Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 9/15 maq. 3-4
  • “Eka Khona ke Etse Eng Hore ke Tle ke Pholosoe?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Eka Khona ke Etse Eng Hore ke Tle ke Pholosoe?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lumela ho Morena Jesu”
  • Seo re Tlamehang ho se Etsa Hore re Pholosoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Molebeli oa Teronko o Ithuta Lentsoe la Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Poloko Seo e Hlileng e se Bolelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Tšelela Macedonia”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 9/15 maq. 3-4

“Eka Khona ke Etse Eng Hore ke Tle ke Pholosoe?”

“EKA khona ke etse eng hore ke tle ke pholosoe?” Potso ena e ile ea botsoa morao koana ka selemo sa 50 C.E. ke molebeli oa chankane oa Filippi, Macedonia. Ho ne ho sa tsoa ba le tšisinyeho ea lefatše e khōlō, ’me mamati a chankane eo a neng a ikarabella ho eona a ne a ile a ipula kaofela. A nahana hore batšoaruoa ba balehile, molebeli oa chankane o ne a le haufi le ho ipolaea. Empa e mong oa batšoaruoa, moapostola Pauluse, a hoeletsa: “Se intše kotsi, hobane re teng bohle!”—Liketso 16:25-30, TLP.

Pauluse le motšoaruoa hammoho le eena, Silase, ba ne ba tlile Filippi ho tla bolela molaetsa oa pholoho, ’me ba ne ba le chankaneng ka lebaka la liqoso tsa bohata khahlanong le bona. Molebeli oa chankane ha a leboha hore batšoaruoa ha baa baleha, o ile a batla ho utloa molaetsa oa Pauluse le Silase. O ne a tla lokela ho etsa eng ho thabela pholoho e boleloang ke baromuoa bana ba babeli ba Bakreste?

Kajeno batho ba sa ntsane ba hloka pholoho eo Pauluse le Silase ba neng ba e bolela. Leha ho le joalo, ka masoabi, ba bangata ba talima taba ea ho pholosoa ka pelaelo e khōlō. Ba khopisoa ke boikhohomoso le meharo tsa balumeli ba bangata ba bolelang hore ba ba ruta hore na ba ka pholosoa joang. Ba bang ba balehisoa ke maikutlo a sa utloahaleng a khethollang malumeli a mangata a evangeli a hatisang khopolo ea pholoho. Mongoli oa Lenyesemane Philip Howard o itse baevangeli-ka-lebitso ba joalo “ba hlasela maikutlo le matsoho a tekenang licheke ho e-na le likelello tsa bamameli ba bona.”—Bapisa le 2 Petrose 2:2.

Ba bang hape ba nyarosoa ke liphetoho tseo ka linako tse ling li etsahalang ho batho ka bomong ba lumelang hore ba bile le phihlelo ea “ho pholosoa.” Bukeng ea bona Snapping, Flo Conway le Jim Siegelman ba tšohla liphihlelo tse ngata tsa bolumeli—ho akarelletsa tsa “ho pholosoa”—tse ileng tsa tloaeleha mashomeng a lilemo a seng makae a fetileng. Ba ngola ka “lehlakore le seng letle” la liphihlelo tse joalo ’me ba bolela hore batho ba ‘susumelletsoa habonolo’ liphetohong tsa botho tsa tšohanyetso tse sitoang ho fana ka khotsofalo le tsebo tse tšepisitsoeng empa ho e-na le hoo li hlahisa thetso, likelello tse koalehileng le ho sitoa ho talimana le ’nete. Bangoli baa eketsa: “Re ka hlalosa tšebetso e le ea ho koala kelello, ea ho se nahane.”

Ha hoa ka ha e-ba joalo ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba e-ba le phihlelo ea pholoho. Molebeli oa chankane oa Filippi haa ka a ‘koala kelello ea hae’ ha moapostola Pauluse a arabela potso ea hae, “Eka khona ke etse eng hore ke tle ke pholosoe?” ’Me Pauluse le Silase ha baa ka ba ‘hlasela maikutlo a hae’ le ho ipiletsa bakeng sa monehelo o moholo oa chelete. Ho e-na le hoo, “ba ’molella lentsoe la Morena [Jehova].” Ha ba behelana mabaka le monna eo, ba ile ba mo thusa hore a fihle kutloisisong e hlakileng ea litokisetso tsa Molimo bakeng sa pholoho.—Liketso 16:32, TLP.

“Lumela ho Morena Jesu”

Baromuoa bao ba Bakreste ba ile ba bula kelello ea molebeli oa chankane ’neteng ea motheo e buang ka pholoho. Ke ’nete e tšoanang le eo moapostola Petrose a ileng a e hlalosa ha ho qala ho theoa phutheho ea Bokreste. Petrose o ile a supa karolo ea bohlokoa ea Jesu Kreste tabeng ea pholoho, a mo bitsa “Moemeli e Moholo oa bophelo.” Moapostola eo o ile a boela a re: “Ha ho pholoho ho e mong osele, hobane ha ho lebitso le leng hape tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo re lokelang ho pholosoa ka lona.” (Liketso 3:15; 4:12, NW) Pauluse le Silase ba ile ba lebisa molebeli oa chankane oa Mofilippi ho Moemeli eena enoa bakeng sa pholoho ha ba re: “Lumela ho Morena Jesu, ’me . . . [u] tla pholosoa.”—Liketso 16:31, TLP.

Leha ho le joalo, ho lumela ho Morena Jesu ho bolela eng? Ke hobane’ng ha ho se lebitso le leng haese la Jesu leo re ka pholosoang ka lona? Na ke motho e mong le e mong eo qetellong a tla finyella pholoho? Na baapostola ba ne ba lumela khopolo ea hore “hang ha u pholositsoe, u pholositsoe ka mehla”? Tsena ke lipotso tsa bohlokoa hobane, ho sa tsotellehe ’nete ea hore mantsoe le liketso tsa balumeli ba bangata ba kajeno li sekametse ho eiseng lentsoe leo, re sa ntsane re hloka pholoho. Bohle re hloka karabelo e khotsofatsang, e utloahalang potsong: “Eka khona ke etse eng hore ke tle ke pholosoe?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela