Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 65 leq. 154-leq. 155 ser. 3
  • Jesu oa Ruta ha a le Tseleng e Eang Jerusalema

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu oa Ruta ha a le Tseleng e Eang Jerusalema
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lintlha Tsa Bohlokoa Tsa Mekete Tsa Histori ea Baiseraele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 65 leq. 154-leq. 155 ser. 3
Jesu le baapostola ba hae ba tseleng e eang Jerusalema

KHAOLO EA 65

Jesu oa Ruta ha a le Tseleng e Eang Jerusalema

MATHEU 8:​19-22 LUKA 9:​51-62 JOHANNE 7:​2-10

  • BARA BA BO JESU BA MO TALIMA JOANG?

  • MOSEBETSI OA ’MUSO KE OA BOHLOKOA HAKAE?

E se e le nako Jesu a etsa boholo ba mosebetsi oa hae Galilea. Lebaka ke hore, batho ba sebakeng sena ba mo amohela ho feta ba Judea. Ntle ho moo, ha a ne a le Jerusalema ka mor’a ho phekola monna ka letsatsi la Sabatha, ‘Bajuda ba ile ba qala ho batla ka ho eketsehileng ho mo bolaea.’​—Johanne 5:​18; 7:1.

E se e le hoetla ka selemo sa 32 ’me Mokete oa Litabernakele (kapa Maphephe) o se o atametse. Mokete ona o nka matsatsi a supileng, ebe ka mor’a teng o lateloa ke seboka se khethehileng ka letsatsi la borobeli. Mokete ona o tšoaea qetello ea selemo sa temo ’me ke nako eo ka eona batho ba thabang le ho fana ka liteboho.

Jesu o na le barutuoa ba hae Jakobo le Johanne

Bara ba bo Jesu e leng Jakobo, Simone, Josefa le Judase baa mo phehella ba re: “Fetela pele ho tloha mona ’me u kene Judea.” Jerusalema ke khubung ea bolumeli naheng ena. Jerusalema ea pepeteha nakong ea mekete e meraro ea selemo le selemo. Bara ba bo Jesu ba re: “Ha ho ea etsang letho sephiring ha a batla ho tsejoa phatlalatsa. Haeba u etsa lintho tsena, u iponahatse ho lefatše.”​—Johanne 7:​3, 4.

Ha e le hantle, bara bana ba bo Jesu ba banè ha ba “bontše tumelo ho eena” joaloka Mesia. Leha ho le joalo, ba batla hore batho ba bokaneng moketeng ba bone ha a etsa mesebetsi e matla. Jesu o hlokomela kotsi ea taba ena ’me o re: “Lefatše ha le na lebaka la ho le hloea, empa ’na le ntlhoile, hobane ke paka malebana le lona hore mesebetsi ea lona e khopo. Lona nyolohelang moketeng, ’na ha ke e-s’o nyolohele moketeng ona, hobane nako ea ka e loketseng ha e e-s’o fihle ka botlalo.”​—Johanne 7:​5-8.

Ka mor’a matsatsi a seng makae bara ba bo Jesu ba tsamaile la batho ba bang, Jesu le baapostola ba hae ba tsamaea ka lenyele, ba sa bonoe ke batho ba bangata. Ba nka tsela e paroletsang e fetang le Samaria ho e-na le ho tsamaea ka tsela e tloaelehileng e pela Noka ea Jordane. Jesu le baapostola ba hae ba tla hloka moo ba ka robaletsang teng Samaria, kahoo o romela manģosa e le hore a ka etsa litlhophiso pele ba fihla. Batho ba sebakeng se seng moo, ba hana ho ba amohela kapa hona ho ba bontša kamohelo ka tsela e tloaelehileng, hobane Jesu a ea Jerusalema moketeng oa Bajuda. Jakobo le Johanne ba botsa ka bohale ba re: “Morena, na u batla hore re bolelle mollo hore o theohe leholimong ’me o ba felise?” (Luka 9:​54) Jesu o ba khalemella hore ebe monahano o joalo o fihlile likelellong tsa bona. Kahoo, ba tsoela pele ka leeto.

Ha ba le tseleng, mongoli e mong o re ho Jesu: “Mosuoe, ke tla u latela kae kapa kae moo u tla ea teng.” Jesu o mo araba ka ho re: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Matheu 8:​19, 20) Jesu o bontša hore mongoli eo o tla tobana le mathata haeba e e-ba molateli oa hae. Ho bonahala mongoli eo a ikakasa hoo a ke keng a amohela mokhoa o joalo oa bophelo. Ka hona, e mong le e mong oa rona a ka ipotsa potso e reng: “Ke ikemiselitse hakae ho latela Jesu?”

1. Phokojoe e ka sekoting; 2. Nonyana e lutseng ka har’a sehlaha

Jesu o re ho monna e mong: “E-ba molateli oa ka.” Monna eo o re: “Ntumelle pele hore ke tlohe ke e’o pata Ntate.” Ka ho tseba boemo ba monna enoa, Jesu o re: “Tlohela bafu ba pate bafu ba bona, empa uena u tlohe u e’o bolela ’Muso oa Molimo hohle.” (Luka 9:​59, 60) Kamoo ho bonahalang kateng, ntate oa hae ha a e-s’o shoe. Haeba a ne a shoele, e ne e ka ’na ea e-ba ntho e sa utloahaleng hore ebe monna enoa o mona o bua le Jesu. Mora enoa ha aa itokisetsa ho beha ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hae.

Ha ba ntse ba tsamaea ba ea ba lebile Jerusalema, monna e mong o re ho Jesu: “Ke tla u latela, Morena, empa ntumelle pele hore ke re ba ntlo ea ka ba sale hantle.” Jesu o mo araba ka ho re: “Ha ho motho ea behileng letsoho la hae mohomeng ’me a talima lintho tse ka morao ea loketseng ’Muso oa Molimo.”​—Luka 9:​61, 62.

Batho ba batlang ho ba barutuoa ba Jesu ba lokela ho tsepamisa mehopolo ea bona tšebeletsong ea ’Muso. Haeba molemi a sa shebe pele ha a ntse a lema, o tla lema libanka. Haeba a emisa e le hore a shebe tema eo a seng a e khathile, mosebetsi o tla salla morao. Ka tsela e tšoanang, mang kapa mang ea talimang lintho tse ka morao tsa tsamaiso ena ea khale ea lintho a ka oa tseleng e isang bophelong bo sa feleng.

  • Bara ba bo Jesu ba banè ba ikutloa joang ka eena?

  • Ke hobane’ng ha Basamaria ba hana ho amohela Jesu, ’me Jakobo le Johanne ba etsa’ng?

  • Jesu o bua ka eng le batho ba bararo ha a le tseleng, hona ke eng eo a e hatisang ka ho sebeletsa Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela