Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 9/15 leq. 32
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ba Limillione ba Shoeleng Hona Joale ba Tla Phela Hape
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jesu o Tsosa Lazaro
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 9/15 leq. 32

LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lla pele a tsosa Lazaro joalokaha ho hlalositsoe ho Johanne 11:35?

Ka tlhaho, ha motho eo re mo ratang a hlokahala rea lla hobane re tla mo hloloheloa. Le hoja Jesu a ne a rata Lazaro, ha aa ka a lla hobane Lazaro a shoele. O ile a lla hobane a ne a utloela beng ka mofu le metsoalle bohloko, joalokaha tlaleho ea Johanne e bontša.—Joh. 11:36.

Ha Jesu a utloa hore Lazaro o oa kula, ha aa ka a potlakela ho ea mo phekola. Tlaleho e re: “Ha [Jesu] a utloa hore [Lazaro] o ne a kula, joale a lula matsatsi a mabeli sebakeng seo a neng a le ho sona.” (Joh. 11:6) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lieha? O ile a etsa seo ka morero. O ile a re: “Boloetse bona ha bo ise lefung, empa ke bakeng sa thoriso ea Molimo, e le hore Mora oa Molimo a ka tlotlisoa ka bona.” (Joh. 11:4) Boloetse ba Lazaro bo ne bo sa “ise” lefung. Jesu o ne a rerile ho sebelisa lefu la Lazaro “bakeng sa thoriso ea Molimo.” Ka tsela efe? Jesu o ne a le mothating oa ho etsa mohlolo o moholo ka ho tsosa motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo lebitleng.

Ha Jesu a buisana le barutuoa ba hae ketsahalong ena, o ile a tšoantsa lefu le ho robala. Ke kahoo a ileng a ba bolella hore o ‘ea moo ho ea tsosa [Lazaro] borokong.’ (Joh. 11:11) Ho Jesu, ho tsosa Lazaro bafung ho ne ho ka tšoana le ha motsoali a tsosa ngoana oa hae borokong. Ka hona, ho ne ho se na lebaka la hore a utloisoe bohloko ke lefu la Lazaro ka bolona.

Joale ke’ng e ileng ea etsa hore Jesu a lle? Tlaleho eo e boetse e fana ka karabo. Ha Jesu a kopana le khaitseli ea Lazaro e leng Maria le ba bang ’me a ba bona ba lla, o ile “a bobola moeeng ’me a khathatseha.” Ha Jesu a bona kamoo ba neng ba utloile bohloko kateng, o ile a ameha habohloko hoo a ileng “a bobola moeeng.” Ke sona se ileng sa etsa hore ‘Jesu a ntše meokho.’ Jesu o ile a utloa bohloko bo boholo ha a bona metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo e siame.—Joh. 11:33, 35.

Tlaleho ena e totobatsa hore Jesu o na le matla le bokhoni ba ho tsosa le ho phekola baratuoa ba rōna lefatšeng le lecha le tlang. E boetse e re thusa ho hlokomela hore Jesu o na le kutloelo-bohloko ho batho ba lahlehetsoeng ke baratuoa ka lebaka la lefu le bakiloeng ke Adama. Thuto e ’ngoe eo re ka ithutang eona tlalehong ena ke hore re lokela ho ba le kutloelo-bohloko ho batho ba siameng ka lebaka la ho shoeloa ke motho eo ba mo ratang.

Jesu o ne a tseba hore o tl’o tsosa Lazaro. Ho ntse ho le joalo, o ile a lla ka lebaka la ho susumetsoa ke lerato le tebileng le kutloelo-bohloko eo a neng a e-na le eona ho metsoalle ea hae. Ka tsela e tšoanang, kutloelo-bohloko ea rōna e ka ’na ea re susumelletsa ho ‘lla le batho ba llang.’ (Bar. 12:15) Ho siama ka tsela eo ha ho bontše hore motho o haelloa ke tumelo tšepong ea tsoho. Kahoo, Jesu o re behetse mohlala o motle hakaakang oa ho bontša kutloelo-bohloko ho ba siameng ka hore a lle le hoja a ne a le mothating oa ho tsosa Lazaro!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela