Jesu “Naheng ea Bajuda”
NAKONG eo a pakelang Korneliase, moapostola Petrose o ile a bolela lintho tseo Jesu a ileng a li etsa “naheng ea Bajuda hammoho le Jerusalema.” (Lik 10:39) U nahana hore Jesu o ile a etsa tšebeletso ea hae ea bohlokoa libakeng life?
‘Naha ea Bajuda’ e ne e akarelletsa Judea, moo Jesu a ileng a etsa o mong oa mesebetsi ea Molimo teng. (Lu 4:44) Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a qeta matsatsi a 40 a le lefeelleng la Juda (kapa, Judea), e leng sebaka se omeletseng se ka thōko se tletseng litlokotsebe le linokoane. (Lu 10:30) Hamorao, Jesu o ne a e-ea leboea a tsoa Judea ha a tla pakela mosali oa Mosamaria haufi le Sikare.—Joh 4:3-7.
Tlhahlobo ea Likosepele e bontša hore Jesu o ile a qeta nako e ngata a bolela Galilea. Le hoja a ile a ea meketeng ea selemo le selemo boroa Jerusalema, lilemong tse peli tsa pele o ile a qeta nako e ngata ea tšebeletso ea hae a le karolong e ka leboea ea Naha e Tšepisitsoeng. (Joh 7:2-10; 10:22, 23) Ka mohlala, o ile a ruta lithuto tse ngata tse tummeng ’me a etsa mehlolo e tsotehang ha a le Leoatleng la Galilea kapa a le haufi le lona. Hopola hore o ile a khutsisa metsi a lona a loebehlanang a ba a tsamaea holim’a lona. O ile a pakela batho ba bangata a le ka seketsoaneng lebōpong la leoatle le tletseng majoana a chitja. Balateli ba hae ba pele le ba haufi e ne e le baahi ba metseng e haufi ea lihoai le batšoasi ba litlhapi.—Mar 3:7-12; 4:35-41; Lu 5:1-11; Joh 6:16-21; 21:1-19.
Ha Jesu a ne a etsa tšebeletso ea hae Galilea o ne a tloha “motseng oa habo” oa Kapernauma o haufi le lebōpo la leoatle. (Mat 9:1) O ne a le leralleng le haufi ha a fana ka Thuto ea hae e tummeng ea Thabeng. Ka linako tse ling o ne a tsamaea ka seketsoana ho tloha Kapernauma ho ea Magadane, Bethsaida kapa libakeng tse haufi.
Hlokomela hore ‘motse oa habo’ Jesu o ne o se hōle hakaalo le Nazaretha, moo a hōletseng teng; le Kana, moo a ileng a fetola metsi veine; le Naine, moo a ileng a tsosa mora oa mohlolohali; le Bethsaida, moo ka mohlolo a ileng a fepa banna ba 5 000 ’me a etsa hore monna ea foufetseng a boele a bone.
Ka mor’a Paseka ea 32 C.E., Jesu o ile a ea leboea ho ella Tyre le Sidone, e leng likou tsa likepe tsa Foenisia. Eaba o atolosetsa tšebeletso ea hae ho o mong oa metse e leshome ea Bagerike o bitsoang Dekapolise. Jesu o ne a le haufi le Cesarea Filipi (F2) ha Petrose a lumela hore ke Mesia, ’me kapele ka mor’a moo a fetoha sebōpeho, mohlomong a le Thabeng ea Hermone. Hamorao, Jesu o ile a paka sebakeng sa Perea, ka mose ho Jordane.—Mar 7:24-37; 8:27–9:2; 10:1; Lu 13:22, 33.
Bekeng ea hae ea ho qetela a le lefatšeng Jesu o ne a e-na le barutuoa ba hae Jerusalema, “motse oa Morena e moholo” kapa a le haufi le eona. (Mat 5:35) U ka fumana libaka tse haufi, tse kang Emmause, Bethani, Bethefage le Bethlehema, tseo u balileng ka tsona Likosepeleng.—Lu 2:4; 19:29; 24:13; bona “Sebaka sa Jerusalema” setšoantšong se senyenyane leqepheng la 18.
[’Mapa o leqepheng la 29]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Naha e Tšepisitsoeng (Mehleng Ea Jesu)
Naha Mehleng Ea Jesu
Metse ea Dekapolise
E5 Hippo(s)
E6 Pella
E6 Scythopolis
F5 Gadara
F7 Gerasa
G5 Dione
G9 Filadelfia
H1 Damaseka
H4 Rafana
I5 Kanatha
Litsela Tse Khōlō (Sheba sengoliloeng)
Tsela e Tloaelehileng Pakeng Tsa Galilea le Jerusalema (Sheba sengoliloeng)
Tsela e ‘Ngoe Pakeng Tsa Galilea le Jerusalema, e Potang Perea (Sheba sengoliloeng)
A11 Gaza
B6 Cesarea
B8 Jopa
B9 Lyda
B12 Beerseba
C4 Ptolemaise
C8 SAMARIA
C8 Antipatrise
C8 Arimathea
C9 Emmause
C10 JUDEA
C11 Hebrone
C12 IDUMEA
D1 Sidone
D2 Tyre
D3 FOENISIA
D4 GALILEA
D4 Kana
D5 Sepphoris
D5 Nazaretha
D5 Naine
D7 Samaria
D7 Sikare
D9 Efraime
D9 Bethefage
D9 Jerusalema
D9 Bethani
D10 Bethlehema
D10 Herodiame
D10 LEFEELLA LA JUDA
D12 Masada
E4 Korazine
E4 Bethsaida
E4 Kapernauma
E4 Magadane
E5 Tiberiase
E5 Hippo(s)
E6 Bethani? (ka mose ho Jordane)
E6 Scythopolis
E6 Pella
E6 Salime
E6 Aenone
E9 Jeriko
F1 ABILENE
F2 Cesarea Filipi
F4 Gamala
F5 Abila?
F5 Gadara
F7 PEREA
F7 Gerasa
G3 ITURAEA
G5 Dione
G6 DEKAPOLISE
G9 Filadelfia
H1 Damaseka
H3 TRAKONITISE
H4 Rafana
H12 ARABIA
I5 Kanatha
[Lithhaba]
D7 Thaba ea Ebale
D7 Thaba ea Gerizime
F2 Thaba ea Hermone
[Moo ho Nang le Metsi]
B6 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)
E4 Leoatle la Galilea
E10 Leoatle la Letsoai (Leoatle le Shoeleng)
[Linōka]
E7 Nōka ea Jordane
[Liliba]
D7 Seliba sa Jakobo
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Leoatle la Galilea. Kapernauma e ka pele letsohong le letšehali. Ke kamoo e bonahalang kateng ha motho a e talima a le boroa-bophirimela ka mose ho Lehoatata la Genesarete
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Basamaria ba ne ba rapela Thabeng ea Gerizime. Ka morao ke Thaba ea Ebale