Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 8/8 maq. 24-25
  • Hobane’ng ha Boprofeta ba Bibele bo le Bohlokoa ho Uena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane’ng ha Boprofeta ba Bibele bo le Bohlokoa ho Uena
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boprofeta bo Pakang Hore Jesu e ne e Tla ba Messia
  • Na U Tla Rua Molemo Boprofeteng?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • ’Muso oa Molimo oa Busa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ithute Boprofeta ba Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Jesu ke Mang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 8/8 maq. 24-25

Pono ea Bibele

Hobane’ng ha Boprofeta ba Bibele bo le Bohlokoa ho Uena

“BATHO ba bangata ba re “haeba re ne re ena le bopaki ba sebele hore Bibele ke Lentsoe la Molimo re ne re tla e lumela.” Leha ho le joalo, hangata batho ba joalo ba hlōleha ho bolela hore ke ‘bopaki bofe ba sebele’ bo neng bo tla ba kholisa. Na e lokela ho ba mohlolo?

Jesu o entse mehlolo e mengata ha a le mona lefatšeng, leha ho le joalo batho ba bangata ba belaellang botšepehi ba Bibele ba hanne ho e amohela e le bopaki ba hore e ne e le ’Muelli oa Molimo. Ba bang ba boletse hore ke “ka Beelesebule, morena oa bademona” Jesu a entseng mehlolo e meng! Jesu o ile a lumela hore “mehlolo” e meng e neng e etsoa ke batho e ne e le mesebetsi ea Satane. (Luka 11:14-19; Mattheu 7:22, 23) Kahoo, ho ne ho tla hlokahala ntho e ’ngoe eo e tlang ho ba bopaki ba sebele ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo—ntho e neng e tla bontša hore mantsoe a Bibele, molaetsa oa eona, li tsoa ho Molimo ka booona.

Maqepheng a Bibele, re fumana bopaki bo joalo—boprofeta. Kaha Jehova ke Molimo oa ’nete le Mohloli oa bohlale bohle, Ea tsebang qalo le qetello, o lokela ho profeta ka ho nepahetseng se tla etsahala nakong e tlang, ho kopanyelletsa le bokamoso ba rōna. (Pesaleme ea 31:5; Liproverbia 2:6; Esaia 46:9, 10) Sena o se entse Lentsoeng la hae le ngotsoeng, ’me hangata o entse sena ka ho fana ka makolopetso a mangata. A re nahaneng ka sehlopha se le seng feela sa boprofeta bo buang ka Jesu Kreste.

Boprofeta bo Pakang Hore Jesu e ne e Tla ba Messia

Boprofeta bo makholo bo phethahetse ho Jesu Kreste.a Ba bang ba ka ’na ba phea khang ka hore Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba sotha litaba ho finyella sena. Empa na ho hlile ho joalo? Nahana linnete tse ling.

Hase Jesu kapa batsoali ba hae ba ka beng ba khothallelitse cesare oa Roma ho ntša molao o batlang hore Josefa le Maria ba ee motseng oa habo bona oa Bethlehema bakeng sa ho baloa ha batho le merero ea lekhetho nakong ea tsoalo ea Jesu. Kahoo Baroma, bao ka tsela leha e le efe ba neng ba sa thahaselle ho phethahatsoa ha boprofeta ba Bibele, ba bile le seabo hore Jesu a tsoalloe Bethlema phethahatsong ea boprofeta ba Mikea 5:2.

Ha Jesu a ne a eketsa ho senola boikaketsi ba baetapele ba bolumeli ba Bojode, ke hona ba neng ba batla ho ’molaea. Empa o ne a ke ke a bolaoa ka ho toba ke batho ba naha ea habo. Haeba Bajode ba ne ba batla ho bolaea Jesu, mohlomong ba ka be ba mo tlepelitse ka majoe, kaha sena e ne e le mokhoa o sebelisoang bakeng sa kotlo ea lefu o boletsoeng Molaong oa Moshe. (Johanne 8:59; 10:31) Leha ho le joalo, ho ea ka boprofeta, Messia o ne a tla tlameha ho fanyehoa thupeng ea tlhokofatso ho felisa “thohako ea molao.” (Bapisa Deuteronoma 21:22, 23 le Ba-Galata 3:13.) O ne a tlameha ‘ho fanyehoa’ e le hore a ‘hulele batho bohle ho eena.’ (Bapisa Deuteronoma 21:4,9 le Johanne 3:14 le 12:32, 33.) Ka ho fanyehoa, e leng mokhoa o neng o sebelisoa ke Baroma, ho ne ho ke ke ha e-ba le pelaelo ka ho phethahala ha boprofeta bona. Kahoo Baroma ba ne ba sa thahaselle ho thusa ho phethahatsa boprofeta ba Bibele, ba bile le seabo ho etsa hore Lentsoe la Molimo la boprofeta le ipake e le ’nete.

Ho feta moo, ha Jesu a ntse a leketlile thupeng ea tlhokofatso, ho ne ho se letho leo Jesu a ka le etsang ho leka ho fumana se neng se ka etsoa ka liaparo tsa hae. O ne a ke ke a susumeletsa masole a Baroma hore a li laole ka lotho. Empa a ile a etsa joalo, joaloka ha boprofeta ba Bibele bo profetile hore ho tla ba joalo! (Pesaleme ea 22:18; Johanne 19:24) Hape, e ne e le masole a Baroma, e seng Jesu kapa barutuoa ba hae ba neng ba ameha ho etsa hore boprofeta e be ’nete.

Jesu o profetile hore ho tla ba le liketsahalo Jerusalema molokong oa hae tse neng li tla bolela timetso ea motse. (Luka 21:5-24) Lilemong tse fetang 500 pele ho mehla ea Jesu, Daniele o ne a profetile sena. (Daniele 9:26, 27) Ka selemo sa 70 C.E. Jerusalema e ile ea timetsoa. Mantsoe a Jesu le Daniele a ile a phethahala. Boprofeta ba Bibele bo ile ba boela ba netefatsoa e le bo tšepahalang.

Na U Tla Rua Molemo Boprofeteng?

Ho sa na le boprofeta bo bongata ba Bibele bo sa ntseng bo tla phethahala. Ka mohlala, Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba profeta hore tsamaiso ea joale e khopo ea lintho e tla fela, ’me e lateloe ke lefatše le lecha la ho loka tlas’a ’Muso oa hae oa leholimo. (Mattheu 24:3-14; Tšenolo 21:1-5; bona hape 2 Petrose 3:7-13.) Tsena tsohle li ngotsoe ka Bibeleng, Lentsoe la Jehova la boprofeta leo kamehla le ipakileng e le ’nete. Na ha rea lokela ho nahana ka lona ka ho tebileng?

Ho na le lebaka lefe hore bana ba belaelle litšepiso tsa batsoali ba bona bao nakong e fetileng ba ba etselitseng lintho tse molemo ’me kamehla ba ile ba tšepahala ho seo ba se boletseng? Ka ho tšoanang, ke lebaka lefe le ka etsang hore re belaelle tšepiso ea Jehova ea ho tlisa ’Muso oa Mora oa hae? Ke lebaka lefe le ka etsang re lumele hore Jehova, ea entseng lintho tse ngata tse molemo ho libōpuoa tsa hae nakong e fetileng, hang feela o tla felloa ke thahasello katlehong ea tsona?

Ha ho mabaka a kholisang seo. Kahoo re na le mabaka ’ohle a ho tšepa Jehova le Lentsoe la hae le ho bea tšepo ea rōna ho eena. Lentsoe la hae le tšepahalang la boprofeta le re neha morero oa bophelo. Le lebisa mesebetsi ea rōna pakaneng ea bohlokoa. Ruri ke la bohlokoa bo boholohali ho rōna kajeno.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa mehlala, ka kōpo bona buka “Let Your Kingdom Come,” leqephe 67, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose le leqepheng la 24]

Boprofeta ba Bibele bo profetileng ka timetso ea metse e kang Sodoma le Gomorrha (Genese 18:20, 21; 19:12, 13), Ninive (Sofonia 2:13), Babylona (Jeremia 51:1, 2), le Petra, Edomo (Jeremia 49:7-22), habonolo bo bontša hore lentsoe la boprofeta le ipakile e le le nepahetseng.

[Lebokose le leqepheng la 25]

NA U RATA HO BONA HO PHETHAHATSOA HA BOPROFETA BONA NAKONG E TLANG?

“O felisitse lintoa.”—Pesaleme ea 46:9.

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.

“Lefu ha le sa tla hlola le eba teng, ’me ha ho sa tla ba masoabi, le ha e le ho bokolla kapa bohloko.”—Tšenolo 21:4.

“Hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”—Johanne 5:28, 29.

“Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela