Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w20 March leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšireletso ea Mapolesa—Seo Batho ba se Tšepileng le Seo ba se Tšabang
    Tsoha!—2002
  • ‘Ba Ile ba Bokella Sanhedrine’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Mapolesa—Ke Hobane’ng ha a Hlokahala?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
w20 March leq. 31
Mapolesa a tempele a Bajuda a tšoere banna ba babeli ba ntseng ba supuoa ka menoana ke bahanyetsi ba bolumeli.

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Mapolesa a tempele a Bajuda e ne e le bo-mang? Mosebetsi oa ’ona e ne e le ofe?

Balevi ba bang bao e neng e se baprista ba ne ba e-na le mesebetsi e meng e akareletsang ho ba mapolesa a lebelang. Ba ne ba fuoa mosebetsi ona ke motsamaisi oa tempele. Mongoli e mong oa Mojuda ea bitsoang Philo o hlalosa hore mosebetsi oa bona e ne e le ho lebela menyako ea tempele moo batho ba neng ba kena le teng. Ba bang bona ba ne ba lebela sehalalelo e le ho thibela motho ea sa lumelloang hore a se ke a kena, ebang ke ka maikemisetso kapa che. Ba bang ba ne ba lula ba pota-pota tempele bosiu le motšehare ebe ha ba bang ba tsamaea ba bang baa kena.

Ka linako tse ling, lekhotla la Sanhedrine le ne le ka kopa balebeli bana ho le thusa. Mapolesa ana e ne e le ’ona feela ao ’muso oa Roma o neng o a lumella hore a nke lihlomo.

Setsebi sa Bibele Joachim Jeremias se hlalosa hore Jesu o ile a botsa mapolesa ao hore na ke hobane’ng ha a sa ka a mo tšoara ha a ntse a ruta ka tempeleng. (Mat. 26:​55) Hoa hlaka hore Jesu a ka be a sa ba botsa potso eo haeba e ne e se mapolesa a tempele. Joachim o boetse o lumela hore batho ba neng ba ntse ba batla ho tšoara Jesu pelenyana ho moo, e ne e ntse e le ’ona mapolesa ao. (Joh. 7:​32, 45, 46) Hamorao, lekhotla la Sanhedrine le ile la roma motsamaisi oa lekhotla le mapolesa hore ba il’o tšoara barutuoa ba Jesu. Joachim o boetse o belaela hore mapolesa ao a tempele ke ’ona a ileng a ntša Pauluse ka tempeleng.​—Lik. 4:​1-3; 5:​17-27; 21:​27-30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela