Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 5/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na Bakreste Bohle ba Tšepahalang ba ea Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Leholimo ke Sebaka sa Mofuta Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 5/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Jesu o ile a etsa eng ho “lokisetsa bolulo” ba balateli ba hae leholimong?

Nakoana pele a hloma Sejo sa Morena sa Mantsiboea, Jesu a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore o ne a lokela ho tsamaea. Ha e le hantle, o ne a bolela hore kamor’a ho shoa, o ne a lokela ho leba leholimong. Petrose o ile a arabela ka ho kōpa hore a lumelloe hore a mo latele. Eaba Jesu o re: “Pelo tsa lōna li se ferekane; lumelang ho Molimo, le ho ’na le lumele. Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; hojane ha ho joalo, nka be ke le boleletse; ke ea ho le lokisetsa bolulo. ’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.”—Johanne 14:1-3.

Ke “meaho” efe e neng e hloka ho lokisetsoa baapostola? Bafetoleli ba bang ba Bibele ba fetoletse Johanne 14:2 ka tsela e fanang ka maikutlo a hore Jesu o ne a bua ka hore baapostola ba hae ba ne ba hloka “libaka tsa ho phomola” tseleng ea bona e eang leholimong kapa ho fumana ha bona likamore tse fapa-fapaneng leholimong. Empa, W. E. Vine o bolela tjena ka lentsoe la Segerike le amehang: “Ha ho letho lentsoeng leo le supang likaroloana tse fapaneng Leholimong; leha e le hore le fana ka maikutlo a libaka tsa ho phomola ka nakoana tseleng.” Lentsoe leo le mpa le bolela sebaka sa bolulo. Kahoo Jesu o ne a tšepisa libaka tsa bolulo maholimong a moea moo a neng a tla ba hona teng le Ntate oa hae.—Ba-Efese 1:20, NW; 1 Petrose 1:4; 3:21, 22.

Empa ke ka tsela efe Jesu a neng a tla lokisetsa balateli ba hae ba tšepahalang meaho e joalo? Kamor’a ho shoa lefu la sehlabelo, Jesu o ile a ea leholimong ho ea hlahisa kapele ho Molimo bohlokoa ba mali a bophelo ba hae. Pele sena se ne se tla tsoela molemo bohle ba neng ba tla bitsetsoa ho ba maja-lefa a bophelo ba leholimo ’moho le eena. Moapostola Pauluse o ngotse: “Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsoeng ka matsoho, e leng setšoantšo feela sa sa sebele; empa o kene leholimong la sebele, a tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rōna.” (Ba-Heberu 9:12, 24-28; Ba-Roma 6:5; 8:17) Kahoo ha Jesu a bolella baapostola hore o ne a il’o ba ‘lokisetsa bolulo,’ ka sebele o ne a hopotse ‘ho hlaha ha hae kapele ho sefahleho sa Molimo bakeng sa’ bona. Ke feela kamor’a hore a etse joalo bona kapa batho ba bang ba neng ba ka mo latela ho ea leholimong.—Ba-Filippi 3:20, 21.

Na Jesu o ne a lokela ho etsa lintho tse ling ho ba lokisetsa bolulo? Ka nako ea teng, o ne a tla nka matla a borena ’me a loantše Satane, a mo leleke leholimong le bademona ba hae. (Tšenolo 12:7-9) Sena se ne se tla etsahala pele ho qaleho ea tsoho ea leholimo ea baapostola le batlotsuoa ba bang ba robetseng lefung. (1 Ba-Thessalonika 4:14-17) Re ke ke ra tiisa hore na polelo ea Jesu ka ‘ho lokisetsa bolulo bakeng sa’ balateli ba hae leholimong e ne e akarelletsa ho lelekoa ha Satane leholimong kapa che.

Ho feta moo, ha re tsebe haeba Jesu o ne a e-na le likabelo tse ling tse amang ho lokisetsa Bakreste ba tlotsitsoeng bolulo leholimong. Empa, bonyane re ka kholiseha hore Jesu o ile a lokisa tsela bakeng sa balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka ho hlahisa ho Molimo bohlokoa ba “mali [a hae] a bohlokoa.” (1 Petrose 1:19) Motheong oa mali ao, ho ile ha hlongoa selekane se secha pakeng tsa Jehova Molimo le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela