Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho hlile ho na le phapang pakeng tsa lipoleloana tsa Bibele “linku tse ling” le “bongata bo boholo”?
E, le hoja ho sa hlokahale hore re be ba amehang ka ho sa lokelang ka tšebeliso ea mantsoe, kapa hona ho teneha haeba e mong a sebelisa lipoleloana tsena ka ho fapanyetsana.
Bakreste ba bangata ba tloaelane le litemana tseo re fumanang lipoleloana tsena ho tsona. E ’ngoe ke Johanne 10:16. Mono Jesu o itse: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” Poleloana e ’ngoe, “bongata bo boholo,” e hlaha ho Tšenolo 7:9. Rea bala: “Ka [mor’a] tseo, ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona.”
A re hlahlobeng Johanne 10:16 pele. Linku ke bo-mang? Ha e le hantle, ho ka ba molemo ho hopola hore balateli bohle ba Jesu ba tšepahalang ba bitsoa linku. Ho Luka 12:32 (NW), o ile a bitsa barutuoa ba hae ba neng ba tla ea leholimong “mohlape o monyenyane.” Mohlape oa eng? Oa linku. “Linku” tsa “mohlape o monyenyane” e tla ba karolo ea ’Muso leholimong. Leha ho le joalo, ho na le ba bang ba nang le tšepo e fapaneng bao le bona Jesu a ba talimang e le linku.
Re ka bona sena ho Johanne khaolong ea 10. Ka mor’a hore a bue ka linku tse kang baapostola ba hae bao a neng a tla ba bitsetsa bophelong leholimong, Jesu o ile a phaella temaneng ea 16: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise.” Ke khale Lipaki tsa Jehova li hlokometse hore temaneng ena Jesu o ne a bua ka batho ba neng ba tla ba le tšepo ea ho phela lefatšeng. Ba bangata ba tšepahalang ba mehleng ea pele ho Bokreste, ba kang Abrahama, Sara, Noe, le Malakia, ba ne ba na le tšepo e joalo. Ka hona ke ka nepo re ba kopanyelletsang e le karolo ea “linku tse ling” tsa Johanne 10:16. Lilemong tse Sekete, lipaki tse joalo tse tšepahalang tsa pele ho Bokreste li tla tsosoa ebe li ithuta ka Kreste Jesu le ho mo amohela, li fetohe “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo.
Re boetse rea tseba hore haesale pitso e akaretsang ea sehlopha sa leholimo e fela, ba limilione ba fetohile Bakreste ba ’nete. Bana le bona ke ka nepo ba bitsoang “linku tse ling,” kaha hase karolo ea “mohlape o monyenyane.” Ho e-na le hoo, kajeno linku tse ling li lebeletse ho tsoela pele li phela ho fihlela li kena paradeiseng ea lefatšeng.
Joale, “bongata bo boholo” bo boleloang ho Tšenolo 7:9 bo ka hlalosoa joang? Bala temana ea 13 le potso e reng, “Ke bomang, ’me ba tsoa kae?” Re fumana karabo ho Tšenolo 7:14: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo.” Kahoo “bongata bo boholo” bo entsoe ka ba tsoang, kapa ba pholohang, mahlomola a maholo. Joalokaha temana ea 17 e bolela, ba tla ‘isoa lilibeng tsa metsi a bophelo’ lefatšeng.
Leha ho le joalo, hoa utloahala hore e le hore bana ba pholohe mahlomola a maholo a atamelang, ba lokela hore ba be ba ile ba hlatsoa liaparo tsa bona tse telele maling a Konyana pele, ba fetohe barapeli ba ’nete. Ka hona, le hoja Tšenolo 7:9 e hlalosa bongata bona ka mor’a mahlomola, re ka sebelisa poleloana “bongata bo boholo” ho bohle ba nang le tšepo ea lefatšeng bao hona joale ba nehelanang ka tšebeletso e halalelang ho Jehova, pele mahlomola a maholo a fihla ha lichaba li hlasela bolumeli ba bohata.
Ha re akaretsa taba, re ka hopola hore “linku tse ling” ke poleloana e pharaletseng, e kopanyelletsang bahlanka bohle ba Molimo ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. E akarelletsa ho fetang sehlopha se lekanyelitsoeng sa batho ba kang linku ba kajeno ba ntseng ba bokelloa e le “bongata bo boholo” ba nang le tšepo ea ho feta mahlomola a maholo a atamelang ba phela. Bongata ba Bakreste bao ba tšepahalang ba ntseng ba phela kajeno ke ba “linku tse ling,” ebile e le karolo ea “bongata bo boholo.”
Ke habohlokoa hore re boele re bontše hore, le hoja ho le molemo ho hlakeloa hantle lintlheng tsena tse khethehileng, ha ho hlokahale hore Mokreste ofe kapa ofe a amehe ka ho feteletseng ka mantsoe ana—e leng seo re ka reng ke ho fata liphoso mantsoeng. Pauluse o ile a lemosa mabapi le ba bang ba neng ba ‘tletse boikakaso’ ’me ba kopanela ‘liphehisanong tsa mantsoe.’ (1 Timothea 6:4, NW) Haeba rōna ka borōna re hlokometse phapang e itseng mantsoeng ana, ke hantle. Empa, ha ho hlokahale hore ka lipelong tsa rōna kapa pepenene, re nyatsa-nyatse e mong ea ka ’nang a se ke a sebelisa mantsoe a Bibele ka nepo hakaalo.