Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/15 maq. 27-29
  • Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matsatsi a Mararo a ho Nahanisisa
  • Ketelo ea Ananiase
  • “Moapostola ho Lichaba”
  • Jesu o Khetha Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Tseleng e Eang Damaseka
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Phutheho ea “E-ba le Khotso”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Boboleli ba Saule bo Tsosa Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/15 maq. 27-29

Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō

SAULE o ne a tuka ke bohale khahlanong le balateli ba Jesu. A sa khotsofatsoa ke mahloriso ao ba neng ba se ba ntse ba hlorisoa ka ’ona Jerusalema, ho akarelletsa le ho tlepetsoa ha Setefane ka majoe, joale o ne a batla ho ba hatella ho ea pele. “A sa ntse a phefumoloha tšokelo le polao e khahlanong le molao khahlanong le barutuoa [Saule] a ea ho moprista ea phahameng ’me a mo kōpa mangolo a eang lisynagogeng tsa Damaseka, e le hore leha e le bafe bao a neng a ba fumana bao e neng e le ba Tsela Eo, ka bobeli banna le basali, a ka ba tlisa ba tlamiloe Jerusalema.”—Liketso 9:1, 2.

Ha Saule a ntse a tsamaea a lebile Damaseka, e tlameha ebe o ne a ntse a nahana kamoo a neng a ka phetha thōmo ea hae ka tsela e atlehileng ka ho fetisisa. Ha ho pelaelo hore tumello eo a neng a e filoe ke moprista e moholo e ne e tiisa hore baeta-pele ba sechaba se seholo sa Bajuda motseng oo ba ne ba tla sebelisana le eena. Saule o ne a tla kōpa hore ba mo thuse.

E tlameha ebe thabo ea Saule e ne e ntse e eketseha ha a atamela moo a habileng teng. Leeto le tlohang Jerusalema le eang Damaseka—la lik’hilomithara tse 220 leo ka maoto le nkang matsatsi a supileng kapa a robeli—e ne e bile le khathatsang. Hoo e ka bang motšehare o moholo, ka tšohanyetso khanya e bohale ho feta letsatsi e ile ea halima ho potoloha Saule, ’me a oela fatše. A utloa lentsoe le reng ho eena ka Seheberu: “Saule, Saule, ke hobane’ng ha u ntlhorisa? Ho ’na u raha litsenene ho thatafaletsa uena.” Saule a botsa: “U mang, Morena?” Karabo ea re: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang. Leha ho le joalo, tsoha ’me u eme ka maoto. Etsoe ke iponahalitse ho uena ho finyella sena, e le hore ke u khethe u le mohlokomeli le paki ea lintho tseo u li boneng hammoho le lintho tseo ke tla u bontša tsona mabapi le ’na; ha ke ntse ke u lopolla ho batho bana le ho lichaba, tseo ke u romelang ho tsona.” Saule a botsa, “Ke etse’ng, Morena?” “Ema, u tsamaee u kene Damaseka, ’me moo u tla bolelloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behetsoeng hore u e etse.”—Liketso 9:3-6; 22:6-10; 26:13-17.

Ba tsamaeang le Saule ba ile ba utloa lentsoe, empa ha baa ka ba bona motho ea buang kapa hona ho utloisisa seo a neng a se bua. Ka lebaka la bohale ba khanya ena, ha Saule a ema o ne a foufetse ’me o ile a tlameha ho tataisoa a tšoeroe ka letsoho. “Ka matsatsi a mararo ha aa ka a bona ntho leha e le efe, ’me ha aa ka a ja leha e le ho noa.”—Liketso 9:7-9; 22:11.

Matsatsi a Mararo a ho Nahanisisa

Saule o ile a amoheloa ka mofuthu ke Judase, ea neng a lula seterateng se bitsoang Se Otlolohileng.a (Liketso 9:11) Seterata sena—se bitsoang Darb al-Mustaqim ka Searabia—e sa ntse e le tsela e khōlō Damaseka. Nahana hore na Saule o ne a ntse a nahana eng ha a le lapeng ha Judase. Phihlelo ena e ne e foufalitse Saule ebile e mo tšositse. Joale o ne a e-na le nako ea ho nahanisisa ka hore na e bolela eng.

Mohlorisi enoa o ne a tobane le seo a neng a se qheletse ka thōko e le bothoto. Morena Jesu Kreste ea khokhothetsoeng thupeng—ea ahlotsoeng ke Bajuda ba ka holimo-limo pusong le ea ‘nyatsitsoeng le ho furalloa ke batho’—o ne a phela. Ka sebele, o ile a ba a amoheloa ka letsohong le letona la Molimo ’me a ema “leseling le sa atameleheng”! Jesu e ne e le Mesia. Setefane le ba bang ba ne ba nepile. (Esaia 53:3; Liketso 7:56; 1 Timothea 6:16) Saule o ne a fositse ka ho feletseng, hobane Jesu o ile a itšoantša le bona bao Saule a neng a ba hlorisa! Kaha Saule o ne a talimane le bopaki, o ne a ka tsoela pele ho “raha litsenene” joang? Esita le poho e manganga e qetella e khanneloa moo mong’a eona a batlang teng. Ka lebaka leo, ka ho hana ho sebetsa tumellanong le khothalletso ea Jesu, Saule o ne a tla be a ikutloisa bohloko.

Kaha ke Mesia, Jesu o ne a ke ke a ahloloa ke Molimo. Empa, Jehova o ne a lumelletse hore a shoe lefu le lihlong ka ho fetisisa le hore a ahloloe Molaong: “Ea fanyehiloeng o rohakiloe ke Molimo.” (Deuteronoma 21:23) Jesu o ile a shoa a ntse a leketlile thupeng ea tlhokofatso. O ile a rohakoa, eseng ka lebaka la libe tsa hae, kaha o ne a se na sebe, empa ka lebaka la libe tsa moloko oa batho. Hamorao Saule o ile a hlalosa: “Bohle ba itšetlehang ka mesebetsi ea molao ba tlas’a bomalimabe; kaha ho ngoliloe: ‘Ho malimabe e mong le e mong ea sa tsoeleng pele linthong tsohle tse ngoliloeng moqolong oa Molao e le hore a li etse.’ Ho feta moo, hore ka molao ha ho le ea mong ea boleloang a lokile ho Molimo ho totobetse . . . Kreste ka ho re reka o ile a re lokolla bomalimabeng ba Molao ka ho fetoha bomalimabe bakeng sa rōna, hobane ho ngoliloe: ‘Ho malimabe motho e mong le e mong ea fanyehoang thupeng.’ ”—Bagalata 3:10-13.

Sehlabelo sa Jesu se ne se e-na le molemo oa ho lopolla. Ka ho amohela sehlabelo seo, Jehova ka tsela ea tšoantšetso o khokhothetse Molao le thohako ea oona thupeng. Ha a utloisisa ’nete eo, Saule o ne a ka nka thupa ea tlhokofatso e le “bohlale ba Molimo” boo “ho Bajuda [e leng] sesosa sa ho khoptjoa.” (1 Bakorinthe 1:18-25; Bakolose 2:14) Joale, haeba poloko e ne e sa lokela ho fumanoa ka mesebetsi ea molao empa ka hore Molimo a bontše mosa o sa tšoanelang ho baetsalibe ba kang Saule ka boeena, ho ne ho e-na le monyetla oa hore e bulehele ba leng ka ntle ho Molao. ’Me Jesu o ne a roma Saule ho Balichaba.—Baefese 3:3-7.

Ha re tsebe hore na Saule o ne a utloisisa sena hakae ka nako eo a neng a sokoloha. Jesu o ne a tlameha ho bua le eena hape ka thōmo ea hae ho lichaba, mohlomong ka makhetlo a fetang le le leng. Ho feta moo, ho ile ha feta lilemo tse ngata pele Saule a ngola sena sohle tlas’a pululelo ea Molimo. (Liketso 22:17-21; Bagalata 1:15-18; 2:1, 2) Leha ho le joalo, ho ile ha feta matsatsi a seng makae feela pele Saule a amohela litaelo tse eketsehileng tse tsoang ho Morena oa hae e mocha.

Ketelo ea Ananiase

Ka mor’a hore Jesu a hlahe ho Saule, o ile a boela a hlaha le ho Ananiase, a mo bolella: “U ee seterateng se bitsoang Se Otlolohileng, ’me ntlong ea Judase u batle monna ea bitsoang Saule, ea tsoang Tarsase. Etsoe, bona! oa rapela, ’me ponong o bone monna ea bitsoang Ananiase a kena ’me a beha matsoho holim’a hae e le hore a ka boela a bona.”—Liketso 9:11, 12.

Kaha Ananiase o ne a tseba Saule, hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha a ile a makalla mantsoe a Jesu. O ile a re: “Morena, ke utloile ho ba bangata mabapi le monna enoa, hore na ke lintho tse ngata hakae tse kotsi tseo a ileng a li etsa ho bahalaleli ba hao Jerusalema. ’Me ke mona o na le matla a tsoang ho baprista ba ka sehloohong a ho kenya litlamong bohle ba ipiletsang lebitsong la hao.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolella Ananiase a re: “Tsamaea, hobane ho ’na monna enoa ke sejana se khethiloeng hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le bara ba Iseraele.”—Liketso 9:13-15.

A kholisehile, Ananiase o ile a ea ntlong eo Jesu a ileng a mo bolella ka eona. Ha a fumana Saule le ho mo lumelisa, Ananiase o ile a beha matsoho a hae holim’a hae. Tlaleho e re: “ ’Me kapele-pele mahlong a [Saule] ha oa se neng se shebahala joaloka makhakhapha, eaba o boetse oa bona.” Joale Saule o ne a itokiselitse ho mamela. Mantsoe a Ananiase a ile a tiisa seo ho ka etsahalang hore ebe Saule o ne a se utloisisitse mantsoeng a Jesu: “Molimo oa baholo-holo ba rōna o u khethetse hore u tsebe thato ea hae le ho bona Ea lokileng le ho utloa lentsoe la molomo oa hae, hobane u tla ba paki ea hae ho batho bohle ea lintho tseo u li boneng le ho li utloa. ’Me joale ke hobane’ng ha u lieha? Ema, u kolobetsoe ’me u hlatsoe libe tsa hao ka ho ipiletsa ha hao lebitsong la hae.” Phello e bile efe? Saule o ile “a ema ’me a kolobetsoa, eaba o ja lijo ’me o fumana matla.”—Liketso 9:17-19; 22:12-16.

Ka mor’a ho phetha thōmo ea hae, Ananiase ea tšepahalang o ile a nyamela kapele ketsahalong ena joalokaha a ile a hlahella kapele ho eona, ’me ha re sa bolelloa letho ka eena. Empa Saule o ne a makatsa bohle ba neng ba mo utloa! Eo pele e neng e le mohlorisi, ea neng a tlile Damaseka ho ea tšoara barutuoa ba Jesu, o ile a qala ho bolela lisynagogeng le ho paka hore Jesu ke Kreste.—Liketso 9:20-22.

“Moapostola ho Lichaba”

Boemo boo Saule a ileng a thulana le bona tseleng e eang Damaseka bo ile ba etsa hore mohlorisi enoa a khaotse liketso tsa hae. Kaha o ne a hlokomela hore na Mesia ke mang, Saule o ne a ka sebelisa lintlha tse ngata le boprofeta ba Mangolo a Seheberu ho Jesu. Ho elelloa ha Saule hore Jesu o hlahile ho eena, a ‘mo tšoara’ ’me a mo rōma e le “moapostola ho lichaba” ho ile ha fetola bophelo ba hae ka ho feletseng. (Bafilippi 3:12; Baroma 11:13) Joale ha e se e le moapostola Pauluse, o ne a e-na le tokelo le matla a ho laela tse neng li lokela ho susumetsa eseng feela nako e mo saletseng ea bophelo ba hae ba lefatšeng empa le histori ea Bokreste.

Ka mor’a lilemo ha ho ne ho e-na le pelaelo ea hore na Pauluse e fela e le moapostola, o ile a emela matla a hae a ho laela ka ho pheta phihlelo ea tseleng e eang Damaseka. O ile a botsa: “Na ha ke moapostola? Na ha kea bona Jesu Morena oa rōna?” ’Me ka mor’a ho bua ka ho hlaha ha Jesu ea tsositsoeng ho ba bang, Saule (Pauluse) o ile a re: “Qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.” (1 Bakorinthe 9:1; 15:8) Ho ne ho le joalokaha eka Saule, ka pono ea hae ea khanya ea Jesu ea leholimo, o ne a fuoe tlotla ea ho hlaha kapa ho tsosetsoa bophelong ba moea pele ho nako.

Saule o ile a amohela tokelo ea hae ’me a ikitlaelletsa ho e phelela. O ile a ngola: “Ke e monyenyane ka ho fetisisa ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo. Empa . . . mosa o sa tšoanelang [oa Molimo] o neng o lebile ho ’na ha ea ka ea ba lefeela, empa ke ile ka sebetsa ho ba feta [baapostola ba bang] kaofela.”—1 Bakorinthe 15:9, 10.

Mohlomong joaloka Saule u hopola nako eo ka eona u neng u elelloa hore e le hore Molimo a ka u hauhela, ho hlokahala hore u fetole maikutlo a bolumeli ao u bileng le ’ona ka nako e telele. Ha ho pelaelo hore u ile ua leboha haholo hore ebe Jehova o ile a u thusa ho utloisisa ’nete. Ha Saule a ne a bona leseli ’me a hlokomela seo ho neng ho hlokahala hore a se etse, ha aa ka a qeaqea ho se etsa. ’Me o ile a tsoela pele ho se etsa ka cheseho le ka boikemisetso nakong e neng e setse ea bophelo ba hae ba lefatšeng. Ke mohlala o motle hakaakang ho bohle ba lakatsang ho amoheloa ke Jehova kajeno!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Setsebi se seng se nahana hore e ka ’na eaba Judase e ne e le moeta-pele oa sechaba sa Bajuda sa moo kapa e le mong’a ntlo ea baeti ba Bajuda.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Seterata sa Damaseka ea kajeno se bitsoang Se Otlolohileng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by ROLOC Color Slides

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela