Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bt khao. 8 maq. 60-67
  • Phutheho ea “E-ba le Khotso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phutheho ea “E-ba le Khotso”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ekaba u Ntlhorisetsa’ng?” (Liketso 9:1-5)
  • “Saule, Ngoan’eso, Morena . . . o Itse ke Tle ho Uena” (Liketso 9:6-17)
  • ‘A Bolella Batho ka Jesu’ (Liketso 9:18-30)
  • “Ba Bangata ba Lumela ho Morena” (Liketso 9:31-43)
  • Jesu o Khetha Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tseleng e Eang Damaseka
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Saule o Kopana le Bao e Neng e le Metsoalle ea Hae le Bao e Neng e le Lira Tsa hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
bt khao. 8 maq. 60-67

KHAOLO EA 8

Phutheho ea “E-ba le Khotso”

Saule, ea neng a hlorisa Bakreste ka sehloho, o fetoha ’moleli ea chesehang

E Thehiloe ho Liketso 9:1-43

1, 2. Saule o ne a ikemiselitse ho etsa eng Damaseka?

BANNA ba hlokofetseng ba atamela Damaseka moo ba rerileng ho etsa bokhopo! Ba tla ntša barutuoa ba Jesu malapeng ka ntšoe li sa fohloa, ba ba tlame, ba ba hobose ebe ba ba hulanyetsa Jerusalema ho ea ahloloa ke Lekhotla le Phahameng la Bajuda.

2 Saule, moeta-pele oa sehlopha sena o se a ntse a le mali matsohong.a Nakoana pele ho mona, o ne a thabetse ho bona ha batho ba chesehelang bolumeli joaloka eena ba tlepetsa Setefane ka majoe. Setefane e ne e le morutuoa oa Jesu ea inehetseng. (Lik. 7:57–8:1) Kaha Saule ha aa khotsofalla ho hlorisa balateli ba Jesu ba lulang Jerusalema, o hlohlelletsa hore ba hlorisoe le libakeng tse ling. O batla ho fiela lequloana lena le lenyokonyane le bitsoang “Tsela ea Morena.”—Lik. 9:1, 2; sheba lebokose la sehlooho se reng: “Matla ao Saule a Neng a E-na le ’Ona Damaseka.”

3, 4. (a) Saule o ile a etsahalloa ke eng? (b) Re tla tšohla lipotso life?

3 Ka tšohanyetso, leseli le khanyang le potoloha Saule. Ba tsamaeang le eena ba bona leseli empa ba ema tlekelele! Saule oa foufala ’me o oela fatše. Saule ha a sa bona, ’me o utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng?” Saule o maketse, ’me o re: “U mang Morena?” E tlameha ebe karabo eo Saule a e fumanang e mo tšosa haholo: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.”—Lik. 9:3-5; 22:9.

4 Re ka ithuta eng mantsoeng a pele ao Jesu a a bolellang Saule? Ho hlahloba se ileng sa etsahala ha Saule a sokoloha ho ka re tsoela molemo joang? Seo phutheho e ileng ea se etsa ha ho e-ba le khotso ka mor’a hore Saule a sokolohe se re ruta eng?

MATLA AO SAULE A NENG A E-NA LE ’ONA DAMASEKA

Ho tlile joang hore Saule a be le matla a ho tšoara Bakreste naheng eo e seng ea habo? Lekhotla le Phahameng la Bajuda le moprista ea phahameng ba ne ba e-na le matla a ho bolella Bajuda hohle hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng, ’me ho bonahala eka matla a moprista ea phahameng a ne a akarelletsa le matla a ho fana ka batho ba tlotseng molao. Kahoo, mangolo a tsoang ho moprista ea phahameng a ne a tla etsa hore baholo ba matlong a thapelo a Damaseka ba etse seo ba se bolelloang.—Lik. 9:1, 2.

Ho feta moo, Baroma ba ne ba file Bajuda matla a ho sebetsa linyeoe tsa bona. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore Bajuda ba shape moapostola Pauluse “lithupa tse 39.” (2 Bakor. 11:24) Buka ea 1 Maccabees e bua ka lengolo leo lenqosa la Roma le ileng la le ngolla Ptolemy VIII oa Egepeta ka 138 B.C.E., ’me lengolo leo le ne le e-na le taelo e reng: “Haeba ho e-na le banna leha e le bafe ba kotsi ba balehileng naheng ea habo bona [ea Judea] ba tla moo, u nehelane ka bona ho moprista ea phahameng Simone, e le hore a ka ba ahlola ho latela molao oa bona.” (1 Macc. 15:21) Ka 47 B.C.E., Juliase Sesare o ile a tiisa hore moprista ea phahameng o ntse a e-na le matla ao a neng a e-na le ’ona pele esita le tokelo ea ho rarolla litsekisano tse amanang le meetlo ea Bajuda.

“Ekaba u Ntlhorisetsa’ng?” (Liketso 9:1-5)

5, 6. Re ka ithuta eng mantsoeng ao Jesu a ileng a a bolella Saule?

5 Ha Jesu a emisa Saule tseleng e eang Damaseka, ha aa ka a re: “Ekaba u hlorisetsa’ng barutuoa ba ka?” Joalokaha re bone, o itse: “Ekaba u ntlhorisetsa’ng?” (Lik. 9:4) Ka sebele liteko tse hlahelang balateli ba Jesu li mo ama ka ho toba.—Mat. 25:34-40, 45.

6 Haeba u hatelloa ka lebaka la ho lumela ho Kreste, kholiseha hore Jehova le Jesu ba tseba seo. (Mat. 10:22, 28-31) Mohlomong teko eo e ke ke ea tloha hona joale. Hopola hore Jesu o ile a bona kamoo Saule a neng a kentse letsoho kateng lefung la Setefane, a ba a bona ha Saule a ntša barutuoa ba tšepahalang ka ntšoe li sa fohloa matlong a bona Jerusalema. (Lik. 8:3) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a etsa letho ka nako eo. Empa Jehova o ile a sebelisa Kreste eaba o matlafatsa Setefane le barutuoa ba bang hore ba lule ba tšepahala.

7. Ke eng seo u lokelang ho se etsa hore u mamelle mahloriso?

7 Le uena u ka mamella mahloriso haeba u etsa lintho tse latelang: (1) Ikemisetse ho lula u tšepahala ho sa tsotellehe hore u hlaheloa ke eng. (2) Kopa thuso ea Jehova. (Bafil. 4:6, 7) (3) Tlohella phetetso ho Jehova. (Bar. 12:17-21) (4) Kholiseha hore Jehova o tla u fa matla a ho mamella ho fihlela a bona ho loketse hore a tlose teko eo.—Bafil. 4:12, 13.

“Saule, Ngoan’eso, Morena . . . o Itse ke Tle ho Uena” (Liketso 9:6-17)

8, 9. Ho ka etsahala hore Ananiase o ile a ikutloa joang ka mosebetsi oo a o filoeng?

8 Ha a qeta ho araba potso ea Saule e reng, “U mang Morena?” Jesu o ile a re ho eena: “Ema u ee motseng, u tla bolelloa hore na u etse’ng.” (Lik. 9:6) Saule ea foufetseng o ile a tataisetsoa moo a lulang teng Damaseka, ’me a itima lijo a ba a rapela ka matsatsi a mararo. Ka eona nako eo, Jesu o ile a bolella Ananiase ka Saule. Ananiase e ne e le morutuoa ea lulang motseng oo ’me o ne “a buuoa hantle ke Bajuda bohle” ba lulang Damaseka.—Lik. 22:12.

9 Ak’u nahane hore na Ananiase o ile a ferekana hakaakang! Hlooho ea phutheho, e leng Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung, o bua le eena ka ho toba, o mo khethela hore a etse mosebetsi o khethehileng. Ke tlotla e kaakang empa ke mosebetsi o boima hakaakang! Ha Ananiase a bolelloa hore o lokela ho bua le Saule, o ile a re: “Morena, ke utloile batho ba bangata ba bua ka monna enoa le ka lintho tsohle tse mpe tseo a li entseng ho barutuoa ba hao Jerusalema. Hona joale, baprista ba baholo ba mo file matla a ho tšoara bohle ba tšepetseng lebitsong la hao.”—Lik. 9:13, 14.

10. Ke eng seo re ithutang sona ka Jesu tseleng eo a ileng a tšoara Ananiase ka eona?

10 Jesu ha aa ka a khalemela Ananiase ha a mo tsebisa se mo tšoenyang. Leha ho le joalo, Jesu o ile a mo bolella ka ho hlaka hore na o lokela ho etsa eng. A ba a mo hlompha ka hore a mo bolelle lebaka leo ka lona a batlang hore a etse mosebetsi ona o sa tloaelehang. Jesu o ile a re ka Saule: “Ke khethile monna enoa hore a tsebise lichaba, marena le Baiseraele lebitso la ka. Ke tla mo hlakisetsa hore na ke lintho tse ngata tse bohloko hakae tse tla mo hlahela hobane e le morutuoa oa ka.” (Lik. 9:15, 16) Hang-hang Ananiase o ile a etsa seo Jesu a mo laetseng sona. O ile a batla Saule oa mohlorisi ’me ha a mo fumana a re ho eena: “Saule ngoan’eso, Morena Jesu ea hlahileng ho uena ha u le tseleng e tlang mona o itse ke tle ho uena e le hore u ka boela oa bona ’me oa tlala moea o halalelang.”—Lik. 9:17.

11, 12. Re ithuta eng liketsahalong tse amanang le Jesu, Ananiase le Saule?

11 Re ithuta lintlha tse ’maloa liketsahalong tse amanang le Jesu, Ananiase le Saule. Ka mohlala, Jesu o laola mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo, joalokaha a tšepisitse. (Mat. 28:20) Le hoja Jesu a sa bue ka ho toba le batho kajeno, o laola mosebetsi oa boboleli ka mohlanka ea tšepahalang eo a mo khethileng hore a okamele bahlanka ba hae ba ntlo. (Mat. 24:45-47) Ba tataisoa ke Sehlopha se Busang, bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba romeloa ho ea batla ba batlang ho tseba ho eketsehileng ka Kreste. Joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, bongata ba bona ba rapetse Molimo hore a ba tataise eaba ka mor’a moo ba eteloa ke Lipaki Tsa Jehova.—Lik. 9:11.

12 Ka boikokobetso Ananiase o ile a etsa mosebetsi oo a o filoeng ’me a hlohonolofatsoa. Na u mamela taelo ea ho fana ka bopaki bo hlakileng, esita leha mosebetsi oo o sa u jese litheohelang? Ba bang ba tšaba ho ea ka ntlo le ntlo le ho kopana le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba thatafalloa ke ho pakela batho libakeng tsa khoebo, seterateng, ka fono kapa ka ho ngola mangolo. Ananiase o ile a hlola tšabo ea hae ’me a ba le tlotla ea ho thusa Saule hore a amohele moea o halalelang.b Ananiase o ile a atleha hobane o ne a tšepile Jesu ’me a nka Saule e le ngoan’abo. Re ka hlola tšabo haeba joaloka Ananiase, re lumela hore Jesu o laola mosebetsi oa boboleli, re utloela batho bohloko ’me re nka hore esita le batho bao re ba tšabang haholo ba ka fetoha barab’abo rona.—Mat. 9:36.

‘A Bolella Batho ka Jesu’ (Liketso 9:18-30)

13, 14. Haeba u ithuta Bibele empa u e-s’o kolobetsoe, u ka ithuta eng mohlaleng oa Saule?

13 Saule o ile a potlakela ho sebelisa seo a ithutileng sona. Ha a se a bona mahlong, o ile a kolobetsoa ’me a qala ho sebelisana ’moho le barutuoa ba Damaseka. Empa o ile a etsa ho eketsehileng. “Hang-hang feela a ea matlong a thapelo ’me a bolella batho hore Jesu ke Mora oa Molimo.”—Lik. 9:20.

14 Haeba u ntse u ithuta Bibele empa u e-s’o kolobetsoe, na joaloka Saule u tla sebelisa seo u ithutang sona ka hore u kolobetsoe? Ke ’nete hore Saule o ile a bona mohlolo oo Kreste a ileng a o etsa, ’me ha ho pelaelo hore sena se ile sa mo susumelletsa hore a nke khato. Empa le ba bang ba ile ba bona mehlolo ea Jesu. Ka mohlala, sehlopha se seng sa Bafarisi se ile sa shebella ha a folisa monna ea omeletseng letsoho ’me ka kakaretso Bajuda ba bangata ba ne ba tseba hore Jesu o tsositse Lazaro bafung. Leha ho le joalo, bongata ba bona ba ile ba iphapanyetsa mohlolo oo ’me ba bang ba ba ba mo hanyetsa. (Mar. 3:1-6; Joh. 12:9, 10) Empa Saule o ile a fetoha. Ke hobane’ng ha Saule a ile a fetoha empa ba bang ba sa ka ba fetoha? Hobane o ne a tšaba Molimo ho feta batho ’me a ananela ka ho teba mohau oo Kreste a mo bontšitseng oona. (Bafil. 3:8) Haeba le uena u etsa joalo, u ke ke ua lumella letho hore le u sitise ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho tšoaneleha hore u kolobetsoe.

15, 16. Saule o ile a etsa’ng matlong a thapelo, ’me Bajuda ba Damaseka ba ile ba etsa joang?

15 Na u ka inahanela kamoo bongata bo ileng ba makala, ba tšoha ba ba ba halefa kateng ha Saule a ba bolella ka Jesu matlong a thapelo? Bo ile ba re: “Na monna eo ha se eena ea neng a hlasela barutuoa ba Jesu ba Jerusalema?” (Lik. 9:21) Ha Saule a hlalosa lebaka le fetotseng tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka Jesu, o ile “a paka ka ho hlaka hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 9:22) Empa hase bohle ba kholisoang ke mabaka a utloahalang. A ke ke a fetola monahano oa batho ba tsitlellang ho latela lineano kapa ba sa batleng ho fetoha ka lebaka la boikhohomoso. Leha ho le joalo, Saule ha aa ka a tela.

16 Lilemo tse tharo hamorao, Bajuda ba Damaseka ba ne ba ntse ba hanyetsa Saule. Qetellong, ba ile ba leka ho mo bolaea. (Lik. 9:23; 2 Bakor. 11:32, 33; Bagal. 1:13-18) Ha morero oo o tsebahala, Saule o ile a tloha motseng oo ka lenyele, a theoloa ka baskete lesobeng la lerako la motse. Luka o re ba ileng ba balehisa Saule bosiung boo e ne e le “barutuoa ba [Saule].” Lik. 9:25) Ho bonahala mantsoe ana a bontša hore bonyane ba bang ba ileng ba utloa ha Saule a bolela litaba tse monate Damaseka ba ile ba amohela molaetsa oa hae ’me ea e-ba balateli ba Kreste.

17. (a) Batho ba etsa joang ha ba utloa ’nete ea Bibele? (b) Re lokela ho tsoela pele re etsa’ng, hona hobane’ng?

17 Ha u ne u qala ho bolella ba lelapa, metsoalle le ba bang litaba tse monate tseo u ithutang tsona, mohlomong u ne u lebeletse hore bohle ba tla amohela ’nete ea Bibele hobane ea utloahala. Ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba e amohela empa ba bangata ha baa ka ba e amohela. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ba lelapa ba ile ba u nka u le sera. (Mat. 10:32-38) Leha ho le joalo, haeba u tsoela pele ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho beha mabaka ka Mangolo, ’me u lula u itšoere joaloka Mokreste, esita le ba u hanyetsang ba ka ’na ba qetella ba fetohile.—Lik. 17:2; 1 Pet. 2:12; 3:1, 2, 7.

18, 19. (a) Ha Barnabase a tiisa hore Saule ke morutuoa, phello e bile efe? (b) Re ka etsisa Barnabase le Saule joang?

18 Ha Saule a kena Jerusalema, hoa utloahala hore ebe barutuoa ba ne ba sa lumele hore e se e le morutuoa. Leha ho le joalo, ha Barnabase a tiisa hore Saule e se e le morutuoa, baapostola ba ile ba mo amohela, ’me a lula le bona ka nakoana. (Lik. 9:26-28) Saule o ne a le masene ’me a se lihlong ka litaba tse monate. (Bar. 1:16) Ka sebete o ile a bolela litaba tse monate Jerusalema, e leng hona moo a neng a kile a hlorisa barutuoa ba Jesu Kreste ka sehloho. Bajuda ba Jerusalema ba ile ba tšoha haholo ha ba hlokomela hore moeta-pele oa bona o se a ba koenehetse, ’me joale ba qala ho batla ho mo bolaea. Bibele e re: “Ha barutuoa ba bang ba utloa taba ena, ba mo isa Sesarea eare ha a le moo, ba mo romela Tarsase.” (Lik. 9:30) Saule o ile a ikokobelletsa litaelo tseo Jesu a ileng a li fetisa ka phutheho. Sena se ile sa ruisa Saule le phutheho molemo.

19 Hlokomela hore Barnabase ke eena ea ileng a ithaopela ho thusa Saule. Ha ho pelaelo hore mosa ona o ile oa etsa hore bahlanka bana ba Jehova ba chesehang e be metsoalle e meholo. Na joaloka Barnabase, u ikemiselitse ho thusa ba bacha ka phuthehong ka ho sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo le ho ba thusa hore ba hatele pele moeeng? Haeba u etsa joalo, u tla putsoa haholo. Haeba u mohoeletsi e mocha oa litaba tse monate, na joaloka Saule u amohela thuso eo u e fuoang? Ka ho sebetsa le bahoeletsi ba nang le phihlelo e eketsehileng, u tla ntlafatsa bokhoni ba hao tšebeletsong, thabo ea hao e tla eketseha ’me u tla fumana metsoalle ea hlooho ea khomo.

“Ba Bangata ba Lumela ho Morena” (Liketso 9:31-43)

20, 21. Bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng le ba hona joale ba ’nile ba sebelisa nako ea khotso hamolemo joang?

20 Ka mor’a hore Saule a sokolohe a be a tlohe sebakeng seo a sireletsehile, “barutuoa bohle ba Judea, Galilea le Samaria ba e-ba le khotso.” (Lik. 9:31) Barutuoa ba ile ba sebelisa nako ee ea “ha ho le monate” joang? (2 Tim. 4:2) Bibele e re ba ne ‘ba matlafala.’ Baapostola le bara ba bang babo rona ba ikarabellang ba ile ba matlafatsa tumelo ea barutuoa ’me ba etella pele ha phutheho ‘e ntse e tsamaea litseleng tsa Jehova ebile e khothatsoa ka moea o halalelang.’ Ka mohlala, Petrose o ile a sebelisa nako eo ho matlafatsa barutuoa ba motseng oa Lyda Thoteng ea Sharone. Ka lebaka la sena ba bangata ba lulang moo ba ile “ba lumela ho Morena.” (Lik. 9:32-35) Barutuoa ha baa ka ba khelosoa ke mesebetsi ea botho empa ba ile ba ikitlaetsa hore ba hlokomelane ba be ba bolele litaba tse monate. Phello e bile hore phutheho e ile ‘ea ’na ea eketseha.’

21 Ho elella bofelong ba lekholo la bo20 la lilemo, Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ngata le tsona li ile tsa “e-ba le khotso.” Mebuso e ’nileng ea hatella batho ba Molimo ka lilemo tse mashome e ile ea oa ka tšohanyetso, ’me ha e-ba bonolo ho bolela litaba tse monate linaheng tseo ho tsona mosebetsi o neng o thibetsoe kapa maemong a mang thibelo ea tlosoa ka ho feletseng. Lipaki tse mashome a likete li ile tsa sebelisa monyetla oo ho paka phatlalatsa ’me ha e-ba le liphello tse babatsehang.

22. U ka sebelisa tokoloho eo u nang le eona hamolemo joang?

22 Na u sebelisa tokoloho eo u nang le eona hamolemo? Haeba u lula naheng e nang le tokoloho ea bolumeli, Satane o batla ho u hoka-hoka hore u lelekise maruo ho e-na le ho hahamalla mesebetsi e amanang le ’Muso. (Mat. 13:22) U se ke ua khelosoa. Sebelisa hamolemo nako leha e le efe ea khotso e lekanyelitsoeng e teng hona joale. E nke e le monyetla oa ho fana ka bopaki bo hlakileng le ho haha phutheho. Hopola hore maemo a hao a ka fetoha ka ho panya ha leihlo.

23, 24. (a) Re ithuta lintlha life tlalehong e buang ka Tabitha? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

23 Nahana ka se ileng sa etsahalla Tabitha kapa Dorkase. O ne a lula motseng oa Jopa o neng o se hole le oa Lyda. Morali enoa oabo rona ea tšepahalang o ile a sebelisa nako le matlotlo a hae ka bohlale, “a etsa mesebetsi e mengata e metle a bile a phallela bafutsana.” Leha ho le joalo, o ile a kula ka tšohanyetso ’me a shoa.c Barutuoa ba Jopa, haholo-holo bahlolohali bao a neng a ba etsetsa lintho tse molemo ba ile ba sareloa haholo ha a shoa. Ha Petrose a fihla ntlong eo setopo sa hae se neng se lokisoa teng bakeng sa lepato, o ile a etsa mohlolo oo baapostola ba Jesu Kreste ba neng ba e-s’o ka ba o etsa. Petrose o ile a rapela eaba o tsosa Tabitha bafung! Inahanele feela hore na bahlolohali bao le barutuoa ba bang ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a ba bitsetsa ka kamoreng eo ’me a ba bontša hore Tabitha oa phela! Ruri liketsahalo tsena li ile tsa ba matlafatsa hore ba tobane le liteko tse larileng ka pele. Hase feela mohlolo oo o ileng oa “tsejoa hohle Jopa ’me batho ba bangata ba lumela ho Morena.”—Lik. 9:36-42.

Morali oabo rona o fa morali oabo rona ea tsofetseng a bile a kula lipalesa.

U ka etsisa Tabitha joang?

24 Re ithuta lintlha tse peli tsa bohlokoa tlalehong ena e thabisang e buang ka Tabitha. (1) Bophelo bo feta ka potlako. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re iketsetse lebitso le letle le Molimo ha monyetla o sa le teng! (Moek. 7:1) (2) Re na le tšepo e tiileng ea hore bafu ba tla tsoha. Jehova o ile a hlokomela liketso tse ngata tseo Tabitha a li entseng, ’me a mo putsa. O tla hopola boikitlaetso ba rona ’me a re tsose bafung haeba re ka shoa pele ho Armagedone. (Baheb. 6:10) Ka lebaka leo, ebang hona joale re phela ka thata kapa hamonate, a re phehelleng ho fana ka bopaki bo hlakileng ka Kreste.—2 Tim. 4:2.

SAULE OA MOFARISI

“Mohlankana ea bitsoang Saule” ea boleloang tlalehong ea Liketso e buang ka ho tlepetsoa ha Setefane ka majoe o ne a tsoa motseng oa Tarsase. E ne e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Silisia, e ka boroa ho seo kajeno e leng Turkey. (Lik. 7:58) Bajuda ba bangata ba ne ba lula motseng oo. Saule ka boeena o ile a ngola hore o ‘bololitsoe ka letsatsi la borobeli, ke oa sechaba sa Iseraele, ke oa leloko la Benjamine, ke Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu, ke Mofarisi ea latelang molao.’ Ke ka lebaka leo ho ka etsahalang hore o ne a nkoa e le Mojuda ea hlomphehang!—Bafil. 3:5.

Saule oa Mofarisi.

Saule o ne a lula motseng o moholo o atlehileng moruong, oo ho oona ho neng ho atile setso sa Bagerike. Kaha Saule o holetse Tarsase, o ne a tseba Segerike. Mohlomong o kene sekolo sa mathomo sekolong sa Bajuda. O ile a ithuta ho etsa litente, e leng mosebetsi o neng o tloaelehile sebakeng seo a tsoaletsoeng ho sona. Ho ka etsahala hore ntate oa Saule o ile a mo ruta mosebetsi ona e sa le moshanyana.—Lik. 18:2, 3.

Tlaleho ea Liketso e boetse e senola hore Saule e ile ea e-ba moahi oa Roma ka tsoalo. (Lik. 22:25-28) Sena se bolela hore ha a tsoaloa, e mong oa baholo-holo ba hae o ne a se a fumane tokelo ea ho ba moahi oa Roma. Ha ho tsejoe hore na ho tlile joang hore lelapa labo Saule le fumane tokelo ea ho ba baahi ba Roma. Ho sa tsotellehe seo, boemo boo bo ile ba etsa hore e be ba bang ba batho ba phahameng sechabeng profinseng ea habo bona. Semelo sa Saule le thuto ea hae e ile ea etsa hore a tsebe litso tse tharo ka botlalo—e leng Sejuda, Segerike le Seroma.

Mohlomong ha Saule a le lilemo li 13 kapa ka tlaase ho moo, o ile a ea lula Jerusalema e bohole ba lik’hilomithara tse 840 ho ea ntšetsa thuto ea hae pele. Ha a le motseng oo, o ile a ithuta maotong a Gamaliele, eo e neng e le mosuoe ea hlomphehang oa lineano tsa Bafarisi.—Lik. 22:3.

Thuto ena e eketsehileng, e tšoanang le ho ea univesithing kajeno, e ne e akarelletsa ho ithuta Mangolo le molao oa Bajuda oa molomo esita le ho o tšoara ka hlooho. Seithuti se hloahloa sa Gamaliele se ne se ka lebella ho fumana mosebetsi o hlamatsehang, ’me ho bonahala hore Saule e ne e le seithuti se joalo. Hamorao o ile a re: “Ke ne ke tseba lintho tse ngata ka bolumeli ba Bojuda ho feta lithaka tsa ka tse ngata sechabeng sa heso hobane ke ne ke chesehela lithuto tsa baholo-holo ba ka.” (Bagal. 1:14) Ho hlakile hore lebaka le ileng la etsa hore Saule a hlorise phutheho e ncha ea Bakreste haholo ke hobane o ne a chesehela moetlo oa Sejuda.

TABITHA—“O NE A ETSA MESEBETSI E MENGATA E METLE”

Tabitha o fa motho ea hlokang mpho.

Tabitha e ne e le setho sa phutheho ea Bokreste e motseng oa Jopa o pel’a kou ea leoatle. Balumeli-’moho le eena ba ne ba mo rata hobane “o ne a etsa mesebetsi e mengata e metle a bile a phallela bafutsana.” (Lik. 9:36) Joaloka Bajuda ba bangata ba neng ba lula libakeng tseo ho tsona ho neng ho lula Bajuda le Balichaba, Tabitha o ne a e-na le mabitso a mabeli—la Seheberu kapa Searame le la Segerike kapa Selatine. Lebitso la hae la Segerike la Dorkase e ne e le “Tabitha” ha le fetoleloa ka Searame. Mabitso ana ka bobeli a bolela “Tšephe.”

Ho bonahala eka Tabitha o ile a kula a ba a shoa ka tšohanyetso. Joalokaha ho ne ho tloaelehile, setopo sa hae se ile sa hlatsuoa ’me sa lokisetsoa lepato. Se ne se behiloe kamoreng e ka holimo, mohlomong ntlong ea hae. Ka lebaka la mocheso oa Bochabela bo Hare, batho ba ne ba patoa letsatsing leo ba hlokahetseng ka lona kapa letsatsing le hlahlamang. Bakreste ba Jopa ba ne ba utloetse hore moapostola Petrose o Lyda e haufi le moo. Petrose o ne a ka khona ho tla Jopa pele Tabitha a patoa, hobane metse eo e ne e arohane ka lik’hilomithara tse 18 feela—e leng hoo e ka bang leeto la lihora tse ’nè ka maoto. Kahoo, phutheho e ile ea romela banna ba babeli ho ea kopa Petrose hore a tle hang-hang. (Lik. 9:37, 38) Setsebi se seng se re: “Bajuda ba boholo-holo ba ne ba tloaetse ho roma manģosa ka bobeli, ’me lebaka le leng e ne e le hore le leng le tle le tiise seo le leng le se buang.”

Ho ile ha etsahala’ng ha Petrose a fihla? Bibele e re: “Ba mo isa kamoreng e ka holimo. Bahlolohali bohle ba tla ho eena ba lla, ba mo bontša liaparo tse ngata tseo Dorkase a li rokileng ha a ntse a phela.” (Lik. 9:39) Tse ling tsa lintho tse ileng tsa etsa hore Tabitha a ratoe haholo ke litho tsa phutheho ke hore o ne a tloaetse ho li rokela liaparo. O ne a roka liaparo tsa ka hare le tsa ka ntle. Bibele ha e re bolelle hore na ebe Tabitha o ne a reka masela ao kapa a mpa a ba rokela feela. Leha ho le joalo, o ne a rateloa mosa oa hae le ho “phallela bafutsana.”

E tlameha ebe Petrose o ile a angoa maikutlo ke seo a ileng a se bona kamoreng eo e ka holimo. Setsebi se bitsoang Richard Lenski se re: “Tsela eo batho bana ba neng ba lla ka eona e ne e fapane hole le eo batho ba neng ba lla ka eona tlung ea Jairuse, moo ho neng ho hiriloe basali le batho ba lerata ba letsang makolilo. Ba ne ba sa iketsise.” (Mat. 9:23) Ba ne ba siame e le kannete. Ba bangata ba entse qeto ea hore Tabitha e ne e le lesoha hobane ha ho moo ho buuoang ka monna oa hae.

Ha Jesu a roma baapostola ba hae, o ile a ba fa matla a ho ‘tsosa bafu.’ (Mat. 10:8) Petrose o ne a bone ha Jesu a etsa mehlolo e joalo, e akarelletsang ho tsosa morali oa Jairuse, empa ha ho moo ho boleloang hore ho na le moapostola ea kileng a tsosa motho pele ho mona. (Mar. 5:21-24, 35-43) Empa joale Petrose o ile a ntša batho kamoreng e ka holimo, eaba o rapela ka tieo ’me ka mor’a moo Tabitha a bula mahlo a ba a lula. E tlameha ebe Bakreste ba Jopa ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a hlahisa Tabitha a phela ho bahalaleli le bahlolohali!—Lik. 9:40-42.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Saule oa Mofarisi.”

b Ka ho tloaelehileng, baapostola e ne e le bona ba neng ba fetisa mpho ea moea o halalelang ho tsoa ho Molimo. Leha ho le joalo, ketsahalong ena ho bonahala eka Jesu o ile a fa Ananiase matla a ho fetisetsa mpho ea moea o halalelang ho Saule. Ha Saule a qeta ho sokoloha, ho ile ha feta nako e telele pele a kopana le baapostola ba 12. Leha ho le joalo, mohlomong o ne a ntse a bolela litaba tse monate ka nako eo eohle. Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore Saule o fumana matla ao a a hlokang hore a phethe mosebetsi oa hae oa boboleli.

c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Tabitha—‘O ne a Etsa Mesebetsi e Mengata e Metle.’”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela