Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bt khao. 12 maq. 93-99
  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Batho ba Bangata . . . e Ile ea E-ba Barutuoa’ (Liketso 14:1-7)
  • “Le Tle ho Molimo ea Phelang” (Liketso 14:8-19)
  • ‘Ba ba Siea Matsohong a Jehova’ (Liketso 14:20-28)
  • Mohlala o Bululetsoeng oa Mosebetsi oa Bokreste oa Boromuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Barnabase—“Mora oa Matšeliso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Batho ba Jehova ba Tiisoa Tumelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
bt khao. 12 maq. 93-99

KHAOLO EA 12

“Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”

Pauluse le Barnabase ba bontša hore ba ikokobelitse, baa mamella ebile ba sebete

E Thehiloe ho Liketso 14:1-28

1, 2. Ho etsahala’ng ha Pauluse le Barnabase ba le Listra?

HO TLETSE pherekano Listra. Monna ea tsoetsoeng a holofetse o tlolela holimo ka thabo ka mor’a hore batho ba babeli bao a sa ba tsebeng ba mo phekole. Batho ba hlolletsoe, ’me moprista e mong o tlisetsa banna bana ba babeli meqhaka. Bongata bo lumela hore ke melimo. Lipoho lia kurutla ebile lia khonya ha moprista eo oa Zeuse a lokisetsa ho li hlaba. Pauluse le Barnabase ba hana ho etsetsoa lintho tsena. Ba hahola liaparo tsa bona, ba tlolela har’a bongata, ba kopa hore ba se ke ba rapeloa, ’me ba tlameha ho sebetsa ka thata ho kholisa bongata hore bo se ke ba ba rapela.

2 Eaba ho fihla Bajuda ba tsoang Antioke ea Pisidia le Ikoniamo, ba hanyetsang Bakreste. Ka mashano ba kenya batho ba Listra moea o mobe. Bongata bo neng bo batla ho rapela Pauluse joale bo se bo mo bokanela ’me bo mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a akheha. Ha bo se bo khotsofetse, bo mo hulela ka ntle ho motse, bo nahana hore o shoele.

3. Re tla hlahloba lipotso life khaolong ee?

3 Pherekano ee e bakiloe ke’ng? Kajeno baboleli ba litaba tse monate ba ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla Barnabase, Pauluse le baahi ba Listra ba khelosoang joaloka metsi a foro? Ke joang baholo ba Bakreste ba ka latelang mohlala oa Barnabase le Pauluse, e leng banna ba tšepahalang ba ileng ba mamella tšebeletsong ea bona, ’me “ba bua ka sebete hobane Jehova a ba file matla”?—Lik. 14:3.

‘Batho ba Bangata . . . e Ile ea E-ba Barutuoa’ (Liketso 14:1-7)

4, 5. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba ea Ikoniamo, ’me ho ile ha etsahala’ng moo?

4 Matsatsi a seng makae pejana, Pauluse le Barnabase ba ile ba lelekoa motseng oa Roma oa Antioke ea Pisidia ka mor’a hore Bajuda ba ba hanyetsang ba tsose moferefere. Leha ho le joalo, ho e-na le hore ba nyahamisoe ke baahi ba se nang thahasello ba motse oo, banna bana ba babeli ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona.” (Lik. 13:50-52; Mat. 10:14) Pauluse le Barnabase ba ile ba itsamaela ka khotso ’me ba tlohela bahanyetsi bao matsohong a Molimo. (Lik. 18:5, 6; 20:26) Baromuoa bana ba babeli ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate ba thabile. Ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 150 ba lebile leboea-bochabela, ’me ba fihla sehlabeng se nonneng se lipakeng tsa lithaba tsa Taurus le Sultan.

5 Qalong, Pauluse le Barnabase ba ile ba emisa Ikoniamo, moo batho ba neng ba tšoareletse setsong sa Bagerike, e leng o mong oa metse ea bohlokoa ka ho fetisisa profinseng ea Roma ea Galatia.a Bajuda ba hlaheletseng le basokolohi ba bangata bao e seng Bajuda ba ne ba lula motseng ona. Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa seo ba neng ba tloaetse ho se etsa, eaba ba kena ka tlung ea thapelo ’me ba qala ho bolela litaba tse monate. (Lik. 13:5, 14) Ba ile ba “ruta hantle hoo batho ba bangata ba Bajuda le Bagerike e ileng ea e-ba barutuoa.”—Lik. 14:1.

IKONIAMO—MOTSE OA BAFRIGIA

Ikoniamo e ne e le sehlabeng se nonneng, se ratoang ke pula. Motse ona o ne o le mateanong a litsela tse kholo tsa khoebo tse tsoang Siria le Roma, Greece, le Asia eo e neng e le profinse ea Roma.

Ikoniamo ho ne ho rapeloa Saebele molimotsana oa Bafrigia oa pelehi, ’me borapeli bona bo ne bo akarelletsa mekhoa ea borapeli ba Bagerike ba ho ella qetellong ea lekholo la bone la lilemo ho ea ho la pele la lilemo B.C.E. Motse ona o ile oa busoa ke Baroma ka 65 B.C.E., ’me lekholong la pele la lilemo C.E., e ne e le setsi se seholo le se atlehileng sa khoebo le temo. Le hoja Bajuda ba hlaheletseng ba ne ba lula Ikoniamo, ho bonahala mekhoa ea Bagerike e ne e ntse e rena motseng ona. Ha e le hantle, Liketso e bua ka baahi ba Bajuda le ba “Bagerike.”—Lik. 14:1.

Ikoniamo e ne e le moeling o pakeng tsa Likaoniale Frigia, e leng libaka tse Galatia. Bangoli ba itseng ba boholo-holo, ho akarelletsa le Cicero le Strabo, ba ne ba bitsa Ikoniamo motse oa Likaonia, ’me ho latela sebaka seo e leng ho sona, e ne e oela sebakeng seo. Leha ho le joalo, tlaleho ea Liketso e bontša hore Ikoniamo e fapane le Likaonia, moo ho neng ho buuoa “puo ea Selikaonia.” (Lik. 14:1-6, 11) Ka lebaka lena, bahlahlobisisi ba ile ba bolela hore buka ea Liketso ha ea nepahala. Leha ho le joalo, ka 1910 baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana mengolo e bontšang hore ha e le hantle Ikoniamo ho ne ho buuoa Sefrigia lilemong tse makholo a mabeli ka mor’a hore Pauluse le Barnabase ba etele moo. Kahoo, mongoli oa Liketso o ne a nepile ha a bontša hore Ikoniamo e fapane le metse ea Likaonia.

6. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase e ne e le mesuoe e atlehang, ’me re ka ba etsisa joang?

6 Ke hobane’ng ha mokhoa oo Pauluse le Barnabase ba ileng ba bua ka oona o ile oa atleha? Pauluse o ne a tseba Mangolo haholo. O ne a khona ho qotsa litaba tsa histori, tsa boprofeta le tsa Molao oa Moshe e le hore a tiise hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng. (Lik. 13:15-31; 26:22, 23) Barnabase o ne a bua ka tsela e bontšang hore o tsotella batho. (Lik. 4:36, 37; 9:27; 11:23, 24) Ha ho le ea mong ho bona ea neng a tšepile tsebo ea hae empa ba ne ba bua “ka sebete hobane Jehova a ba file matla.” U ka etsisa baromuoa bao joang mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate? Ka ho etsa lintho tse latelang: Tseba Lentsoe la Molimo hantle. Khetha Mangolo a ka ipiletsang haholo ho batho ba u mametseng. Tšelisa batho bao u ba bolellang litaba tse monate ka ho ba thusa moo ba hlokang thuso teng. Kamehla u thehe seo u se rutang Lentsoeng la Jehova, eseng bohlaleng ba hao.

7. (a) Litaba tse monate li ba le liphello life? (b) Haeba litho tsa lelapa li u hanyetsa ka lebaka la ho mamela litaba tse monate, ke’ng seo u lokelang ho se hopola?

7 Leha ho le joalo, hase batho bohle ba Ikoniamo ba neng ba thabela ho utloa litaba tsa Pauluse le Barnabase. Ha Luka a tsoela pele o re: “Bajuda ba sa lumelang ba hlohlelletsa batho ba lichaba hore ba hloee Pauluse le Barnabase.” Pauluse le Barnabase ba ile ba hlokomela hore ho hlokahala hore ba lule ’me ba sireletse litaba tse monate, ’me ba ile ba “qeta nako e telele ba bua ka sebete.” Ka lebaka leo, “batho ba motse ba ile ba fapana ka maikutlo. Ba bang ba lumellana le Bajuda, ba bang ba lumellana le Pauluse le Barnabase.” (Lik. 14:2-4) Kajeno batho ba etsa se tšoanang ha ba utloa litaba tse monate. Litaba tsena li kopanya ba bang ’me li arola ba bang. (Mat. 10:34-36) Haeba litho tsa lelapa li u hanyetsa ka lebaka la ho mamela litaba tse monate, hopola hore hangata khanyetso e bakoa ke litaba tsa bo-ba-re kapa liketselletso. Boitšoaro ba hao bo botle bo ka shanofatsa taba eo ea bo-ba-re ’me ba qetella bo fetotse lipelo tsa ba u hanyetsang.—1 Pet. 2:12; 3:1, 2.

8. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba tloha Ikoniamo, ’me re ithuta’ng mohlaleng oa bona?

8 Ka mor’a nako e itseng, batho ba Ikoniamo ba neng ba hanyetsa ba ile ba loha mano a ho tlepetsa Pauluse le Barnabase ka majoe. Ha baromuoa bana ba babeli ba bolelloa sena ba ile ba etsa qeto ea ho bolela litaba tse monate sebakeng se seng. (Lik. 14:5-7) Kajeno baboleli ba ’Muso ba etsa se tšoanang. Ha batho ba re hlaba ka mantsoe, re bua ka sebete. (Bafil. 1:7; 1 Pet. 3:13-15) Empa ha ho bonahala hore ba tla re hlasela ka mabifi, re qoba ho beha bophelo ba rona kapa ba barapeli-’moho le rona kotsing ho sa hlokahale.—Liprov. 22:3.

“Le Tle ho Molimo ea Phelang” (Liketso 14:8-19)

9, 10. Listra e ne e le hokae, ’me ke’ng seo re se tsebang ka baahi ba eona?

9 Pauluse le Barnabase ba ile ba ea Listra, e leng kolone ea Roma e bohole ba lik’hilomithara tse 30 ka boroa-bophirimela ho Ikoniamo. Listra e ile ea boloka maqhama a matla le Antioke ea Pisidia empa, ho fapana le eona, e ne e se na Bajuda ba hlaheletseng. Le hoja ho ka etsahala hore ebe baahi ba moo ba ne ba bua Segerike, puo ea bona e ne e le Selikaonia. Pauluse le Barnabase ba ile ba qala ho bolela litaba tse monate libakeng tsa sechaba hobane mohlomong motse oo o ne o se na ntlo ea thapelo. Ha Petrose a le Jerusalema o ne a ile a folisa monna ea tsoetsoeng a holofetse. Pauluse eena o ile a folisa monna e mong Listra ea neng a tsoetsoe a holofetse. (Lik. 14:8-10) Ka lebaka la mohlolo oo Petrose a neng a o entse, batho ba bangata e ile ea e-ba balumeli. (Lik. 3:1-10) Mohlolo oo Pauluse a ileng a o etsa o ile oa ba le liphello tse fapaneng haholo le tseo.

10 Joalokaha ho hlalositsoe qalong ea khaolo ena, ha monna ea holofetseng a tlolela holimo ’me a qala ho tsamaea, letšoele la batho ba Listra ba rapelang melimo ea bohetene le ile la etsa qeto e fosahetseng. Le ile la re Barnabase ke Zeuse, e leng molimo o ka sehloohong, ’me la re Pauluse ke Hermese, mora oa Zeuse le ’muelli oa melimo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Listra le Borapeli ba Zeuse le Hermese.”) Leha ho le joalo, Barnabase le Pauluse ba ne ba ikemiselitse ho hlakisetsa letšoele hore ba bua le ho etsa lintho ka matla a Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete, eseng ka matla a melimo ea bohetene.—Lik. 14:11-14.

LISTRA LE BORAPELI BA ZEUSE LE HERMESE

Listra e ne e le phuleng e thoko le litsela tse kholo. Sesare Augustase o ile a khetha motse ona hore e be kolone ea Roma, a o bitsa Julia Felix Gemina Lustra. Qhobosheane ea oona e ne e lokela ho sireletsa profinse ea Galatia melokong e lulang libakeng tse lithaba. Kahoo, motse ona o ne o tsamaisoa ho latela tsamaiso e tloaelehileng ea Roma, ’me ba boholong ba e-na le litlotla tsa Selatine. Leha ho le joalo, batho ba Listra ba ne ba ntse ba tšoareletse mekhoeng ea bona e mengata. Ho ne ho rena mekhoa ea Selikaonia ho feta ea Seroma, ’me ha e le hantle, batho ba Listra bao ho buuoeng ka bona bukeng ea Liketso ba ne ba bua Selikaonia.

Har’a lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale Listra ea boholo-holo ke mengolo e buang ka “baprista ba Zeuse” le seemahale sa molimo Hermese. Ho ile ha boela ha fumanoa aletare e nehetsoeng ho Zeuse le Hermese sebakeng seo.

Pale e ngotsoeng ke seroki sa Moroma se bitsoang Ovid (43 B.C.E. ho ea ho 17 C.E.), e fana ka lintlha tse eketsehileng tsa buka ea Liketso. Ho latela Ovid, melimo e bitsoang Jupiter le Mercury, e leng mabitso a Seroma a melimo eo Bagerike ba e bitsang Zeuse le Hermese, e ile ea etela sebakeng se maralla sa Frigia e iphetotse batho. E ile ea kopa bolulo malapeng a sekete, empa ha ho motho ea ileng a e amohela. Philemon le Baucis, e leng banyalani ba holileng, ke bona feela ba ileng ba e amohela ntlong ea bona e nyenyane ea boemo bo tlaase. Ka lebaka leo, Zeuse le Hermese ba ile ba fetola ntlo eo tempele ea ’mabole le khauta, ’me ba etsa banyalani bana ba holileng baprista, eaba ba heletsa matlo a batho ba sa kang ba ba amohela. The Book of Acts in Its Graeco-Roman Setting e re: “Haeba batho ba Listra ba ile ba hopola pale eo ha ba bona Pauluse le Barnabase ba folisa monna ea holofetseng, ha ho makatse hore ebe ba ne ba ka rata ho ba amohela ka ho ba etsetsa mahlabelo.”

Pauluse le Barnabase ba hana ho rorisoa ke batho ba Listra. Baa bina, ba lokisa mahlabelo ebile ba inamela Pauluse le Barnabase.

‘Le tlohele lintho tsena tse se nang thuso le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše.’—Liketso 14:15

11-13. (a) Pauluse le Barnabase ba ile ba re’ng ho baahi ba Listra? (b) Re ka ithuta’ng lipolelong tsa Pauluse le Barnabase?

11 Ho sa tsotellehe pherekano eo, Pauluse le Barnabase ba ile ba ’na ba leka ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho finyella lipelo tsa batho ba neng ba ba mametse. Ho tloha ha sena se etsahala, Luka o ile a bolela tsela e atlehang ea ho bolella bahetene litaba tse monate. Hlokomela hore na Pauluse le Barnabase ba ile ba finyella lipelo tsa batho ba neng ba ba mametse joang. Ba ile ba re: “Ke hobane’ng ha le etsa tjee? Le rona re batho feela ba nang le mefokolo e tšoanang le ea lona. Re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo e le hore le tlohele lintho tsena tse se nang thuso le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo, lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona. Nakong e fetileng o ile a lumella lichaba tsohle ho etsa lintho tseo li li batlang. Empa o ile a ipaka hore na ke Molimo ea joang ka ho etsa lintho tse ntle, a le fa lipula le chai ka nako ea tsona, a le fa lijo hore le je ho fihlela le khotsofetse a ba a etsa hore le thabe.”—Lik. 14:15-17.

12 Re ka ithuta’ng mantsoeng aa a susumetsang motho ho nahana ka ho teba? Taba ea pele, Pauluse le Barnabase ba ne ba sa nke hore ba phahametse batho ba ba mametseng. Ha baa ka ba iketsa seo ba seng sona. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso ba ile ba lumela hore ba na le mefokolo e tšoanang le ea bahetene ba neng ba ba mametse. Ke ’nete hore Pauluse le Barnabase ba ne ba fumane moea o halalelang ’me ba lokolotsoe lithutong tsa bohata. Ba ne ba boetse ba hlohonolofalitsoe ka tšepo ea ho busa le Kreste. Empa ba ile ba hlokomela hore baahi ba Listra ba ne ba ka amohela limpho tseo ka hore ba mamele Kreste.

13 Re ikutloa joang ka batho bao re ba pakelang? Na re ba nka e le batho ba tšoanang le rona? Ha re thusa ba bang ho ithuta linnete tsa Lentsoe la Molimo, na re etsisa Pauluse le Barnabase ka ho qoba ho ipatlela thoriso? Charles Taze Russell, mosuoe ea ikhethang ea ileng a etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate ho elella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, o ile a beha mohlala tabeng ena. O itse: “Ha re batle tlotla, tlhompho, bakeng sa rona kapa lingoliloeng tsa rona; kapa leha e le hona ho bitsoa Moruti kapa Rabi.” Boikokobetso ba Mor’abo rona Russell bo ne bo tšoana le ba Pauluse le Barnabase. Ka ho tšoanang, morero oa rona oa ho bolela litaba tse monate ha se ho ipatlela thoriso empa ke ho thusa batho ho tla ho “Molimo ea phelang.”

14-16. Ke ntho efe ea bobeli le ea boraro eo re ka ithutang eona ho seo Pauluse le Barnabase ba ileng ba se bolella baahi ba Listra?

14 Hlokomela ntho ea bobeli eo re ka ithutang eona tabeng ena. Pauluse le Barnabase ba ne ba ikamahanya le maemo. Ho fapana le Bajuda le basokolohi ba Ikoniamo, baahi ba Listra ba ne ba se na tsebo e kaalo ea Mangolo kapa ea litšebelisano tsa Molimo le sechaba sa Iseraele kapa ba se na eona ho hang. Leha ho le joalo, ba mametseng Pauluse le Barnabase e ne e le balemi. Boemo ba leholimo ba Listra bo ne bo itekanetse ’me masimo a teng a nonne. Batho bao ba ne ba ka bona bopaki bo bongata ba makhabane a ’Mopi a ka bonoang linthong tse kang linako tsa selemo tseo ho tsona ho bang le chai, ’me baromuoa bana ba ile ba sebelisa lintho tsena e le hore ba ba susumelletse ho nahana.—Bar. 1:19, 20.

15 Na le rona re ka ikamahanya le maemo joaloka bona? Le hoja molemi a ka jala peo ea mofuta o le mong masimong a hae a ’maloa, o lokela ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ea ho lokisa mobu. E ka ’na eaba mobu o mong o se o ntse o le bonolo ’me o loketse peo. Mobu o mong o ka ’na oa hloka hore o lokisoe ka ho eketsehileng. Ka ho tšoanang, re lema peo e tšoanang ka linako tsohle—e leng molaetsa oa ’Muso o fumanoang Lentsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, haeba re tšoana le Pauluse le Barnabase, re tla leka ho lemoha maemo le bolumeli ba batho bao re ba pakelang. Joale re tla etsa hore tsebo ena e susumetse tsela eo re bolelang molaetsa oa ’Muso ka eona.—Luka 8:11, 15.

16 Ho na le ntho ea boraro eo re ka ithutang eona tlalehong e amanang le Pauluse, Barnabase, le baahi ba Listra. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, ka linako tse ling peo eo re e jalang ea tlosoa kapa e oela mobung o majoe. (Mat. 13:18-21) Haeba seo se etsahala, u se ke ua nyahama. Joalokaha Pauluse a ile a hopotsa barutuoa ba Roma hamorao, “e mong le e mong oa rona [ho akarelletsa le motho e mong le e mong eo re buisanang le eena ka Lentsoe la Molimo] o tla ikarabella ho Molimo.”—Bar. 14:12.

‘Ba ba Siea Matsohong a Jehova’ (Liketso 14:20-28)

17. Ka mor’a hore Pauluse le Barnabase ba tlohe Derbe, ba ile ba ea hokae, hona hobane’ng?

17 Ka mor’a hore Balikaonia ba hulele Pauluse ka ntle ho Listra ’me ba mo siee moo ba nahana hore o shoele, barutuoa ba ile ba mo bokanela eaba oa tsoha ’me o robaletsa motseng. Letsatsing le latelang, Pauluse le Barnabase ba ile ba kena leetong la bona la lik’hilomithara tse 100 ho ea Derbe. Re ka inahanela feela hore na e bile leeto le boima hakaakang ho Pauluse, kaha o ne a ile a tlepetsoa ka majoe lihora tse seng kae pejana. Ho ntse ho le joalo, eena le Barnabase ba ile ba mamella ’me ha ba fihla Derbe ba “thusa batho ba bangata hore e be barutuoa.” Joale, ho e-na le ho khaoletsa ha ba khutlela kabelong ea bona Antioke ea Siria, “ba khutlela Listra, Ikoniamo le Antioke [ea Pisidia].” Ka sepheo sefe? E le ho matlafatsa “barutuoa, ba ba khothaletsa ho lula ba tiile tumelong.” (Lik. 14:20-22) Banna bao ba babeli ba ile ba beha mohlala o motle hakaakang! Ba ile ba itella phutheho. Balebeli ba potoloho le baromuoa ba mehleng ena ba entse se tšoanang.

18. Baholo ba khethoa joang?

18 Ho phaella ho matlafatseng barutuoa ka mantsoe a bona le mohlala, Pauluse le Barnabase ba ile ba khetha “baholo liphuthehong tsohle.” Le hoja Pauluse le Barnabase ba ne ba ‘rometsoe ke moea o halalelang’ leetong lena la boromuoa, ba ile ba ’na ba rapela le ho itima lijo ha “ba siea baholo bao matsohong a Jehova.” (Lik. 13:1-4; 14:23) Ho etsoa se tšoanang kajeno. Pele ho buelloa hore mor’abo rona a khethoe, sehlopha sa baholo ba phutheho sea rapela ebe se hlahloba hore na oa tšoaneleha ho latela Mangolo. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9; Jak. 3:17, 18; 1 Pet. 5: 2, 3) Ha a khethoe ho latela nako eo a e qetileng e le Mokreste. Ho e-na le hoo, lipuo tsa mor’abo rona, boitšoaro le botumo li bontša hore na moea o halalelang o sebetsa hakae bophelong ba hae. Ha a etsa lintho tseo Mangolo a reng balebeli ba lokela ho li etsa, seo se tla etsa hore a tšoanelehe ho ba molisa oa mohlape. (Bagal. 5:22, 23) Molebeli ba potoloho ke eena ea nang le boikarabelo ba ho khetha baholo.—Bapisa le 1 Timothea 5:22.

19. Baholo baa tseba hore ba na le boikarabelo bofe, ’me ba etsisa Pauluse le Barnabase joang?

19 Baholo baa tseba hore ba ikarabella ho Molimo bakeng sa tsela eo ba tšoarang phutheho ka eona. (Baheb. 13:17) Joaloka Pauluse le Barnabase, baholo ba etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate. Ba matlafatsa barutuoa-’moho le bona ka mantsoe. Ba ikemiselitse ho itella phutheho.—Bafil. 2:3, 4.

20. Re rua molemo joang ha re bala litlaleho tse mabapi le mosebetsi oo barab’abo rona ba o etsang ka botšepehi?

20 Ha Pauluse le Barnabase ba qetella ba khutletse kabelong ea bona ea boromuoa Antioke ea Siria, ba ile ba tlaleha “lintho tse ngata tseo Molimo a neng a ba sebelisitse ho li etsa le hore Molimo o buletse batho ba lichaba monyako e le hore le bona ba ka lumela.” (Lik. 14:27) Ha re bala ka mosebetsi oo barab’abo rona ba Bakreste ba o etsang ka botšepehi ’me re bona kamoo Jehova a ba hlohonolofatsang kateng mosebetsing oa bona, re tla khothalla ho tsoela pele ho ‘bua ka sebete hobane Jehova a re file matla.’

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Ikoniamo—Motse oa Bafrigia.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela