Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 1 maq. 12-13
  • Lithuto Tse Fanang ka Tšepo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithuto Tse Fanang ka Tšepo
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Tla Felisa Batho ba Khopo
  • Molimo o Tla Felisa Satane
  • Molimo o Tla Felisa ho Kula le Lefu
  • ’Mopi oa Rona o Tla Etsa Lefatše Paradeise
  • Molimo o Tla Tsosa Bafu
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng!
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Metsoalle ea Molimo e Tla Phela Paradeiseng
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 1 maq. 12-13
Batho ba phela ka khotso le liphoofolo ebile ho na le lijo tse ngata paradeiseng e ntle.

Lithuto Tse Fanang ka Tšepo

Molimo o tšepisa hore o tl’o etsa liphetoho tse thabisang haufinyane. O tl’o felisa mathata a be a etse hore batho ba thabele ho phela lefatšeng. (Pesaleme ea 37:​11) Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela tšepiso ee? Hobane “Molimo ha se motho hore a bue mashano.” (Numere 23:​19) Bona tse ling tsa lintho tse ntle tseo ’Mopi oa rona a tl’o li etsa.

Molimo o Tla Felisa Batho ba Khopo

“Ha ba khopo ba hlomela joaloka limela bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.”​—PESALEME EA 92:7.

Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, lintho tse mpe li ntse li eketseha le ho feta. Ntho ena ha ea lokela ho re makatsa hobane ho ile ha boleloa esale pele ka Bibeleng ho 2 Timothea 3:​1-5 hore “matsatsing a ho qetela” batho ba ne ba tla etsa lintho tse mpe haholo. Re bolela’ng ha re re “matsatsing a ho qetela”? Re bolela matsatsi a ho qetela a lefatše lena le tletseng batho ba sa batleng ho mamela Molimo. Haufinyane Molimo o tl’o felisa batho ba sa batleng ho fetola mekhoa ea bona e mebe. Ho tla sala feela batho ba lokileng ba mamelang Molimo. “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ea 37:29.

Molimo o Tla Felisa Satane

“Molimo ea fanang ka khotso o tla silakanya Satane.”​—BAROMA 16:20.

Ha Satane, bademona le batho bohle ba etsang lintho tse mpe ba se ba le sieo, ho tla ba le khotso lefatšeng lohle. ’Mopi oa rona oa re tšepisa o re: “Ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore [le] thothomele.”​—Mikea 4:4.

Molimo o Tla Felisa ho Kula le Lefu

“Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—TŠENOLO 21:​3, 4.

Mathata le ho kula li tl’o fela hobane Molimo o tl’o lokisa lintho tsohle tse sentsoeng ke Satane, Adama, Eva le ke ho se phethahale ha rona. Kahoo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” Batho ba ratang ’Mopi le ba mo mamelang ba tla phela ka ho sa feleng. Empa ba tla phela hokae?

’Mopi oa Rona o Tla Etsa Lefatše Paradeise

“Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone.”​—ESAIA 35:1.

Ha Molimo a felisa batho ba khopo, lefatše e tla ba paradeise. Ho tla ba le lirapa le libaka tse ntle tse ngata ’me ho tla ba le lijo tse ngata. (Pesaleme ea 72:​16) Maoatle, matša le linoka li tla be li hloekile ebile li e-na le bophelo. Batho ba ke ke ba hlola ba hopola kamoo lefatše le neng le le litšila kateng. Ba tla ikahela matlo ’me ba lule ho ’ona. Hape ho ke ke ha hlola ho e-ba le motho ea se nang moo a lulang teng, ea lapileng kapa ea futsanehileng.​—Esaia 65:​21, 22.

Molimo o Tla Tsosa Bafu

“Ho tla ba le tsoho.”​—LIKETSO 24:15.

Na u ka thabela ho bona batho bao u ba ratang ba seng ba hlokahetse? Molimo ea matla ’ohle o tla ba tsosa ’me ba phele lefatšeng la Paradeise. U tla ba tseba ’me le bona ba tla u tseba. U ka inahanela feela hore na le tla thaba hakaakang ha le bonana! Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore see se tla etsahala? Re ka kholiseha hobane Bibele e re fa mehlala ea batho ba baholo le bana ba ileng ba tsosoa eaba ba kopana le ba malapa a habo bona. Ho feta moo, hangata Jesu o ne a tsosa bafu batho ba bangata ba shebeletse.​—Luka 8:​49-56; Johanne 11:​11-14, 38-44.

Hona Joale ke Thabile e le Kannete

“Ke hopola ha ke ne ke qala ho utloa ka lefatše la paradeise le se nang mathata, ho kula le lefu. Ke ne ke nahana hore taba ena ha se ’nete. Empa ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka fumana mabaka a etsang hore ke e tšepe le hore ke tšepe litšepiso tsa eona. Ke kholisehile hore Bibele e tsoa ho Molimo. Nakong e fetileng, ke ne ke lula ke tšoenyehile ebile ke hlorile. Empa hona joale ke thabile e le kannete. Metsoalle le ba lelapa le bona baa bona hore hona joale ke thabile haholo.”​—Ravi.

Ravi.

Ithute haholoanyane:

E le hore u ithute haholoanyane ka morero oa ’Mopi oa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, kena ho jw.org/st ’me u ee ho LITHUTO TSA BIBELE > LIKARABO TSA BIBELE > LEFU LE BOPHELO.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela