Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 6/15 maq. 22-27
  • Ho Tšoasa Batho Metsing a Lefatše Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoasa Batho Metsing a Lefatše Lohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšoasa Batho, Phephetso ea Lefatše Lohle
  • Tsoelo-pele Mosebetsing oa ho Tšoasa Lefatšeng Lohle
  • Bohle Baa Kopanela
  • Lintho tse Tlatsetsang Keketsehong
  • Na re ka Ntlafatsa?
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Tšoasa Litlhapi Leoatleng la Galilea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Letlooa le Litlhapi li Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 6/15 maq. 22-27

Ho Tšoasa Batho Metsing a Lefatše Lohle

“Leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao oa teng o ntlamile, ’me ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!”—1 BA-KORINTHE 9:16.

1, 2. (a) Ke bo-mang bao kannete ba tobaneng le phephetso e boletsoeng ho 1 Ba-Korinthe 9:16, ’me ke hobane’ng ha u arabela joalo? (b) Lipaki tsa Jehova li amohetse boikarabelo bofe?

LEKHOLONG lee la bo20 la lilemo ke bo-mang bao kannete ba tobaneng le phephetso e hlahisoang ke mantsoe a Pauluse a ka holimo? Ke bo-mang ba ileng lefatšeng ba le limillione hore ba e’o tšoasa banna le basali ba “elang tlhoko ea bona ea moea hloko”? (Mattheu 5:3, NW) Ke bo-mang ba ipehileng kotsing ea ho kenngoa teronkong le ho bolaoa, le ba ’nileng ba hlaheloa ke lintho tsee linaheng tse ngata hobane ba phethahatsa taelo ea Kreste e ho Mattheu 24:14?

2 Tlaleho ea arabela: ke Lipaki tsa Jehova. Selemong se fetileng feela Lipaki tse fetang limillione tse ’nè li ile tsa ea ka ntlo le ntlo ‘li ntse li bolela litaba tse molemo’ linaheng le masimong a 211 le ka lipuo tse fetang 200. Bana e ne e se sehlopha feela se khethiloeng sa baromuoa ba koetlisitsoeng. Che, Lipaki tsa Jehova kaofela li na le boikarabelo ba ho bolela le ho ruta ka ntlo le ntlo le tlas’a maemo leha e le afe a loketseng. Ke hobane’ng ha li ikutloa li tlameha ho arolelana le ba bang seo li se lumelang? Hobane lia hlokomela hore tsebo e tlisa boikarabelo.—Ezekiele 33:8, 9; Ba-Roma 10:14, 15; 1 Ba-Korinthe 9:16, 17.

Ho Tšoasa Batho, Phephetso ea Lefatše Lohle

3. Mosebetsi oa ho tšoasa e tlameha ho ba o pharalletseng hakae?

3 Mosebetsi ona o moholo oa ho tšoasa ha o etsoe feela nōkeng kapa letšeng le itseng kapa esita le leoatleng le le leng. Che, joalokaha Jesu a laetse, o lokela ho etsoa ‘lichabeng tsohle.’ (Mareka 13:10) Pele Jesu a nyolohela ho Ntate oa hae, o ile a bolella barutuoa ba hae: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Mattheu 28:19, 20.

4. (a) E tlameha ebe ke eng se ileng sa makatsa balateli ba pele ba Jesu ba Bajode? (b) Lipaki tsa Jehova li talima tekanyo ea mosebetsi oa tsona oa boboleli joang?

4 E tlameha ebe eo e bile thōmo e nyarosang ho balateli ba Jesu ba Bajode. O ne a bolella barutuoa ba hae ba Bajode hore joale ba ne ba tla lokela ho ea ho Balichaba bohle ba “sa hloekang” le ho ba ruta. Ho ile ha hlokahala hore ba etse liphetoho tse itseng e le hore ba ka utloisisa boholo ba kabelo eo le ho nka khato ka eona. (Liketso 10:9-35) Empa ho ne ho se mokhoa oa ho e qoba; Jesu o ne a ba bolelletse setšoantšong hore “tšimo ke lefatše.” Ka hona, Lipaki tsa Jehova kajeno li talima lefatše ka kakaretso e le sebaka seo li nang le tokelo ea ho tšoasa ho sona. Ho ke ke ha e-ba le meeli e sitisang thōmo ea tsona e tsoang ho Molimo. Ka linako tse ling ho hlokahala masene moo ho se nang tokoloho ea bolumeli. Leha ho le joalo, li tšoasa li tseba hore nako e se e lekane motinyane. Hobane’ng? Hobane liketsahalo tsa lefatše le phethahatso ea boprofeta ba Bibele li bontša hore re phela karolong e qetellang ea mosebetsi oa ho tšoasa lefatšeng lohle.—Mattheu 13:38; Luka 21:28-33.

Tsoelo-pele Mosebetsing oa ho Tšoasa Lefatšeng Lohle

5. Ke batho ba mofuta ofe ba arabelang hamolemo mosebetsing oa ho tšoasa o etsoang lefatšeng lohle?

5 Bongata ba majalefa a ’Muso a tlotsitsoeng bo ile ba “tšoasoa” har’a lichaba pele ho 1935, kahoo palo ea bona e felletseng e se e batla e phethiloe. Ka hona, haholo-holo ho tloha ka 1935, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa batla batho ba ikokobelitseng ba ka ’nang ba hlalosoa e le “ba bonolo” ba tlang ho ‘rua lefa la lefatše.’ (Pesaleme ea 37:11, 29) Bana ke batho “ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang.” Ba nka khato ea ho tšehetsa puso ea ’Muso oa Molimo pele ‘mahlomola a maholo’ a oela tsamaiso ea Satane ea lintho e hlephileng le e silafetseng ’me barapeli ba hae ba liheloa “seboping sa mollo” sa timetso ea ho qetela.—Ezekiele 9:4; Mattheu 13:47-50; 24:21.

6, 7. (a) Ho ile ha nkoa mehato efe ka 1943 mabapi le mosebetsi oa ho bolela? (b) Liphello e bile life?

6 Na ho tla fihlela joale mosebetsi oa ho tšoasa lefatšeng lohle o atlehile? E re linnete li senole. Morao koo ka 1943, Ntoa ea II ea Lefatše e ne e ntse e kupa, empa baena ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba leng ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York, ba ile ba bona esale pele hore ho tla lokela hore ho etsoe mosebetsi o moholo oa ho tšoasa lefatšeng lohle. Kahoo, ho ile ha nkoa mehato efe?a—Tšenolo 12:16, 17.

7 Ka 1943 Mokhatlo oa Watchtower o ile oa theha sekolo sa baromuoa se bitsoang Gileade (Seheberu, “Mokolokotoane oa Bopaki”; Genese 31:47, 48) se ileng sa qala ho koetlisa baromuoa ba lekholo ka likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng e le hore ba ka romeloa lefatšeng ka bophara e le batšoasi ba tšoantšetso. Morao koo, ho ne ho e-na le Lipaki tse 126 329 feela tse mafolo-folo tse tšoasang batho linaheng tse 54. Ka mor’a lilemo tse leshome lipalo tseo li ile tsa eketseha ho fihlela ho Lipaki tse 519 982 linaheng tse 143! Ruri, Sekolo sa Gileade se ne se hlahisa batšoasi ba litlhapi ba banna le basali ba se nang tšabo, ba ikemiselitseng ho ea lichabeng tse nang le mekhoa e fapaneng le ho ikamahanya le metsi a macha a ho tšoasa. Ka baka leo, ho ile ha arabela batho ba lipelo li tšepahalang ba likete-kete. Baromuoa bao, le Lipaki tsa sebaka ka seng tseo ba neng ba sebetsa le tsona, ba ile ba rala motheo bakeng sa keketseho e hlollang e teng hona joale.

8, 9. (a) Ke mehlala efe e ka boleloang ea mosebetsi o ikhethang oa baromuoa? (b) Baromuoa ba bone khōlo e ikhethang joang masimong a bona? (Bona le 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses.)

8 Ba bangata ba ’nileng ba sebeletsa ka botšepehi ka nako e telele ba bileng lihlopheng tseo tsa pele tsa Gileade ba sa ntse ba sebeletsa linaheng lisele tseo ba li abetsoeng, le hoja hona joale ba se ba le lilemo tse ka holimo ho 70 kapa 80. Mohlala o mong o emelang e mengata ho ena ke oa Eric Britten ea lilemo li 82 le mosali oa hae, Christina, ba fumaneng mangolo sehlopheng sa bo15 sa Gileade ka 1950 ’me ba ntse ba sebeletsa Brazil le hona joale. Ha ba il’o sebeletsa Brazil, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaasana ho 3 000 naheng eo. Joale ho na le tse fetang 300 000! Ruri, ‘e monyenyane o fetohile sechaba se matla’ Brazil hobane mosebetsi oa ho tšoasa o ’nile oa hlahisa litholoana.—Esaia 60:22.

9 ’Me re ka re’ng ka baromuoa ba leng Afrika? Ba bangata ba ikamahantse le mekhoa e fapaneng haholo ea bophelo ’me ba na le lerato ho batho ba Afrika. Ba bang ba bona ke moena John le moena Eric Cooke le basali ba bona, Kathleen le Myrtle, bao hona joale ba sebeletsang Afrika Boroa. John le Eric ba ile ba fumana mangolo sehlopheng sa borobeli ka 1947. Ho bona e mong o sebelelitse Angola, Zimbabwe, Mozambique, le Afrika Boroa. Baromuoa ba bang ba ile ba shoella Afrika ka baka la boloetse, ’me ba bang ba ile ba shoa ka baka la ntoa le mahloriso, joaloka Alan Battey le Arthur Lawson, ba ileng ba shoa nakong ea ntoa ea lehae e bileng teng haufinyane Liberia. Leha ho le joalo, metsi a Afrika a ipakile e le a hlahisang litholoana haholo. Hona joale ho na le Lipaki tse fetang 400 000 tse qhalakaneng lefatšeng leo le leholo.

Bohle Baa Kopanela

10. Ke hobane’ng ha bo-pula-maliboho ba etsa mosebetsi o babatsehang hona ba o etsa ka tsela efe?

10 Leha ho le joalo, ho lokela ho hlokomeloe hore le hoja baromuoa ba tsoang linaheng lisele ba baloa ka likete, bahoeletsi le bo-pula-malibohob ba sebaka ka seng ba baloa ka limillione. Ke bona ba etsang mosebetsi o mongata oa ho bolela lefatšeng ka bophara. Ka 1991 ho bile le karolelano ea bo-pula-maliboho le basebeletsi ba tsamaeang ba fetang 550 000. Eo ke palo e tsotehang hakaakang ha re nahana ka Lipaki tsee tse tšepahalang kaofela tse etsang boiteko bo khethehileng ba hore li kopanele mosebetsing o moholo oa ho tšoasa, tse etsang karolelano ea lihora tse 60 ho ea ho tse 140 boboleling khoeli le khoeli. Ba bangata ho tsona ba etsa sena ka boitelo bo boholo le litšenyehelo. Empa hobane’ng? Hobane ba rata Jehova Molimo oa bona ka lipelo tsa bona tsohle, ka likelello tsa bona tsohle, ka liphefumolohi tsa bona tsohle, le ka matla a bona ’ohle, ’me ba rata baahisani ba bona joalokaha ba ithata.—Mattheu 22:37-39.

11. Ho na le bopaki bofe bo tiileng ba ho sebetsa ha moea oa Jehova har’a batho ba hae?

11 Re ka re’ng ka Lipaki tse ling tse fetang limillione tse tharo le halofo tse seng tšebeletsong ea nako e tletseng empa li ikitlaetsa ka ho felletseng tšebeletsong ea Jehova, li ipapisitse le maemo a tsona? Ba bang ke basali ba nyetsoeng, esita le bo-’mè ba hlokomelang bana ba banyenyane, empa ba nehelana ka nako e ’ngoe ea bona ea bohlokoa mosebetsing oa ho tšoasa lefatšeng lohle. Ba bangata ke banna ba nyetseng le bo-ntate ba sebetsang mosebetsi oa nako e tletseng oa boipheliso; leha ho le joalo, bofelong ba beke le mantsiboea ba behella nako ka thōko bakeng sa ho ruta ba bang ’nete. Ho boetse ho na le bongata bo boholo ba banna le basali ba masoha le bacha ba kopanelang boboleling le ba buellang ’nete hamolemo ka boitšoaro ba bona. Ke sehlopha sefe se seng sa bolumeli se nang le baithaopi ba fetang limillione tse ’nè ba sa lefshoeng bao khoeli le khoeli ba bolelang litaba tse molemo tsa puso ea ’Muso oa Molimo? Ruri sena se fana ka bopaki ba ho sebetsa ha moea oa Jehova!—Pesaleme ea 68:11; Liketso 2:16-18; bapisa le Zakaria 4:6.

Lintho tse Tlatsetsang Keketsehong

12. Ke hobane’ng ha batho ba ntse ba arabela hamolemo ’neteng hona e le ka lipalo tse kae?

12 Mosebetsi ona o moholo oa ho bolela o hlahisa liphello tse tsotehang selemo le selemo. Ka 1991 Lipaki tse ncha tse fetang 300 000 li ile tsa kolobetsoa ka ho qoelisoa ka ho felletseng metsing. Palo ena e lekana le liphutheho tse fetang 3 000 tse nang le Lipaki tse 100 e le ’ngoe! See sohle se finyelloa joang? A re hopoleng seo Jesu a se buileng: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng . . . Ho ngoliloe mangolong a baprofeta, ho thoe: Ba tla rutoa bohle ke Molimo. Ka baka leo, e mong le e mong ea utloileng Ntate, ea ithutileng ho eena, o tla ho ’na.” Ka hona, hase ka boiteko ba botho feela motho a ka arabelang hamolemo mosebetsing oa ho tšoasa o etsoang lefatšeng lohle. Jehova ke eena ea bonang boemo ba pelo ebe o hulela batho bao ba tšoanelehang ho eena.—Johanne 6:44, 45; Mattheu 10:11-13; Liketso 13:48.

13, 14. Lipaki tse ngata li ’nile tsa bontša boikutlo bofe bo botle?

13 Leha ho le joalo, batho ba tšoasang ke baemeli bao Jehova a ba sebelisang ho hulela batho ho eena. Ka hona, boikutlo ba bona ka batho le tšimo eo ba tšoasang ho eona ke ba bohlokoa. Ke ho khothatsang hakaakang ho bona hore batho ba bangata ba tebisitse mantsoe a Pauluse a eang ho Bagalata pelong: “Re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”—Ba-Galata 6:9.

14 Lipaki tse ngata tse tšepahalang li ’nile tsa bolela ka lilemo tse mashome-shome, empa li ntse li talimile liketsahalo tsa lefatše. Li ’nile tsa bona ho phahama le ho oa ha tsamaiso ea Bonazi, Bofascista, le litsamaiso tse ling tsa bompoli. Tse ling li bone lintoa tse ngata tse etsahetseng ho tloha ka 1914. Li bone ha baeta-pele ba lefatše ba beha tšepo ea bona ho Selekane sa Lichaba le ho Machaba a Kopaneng. Li ’nile tsa bona ha mosebetsi oa Jehova o thibeloa ’me hamorao o lumelloa ka molao linaheng tse ngata. Ho sena sohle, Lipaki tsa Jehova ha lia khathala ke ho etsa hantle, ho akarelletsa ho sebeletsa joaloka batšoasi ba batho. Ke tlaleho e ikhethang hakaakang ea botšepehi!—Mattheu 24:13.

15. (a) Re fumane thuso efe mabapi le ho ikamahanya le litlhoko tsa tšimo ea rōna ea lefatše ka bophara? (b) Lingoliloeng tsee li thusitse joang kabelong ea hao?

15 Ho na le lintho tse ling tse tlatselitseng keketsehong ena ea lefatše ka bophara. E ’ngoe ke boikutlo bo tenyetsehang ba batšoasi ba batho ka litlhoko tsa tšimo. Ha batho ba nang le mekhoa e fapaneng, malumeli, le lipuo ba ntse ba falla, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa atolosa kutloisiso ea tsona ea lipono tse sa tšoaneng. ’Me phutheho ea lefatše ka bophara e ’nile ea thusa haholo ka ho lokisetsa Libibele le lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse fetang 200. New World Translation of the Holy Scriptures, e felletse kapa e sa fella, joale e se e fumaneha ka lipuo tse 13, ho akarelletsa Seczech le Seslovak. Bukana e lekanang le makasine ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! joale e fumaneha ka lipuo tse 198, tse fapa-fapanang ho tloha ho Sealbanian ho ea ho Sezulu, ’me ho hatisoa likopi tse limillione tse 72. Buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e se e fetoletsoe ka lipuo tse 69. Moloko oa Batho o Batla Molimo, e fetoletsoeng ka lipuo tse 29, e senola tšimoloho le litumelo tsa litsamaiso tse khōlō tsa bolumeli ba lefatše ’me e ipaka e le thuso e ikhethang mosebetsing oa ho tšoasa o etsoang lefatšeng lohle.

16. Ba bang ba ’nile ba arabela joang litlhokong tsa linaha tse ling?

16 Ke’ng hape se ’nileng sa ntšetsa pele mosebetsi oa ho tšoasa lefatšeng lohle? Batho ba likete ba ’nile ba ikemisetsa ho arabela hamolemo ‘pitsong ea Macedonia.’ Joalokaha Pauluse a ne a ikemiselitse ho fallela Macedonia, Europe a tloha Asia Minor, a bitsoa ke Molimo, Lipaki tse ngata li ’nile tsa fallela linaheng le masimong ao ho ’ona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea baboleli ba ’Muso, hammoho le baholo le bahlanka ba sebeletsang. Li ’nile tsa tšoana le batšoasi ba sebele ba litlhapi ba fumanang metsi ao ba tšoasang ho ’ona a se na letho ebe ba fallela metsing ao ho ’ona ho nang le liketsoana tse fokolang ’me litlhapi li le ngata.—Liketso 16:9-12; Luka 5:4-10.

17. Re na le mehlala efe ea ba arabetseng ‘pitsong ea Macedonia’?

17 Lihlopha tsa morao-rao tsa sekolo sa Gileade sa baromuoa li ’nile tsa akarelletsa liithuti tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng tsa Europe tse ithutileng Senyesemane ’me li itlhahisitse hore li kenele tšebeletso linaheng le lichabeng tse ling tse nang le mekhoa e fapaneng. Ka ho tšoanang, ka Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi, baena ba bangata ba masoha ba fuoa koetliso e pharalletseng ea likhoeli tse peli ebe ba romeloa lichabeng tse ling hore ba matlafatse liphutheho le lipotoloho. Libaka tse ling tse ikhethang tseo ho tšoasoang ho tsona li hlaha masimong a ntseng a buleha Europe Bochabela le lirephabliking tseo pele e neng e le tsa Soviet.—Bapisa le Ba-Roma 15:20, 21.

18. (a) Hangata ke hobane’ng ha bo-pula-maliboho e le basebeletsi ba atlehileng? (b) Ba ka thusa ba bang joang ka phuthehong?

18 Thuso e eketsehileng mosebetsing oa ho tšoasa lefatšeng ka bophara ke Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se tšoareloang bo-pula-maliboho ba ka mehla. Ka kakaretso e pharalletseng ea libeke tse peli ea khatiso ea Ho Khanya Joaloka Maseli Lefatšeng, e lokiselitsoeng ka ho khetheha bakeng sa bo-pula-maliboho, ba ntlafatsa tsebo ea bona ea tšebeletso ha ba ntse ba tšohla lihlooho tse kang “Ho Hahamalla Tsela ea Lerato,” “Latela Jesu Joaloka Mohlala,” le “Ho Hōlisa Tsebo ea ho Ruta.” Liphutheho tsohle li thabile haholo hore ebe li na le lihlopha tsena tsa batšoasi ba ka ntlo le ntlo ba tšoanelehang ba ka koetlisang ba bangata mosebetsing ona o moholo oa ho tšoasa!—Mattheu 5:14-16; Ba-Filippi 2:15; 2 Timothea 2:1, 2.

Na re ka Ntlafatsa?

19. Joaloka moapostola Pauluse, re ka ntlafatsa joang tšebeletsong ea rōna?

19 Joaloka Pauluse, re batla ho ba le boikutlo bo kholisehileng le bo tletseng tšepo. (Ba-Filippi 3:13, 14) O ne a ikamahanya le batho ba mefuta eohle le maemo a mefuta eohle. O ne a tseba hore na a ka fumana taba eo a lumellanang ho eona le ba bang joang le hore na a ka beha mabaka joang motheong oa maikutlo le mekhoa ea sebaka ka seng. Re ka qalisa lithuto tsa Bibele ka ho falimehela likarabelo tsa mong’a ntlo molaetseng oa ’Muso ebe re fetola nehelano ea rōna hore e tšoanele litlhoko tsa mong’a ntlo. Ka lithuso tse sa tšoaneng tsa ho ithuta Bibele tseo re nang le tsona, re ka nehelana ka e loketseng pono ea motho ka mong. Ho tenyetseha le ho falimeha ha rōna le tsona ke lintho tsa bohlokoa tse tlatsetsang ho tšoaseng ho hlahisang litholoana.—Liketso 17:1-4, 22-28, 34; 1 Ba-Korinthe 9:19-23.

20. (a) Ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna oa ho tšoasa e le oa bohlokoa hakaale hona joale? (b) Boikarabelo ba rōna ka bomong ke bofe hona joale?

20 Ke hobane’ng ha mosebetsi oo o ikhethang oa ho tšoasa lefatšeng lohle e le oa bohlokoa hakaale hona joale? Hobane ho latela boprofeta ba Bibele bo phethahatsoang ke liketsahalo tse etsahetseng le tse ntseng li etsahala, ho hlakile hore tsamaiso ea lefatše la Satane e habile ho fihla tlhōrōng ea tlokotsi. Kahoo, rōna Lipaki tsa Jehova, re lokela ho etsa eng? Lihlooho tse tharo tse ithutoang makasineng ona li totobalitse boikarabelo ba rōna ba ho ba mahlaha-hlaha le ho ba mafolo-folo mosebetsing oa rōna oa ho tšoasa metsing a lefatše lohle. Re na le tiisetso e tiileng e tsoang ka Bibeleng ea hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa rōna o mafolo-folo oa ho tšoasa. Pauluse o itse: “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona, ha le babaletse bahalaleli, le joale le sa ba baballa. Empa re rata hoba e mong le e mong a ka ’na a hlahisa cheseho eona eo ho isa qetellong, tšepo ea lōna e tle e phethehe.”—Ba-Heberu 6:10-12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona le Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, maqephe 185 le 186, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b “Mohoeletsi oa pula-maliboho . . . Mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova.”—Webster’s Third New International Dictionary.

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li talima lefatše ka kakaretso e le sebaka seo li ka etsang mesebetsi ea tsona ea ho tšoasa teng?

◻ Sekolo sa Gileade sa baromuoa e bile tlhohonolofatso ea mofuta ofe mosebetsing oa ho tšoasa?

◻ Lintho tse ling tse tlatselitseng katlehong ea Lipaki tsa Jehova ke life?

◻ Rōna ka bomong re ka ntlafatsa joang tšebeletsong ea rōna?

[Chate e leqepheng la 24]

LIPHELLO TSA HO TŠOASA LICHABENG TSOHLE

Selemo Linaha Lipaki

1939 61 71 509

1943 54 126 329

1953 143 519 982

1973 208 1 758 429

1983 205 2 652 323

1991 211 4 278 820

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Mosebetsi oa bopaki o sa ntse o etsoa har’a batšoasi ba litlhapi ba Galilea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela