Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 3/15 maq. 24-25
  • Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu oa Ruta ha a le Tseleng e Eang Jerusalema
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bolelang ’Muso oa Molimo Libakeng Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 3/15 maq. 24-25

Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema

KE HOETLA ka 32 C.E., ’me Mokete oa Metlotloane o se o le haufi. Jesu o ne a lekanyelitse mosebetsi oa hae haholo-holo Galilea ho tloha ka Paseka ea 31 C.E. ha Bajode ba ne ba leka ho ’molaea. Mohlomong, lekhetlo feela leo Jesu a kileng a etela Jerusalema ka lona ho tloha ka nako eo ke ha a ne a ile Meketeng e meraro ea Bajode ea selemo le selemo.

Joale banab’abo Jesu baa mo phehella: “Tloha mona, u ee Judea.” Jerusalema ke motse-moholo oa Judea le setsi sa bolumeli sa naha eohle. Banab’abo ba bea lebaka: “Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejoa.”

Le hoja Jakobo, Simone, Josefa, le Juda ba sa lumele hore moholoane oa bona, Jesu, ka sebele ke Messia, ba batla hore a bontše ba phuthehileng moo moketeng matla a hae a mohlolo. Leha ho le joalo, Jesu, o hlokomela kotsi. O re: “Lefatše le ke ke la le hloea; empa ’na, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ea lona e mebe.” Ka hona Jesu o bolella banab’abo: “Lōna, nyolohelang moketeng; ’na ha ke e-so ho be le ho nyolohela moketeng oo.”

Mokete oa Metlotloane ke mokete oa matsatsi a supileng, o phethoang ka liketso tse itseng tsa bolumeli letsatsing la borobeli. Mokete o tšoaea qetello ea selemo sa temo ’me ke nako ea ho thaba haholo le ho leboha. Matsatsi a mangatanyana kamor’a hore banab’abo Jesu ba tlohe ’moho le sehlopha se seholo sa ba tsamaeang, eena le barutuoa ba hae ba ea ka sephiri, ba sa bonoe. Ba nka tsela e fetang Samaria, ho e-na le e haufi le Nōka ea Jordane eo batho ba bangata ba tsamaeang ka eona.

Kaha Jesu le metsoalle ea hae ba tla hloka moo ba ka robalang motseng oa Samaria, a rōmela manģosa a mo etellang pele ho ea ba lokisetsa. Leha ho le joalo, batho ba hana ho etsetsa Jesu ntho efe kapa efe ha ba tsebile hore o nyolohela Jerusalema. Ba hlabehisitsoe ke sena, Jakobo le Johanne baa botsa: “Morena, na u rata ha re ka re, mollo o theohe leholimong, o ba chese?” Jesu a ba khalemela ka ho bua ntho e joalo, ’me ba ea motseng o mong.

Eare ha ba tsamaea tseleng, mongoli e mong a re ho Jesu: “Morena, ke tla u latela hohle moo u ka eang teng.”

Jesu oa arabela: “Liphokojoe li na le mesima, le linonyana tsa leholimo li na le matlo; empa Mor’a motho ha a na moo a ka samelang hloho ea hae teng.” Jesu o bontša mongoli hore o tla fumana bothata haeba e e-ba molateli oa Hae. ’Me tlhahloso e bontša hore mongoli o inka a phahame haholo hore a ka amohela mokhoa ona oa bophelo.

Jesu o re ho motho e mong: “Ntatele.”

Eo a arabela: “Morena, ak’u ntumelle, ke ee ho epela ntate pele.”

Jesu oa arabela: “Lesa bafu ba epele bafu ba bona; ha e le uena, ea bolela ’muso oa Molimo.” Ho totobetse hore ntate oa motho enoa o ne a e-so shoe, hobane haeba a ne a se a shoele, ho ne ho ke ke ha etsahala hore e be mor’a hae o mona o mametse Jesu. Ka ho totobetseng mora o kōpa nako ea ho letela lefu la ntat’ae. Ha aa itokisetsa ho bea ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hae.

Ha ba tsoela pele tseleng ba ea ba lebile Jerusalema, motho e mong o bolella Jesu: “Ke tla u latela, Morena; u mpe u ntumelle, ke ee ho lumelisa ba ntlo ea ka pele.”

Ha a arabela Jesu o re: “Ea beang letsoho la hae mohomeng, ’me a boela a hetla, ha a tšoanele ’muso oa Molimo.” Bao e tlang ho ba barutuoa ba Jesu ba tlameha ho tsepamisa mahlo a bona tšebeletsong ea ’Muso. Feela joalokaha tema ea molemi e ka tšoekama haeba a sa sheba hantle kapele, ho joalo le ka mang le mang ea hetlang morao tsamaisong ena ea khale ea lintho ka ho tšoanang a ka ’na a khothometsehela kathōko ho tsela e isang bophelong. Johanne 7:2-10; Luka 9:51-62; Mattheu 8:19-22.

◆ Banab’abo Jesu ke bo-mang, ’me ba ikutloa joang ka eena?

◆ Ke hobane’ng ha Basamaria ba le lonya hakaale, ’me Jakobo le Johanne ba batla ho etsa eng?

◆ Jesu o bile le lipuisano life tse tharo tseleng, ’me o hatisa joang hore hoa hlokahala ho itela tšebeletsong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela