’Misa
Tlhaloso: Joalokaha ho boletse Phutheho e Halalelang ea Litšebeletso ea Kereke ea Roma e K’hatholike, ’Misa ke “—Sehlabelo seo ho sona ho ntšetsoang pele Sehlabelo sa Sefapano;—Khopotso ea lefu le tsoho tsa Morena, ea itseng ‘etsang hona le tle le ’ne le nkhopole’ (Luka 22:19);—Mokete o halalelang oo ho oona, ka ho amohela ’Mele le Mali tsa Morena, Batho ba Molimo ba kopanelang melemong ea Sehlabelo sa Paseka, ba nchafatsang Selekane se Secha seo Molimo o se entseng le motho hang bakeng sa kamehla ka Mali a Kreste, ’me ka tumelo le tšepo se tšoantšetsa le ho lebella mokete oa ho qetela ’musong oa Ntate, ho bolela lefu la Morena ‘a be A fihle.’” (Eucharisticum Mysterium, May 25, 1967) Ke tsela ea Kereke e K’hatholike ea ho etsa seo e utloisisang hore Jesu Kreste o se entse Selallong sa ho Qetela.
Na bohobe le veine li hlile li fetohile ’mele le mali tsa Kreste?
“Boipolelong bo Tiileng ba Tumelo” ka la 30 Phupjane, 1968, Mopapa Paul VI o itse: “Re lumela hore joalokaha bohobe le veine tse halalelitsoeng ke Morena Selallong sa ho Qetela li ile tsa fetoleloa ’Meleng oa Hae le Maling a Hae tse neng li tla nyeheloa bakeng sa rōna sefapanong, ka ho joalo bohobe le veine tse halalelitsoeng ke moprista li fetoleloa ’Meleng le Maling a Kreste ea beiloeng teroneng ka ho khanyang leholimong, ’me Re lumela hore boteng ba mohlolo ba Morena, ka ponahalo ea lintho tseo kutloisisong ea rōna ho bonahalang li tšoana le pele li Halaletsoa, ke boteng ba ’nete le ba sebele bo phelang. . . . Phetoho ena ea mohlolo ka nepo Kereke e e bitsa bohobe le veine tse fetohileng ka sebele.” (Official Catholic Teachings—Christ Our Lord, Wilmington, N.C.; 1978, Amanda G. Watlington, leq. 411) Na Mangolo a Halalelang a lumellana le tumelo eo?
Jesu o ne a bolela’ng ha a re, “Hona ke ’mele oa ka,” “Hona ke mali a ka”?
Matt. 26:26-29: “Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, ’me eitse hobane a boke, a bo ngoatha, a bo nea barutuoa ba hae, a re ho bona: Nkang, le je; hona ke ’mele oa ka. A nka le senoelo, a leboha, a ba nea sona, a re: Noelang ho sona bohle; hobane hona ke mali a ka a selekane se secha, a tšolleloang ba bangata tšoarelong ea libe. Empa ke re ho lōna: Ho qala nakong eona ena, ha ke sa tla hlola ke e-noa se beoang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se noa le lona se le secha, ’musong oa Ntate.”
Mabapi le lipolelo “hona ke ’mele oa ka” le “hona ke mali a ka,” ho latelang hoa hlokomeleha: Mo e re, “ho bolela ’mele oa ka,” “hona ho bolela mali a ka.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) NW e bua ho tšoanang. LEF e fetolela lipolelo tjena, “hona ho emela ’mele oa ka,” “hona ho emela mali a ka.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) Liphetolelo tsena li lumellana le se boletsoeng tabeng e potolohileng, temaneng ea 29, likhatisong tse sa tšoaneng tsa K’hatholike. Kx e re: “Nke ke ka hlola ke e-noa tholoana ena ea morara hape, ho fihlela ha ke e-noa le lōna, veine e ncha, ’musong oa Ntate.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) CC, NAB, Dy le tsona li bontša Jesu a buile ka se neng se le ka senoelong e le “tholoana ena ea morara,” ’me ke kamor’a hore Jesu a re, “Hona ke mali a ka.”
Nahana ka lipolelo “hona ke ’mele oa ka” le “hona ke mali a ka” leseling la puo e ’ngoe e hlakileng e sebelisitsoeng ka Mangolong. Jesu o boetse a re, “Ke ’na leseli la lefatše,” “Ke ’na monyako oa linku,” “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara.” (Joh. 8:12; 10:7; 15:1) Ha ho polelo le e ’ngoe ho tsena e fanang ka maikutlo a phetoho ea mohlolo, na e teng?
Ho 1 Ba-Korinthe 11:25, moapostola Pauluse o ngotse mabapi le Selallo sa ho Qetela ’me a fana ka maikutlo a tšoanang ka mantsoe a batlang a fapane hanyenyane. Ho e-na le hore a qotse Jesu a re ka senoelo, “Noelang ho sona bohle; . . . hobane hona ke mali a ka a selekane,” o e ngotse ka tsela ena: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka.” Ka sebele hoo ha hoa ka hoa bolela hore senoelo se ile sa fetoleloa ka mohlolo ho ba selekane se secha. Na ha ho utloahale haholoanyane ho fihlela qeto ea hore se neng se le ka senoelong se ne se emela mali a Jesu ao selekane se secha se neng se tiisitsoe ka oona?
Jesu o ne a bolela eng ka polelo ee e ho Johanne 6:53-57?
“Jesu a re ho bona: Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lōna. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Hobane nama ea ka ke sejo ka ’nete, ’me mali a ka ke seno ka ’nete. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o lula ho ’na, le ’na ho eena. Joale ka ha Ntate ea phelang a nthomile, ’me ke phela ka Ntate, le eena ea jang ’na o tla phela ka ’na.”—Joh. 6:53-57.
Na e lokela ho utloisisoa e bolela hore ba ne ba hlile ba tla ja nama ea Jesu le ho noa mali a hae? Haeba ho joalo, Jesu o ne a tla be a buella ho tlōloa hoa Molao oo Molimo o neng o o neile Iseraele ka Moshe. Molao oo o ne o hanela ho ja mali a mefuta eohle. (Lev. 17:10-12) Ho fapana le ho buella ntho e joalo, Jesu o buile ka matla khahlanong le ho tlōla litlhoko leha e le life tsa Molao. (Matt. 5:17-19) Ka hona e tlameha ebe seo Jesu a neng a se hopotse e ne e le ho ja le ho noa ka kutloisiso ea tšoantšetso, ka ho bontša tumelo bohlokoeng ba sehlabelo sa hae sa botho se phethahetseng.—Bapisa le Johanne 3:16; 4:14; 6:35, 40.
Na Jesu o laetse barutuoa ba hae hore ba se ke ba e-ba le sehopotso sa lefu la hae feela empa tšebeletso e neng e tla hle e nchafatse sehlabelo sa hae?
Ho latela The Documents of Vatican II: “Selallong sa ho Qetela, bosiung boo A ekiloeng ka bona, ’Moloki oa rōna o theile ’Misa oa Sehlabelo sa ’Mele oa hae le Mali a hae. O ho entse hore a ntšetse pele sehlabelo sa Sefapano . . . ”—(New York, 1966), e hlophisitsoeng ke W. M. Abbott, S.J., leq. 154; mongolo o tšekaletseng ke keketso.
The Catholic Encyclopedia e re: “Kereke e rerile hore ’Misa o nkoe e le ‘sehlabelo sa ’nete le se tšoanelehang’ . . . Leha ho le joalo, mohloli o moholo oa thuto ea rōna, ke neano, eo ho tloha khale e bolelang thapeli ka bohlokoa ba Sehlabelo sa ’Misa.”—(1913), Moq. X, maq. 6, 17.
Jesu ka boeena o itse: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19; 1 Ba-Kor. 11:24) Ho Luka 22:19, Kx le Dy li re: “Etsang hona bakeng sa ho nkhopola.” NAB e re: “Etsang hona ho nkhopola.” Jesu ha a ka a re seo a se entseng Selallong sa ho Qetela e ne e le sehlabelo sa hae kapa hona hore barutuoa ba hae ba ne ba tla nchafatsa sehlabelo sa hae.
Ba-Heb. 9:25-28: ‘E seng hore a iketse pheko hangata, joale ka moprista e moholo oa Mojode ha a kena sehalalelisisong ka selemo se seng le se seng, a tšoere mali ao e seng a hae. Hobane hoja taba li lutse joalo, ekabeba o hlabiloe hangata, ha e sa le lefatše le theoa; empa joale o hlahile hang ho felisa sebe ka ho iketsa sehlabelo. ’Me joale ka ha ho laetsoe hoba batho bohle ba shoe hang, ho ntoo ba kahlolo; ka mokhoa o joalo, le eena Kreste, o ikentse pheko hang.’ (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.)
Na kaofela ke feela ‘sephiri se sa utloisisoeng’?
Bibele e fela e bua ka liphiri tse halalelang, kapa makunutu a halalelang. Empa tsena ha ho moo li hohlanang le linnete tse boletsoeng ka ho hlaka tsa Mangolo. Ka ba etelletsang lineano tsa bona ka pele ho Mangolo, Jesu o itse: “Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”—Matt. 15:7-9.
Na Jesu o ne a rerile hore sehopotso see se bolokoe mohlomong letsatsi le letsatsi kapa beke le beke?
Basic Catechism e re: “Litšoanelo tse Khethehileng tsa Bakreste ba K’hatholike” li akarelletsa “ho kopanela ’Miseng Sontaha se seng le se seng le letsatsi le leng le le leng le halalelang la tlamo.” (Boston, 1980, leq. 21) “Ba khabane ba hlile ba khothalletsoa ho kopanela ’Miseng le ho amohela Selallo kamehla, le haeba e le letsatsi le letsatsi.”—The Teaching of Christ—A Catholic Catechism for Adults, Khatiso e Fokolitsoeng (Huntington, Ind.; 1979), leq. 281.
Na hohle moo Mangolo a buang ka ‘ho ngoatha bohobe’ a bontša hore ho ne ho ikhopotsoa ka lefu la Kreste? (Lik. 2:42, 46; 20:7) Jesu o ile a “ngoatha bohobe” ha ho ntse ho jeoa le pele ho Selallo sa ho Qetela. (Mar. 6:41; 8:6) Batho ba bangata kajeno ha baa tloaelana le bohobe bo neng bo sebelisoa ke Bajode ka nako eo. Hangata ha ba bo ja, ba ne ba hlephola kapa ba ngoatha sekotoana.
Jesu ha a ka a bolela ka ho toba hore na Sehopotso sa lefu la hae se bolokoe hangata hakae. Leha ho le joalo, o se theile ka letsatsi la Paseka ea Bajode, e ileng ea nkeloa sebaka ke Sehopotso sa lefu la Kreste har’a barutuoa ba hae. Paseka e ne e le ketsahalo ea selemo le selemo, e ketekoang ka la 14 Nisane. Ka ho tšoanang, Mokete oa Bajode oa Mahobe a sa Lomosoang, Mokete oa Libeke (Pentekonta), Mokete oa Metlotloane, kapa Kotulo, le Letsatsi la Lipheko kaofela e ne e etsoa hang ka selemo.
Na ho etsoa hoa ’Misa ho lopolla meea e pelekatori?
The Teaching of Christ—A Catholic Catechism for Adults e re: “Lentsoe ‘pelekatori’ ha le ka Bibeleng, leha e le hore thuto ea pelekatori e-ea rutoa ka Bibeleng. . . . Libuka tsa bo-Ntate li na le litšupiso tse ngata tse sa bueng ka boteng ba pelekatori feela empa le ka ’nete ea hore ba khabane ba shoeleng ba ka thusoa ke lithapelo tsa ba phelang, haholo-holo ka Sehlabelo sa ’Misa.”—Maq. 347, 348.
Mabapi le boemo ba bafu, Mangolo a Halalelang a re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moek. 9:5) “Moea [“moea,” Kx; “motho,” JB] o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezek. 18:4) (Bona le maqephe 219-221, tlas’a sehlooho “Lefu.”)