Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 3/15 maq. 23-25
  • Sesaera le Bakreste ba Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sesaera le Bakreste ba Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaiso ea Seroma
  • Pontšo
  • “Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Heroda e Moholo—E ne e le Sehahi se Hloahloa
    Tsoha!—2009
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 6
    Tsoha!—2011
  • “Matlotlo a Naha e Halalelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 3/15 maq. 23-25

Sesaera le Bakreste ba Pele

MOTSE oa boholo-holo o lebopong la leoatle oa Sesarea, o theiloeng ke Heroda e Moholo nakoana pele ho tsoalo ea Jesu Kreste, e bile sebaka seo ho sona ho sa tsoa sibolloa lintho tse ngata tsa mesaletsa ea lintho tsa khale. Pontšo e bitsoang “King Herod’s Dream,” ea liepolloa tsena, hona joale e ntse e bontšoa ho hahlaula le Amerika Leboea.a

Heroda o ile a iqekisetsa hore a ratoe ke ’musi oa Moroma Sesare Augusto. Kahoo, o ile a bitsa motse oo Sesarea (e bolelang, “Oa Sesare”) ’me seemelo sa oona sa likepe a re ke Sebastos (“Augusto” ka Segerike). Basebetsi ba Heroda ba ile ba haha kou ea likepe e hlollang eo ho eona ho neng ho ka ema likepe tse lekholo, ’me ba ile ba haha tempele e ntle haholo e nang le seemahale se seholo bakeng sa ho rapela ’musi.

Tsamaiso ea Seroma

Sesarea e ile ea fetoha sebaka sa bolulo sa molao bakeng sa babusi ba Roma—banna ba neng ba busa Judea. Sesarea e ne e le setsi sa Roma sa mesebetsi ea bopolotiki le sesole. Ke hona mona moo molaoli oa sesole Kornele le “bahabo le metsoalle ea hae e meholo” ba ileng ba fetoha batho ba pele ba sa bollang bao e seng Bajode ba ileng ba amohela Bokreste. (Liketso, khaolo 10) ’Moleli oa evangeli Filipi o ile a ea Sesarea; joalokaha ho ile ha ea moapostola Petrose. Tse ling tsa likepe tseo moapostola Pauluse a ileng a li sebelisa maetong a hae a boromuoa li ile tsa ema koung ea likepe ea Sesarea. Hoo e ka bang ka selemo sa 56 C.E., Pauluse le Luka ba ile ba lula lapeng ha Filipi, eo ho bonahalang hore o ne a se a hahile teng le eo barali ba hae ba bane le bona ba neng ba sebeletsa Molimo.—Liketso 8:40; 12:18, 19; 18:21, 22; 21:8, 9.

Ke Sesarea moo Pauluse a ileng a isoa hore a tle a hlahe ka pel’a ’musi oa Roma Felikse. Mono Pauluse o ile a bua mantsoe a hae a tsebisahalang ho Festuse: “Ke ipiletsa ho Sesare.”—Liketso, likhaolo 23-26, TLP.

Pontšo

Ha u kena pontšong ena, u tobana le seemahale sa Tike, molimo oa mosali oa Sesarea. Lebitso la hae le bolela “Lehlohonolo” kapa “Lehlohonolo le Molemo.” Leha ho le joalo, Bakreste ba moo ba ne ba sa bea tšepo ea bona ho molimo oa mosali oa mahlohonolo empa ho Molimo oa ’nete, Jehova. Hape ba ne ba lumela ho Jesu Kreste, eena eo Morena Heroda a neng a ile a leka ho mo bolaea.

Ka likamoreng tse peli tse latelang, u bona kamoo baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba sibolotseng lintho tse fumanoeng Sesarea le kamoo lebopo le ileng la ahoa kateng. Joale, ka kamoreng ea bone, u bona tsosoloso ea e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse ileng tsa fumanoa Sesarea. Ke oona feela mongolo o tsejoang oa ’musi oa Roma eo Jesu Kreste a ileng a isoa ka pel’a hae. Mongolo oo oa baleha: “Ponse Pilato, ’musi oa Judea.”

Kamore ena ae boetse e na le lichelete tse peli tsa tsěpe tse nyenyane tse thahasellisang haholo. Ea pele ka ho le letona e na le mongolo ona: “Selemo sa bobeli sa tokoloho ea Sione.” Ho ea bobeli ho na le mantsoe ana: “Selemo sa bone pele ho tokoloho ea Sione.” Litsebi li bolela hore lichelete tsena ke tsa 67 C.E. le 69 C.E. “Tokoloho” eo ho buuoang ka eona ke nako eo ka eona Bajode ba neng ba nkile Jerusalema, ka mor’a hore Cestiuse Galluse a hule mabotho a loanang a hae a Roma ka selemo sa 66 C.E.

Ho huloa hoo ha mabotho ho ile ha etsa hore ho be bonolo ho baleha Jerusalema. Batho ba neng ba lumela ho Jesu ba ile ba baleha, hobane ka ho toba o ne a ile a re: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng, ba har’a Jerusalema ba tsoe; ba naheng ba se ke ba kena teng.” (Luka 21:20, 21) Ka ho totobetseng, baetsi ba lichelete tsena tsa tsěpe tsa “tlhōlo” ba ne ba sa tsebe ho hang ka timetso e neng e ba tlela!

Ka selemo sa 70 C.E., lebotho la Roma le ile la khutla, la hapa Jerusalema, ’me la senya tempele. Ho ea ka Josephus, le ile la bolaea batho ba fetang millione ba neng ba khobokane ka hare ho motse bakeng sa Paseka. Molaoli oa Moroma Tite o ile a keteka tlhōlo ena—le letsatsi la tsoalo la ngoan’abo Domitian—ka lipapali lebaleng la lipapali la Sesarea. Mono batšoaruoa ba 2 500 ba ile ba akheloa ka hare ho libatana, ba chesoa, kapa ba bolaoa lipapaling tsa ho loanela bophelo.

Kamore e latelang ea pontšo e na le seemahale sa Artemise oa Efese, molimo oa mosali oa kemolo o matsoele-tsoele. Ke oona molimo ona oa mosali oo barapeli ba oona ba ileng ba baka morusu Efese ha ho bolela ha Pauluse ho etsa hore ba bangata ba lahle borapeli bo manyala ba litsǒantšo ’me ba latele Jesu Kreste.—Liketso 19:23-40.

Moo ho bontšitsoeng mangeta ho bontša hore na lekholong la pele la lilemo ho ne ho tsamauoa libaka tse kae joalokaha ho senotsoe ka Mangolong. Ntlong e le ’ngoe feela ea boholo-holo ea polokelo, ho ile ha fumanoa mangeta a tsoang libakeng tse qalikaneng haholo joaloka Yugoslavia, Italy, Spain, ’me mohlomong le Afrika Leboea. Ka libaka tse qalikaneng hakaalo tseo ho neng ho tsamauoa ho tsona, ho bonolo ho utloisisa hore baeti ba tsoang libakeng tse arohaneng haholo tsa ’Muso oa Roma ba ne ba ka ba Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E. Mono, ba bangata ba ile ba utloa litaba tse molemo ka lipuo tsa habo bona, ea e-ba balumeli, ’me ba kolobetsoa. Hoa utloahala hore ba bang ba ile ba khutlela linaheng tsa habo bona ba e-na le litaba tse molemo ha ba palama likepe tse tsoang Sesarea.—Liketso, khaolo 2.

Ka kamoreng e latelang, lematjana le lesoeu le leholo le nang le mahlakore a mabeli a lekanang le tšehelitse mangeta a letlapa la ’mabole la lekholo la boraro kapa la bone la lilemo. Tšimolohong le ne le thathamisitse likarolo kapa likemiso tse 24 tsa malapa a boprista ka tatelano eo ka eona a neng a lokela ho sebeletsa tempeleng ea Jerusalema. Tempele eo e ne e rapaletse e le lesupi ka lilemo tse makholo, empa Bajode ba ne ba kholisehile hore e tla tloha e tsosolosoa. Makholo a lilemo hamorao ba ne ba sa ntsane ba rapela Molimo hore o tla tsosolosa likemiso tsa boprista mehleng ea bona. Empa tempele ha ea ka ea tsosolosoa. Jesu o ne a ile a profeta hore e tla timetsoa; ’me pele e timetsoa, moapostola Pauluse, Mojode le eo e neng e le Mofarisi pele, o ile a totobatsa hore Molimo o ne o nketse tempele eo sebaka ka ho hong ho molemonyana—ka tempele e kholoanyane haholo, tempele ea moea, eo tempele e neng e hahiloe ka matsoho Jerusalema e neng e le feela papiso, setšoantšo, kapa e emetsoe ke eona.-Mattheu 23:37-24:2; Ba-Heberu, likhaolo 8, 9.

Ho ile ha feta lilemo tse makholo ’me bahapi ba sena ba suthelana. Masupi a Sesarea a ile a qetella a tetebetse ka tlas’a lehlabathe le leoatle. Mono a ne a letetse baepolli ba kajeno ba mesaletsa ea lintho tsa khale, bao lintho tseo ba li sibolotseng li re thusitseng ho utloisisa haholoanyane bophelo ba mehleng ea boholo-holo le ka lintho tse ling tseo re balang ka tsona Lentsoeng la Molimo, Bibele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E se e bontšitsoe Sebakeng sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale tsa Histori ea Tlhaho se Washington, Sebakeng sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale tsa Histori ea Tlhaho sa Setereke sa Los Angeles, le Sebakeng sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale tsa Histori ea Tlhaho se Denver, Colorado. Libaka tse ling tse letotong li akarelletsa Sebaka sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale sa Thuto ea Mahlale sa Minnesota se Saint Paul le Sebaka sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale sa Thuto ea Mahlale sa Boston, haesita le Sebaka sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale sa Tsoelo-pele se Ottawa.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Tike, molimo oa mosali oa “Mahlohonolo” oa Sesarea

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]

Polokelo ea litsǒantšo (Near Eastern History) Est.

Ka tumello ea Sebaka sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale tsa Histori ea Tlhaho sa Setereke sa Los Angeles

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]

Aaron Levin

Lefapha la Iseraele la Lintho tsa Boholo-holo le Lipolokelo tsa Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale; litšoantšo li tsoa Polokelong ea Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale ea Iseraele, Jerusalema

Ka tumello ea Sebaka sa Polokelo sa Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale tsa Histori ea Tlhaho ea Setereke sa Los Angeles

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela