Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 8/1 maq. 10-15
  • Kreste o Etella Pele Phutheho ea Hae ka Mafolo-folo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kreste o Etella Pele Phutheho ea Hae ka Mafolo-folo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa ea Bomolimo bakeng sa Ho Busa ka Mafolo-folo
  • Sehlopha se Busang se Bonahalang
  • Boetapele ba Kreste ka Boeena
  • Kreste O Ile a Tšehetsa Litho tsa Sehlopha se Busang
  • Qeto e sa Tloaelehang
  • Kreste O Ntse a Etella Pele Phutheho ea Hae ka Mafolo-folo
  • Ke Mang ea Etellang Pele Batho ba Molimo Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Sebelisana le Sehlopha se Busang Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Sehlopha se Busang se Sebetsa Joang Kajeno?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 8/1 maq. 10-15

Kreste o Etella Pele Phutheho ea Hae ka Mafolo-folo

‘Molimo oa Morena oa rōna Jesu Kreste o mo entse hlooho ea lintho tsohle ho phutheho.’— BAEFESE 1:17, 22, NW.

1. Litho tse ling tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ka ’na tsa arabela potso ee joang, ‘Moetapele oa lōna ke mang’ empa Lipaki tsa Jehova li arabela joang?

LIPAKI TSA JEHOVA ha ho motho eo li mo nkang e le moetapele oa tsona. Sebopeho sa tlhophiso ea tsona ha se na ea lekanang le mopapa oa Kereke ea Roma e K’hatholike, bapatriareka ba Likereke tsa Bochabela tsa Orthodox, kapa baetapele ba likereke tse ling le mekha ea bokhelohi ea Bokreste-’mōtoana. Li tšepahala ho Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho ea Bokreste, ea itseng: “Moetapele oa lōna o mong, Kreste.”—Mattheu 23:10, NW.

2. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hlokomela Kreste e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste, empa ho ka ’na ha botsoa lipotso life?

2 Ka Pentekonta moapostola Petrose o ile a paka hore: “Davida ha a ka a nyolohela maholimong, empa ke eena ea itseng: [Jehova] o itse ho Morena oa ka: Lula ka letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Ka baka leo, ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe ka ’nete, hobane Jesu eo le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kreste.” (Liketso 2:34-36) Empa ha re hlokomela hore ka 33 C.E. Jesu o ile a etsoa Morena le Hlooho ea phutheho, na re ee re be le maikutlo a hore o ne a ntse a lutse feela a sa etse letho ka letsohong le letona la Jehova, a emetse ho beoa teroneng ka 1914? Na re hlokomela ka botlalo hore ho tloha qalong feela Kreste o ile a etella phutheho ea hae pele ka mafolo-folo? Kreste o boetse a etella pele phutheho ea hae ka sehlopha se busang se bonahalang

Mekhoa ea Bomolimo bakeng sa Ho Busa ka Mafolo-folo

3. Jesu o ile a tšepisa ho romella barutuoa ba hae eng, hona re tseba joang hore o ne a sa bue ka motho?

3 Phirimaneng ea pele ho lefu la hae, Jesu o ile a re ho baapostola ba hae ba tšepahalang: “Ho molemo ho lōna ha nka ikela; hobane ha ke sa ee, Moemeli a ke ke a tla ho lōna; empa ha ke e-ea, ke tla mo romela ho lōna.” (Johanne 16:7) O ne a sa tlo romela motho empa matla a sebetsang. O ile a hlakisa sena pejana a nyolohela leholimong, a re ho barutuoa ba hae ba bokaneng: “Ke tla le rōmella seo Ntate a le tšepisitseng sona; empa le lule motseng mona ho fihlela ha le apesoa ka matla a tsoang holimo.”—Luka 24:49, TLP.

4. Moea o halalelang o ile oa sebelisoa joang ho tloha ka Pentekonta ho ea pele?

4 Barutuoa ba tšepahalang ba Jesu ba ile ba lula sebakeng sa Jerusalema ho fihlela ka Pentekonta. Letsatsing leo “ba tlala Moea o Halalelang,” joalokaha ho ne ho tšepisitsoe. Petrose o pakile hoo: “Eitse hobane [Jesu] a phahamisetsoe letsohong le letona la Molimo, ’me a nke pallo ea Moea o Halalelang ho Ntat’ae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utloang joale.” (Liketso 2:4, 33) Ka mokhoa ona Jehova o ile a tsoala Bakreste bana ba pele joaloka bara ba hae ba moea.’ (Ba-Galata 4:6) Hape, Jesu o ile a amohela moea oo ho Ntate oa hae e le mokhoa oa ho busa phutheho ea hae ka mafolo-folo lefatšeng a le boemong ba hae ba leholimong ka letsohong le letona la Molimo.

5, 6. (a) Kreste o filoe mokhoa ofe o mong ho mo nolofaletsa ho busa phutheho ea hae lefatšeng? (b) Fana ka mehlala e tobileng ea kamoo Jesu a ileng a sebelisa mokhoa ona molemong oa barutuoa ba hae le ka ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela.

5 Ho feta moo, moapostola Petrose o ile a ngola tjena ka Jesu: ‘O ile leholimong, o lutse letsohong le letona la Molimo, ’me mangeloi, le marena, le mebuso li beiloe tlas’a hae.’ (1 Petrose 3:22) Kahoo, mangeloi ke mokhoa o mong oo Jehova a o beileng matleng a Kreste bakeng sa hore ka mafolo-folo a etelle pele phutheho ea Bokreste.

6 Ka baka leo, ha re bala bukeng ea Liketso hore “lengeloi la [Jehova]” kapa “lengeloi la Molimo” le ile la nka bohato ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli oa Bokreste kapa la kenella molemong oa litho tsa phutheho ea Bokreste, ho na le mabaka oohle a ho lumela hore mangeloi a joalo a ne a nka bohato tlas’a tsamaiso ea Kreste Jesu. (Liketso 5:19; 8:26; 10:3-7, 22; 12:7-11; 27:23, 24) E le “arekangeloi Mikaele,” Kreste o na le mangeloi ao a a laelang, ’me o ile a a sebelisa ho etella pele phutheho ea Bokreste ka mafolo-folo lekholong la pele la lilemo C.E.—Juda 9; 1 Ba-Thessalonika 4:16.

Sehlopha se Busang se Bonahalang

7. Kreste o ile a fana ka mokhoa ofe o mong ho tsamaisa phutheho ea hae, ’me ke mangolo afe a buang ka ‘mosebetsi oo oa bolebeli’?

7 Mangolo a boetse a bontša hore Jesu Kreste o ile a sebelisa sehlopha sa banna e le sehlopha se busang bakeng sa ho tsamaisa phutheho ea hae lefatšeng. Ho tloha qalong, sehlopha sena se busang se bonahala se ne se entsoe ka baapostola ba 11 feela. Ha a batla thato ea Jehova ha ho nkeloa Judase Iskariota sebaka, Petrose o ile a qotsa Pesaleme ea 109:8, (NW) e reng: “E mong a ke a nke mosebetsi oa hae oa bolebeli.” Joale, ha ba rapela Jehova, Petrose le metsoalle ea hae ba kōpa Molimo hore o khethe monna ea tla nka “kabelo ea tšebeletso ena le ea boapostola bona Judase a bo khelohileng.” Matthiase o ile a khethoa ho ea sebeletsa le “baapostola ba leshome le motso o mong.”—Liketso 1:20, 24-26.

8. Ke mehlala efe e ’meli ea pele e bontšang kamoo Kreste a ileng a sebelisa litho tsa sehlopha se busang se bonahalang?

8 Ketsahalo ea pele e tlalehiloeng ea baapostola bana ba 12 ba etsa ‘mosebetsi ona oa bolebeli’ e le sehlopha se busang, e ne e le ha ba khetha banna ba tšoanelehang moeeng bakeng sa ho sebeletsa baena ba bona ka hare ho phutheho ea pele. (Liketso 6:1-6) Ketsahalong ea bobeli e ne e le ha Filippi a qala ho bolella Basamaria ka Kreste. Ka lebaka la sena, “baapostola ba setseng Jerusalema . . . ba roma Petrose le Johanne ho bona.” E bile feela kamor’a hore litho tsena tse emelang sehlopha se busang li bee matsoho holim’a Basamaria moo ba ileng ba ‘qala ho fumana Moea o Halalelang.’—Liketso 8:5, 14-17.

Boetapele ba Kreste ka Boeena

9. Na Kreste kamehla o ne a sebetsa ka mangeloi kapa sehlopha se busang? Fana ka mohlala.

9 Kahoo, ho tloha qalong feela ea phutheho ea Bokreste, Kreste o ne a e-na le moea o halalelang, mangeloi le sehlopha se busang se bonahalang tse laoloang ke eena hore a ka khona ho etella barutuoa ba hae pele ka mafolo-folo lefatšeng. Ketsahalong e ’ngoe o bile a nka bohato ka boeena. Ka mohlala, Kreste o ile a sokolla Saule oa Tarese ka boeena. (Liketso 9:3-6) Matsatsi a mararo hamorao Jesu o ile a bua ka ho toba le “morutuoa e mong” ea bitsoang Ananiase. Ha a mo senolela ka thōmo e hararo eo a neng a e hopoletse Saule, Jesu o ile a re: “Eo ke lefiso leo ke ikhethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho ba-lichaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.” (Liketso 9:10-15) Kreste o bitselitse Saule mosebetsi o khethehileng. Kahoo Saule ea e-ba moapostola, kapa ea romiloeng, ea tsejoang hantle e le moapostola Pauluse.

10. Kreste ka boeena o ile a tsamaisa mosebetsi oa boboleli joang?

10 Kreste ka boeena o ile a tsamaisa mosebetsi oa boboleli. Ka moea o halalelang oo a o fumaneng ho Ntate oa hae Jehova, o ile a qalisa maeto a Pauluse a boromuoa ’me a hla a a thahasella ka boeena. Rea bala: “Moea o Halalelang oa re: Nkhetheleng Barnabase le Saule, ba ee mosebetsing oo ke ba bilelitseng oona. . . . Eare hobane Moea o Halalelang o ba rome, ba theohela Selocia; teng ba kena sekepeng” leetong la pele la boromuoa. (Liketso 13:2-4) Ha e le hantle, moea o halalelang, matla a sebetsang a Jehova, o ke ke oa ‘bua’ ho hong leha e le ‘ho roma’ motho e mong ka booona. Ea neng a sebelisa moea oo ho tsamaisa litaba ho ne ho hlakile hore ke Kreste, Hlooho ea phutheho.

11. Ho ile ha etsahala eng leetong la bobeli la Pauluse la boromuoa, ’me hoo ho bontša ka ho hlakileng joang hore Jesu o ne a sebelisa moea ho tsamaisa mosebetsi oa ho bolela?

11 Ho sebelisa hona ha Jesu moea ha a etella pele Bakreste ba pele ka mafolo-folo ho bontšoa ka ho hlaka tlalehong ea leeto la bobeli la Pauluse la boromuoa. Kamor’a hore a boele a etele liphutheho Lycaonia (sebaka sa Asia Minor) tse ileng tsa theoa leetong la pele la boromuoa, Pauluse le metsoalle eo a tsamaeang le eona ho bonahala ba ne ba rerile ho ea bophirimela ba feta le seterekeng sa Roma sa Asia. Ke hobane’ng ha ba sa ka ba tsoella ka morero oa bona? ‘Hobane Moea o Halalelang o ile oa ba hanela ho bolela lentsoe la Molimo Asia.’ (Liketso 15:36, 40, 41; 16:1-6) Empa ke mang ea neng a sebelisa moea o halalelang oa Jehova ho ba tsamaisa? Temana e latelang ea arabela. E bontša hore ha ba lebile leboea, ba rerile ho ea bolela Bithynia, ‘Moea oa Jesu oa se ke oa ba lumella.’ (Liketso 16:7) E, Jesu Kreste o ne a sebelisa moea oo a ileng a o fumana ho Ntate oa hae bakeng sa ho tsamaisa ka mafolo-folo mosebetsi oa ho bolela. Eena le Ntate oa hae Jehova ba ne ba rata hore litaba tse molemo li jaloe Europe, kahoo Pauluse a amohela pono mabapi le taba eo.—Liketso 16:9, 10.

Kreste O Ile a Tšehetsa Litho tsa Sehlopha se Busang

12, 13. Ha Pauluse a qala ho etela Jerusalema e le Mokreste, ho ile ha etsahala eng e neng e bontša kamoo Kreste a neng a tšehetsa liqeto tse entsoeng ke baena ba ikarabellang motseng oo?

12 Nakong eo moapostola Pauluse a neng a qala ho kopana le barutuoa ba Jerusalema, ka ho utloahalang li ne li le leqe ho kopana le eena. “Eaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola.” (Liketso 9:26, 27) Pauluse o ile a qeta matsatsi a 15 le moapostola Petrose. O boetse a kopana le ngoan’abo Jesu Jakobo, eo ka nako eo e neng e le e mong oa baholo ba phutheho ea Jerusalema. (Ba-Galata 1:18, 19) Lirapa tse hlahlamang ho Liketso li bontša hore baholo ba Jerusalema e ile ea e-ba karolo ea sehlopha se busang sa phutheho eo ea pele ea Bokreste, hammoho le baapostola ba 12.—Liketso 15:2; 21:18.

13 Nakong ea libeke tse peli tseo a li lutseng Jerusalema, Pauluse o ile a pakela Bajode ba buang Segerike, empa “bona ba rata ho ’molaea.” Luka o phaella ka hore “eare ha barutuoa ba utloa hoo, ba mo isa Cesarea, ba ntoo mo romela Tarese.” (Liketso 9:28-30) Empa ke mang ea neng a susumelletsa qeto ee e bohlale? Lilemo hamorao, ha a pheta taba e tšoanang bophelong ba hae, Pauluse o ile a bolela hore Jesu o ne a ile a itlhahisa ho eena ’me a mo laela ho tloha Jerusalema kapele. Ha Pauluse a hana, Jesu a phaella: “Tloha, ke tla u romela lichabeng hole.” (Liketso 22:17-21) Kreste o ne a latela litaba haufi-ufi a le phahameng ’me a nka bohato ka baena ba ikarabellang Jerusalema le ka ho bua ka ho toba le Pauluse.

14. Ke ho tšoana hofe pakeng tsa litlaleho tsa Liketso le Ba-Galata ho bontšang hore Kreste o ne a tsamaisa litaba mabapi le seboka sa sehlopha se busang se neng se bua ka taba ea lebollo?

14 Ka ho tšoanang, ho bala Mangolo ka hloko ho bontša ka ho hlaka hore Kreste o ne a susumelletsa seboka sa bohlokoa sa sehlopha se busang se neng se tšoaretsoe ho rarolla potso ea hore na Bakreste ba Balichaba ba lokela ho ikokobeletsa lebollo le Molao oa Moshe kapa che. Buka ea Liketso e bolela hore ha khang e hlaha, “ha ba ha reroa [ha ho pelaelo ke litho tse ikarabellang, kapa baholo, ba phutheho ea Antioke] hore Pauluse le Barnabase ba tla ea Jerusalema, ba e-na le ba bang ba bona, ho ea botsa baapostola le baholo bakeng sa taba eo.” (Liketso 15:1, 2) Empa ha Pauluse a pheta maemo a ileng a mo etsa hore a ee Jerusalema ho ea lokisa khang ea lebollo, o re: “Ka nyolohela teng ka tšenolo.” (Ba-Galata 2:1-3; bapisa 1:12.) Joaloka Hlooho e mafolo-folo ea phutheho, Kreste o ile a batla hore taba ena ea bohlokoa ea thuto e lokisoe ke sehlopha se busang se bonahalang kaofela. Ka moea o halalelang, o ile a tataisa likelello tsa banna bana ba inehetseng ha ba etsa qeto ea bona.—Liketso 15:28, 29.

Qeto e sa Tloaelehang

15, 16. (a) Sehlopha se busang se ile sa hloka hore Pauluse a etse eng kamor’a hore a khutle leetong la hae la boraro la boromuoa? (b) Ke hobane’ng ha taelo ee e ka ’na ea bonahala e sa tloaeleha, hona ke hobane’ng ha Pauluse a ile a lumellana le eona? (c) Ho hlaha potso efe?

15 Mohlala o mong o thahasellisang oa tataiso ea lintho e mafolo-folo ea Kreste a le leholimong, ke se ileng sa etsahala kamor’a leeto la boraro la boromuoa la Pauluse. Luka o pheta hore hoba a khutlele Jerusalema, Pauluse o ile a etsa tlaleho e feletseng ho litho tsa sehlopha se busang tse neng li le teng. Luka o ngotse: “Pauluse a ea le rōna ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng. Eitse hobane a ba lumelise, a ba phetela ka hlomahanyo tsohle tseo Molimo o li entseng lichabeng ka tšebetso ea hae.” (Liketso 21:17-19) Hoba se utloe Pauluse, sehlopha se phuthehileng sa mo fa taelo e hlakileng, se re: “Ak’u etse hle seo re ea u bolella sona.” Ba mo laela hore a ee tempeleng le ho ea bontša phatlalatsa hore o ne a sa ‘rute ba-Jode bohle ba lichabeng ho khaohana le Moshe, a re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, ’me ba se ke ba ea ka mekhoa ea bona.’—Liketso 21:20-24.

16 E mong o ne a ka ’na a belaella bohlale ba taelo ena. Joalokaha re se re bone, lilemo pejana, Jakobo ’me mohlomong le baholo ba bang ba neng ba le teng liketsahalong tseo ka bobeli, ba ne ba ile ba tlosa Pauluse Jerusalema hobane bophelo ba hae bo ne bo tšosoa ke “ba-Jode ba ba-Gerike.” (Liketso 9:29) Ho sa tsotellehe sena, Pauluse o ile a lumellana le taelo eo, tumellanong le seo a neng a se a se buile ho 1 Ba-Korinthe 9:20. Empa lisosa tse tšoanang li hlahisa liphello tse tšoanang. “Ba-Jode ba [tsoang seterekeng sa Roma sa] Asia” ba ile ba baka morusu ’me ba leka ho bolaea Pauluse. O ile a pholosoa feela ke bohato bo potlakileng ba masole a Roma hore a se ke a bolaoa. (Liketso 21:26-32) Kaha Kreste ke Hlooho e mafolo-folo ea phutheho, ke hobane’ng ha a ile a etsa hore sehlopha se busang se hloke hore Pauluse a kene tempeleng?

17. Qeto ee e sa tloaelehang e ile ea hlaha e le ka tumello ea Molimo joang, ’me hoo ho bontša eng?

17 Karabelo e totobala ho se ileng sa etsahala bosiung ba bobeli kamor’a hore Pauluse a tšoaroe. O ne a fane ka bopaki bo botle ho mokhupi o neng o batla ho mo bolaea ’me, letsatsing le hlahlamang, a ea Lekhotleng le Phahameng. (Liketso 22:1-21; 23:1-6) E ne e le ka lekhetlo la bobeli a batlileng a bolaoa. Empa bosiung boo, Jesu a itlhahisa ho eena ’me a re: “Tiisa matla, Pauluse, hobane joale ka ha u pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka khona u li pake joalo le Roma.” (Liketso 23:11) Hopola thōmo e hararo eo Kreste a neng a e profetetse Pauluse. (Liketso 9:15) Pauluse o ne a paketse lebitso la Kreste ho “ba-lichaba” le ho “bana ba Iseraele,” empa joale nako ea ho pakela “marena” e ne e fihlile. Ka lebaka la qeto eo e entsoeng ke sehlopha se busang, Pauluse o ile a khona ho pakela babusisi ba Roma Felixe le Festuse, Morena Heroda Agrippa II, ’me qetellong, ’Musisi oa Roma Nero. (Liketso, likhaolo 24-26; 27:24) Ke mang ea ka belaelang hore Kreste o ne a susumelletsa see sohle?

Kreste O Ntse a Etella Pele Phutheho ea Hae ka Mafolo-folo

18. Jesu Kreste o ile a re’ng pele a nyolohela leholimong?

18 Pele a siea barutuoa ba hae ’me a nyolohela letsohong le letona la Ntate oa hae, Jesu Kreste o itse: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelog ba lefatše.”—Mattheu 28:18-20.

19. Kreste o ile a sebelisa borena boo a bo filoeng ke Molimo joang lekholong la pele la lilemo, ’me ho tla hlahlobjoa eng sehloohong se latelang?

19 Buka ea Liketso, e phetang pale ea lilemo tsa pele tsa Bokreste, e bontša ntle ho pelaelo hore Kreste o ile a sebelisa boholo ba hae ka hore ka mafolo-folo a etelle pele phutheho ea hae lefatšeng. O entse hona ka moea o halalelang, mangeloi le sehlopha se busang se neng se entsoe ka baapostola ba 12 le baholo ba phutheho ea Jerusalema. Jesu o boletse hore o ne a tla ba le barutuoa ba hae ho fihlela bofelong ba lefatše, moo re leng teng hona joale. Sehloohong se latelang, re tla bona kamoo e ntseng e le Hlooho e mafolo-folo kateng ea phutheho ea Bokreste le kamoo a etellang pele “linku” tsa hae kajeno.

Lintlha tse ka Hopoloang

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa talime motho leha e le ofe e le moetapele oa tsona?

◻ Kreste o ile a sebelisa moea o halalelang joang ho etella pele phutheho ea pele ea Bokreste?

◻ Kreste o ile a sebelisa mangeloi joang ho etella pele Bakreste ba lekholo la pele la lilemo?

◻ Kreste o ile a sebelisa sehlopha se busang se bonahalang joang ho tsamaisa phutheho ea hae lefatšeng?

◻ Kreste ka boeena o ile a tsamaisa litaba joang ka linako tse ling?

[’Mapa o leqepheng la 12]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leeto la Bobeli la Boromuoa la Pauluse

Antioke

Selocia

CILICIA

Tarese

Derba

CAPPADOCIA

PAMFYLIA

GALATIA

Lystra

Ikone

Antioke

LYCIA

ASIA

BITHYNIA LE PONTO

Troase

MACEDONIA

Filippi

Thessalonika

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Kreste o boetse a etella pele phutheho ea hae ka sehlopha se busang se bonahalang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela