Thuto Linakong tsa Bibele
“Le a rute bana ba lōna.”—DEUTERONOMA 11:19.
1. Ke eng se bontšang hore Jehova o thahasella thuto ea bahlanka ba hae?
JEHOVA ke Tichere e Khōlō. Ha ho mohla a kileng a siea bahlanka ba hae ba le boemong ba ho se tsebe letho. Ka mehla o ’nile a ikemisetsa ho abelana tsebo le bona. O ba ruta thato ea hae le litsela tsa hae. Mora oa hae ea tsoetsoeng a inotši o ’nile a ba lehlakoreng la hae ka lilemo tse limillione tse ngata-ngata, a ithuta ka linako tsohle e le “mosebetsi oa setsebi” oa Molimo. (Liproverbia 8:30, NW) Ha Jesu a le lefatšeng o ile a re: “Ke mpa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 8:28) E le ha a bua ka Molimo e le Tichere eo ho Seng e Tšoanang le Eona, Elihu o ile a botsa: “Ke mang eo e leng morupeli ea tšoanang le eena?” (Jobo 36:22, NW) Moprofeta Esaia o ile a bua ka Jehova e le “Morupeli e Moholo” oa batho ba Hae ’me o ile a profeta hore: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena [“Jehova” NW]; khotso ea bana ba hao e tla ba khōlō.” (Esaia 30:20; 54:13) Ka ntle ho pelaelo, Jehova o lakatsa hore libōpuoa tsa hae tse bohlale li be le tsebo ’me li rutehe hantle.
Thuto Mehleng ea Bapatriareka
2, 3. (a) Bapatriareka ba tšepahalang ba ne ba talima thuto ea bana ba bona joang, ’me Jehova o ile a neha Abrahama taelo efe? (b) Sepheo se seholo sa ho fana ka taelo ea hore bana ba Abrahama ba rutoe e ne e le sefe?
2 E ’ngoe ea litokelo tsa motheo tsa hlooho ea lelapa mehleng ea bapatriareka e ne e le ho ruta bana ba hae le ba ntlo ea hae. Ho bahlanka ba Molimo ho ruta bana ba bona e ne e le tlamo ea bolumeli. Jehova o ile a bua tjena ka mohlanka oa hae Abrahama: “Ke tsoe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ea hae ka mor’a hae, hore ba boloke tsela ea Jehova, ba etse ka ho loka le ka tšoanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a ’maletseng sona.”—Genese 18:19.
3 Polelo ena ea Molimo e bontša hore Jehova o ne a nka thuto e le ea bohlokoa. Molimo o ne a hloka hore Abrahama, Isaaka, le Jakobo ba rute ba ntlo ea bona ka litsela tsa Hae tsa ho loka le kahlolo e le hore meloko e tlang e ka ba boemong ba ho boloka tsela ea Jehova. Ka hona, Jehova o ne a tla phethahatsa tšepiso ea hae mabapi le peō ea Abrahama le tlhohonolofatso ea “lichaba tsohle tsa lefatše.”—Genese 18:18; 22:17, 18.
Tsamaiso ea Thuto Iseraeleng
4, 5. (a) Ke eng se ileng sa khetholla tsamaiso ea thuto Iseraele ho ea lichaba tse ling? (b) Ke phapang efe ea bohlokoa e bontšitsoeng ho Encyclopaedia Judaica, hona ntle ho pelaelo ke eng se tlatselitseng hore ho be le phapang ee?
4 Encyclopaedia Judaica e re: “Bibele ke mohloli o ka sehloohong oa ho utloisisa tsamaiso ea thuto Iseraeleng ea boholo-holo.” Jehova o ile a sebelisa Moshe e le tichere ea pele ea motho ea Iseraele. (Deuteronoma 1:3, 5; 4:5) Moshe o ne a fetisa mantsoe ao a a fuoeng ke Jehova. (Exoda 24:3) Kahoo, ha e le hantle, Molimo e ne e le Tichere e ka sehloohong ea Iseraele. Sena ka bosona se ne se khetholla tsamaiso ea Iseraele ea thuto ho ea lichaba tse ling.
5 Buka eona eo ea litšupiso e re: “Thuto e phahameng kapa ho fumana tsebo ka ho ithuta libuka Mesopotamia le Egepeta e ne e le ntho e thata le e hlophisitsoeng ka molao ’me e lekanyelitsoe feela ho sehlopha sa bangoli, empa ha ho bonahale hore ho ne ho le joalo Iseraeleng. Ha ho pelaelo hore phapang ena e ne e bakoa ke tsamaiso e bonolo haholoanyane ea ho ngola litlhaku tsa alfabete e neng e sebelisoa ke Baheberu. . . . Bohlokoa ba mongolo oa lialfabete historing ea thuto bo ke ke ba hlokomolohuoa. O ile oa felisa litloaelo tsa meetlo tsa bangoli ba Egepeta, Mesopotamia, le Kanana ea seketeng sa bobeli sa lilemo. Ho tseba ho bala le ho ngola e ne e se e se tšobotsi e khethollang le e ikhethang ea sehlopha sa bangoli ba litsebi le baprista, ba ithutileng mengolo e kang lipekere e thata le ea litšoantšo.”
6. Ke bopaki bofe ba Bibele bo teng hore ho tloha qalong feela ea histori ea Baiseraele e ne e le batho ba tsebang ho bala le ho ngola?
6 Bibele e fana ka bopaki ba hore Baiseraele e ne e le batho ba tsebang ho bala le ho ngola. Le pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba bolelloa hore ba ngole melao ea Jehova likoseneng tsa bona le lihekeng tsa bona. (Deuteronoma 6:1, 9; 11:20; 27:1-3) Le hoja ntle le pelaelo taelo ena e ne e le tšoantšetso, ka sebele e ne e ke ke ea utloahala ho Moiseraele feela ea tloaelehileng haeba a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola. Mangolo a kang Joshua 18:9 le Baahloli 8:14 a bontša hore batho ba bang ntle le Moshe le Joshua ba ne ba tseba ho ngola nako e telele pele ho theoa tsamaiso ea marena a Iseraele.—Exoda 34:27; Joshua 24:26.
Mekhoa ea ho Ruta
7. (a) Ho latela Mangolo, ke mang ea neng a ruta bana ba Baiseraele thuto ea bona ea motheo? (b) Setsebi sa Bibele sa Lefora se fana ka boitsebiso bofe?
7 Iseraeleng, bana ba ne ba rutoa ho tloha bonyenyaneng ke ntate le ’mè. (Deuteronoma 11:18, 19; Liproverbia 1:8; 31:26) Ho Dictionnaire de la Bible ea Sefora, setsebi sa Bibele E. Mangenot se ngotse hore: “Ho tloha ha ngoana a qala ho tseba ho bua feela, o ne a ithuta litemana tse ’maloa tsa Molao. ’Mè oa hae o ne a pheta temana; ha a se a e tseba, o ne a mo fa e ’ngoe. Hamorao, ba ne ba fuoa taba e ngotsoeng ea litemana eo ba neng ba se ba ka e pheta ka hlooho. Ka hona, ba ne ba rutoa ho bala, ’me e ne e re ha ba hōlile, ba ne ba ka ntšetsa pele taeo ea bona ea bolumeli ka ho bala le ho thuisa molaong oa Morena.”
8. (a) Ke mokhoa ofe oa motheo oa thuto o neng o sebelisoa Iseraeleng, empa o ne o e-na le tšobotsi efe ea bohlokoa? (b) Ho ne ho sebelisoa lithuso life tsa ho hopola?
8 Sena se bontša hore mokhoa oa motheo oa ho ruta e ne e le ho ithuta lintho ka hlooho. Lintho tse ithutiloeng ka melao ea Jehova le litšebelisano tsa hae le batho ba hae li ne li lokela ho tebisetsoa pelong. (Deuteronoma 6:6, 7) Ho ne ho hlokahala hore ba thuise ka tsona. (Pesaleme ea 77:11, 12) E le ho thusa ba banyenyane le ba baholo hore ba ithute lintho ka hlooho, ho ne ho sebelisoa lithuso tse fapa-fapaneng tsa ho ikhopotsa. Tsena li ne li akarelletsa litemana tse latellanang tsa pesaleme tse qalang ka tlhaku e fapaneng, ka tatellano ea lialfabete (joaloka Liproverbia 31:10-31, NW); mantsoe a qalang ka tlhaku e tšoanang kapa molumo; le tšebeliso ea lipalo, joaloka tse sebelisitsoeng karolong ea ho qetela ea Liproverbia khaolo 30. Ka ho thahasellisang, litsebi tse ling li nahana hore Almanaka ea Gezer, e leng o mong oa mehlala ea khale ka ho fetisisa oa mongolo oa boholo-holo oa Seheberu, ke boikoetliso ba ho tšoara lithuto ka hlooho bo neng bo etsoa ke moshemane ea kenang sekolo.
Lenaneo la Thuto
9. (a) Karolo ea bohlokoa lenaneong la thuto ea bana ba Iseraele e ne e le efe? (b) Encyclopedia ea Bibele e re’ng mabapi le thuto e neng e fanoa meketeng ea selemo le selemo?
9 Thuto Iseraeleng e ne e sa lekanyetsoa tabeng ea ho bala le ho ngola. Thuto e ’ngoe ea bohlokoa e neng e rutoa ke thuto ea histori. Ho ithuta liketso tse hlollang tsa Jehova molemong oa sechaba sa hae e ne e le karolo ea bohlokoa thutong. Linnete tsena tsa histori li ne li tlameha ho rutoa moloko o mong le o mong. (Deuteronoma 4:9, 10; Pesaleme ea 78:1-7) Ho keteka mekete ea selemo le selemo ho ne ho fana ka monyetla o motle bakeng sa hore hlooho ea lelapa e rute bana. (Exoda 13:14; Levitike 23:37-43) Tabeng ena The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Ka baka la taeo eo ntate a neng a fana ka eona lapeng le ka litlhaloso tsa hae ka bohlokoa ba mekete, bana ba Baheberu ba ne ba rutoa kamoo Molimo A iponahalitseng ka teng ho bona nakong e fetileng, kamoo ba neng ba tlameha ho phela ka teng hona joale, le hore na litšepiso tsa Molimo ke life mabapi le bokamoso ba sechaba sa Hae.”
10. Banana ba ne ba fuoa koetliso efe e sebetsang? bashemane bona?
10 Thuto e fanoang ke batsoali e ne e kopanyelletsa ho koetlisetsoa lintho tsa sebele. Banana ba ne ba rutoa mesebetsi ea lapeng. Khaolo e qetellang ea Liproverbia e bontša hore mesebetsi ena e ne e le mengata e bile e sa tšoane; e ne e kopanyelletsa ho ōhla, ho loha, ho pheha, khoebo, le ho hlokomela lelapa ka kakaretso. Hangata bashemane ba ne ba rutoa mosebetsi oo ntate oa bona a neng a o etsa, ebang ke temo kapa khoebo e itseng kapa mosebetsi oa matsoho. Hamorao ho ne ho tloaelehile hore bo-rabbi ba Bajode ba re: “Ea sa ruteng mora oa hae khoebo e nang le thuso o mo hōlisetsa hore e be lesholu.”
11. Ke eng se bontšang sepheo sa thuto Iseraeleng, hona see se na le thuto efe ho bacha kajeno?
11 Botebo ba lintho tsa moea ba mekhoa ea thuto e neng e sebelisoa Iseraeleng bo totobetse bukeng eohle ea Liproverbia. E bontša hore sepheo e ne e le ho ruta “ba se nang phihlelo” lintho tsa bohlokoa tse joaloka bohlale, taeo, kutloisiso, temohisiso, kahlolo, masene, tsebo, le matla a ho nahana—tsena kaofela e le ka “ho tšaba Jehova.” (Liproverbia 1:1-7, NW; 2:1-14, NW) E hatella lipakane tseo bahlanka ba Molimo kajeno ba lokelang ho susumetsoa ke tsona hore ba ntlafatse thuto ea bona.
Baprista, Balevi, le Baprofeta
12. Ntle ho batsoali, ke bo-mang ba neng ba ruta sechaba sa Iseraele, hona moelelo oa lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “molao” ke ofe?
12 Le hoja thuto ea motheo e ne e fanoa ke batsoali, Jehova o ile a tsoela pele ho ruta sechaba sa hae ka baprista, Balevi bao e neng e se baprista, le baprofeta. Ha Moshe a hlohonolofatsa leloko la Levi ka lekhetlo la ho qetela, o ile a re: “Ba tla ruta Jakobo likahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao oa hao.” (Deuteronoma 33:8, 10) Ka ho totobetseng, lentsoe “molao” ka Seheberu (toh·rahʹ) le tsoa motsong oo sebōpehong sa oona sa ketso o bolelang “ho bontša,” “ho ruta,” “ho laea.” Encyclopaedia Judaica e re: “Ka baka leo, moelelo oa lentsoe [torah] ke ‘ho ruta,’ ‘thuto,’ kapa ‘taeo.’”
13. Ke hobane’ng ha Molao oa Iseraele o ne o fapane le litsamaiso tsa molao tsa lichaba tse ling?
13 Sena le sona se ile sa khetholla Iseraele ho lichaba tse ling esita le ho lichaba tsa hona joale. Kajeno lichaba tsa bopolotiki li na le melao eo batho ka kakaretso ba tsebang karoloana ea eona feela. Ha batho ba tlōla molao, ba tlameha ho lefa babuelli ba molao chelete e ngata hore ba ba sireletse. Likolo tsa molao li etselitsoe ba khethehileng. Leha ho le joalo, Iseraeleng Molao e ne e le mokhoa oo Molimo a neng a bolella batho kamoo a batlang hore ba mo rapele ka teng le ho phela tumellanong le thato ea hae. Ho fapana le melao e meng, e ne e akarelletsa ho rata Molimo le moahisani. (Levitike 19:18; Deuteronoma 6:5) Ho hang Molao e ne e se buka ea melao e thata. O ne o fana ka thuto ea bolumeli, thuto, le taeo ka mokhoa oa bophelo oo ba neng ba tlameha ho ithuta ’ona.
14. Lebaka le leng leo ka lona Jehova a ileng a lahla boprista ba Balevi ke lefe? (Malakia 2:7, 8)
14 Nakong ea ha baprista le Balevi ba ntse ba tšepahala, ba ne ba phetha boikarabelo ba bona ba ho ruta batho. Empa hangata, baprista ba ne ba hlokomoloha boikarabelo ba bona ba ho ruta sechaba. Khaello ena ea thuto ea Molao oa Molimo e ne e tla ba le liphello tse bohloko ho baprista le ho batho. Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Jehova o ile a profeta hore: “Sechaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Uena, kahobane u nyelisitse tsebo, ke tla u nyelisa, u se hlole u e-ba moprista oa ka; kahobane u lebetse molao oa Molimo oa hao, le ’na ke tla lebala bara ba hao.”—Hosea 4:6.
15. (a) Ho ekelletsa ho baprista, Jehova o ile a hlahisa bo-mang hore e be matichere Iseraeleng, hona setsebi sa Bibele se ile sa ngola eng ka karolo ea bona e le barupeli? (b) Ke eng seo qetellong se ileng sa etsahalla Iseraele le Juda ka baka la ho lahla tsebo ea Jehova le litsela tsa hae?
15 Hammoho le baprista, Jehova o ile a hlahisa baprofeta hore e be barupeli. Rea bala: “Jehova a ’na a omela Iseraele le Juda ka baprofeta ba hae bohle le ka liboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ea lōna e mebe, le boloke litaelo tsa ka le litemoso tsa ka, ka molao oohle oo ke o laetseng bo-ntat’a lōna, oo ke o rometseng ho lōna ka bahlanka ba ka, baprofeta.” (2 Marena 17:13) Ha e le tabeng ea karolo ea baprofeta e le barupeli, setsebi sa Lefora sa Bibele Roland de Vaux se ile sa ngola: “Le baprofeta, ba ne ba na le thomo ea ho ruta batho; ena e ne e le karolo ea mosebetsi oa bona oa ho bolela esale pele lintho tse neng li tla etsahala nakong e tlang. Pululelo ea boprofeta e ile ea etsa hore boboleli ba bona bo be matla joaloka lentsoe la Molimo. Ke taba ea ’nete hore tlas’a tsamaiso ea marena, baprofeta e ne e le matichere a sechaba litabeng tsa bolumeli le tsa boitšoaro; ’me, re ka eketsa ka hore, e ne e le matichere a molemohali, le a mameloang ka ho fetisisa.” Ka baka la ho haella ha thuto e loketseng e fanoang ke baprista le Balevi hammoho le ho hlōleha ho mamela baprofeta ba Jehova, Baiseraele ba ile ba lahla litsela tsa Jehova. Samaria e ile ea oela ho Baasyria ka 740 B.C.E., ’me Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa felisoa ke Bababylona ka 607 B.C.E.
Thuto ha ba le Kholehong le ka Mor’a Eona
16, 17. (a) Ke lenaneo lefe la thuto le ileng la qobelloa Daniele le metsoalle ea hae e meraro? (b) Ke eng se ileng sa ba nolofalletsa hore ba be le thuto ee ea Babylona empa leha ho le joalo ba lule ba tšepahala ho Jehova?
16 Lilemo tse ka bang leshome pele Jerusalema e timetsoa, Morena Jojakine le sehlopha sa mahosana le bahlomphehi ba ile ba isoa Babylona ke Morena Nebukadnezare. (2 Marena 24:15) Har’a bona ho ne ho le Daniele le bahlomphehi ba bang ba bararo ba bacha. (Daniele 1:3, 6) Nebukadnezare o ile a laela hore ka bonè ba bona ba fumane koetliso e khethehileng ea lilemo tse tharo ba “rutoa puo le mangolo a ba-Kalde.” Ho feta moo, ‘tsatsi le leng le le leng ba ne ba fuoa lijo tse hlabosang tsa morena le veine e nooang ke eena.’ (Daniele 1:4, 5) Sena se ne se le kotsi ka mabaka a mangata. Ho ka etsahala hore lenaneo la thuto e ne e se feela koetliso ea lilemo tse tharo ea ho ithuta puo. Ba bang ba nahana hore lentsoe “ba-Kalde” temaneng ena ha le bolele “Bababylona e le sechaba, empa e le sehlopha sa barutehi.” (The Soncino Books of the Bible) Bukeng ea hae e hlalosang buka ea Daniele, C. F. Keil o re: “Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba tla rutoa bohlale ba baprista ba Bakalde le barutehi ba teng, e leng bohlale bo neng bo rutoa likolong tsa Babylona.” Tokisetso ea lijo tsa borena le eona e ne e ba pepesetsa hore ba tlōle melao ea lijo e neng e behiloe ke Molao oa Moshe. Ba ile ba atleha joang?
17 Daniele e le ’muelli oa bahlomphehi ba bang ba bacha ba Bajode, o ile a hlakisa ho tloha qalong feela hore ba ne ba ke ke ba ja kapa ba noa lintho tse hananang le matsoalo a bona. (Daniele 1:8, 11-13) Jehova o ile a hlohonolofatsa khato ena e tiileng ’me a nolofatsa pelo ea mosebeletsi oa Babylona ea neng a ikarabella. (Daniele 1:9, 14-16) Ha e le tabeng ea lithuto tsa bona, liketsahalo tse ileng tsa latela bophelong ba bacha bana ba bane ba Baheberu li paka ntle ho pelaelo hore lenaneo le qobelletsoeng la thuto la lilemo tse tharo ka mokhoa oa bophelo oa Babylona ha lea ka la ba etsa hore ba khelohe ho khomareleng ha bona Jehova ka tieo le borapeli ba hae bo hloekileng. (Daniele, likhaolo 3 le 6) Jehova o ile a ba nolofalletsa hore ba tsoe ba se na sekoli ho qoeleng hona ha lilemo tse tharo thutong e phahameng ea Babylona eo ba neng ba e qobelloa. “Bahlankana ba bane bao, Molimo oa ba fa tsebo le kutloisiso ea mangolo kaofela le ea bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutloisiso ea lipono tsohle le ea litoro. Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa ba-bohlale bohle le linohe tse leng teng ’musong oa hae oohle haleshome.”—Daniele 1:17, 20.
18. Ke lenaneo lefe la thuto le ileng la etsoa Juda ka mor’a ho khutla kholehong Babylona?
18 Ka mor’a ho khutla kholehong Babylona, Esdrase, moprista ea neng a “sekehetse pelo ea hae ho batla molao oa Jehova le ho etsa ka oona, le ho ruta ba-Iseraele melao le likahlolo,” o ile a etsa mosebetsi o moholo oa thuto. (Esdrase 7:10) Ho sena o ile a thusoa ke Balevi ba tšepahalang, ba neng “ba hlalosetsa sechaba molao.” (Nehemia 8:7) Esdrase e ne e le setsebi sa Bibele le “mokopitsi,” kapa mongoli “ea nang le tsebo.” (Esdrase 7:6, NW) Ke mehleng ea hae bangoli ba ileng ba hlahella joaloka sehlopha.
Likolo Tsa Borabbi
19. Ke sehlopha sefe sa matichere se ileng sa hlaha Iseraeleng nakong ea ha Jesu a tla lefatšeng, hona ke ka mabaka afe a bohlokoa eena le barutuoa ba hae ba sa kang ba fumana thuto e phahameng ea Bajode?
19 Nakong ea ha Jesu a hlaha lefatšeng, bangoli ba ne ba fetohile sehlopha se hlahelletseng sa matichere, se neng se khomaretse meetlong ho feta lithutong tsa ’nete tsa Lentsoe la Molimo. Ba ne ba rata ho bitsoa “Rabbi,” eo e neng e le tlotla e bontšang hlompho e bolelang “E Moholo (Ea Phahameng).” (Mattheu 23:6, 7, NW, mongolong o botlaaseng ba leqephe) Mangolong a Segerike a Bokreste, hangata bangoli ba amahanngoa le Bafarisi, bao ba bang ba bona e neng e le matichere a Molao. (Liketso 5:34) Jesu o ile a nyatsa lihlopha tse peli tseo ka ho etsa lentsoe la Molimo lefeela ka baka la meetlo ea bona le ho ruta “lithuto tseo e leng melao ea batho.” (Mattheu 15:1, 6, 9) Ha ho makatse hore ebe Jesu kapa barutuoa ba bangata ba hae ba ne ba sa rutoa likolong tsa borabbi.—Johanne 7:14, 15; Liketso 4:13; 22:3.
20. Ho ikhopotsa hoo ka thuto linakong tsa Bibele ho re bontšitse eng, hona ke eng se bontšang hore bahlanka ba Jehova ba hloka thuto?
20 Pono ena e akaretsang ea thuto linakong tsa Bibele e bontša hore Jehova ke Tichere e Khōlō ea batho ba hae. Ka Moshe, Molimo o ile a hlophisa tsamaiso e atlehang ea thuto Iseraeleng. Empa ka mor’a nako e telele, ho ile ha ba le tsamaiso ea Sejode ea thuto e phahameng e ileng ea ruta lintho tse khahlanong le Lentsoe la Molimo. Le hoja Jesu a sa ka a ea likolong tse joalo tsa Bajode, e ne e ntse e le Tichere eo ho seng e ka bapisoang le eona. (Mattheu 7:28, 29; 23:8; Johanne 13:13) O ile a boela a rōma barutuoa ba hae hore ba rute, esita le ho fihla bofelong ba tsamaiso ea lintho. (Mattheu 28:19, 20) E le hore ba etse sena, ba ne ba tlameha ho ba matichere a molemo ’me ka baka leo ba hloka thuto. Kahoo, Bakreste ba ’nete ba lokela ho talima thuto joang kajeno? Potso ena e tla hlahlobjoa sehloohong se hlahlamang.
Ho Hlahloba Hore na U sa Hopola
◻ Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Jehova o thahasella thuto ea bahlanka ba hae?
◻ Ke ka litsela life tsamaiso ea thuto ea Iseraele e neng e fapane le ea lichaba tse ling?
◻ Bana ba Iseraele ba ne ba fumana thuto ea mofuta ofe?
◻ Ho ne ho sebelisoa mekhoa efe ea ho ruta Iseraeleng?
◻ Ke hobane’ng ha Jesu le barutuoa ba hae ba sa ka ba ea likolong tsa thuto e phahameng?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Thuto eo ba ileng ba e qobelloa Babylona ha ea ka ea khelosa Daniele le metsoalle ea hae ho Jehova