese 4:28) Linakong tsa ho hloka, Bakreste ba ’nete ba ee ba rate ho thusa ba bang. Lelapa le leng Fiji le etsahaletsoe ke sena ha ntlo ea bona e ne e senngoa ke khanyapa nakong eo ba neng ba le kopanong ea Bokreste. Ha ba fihla hae, ba fumana sebaka se senyehileng. Empa hape ba fumana le balumeli ’moho bao ka thabo ba sebelisitseng lithuso tsa bona ho lokisetsa lelapa lena bolulo le ho thusa ho haha hape ntlo ea bona. Ntate o itse, “Hoa tšelisa ho tseba hore ho na le Bakreste ba u tsotellang.”

Jesu Kreste o bontšitse kutloelo-bohloko e khōlō ho bahloki. Ka makhetlo a mangata, o thusitse ba hlokang thuso ka litsela tse sa tšoaneng. Ka sebele, Jesu o ne a tseba hore ha feela tsamaiso ena e bolileng ea lintho e lumeletsoe ho ba teng, bofuma le mathata a mang a sechaba a tla ’ne a be teng. (Johanne 12:8) Ka hona, le hoja a entse ho hongata ho thusa batho nameng, karolo e khōlō ea tšebeletso ea hae e ne e le ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa moea.

Ha letšoele le ileng la fepjoa le latela Jesu ho ea Kapernauma, Jesu a bolela mantsoe ana a bohlokoa: “Lea mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la khora. Se sebeletseng lijo tse felang, empa le sebeletse lijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tsee le tla li fuoa ke Mor’a motho.” (Johanne 6:26, 27) Jesu o ne a bolela’ng?

Jesu o ne a bolela hore ho ne ho e-na le kotsi ea hore batho ba tsamaea le eena le barutuoa ba hae kahobane feela ba batla ho fumana melemo ea nama. Empa o tsebile hore hona ho ke ke ha tlisa melemo e sa feleng. Kahoo o itse: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona. Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsoeng hona; hobane ba tla khorisoa.”—Mattheu 5:3, 6.

Ntle ho ho lapela lijo tsa nama, ho na le ho lapela ’nete le ho khorisoa moeeng. Thabo ea ’nete e ba teng ha tlala ena ea moea e khotsofalitsoe. Bokreste-’mōtoana bo hlahisitse mokhatlo oa batho ba nahanang feela ka lintho tsa nama. Malumeli a bochabela a siile batho lefifing la moea. Empa borapeli ba ’nete—bolumeli ba Jesu Kreste—bo khotsofalitse litlhoko tsa batho tsa moea. Bo ka etsa se tšoanang le ho uena. Litokisetso tsena ekaba tsa hao haeba u ka iphumantša tsona.

Ka mohlala, mohlankana e mong Mauritius o ile a amohela Molula-Qhooa le motsoalle oa oona Tsoha! seterateng ho Mokreste ea neng a tšoarehile bopaking ba seterateng. Bekeng e latelang, a khutla bakeng sa limakasine tse ling. O hlalositse hore o ne a rera ho ipolaea ka lebaka la mathata a chelete, empa limakasine li mo thusitse ho tseba hore ho teng Molimo o re tsotellang. Tlala ea moea ea mohlankana e ne e qala ho khotsofatsoa.

Na re tla ke re bone nako eo litlhoko tsa rōna tsohle li tla khotsofatsoa ka eona? Bibele e tšepisa hore re tla e bona. Ke ’nete, batho ba khathetse ke ho utloa litšepiso tse sa feleng tsa lintho tse molemo tse tlang. Ba ’nile ba soabisoa hangata. Empa re ka ba le kholiseho litšepisong tsa Bibele. Moqapi oa eona, Jehova Molimo, o phethahatsa tšepiso e ’ngoe le e ’ngoe eo a e bolelang. Joshua o hlalositse sena hantle ha a ne a hopotsa Baiseraele ’moho le eena: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Joshua 23:14.

Tharollo ea sebele mathateng a rōna ’ohle e itšetlehile phethahatsong ea litšepiso tse hlollang tsa Molimo tsa ho hloekisa lefatše lohle. (Tšenolo 11:18) Litlhoko tsohle tsa rōna li tla khotsofatsoa ha ’Muso o khutlisetsa Paradeise lefatšeng, ho phethahatsa morero oa hae oa tšimolohong bakeng sa batho. (Mattheu 6:9, 10) Joale ha re sa tla utloa ‘ho lla kapa ho bokolla’ ha batho bao litlhoko tsa bona li sa khotsofatsoeng. Ka mosebetsi o tšepahalang le ka ho sebelisa metheo ea bomolimo, ba tla thabela ka botlalo, bophelo bo khotsofatsang.—Esaia 65:17-25.

Maria, eo e neng e le moitlami oa K’hatholike ea boletsoeng pelenyana, o fumane tšepo ena. O ile a hlokomela hore o phetse lefifing la moea ka lilemo-lemo a hlorisoa ke tšabo ea bokamoso ’me a sa tsebe ho bona morero oa ’nete bophelong. Empa ho ithuta ha hae Bibele ho fetotse seo sohle. O itse, “Ke tsoile lefifing ka kena leseling le ntseng le khanya ho tsoela pele.” (Pesaleme ea 43:3; Liproverbia 4:18) Sena ha sea mo thusa feela ho talimana ka katleho le litlhoko tsa hae tsa nama, empa hape le ho khotsofatsa tlala le lenyora la hae la moea. E, bolumeli—bolumeli ba ’nete—bo ka khotsofatsa litlhoko tsa rōna.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bolumeli ba ’nete bo tla khotsofatsa litlhoko tsohle tsa rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela