Lero la Bohlokoa ka ho Fetisisa Lefatšeng
HO BONOLO ho khella lerotholi la mali fatše. Le bokellana hantle moo ho nang le mongoapo kapa leqeba le lenyenyane, lea bokellana ’me rea le hlatsoa kapa ho le phumola re sa nahane letho ka lona.
Empa haeba re ne re ka etsa hore re honyele re be banyenyane hoo lerotholi lena le neng le ka okamela lihlooho tsa rōna joaloka thaba, re ne re tla hlolloa ke marang-rang le tlhophiso tseo re neng re tla li fumana ’maleng ona o mofubelu tseo ho leng thata ho li hlokomela. Har’a lerotholi leo le le leng, ho na le lisele tse ngata: lisele tse khubelu tsa mali tse 250 000 000, lisele tsa mali tse tšoeu tse 400 000; li-platelet tse 15 000 000 tseo e mpang e le tsa mofuta o mong. Ha li kena tšebetsong phallong ea mali, mofuta ka mong oa lisele o etsa mosebetsi o fapaneng.
Lisele tse khubelu li tsamaea har’a tsamaiso e rarahaneng ea methapo, li nka oxygen matšoafong ho e isa seleng e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele le ho tlosa carbon dioxide. Lisele tsena li nyenyane hoo qubu ea tse 500 e ka bang bophahamo ba lisenthimithara tse 0,1. Leha ho le joalo, qubu eohle ea lisele tse khubelu ’meleng oa hao e ka ba bophahamo ba lik’hilomithara tse 50 000! Ka mor’a matsatsi a ka bang 120 hoba li haole le ’mele ka makhetlo a 1 440 ka letsatsi, lisele tse khubelu lia phomola. Karolo ea tsona ea bohloka e nang le tšepe e ngata e boetse e sebelisoa hamolemo hape, ’me e setseng ea lahloa. Motsotsoana o mong le o mong, ho tlosoa lisele tse khubelu tse limillione tse tharo athe ka nako e tšoanang ho boetse ho etsoa lenane le lekanang le leo mokong. ’Mele o tseba joang ha lisele tse khubelu li se li fihletse nako e loketseng ea hore li phomole? Bo-rasaense ba sa ntse ba qakehile. Ho latela setsebi se seng sa meriana, ka ntle ho tsamaiso ena ea hore lisele tsa khale tse khubelu li nkeloe sebaka ke tse ling, “mali a rōna a ne a tla ba matenya joaloka konkereiti nakong ea libeke tse seng kae.”
Ho sa le joalo, lisele tse tšoeu li ntse li ea holimo le tlaase ’me li tsoma lintho tse sa hlokahaleng ’meleng tse ntšang kotsi le ho li bolaea. Ka potlako li-platelet li bokellana moo ho nang le leqeba ’me li qale ho etsa lehloele le ho koahela mongoapo. Lisele tsena tsohle li solla har’a mokeli-keli o bosehla bo hlakileng o bitsoang plasma, oo ka booona o entsoeng ka metsoako e makholo-kholo, eo e mengata ea eona e leng ea bohlokoa haholo bakeng sa ho phethahatsa mesebetsi e mengata ea mali.
Bo-rasaense ba ikentse khokan’a phiri ka bohlale ba bona ha ba utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mali a e etsang, ho se ho sa boleloe hore ha ba etse letho le tšoanang le ’ona. Na ho ka etsahala hore ebe lero lena le rarahaneng ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa ’Mōpi e Moholo? Na ha se ho utloahalang hore ’Mōpi enoa ea phahametseng batho o na le tokelo eohle ea ho laola kamoo pōpo ea hae e lokelang ho sebelisoa ka teng?
Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa nahana joalo. Li talima Bibele e le lengolo le tsoang ho ’Mōpi oa tsona le nang le tataiso ea ho phela hamolemohali kamoo ho ka khonehang; ha se buka e sa reng letho tabeng ea mali. Levitike 17:14 (NW) e re: “Sephefumolohi sa nama ea mofuta o mong le o mong ke mali a sona”—eseng ka tsela ea sebele kaha Bibele e boetse e bolela hore sebōpuoa se phelang ke sephefumolohi. Ho fapana le hoo, bophelo ba liphefumolohi tsohle bo amana le mali a leng ho tsona ka ho rarahaneng ’me bo matlafatsoa ke ’ona hoo ka nepo a talingoang e le lero le halalelang le emelang bophelo.
Ho batho ba bang ke taba e thata ho utloisisoa. Re phela lefatšeng le sa nkeng lintho tse ngata li halalela. Ke ka seoelo bophelo bo nkoang e le ba bohlokoa kamoo ho loketseng ka teng. Ha ho makatse ha mali a rekoa le ho rekisoa joaloka thepa e ’ngoe le e ’ngoe. Empa batho ba hlomphang litaelo tsa ’Mōpi ha ba tšoare mali ka tsela eo. Taelo ea Molimo ho Noe le bana ba hae le batho bohle ebile hore ‘le se ke la ja mali.’ (Genese 9:4) Makholo a robeli a lilemo hamorao O ile oa kenya taelo eo Molaong oo o ileng oa o neha Baiseraele. Makholo a lilemo a 15 hamorao o ile oa boela oa tiisoa hape phuthehong ea Bokreste: ‘Le tele mali.’—Liketso 15:20.
Lipaki tsa Jehova li sa tšoarelletse molaong oo haholo-holo hobane li batla ho utloa ’Mōpi oa tsona. Ka lefu la sehlabelo la Mor’a hae ea ratoang, ’Mōpi o se a file batho mali a pholosang bophelo. A ka lelefatsa bophelo eseng ka likhoeli tse ’maloa feela kapa lilemo empa ka ho sa feleng.—Johanne 3:16; Ba-Efese 1:7.
Ho phaella moo, ho tela litšelo tsa mali ho sirelelitse Lipaki likotsing tse ngata. Batho ba bangata ka ho eketsehileng ka ntle ho Lipaki tsa Jehova ba hana litšelo tsa mali kajeno. Butle-butle lingaka lia arabela ’me li fokotsa tšebeliso ea mali. Ho joalokaha Surgery Annual e hlalosa: “Ka ho hlakileng, ho se tšeloe mali ke hona ho sireletsehileng ka ho fetisisa.” Koranta Pathologist e hlokometse hore ke khale Lipaki tsa Jehova li tsitlallela hore litšelo tsa mali hase phekolo e bohlale. E phaelletse: “Ho na le bopaki bo bongata bakeng sa ho tšehetsa qeto ea tsona ho sa tsotellehe khanyetso e tsoang ho basebeletsi ba libanka tsa mali.”
Ke mang eo u ka hlang oa mo tšepa? Motho ea bohlale ea entseng mali? Kapa batho ba entseng thekiso ea mali khoebo e khōlō?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Esita leha litšelo tsa mali li ka felisoa joaloka lihlahisoa tse kotsi le tse sa hlokahaleng tsa khoebo eo khafetsa e leng meharo, seo se ne se ke ke sa hlalosa lebaka leo Lipaki tsa Jehova li li hanang ka lona. Mabaka a tsona ke a fapaneng ka ho felletseng ebile ke a bohlokoa haholo. Ke mabaka afe ao?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tsamaiso ea methapo ea motho, hammoho le methapo ea mali (setšoantšo se hare) e nyenyane hoo lisele tsa mali li qobelloang ho tsamaea li kolokile