Kamoo U ka Fumanang Bolumeli ba ’Nete
Ba bang baa botsa: ‘Haeba ’nete ea Molimo e teng, ke hobane’ng ha re lokela ho e batla? Haeba Molimo o na le molaetsa oa bohlokoa o eang ho batho bohle, na o ne a ke ke a o fetisa ka tsela e hlakileng hoo batho ba tla o utloisisa ka potlako, ho sa hlokahale hore ba be ba o tsome?’
KE ’NETE hore Molimo o na le matla a ho etsa joalo. Empa na ke tsela eo a khethileng ho tsebahatsa ’nete ka eona?
Kamoo Molimo a Tsebahatsang ’Nete Kateng
Ha e le hantle, Molimo o fetisa molaetsa oa hae ka tsela e lumellang batho ba batlang ’nete ka tieo hore ba o fumane. (Pesaleme ea 14:2) Nahana ka molaetsa oo Molimo a ileng a fana ka oona ka moprofeta oa hae Jeremia lilemong tse ngata tse fetileng. E ne e le o reng Bababylona ba tlil’o timetsa Jerusalema ’me o ne o lebisitsoe ho batho ba Molimo ba neng ba khelohile.—Jeremia 25:8-11; 52:12-14.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le baprofeta ba bang ba neng ba ipolela hore ba fana ka molaetsa o tsoang ho Molimo. Hanania o ile a bolela hore ho ne ho tla ba le khotso Jerusalema. Oo e ne e le molaetsa o fapaneng ka ho feletseng le o neng o boleloa ke Jeremia. Joale batho ba mehleng eo ba ne ba lokela ho lumela mang—Jeremia kapa ba neng ba bolela se fapaneng?—Jeremia 23:16, 17; 28:1, 2, 10-17.
E le hore Bajuda ba tšepahalang ba tsebe se nepahetseng, ba ne ba lokela ho ithuta hore na Jehova ke motho ea joang. Ba ne ba lokela ho utloisisa melao le melao-motheo ea hae, le hore na o ikutloa joang ka se fosahetseng. Ha ba etsa joalo, ba ne ba tla be ba lumellana le mantsoe ao Molimo a neng a a buile ka Jeremia a hore “ho ne ho se na motho ea bakelang bobe ba hae.” (Jeremia 8:5-7) Ho feta moo, ba ne ba tla lemoha hore boemo bona bo utloisang bohloko bo ne bo bontša tlokotsi e tlelang Jerusalema le baahi ba eona.—Deuteronoma 28:15-68; Jeremia 52:4-14.
Boprofeta ba Jeremia mabapi le Jerusalema bo ile ba phethahala. Ka 607 B.C.E., Bababylona ba ile ba felisa motse oo.
Le hoja liphello tsa ho se mamele li ne li boletsoe esale pele, ho ne ho hlokahala hore batho ba etse boiteko e le hore ba lemohe hore joale nako e ne e fihlile ea hore Molimo a nke khato.
Ho Thoe’ng ka ’Nete ea Bokreste?
Ho thoe’ng ka ’nete eo Jesu Kreste a neng a e tsebahatsa? Na bohle ba ile ba e nka e le molaetsa o tsoang ho Molimo? Che. Le hoja Jesu a ne a phela ka har’a sechaba sa Iseraele, a ruta le ho etsa mehlolo, boholo ba bamameli ba hae ha baa ka ba lemoha hore e ne e le eena ea neng a ile a boleloa esale pele hore ke Mesia, Kreste kapa Motlotsuoa.
Ho Bafarisi ba ileng ba botsa hore na ’Muso oa Molimo o tla neng, Jesu o ile a re: “’Muso oa Molimo ha o tle ka ho hlokomeleha ho totobetseng.” O ile a phaella: “’Muso oa Molimo o har’a lōna.” (Luka 17:20, 21) ’Musi ea khethiloeng ke Molimo, e leng Jesu, o ne a le har’a bona! Empa Bafarisi bao ba ile ba hana ho amohela bopaki ba hore ke eena ea neng a phethahatsa boprofeta ba Mesia ’me ba hana ho mo amohela e le “Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.”—Matheu 16:16.
Batho ba ile ba itšoara ka tsela e tšoanang ha ba utloa ’nete e neng e boleloa ke barutuoa ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo. Le hoja mehlolo e ne e bontša hore Molimo o tšehelitse barutuoa bana, batho ba bangata ba ne ba ntse ba sa lemohe ’nete habonolo. (Liketso 8:1-8; 9:32-41) Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba “etse batho . . . barutuoa” ka ho ba ruta. Ka ho mamela le ho ithuta ’nete ea Mangolo, ba batlang ’nete ka tieo ba ile ba fetoha balumeli.—Matheu 28:19; Liketso 5:42; 17:2-4, 32-34.
Ho joalo le kajeno. ‘Litaba tse molemo tsa ’muso li boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’ (Matheu 24:14) Hase hakaalo hore li boleloa “ka ho hlokomeleha ho totobetseng”—ke hore ka tsela e totobetseng hoo motho e mong le e mong lefatšeng a tla lemoha hore ke molaetsa o tsoang ho Molimo. Leha ho le joalo, batho ba tšepahalang ba batlang ho rapela Molimo ka tsela eo a e amohelang ba hlokomela ’nete ea Molimo ’me baa e amohela.—Johanne 10:4, 27.
Taba ea hore u ntse u bala makasine ena e buang ka Bibele e bontša hore e ka ’na eaba u ntse u batla ’nete ka tieo. U ka fumana joang hore na ke bolumeli bofe bo rutang ’nete?
Mokhoa o Sebetsang
Baahi ba Berea ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba babatsoa ke moapostola Pauluse ka tsela eo ba ileng ba arabela ka eona ha a ba ruta. Ha baa ka ba potlakela ho amohela hore seo Pauluse a neng a ba ruta sona ke ’nete; empa ba ile ba mamela ka tlhompho. Re ka ithuta ho itseng ho seo Baberea ba ileng ba se etsa ka mor’a ho utloa molaetsa.
Hlokomela seo Bibele e se hlalosang: “Joale Baberea ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng ho feta ba Thesalonika, kaha ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che. Ka hona ba bangata ba bona ea e-ba balumeli.” (Liketso 17:10-12) Kahoo, ha baa ka ba okola lintho ka holimo feela ha ba batlisisa. Ba ne ba sa lebella hore ba tla etsa qeto ka mor’a hore ba buisane hakhutšoanyane le Pauluse ka makhetlo a seng makae feela.
Hape hlokomela hore Baberea “ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello.” Sena se re bolella ho itseng ka boikutlo boo ba neng ba e-na le bona ha ba hlahlobisisa seo ba ithutang sona Mangolong. Ba ne ba sa lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe le teng ba sa nyatse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Pauluse a e buang. Ba ne ba sa nyatse molaetsa oo ba neng ba o bolelloa ke Pauluse, eo e neng e le e mong oa baemeli ba Molimo.
Nahana hape ka sena: Baberea ba ne ba qala ho utloa ka Bokreste. Ba ile ba utloa e le litaba tse thabisang, mohlomong tseo ho leng thata ho li lumela. Empa ho e-na le hore ba lahlele litaba tseo matjoing, ba ile ba hlahloba Mangolo ka hloko, ba bone hore na “lintho tsena [tse buuoang ke Pauluse] li joalo kapa che.” Hape hlokomela hore bao ba ileng ba etsa lipatlisiso tse feletseng Berea le Thesalonika ba ile ba fetoha balumeli. (Liketso 17:4, 12) Ha baa ka ba tela ’me ba etsa qeto ea hore ’nete hase ntho e ka fumanoang. Ba ile ba lemoha bolumeli ba ’nete.
Kamoo ’Nete e Amang Batho
Ha motho a fumana ’nete, joaloka Baberea, o susumelletseha ho e bolella ba bang ka cheseho. Ba bang ba ka ’na ba se ke ba rata seo, ba nahana hore ke ho ikokobetsa ha motho a nka hore malumeli a mang le ’ona ke a ’nete. Empa hang ha motho a fumane ’nete ea Bibele, oa e kholoa. Ha a sale a ntse a ipotsa hore na ebe ’nete ea fumaneha kapa che, kapa a ntse a nahana hore malumeli ’ohle a lebisa polokong. Leha ho le joalo, ho fumana ’nete ho qala ka ho etsa patlisiso ka botšepehi, e leng eona ntho e hlokang boikokobetso.
Lipaki Tsa Jehova li entse patlisiso e joalo. Ke kahoo li lumelang hore li fumane bolumeli ba ’nete. ’Me li u mema hore u batlisise Mangolong e le hore u fumane hore na ke bo-mang ba bolumeling ba ’nete kajeno. Le hoja ho ameha lintho tse ngata ho feta ho etsa feela lethathamo la lintho tse ka hlahlojoang, boitsebiso bo buang ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bo lebokoseng le leqepheng lona lena bo tla u thusa hore u qalelle.
Haeba u lumela hore Lipaki Tsa Jehova li u rute Bibele lapeng li sa u lefise, u ka etsa lipatlisiso tse feletseng tsa hore na hantle-ntle Bibele e ruta eng. Ho ithuta sena ho tla u thusa hore u khetholle bolumeli ba ’nete.
[Lebokose leqepheng la 9]
Matšoao a Bolumeli ba ’Nete
Hlahloba mekhoa le lithuto tsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo:
◼ Ba ne ba tataisoa ke Lentsoe la Molimo.—2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:21.
◼ Ba ne ba ruta hore Jesu ke Mora oa Molimo, hore hase ntho e le ’ngoe le Molimo le hore o ka tlaasana ho eena.—1 Bakorinthe 11:3; 1 Petrose 1:3.
◼ Ba ne ba ruta hore bafu ba tla tsosoa nakong e tlang.—Liketso 24:15.
◼ Ba ne ba tsebahala hohle ka lerato leo ba neng ba ratana ka lona.—Johanne 13:34, 35.
◼ Ba ne ba sa rapele e le batho ka bomong feela empa ba ne ba hlophisitsoe ka liphutheho ’me ba le bonngoeng tlas’a balebeli le sehlopha sa baholo ba neng ba etsa liqeto, ba neng ba nka Jesu e le eena Hlooho ea phutheho.—Liketso 14:21-23; 15:1-31; Baefese 1:22; 1 Timothea 3:1-13.
◼ E ne e le baboleli ba chesehang ba bolelang hore ’Muso oa Molimo ke eona feela tšepo bakeng sa batho.—Matheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 1:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batho ba ne ba ka tseba joang hore Jeremia e ne e le moprofeta oa ’nete, le hoja ba bang ba ne ba bua molaetsa o fapaneng le oa hae?
[Litšoantšo leqepheng la 8, 9]
Baberea ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba mamela Pauluse empa ba boela ba hlahloba Mangolo ho netefatsa hore seo Pauluse a se buang e ne e le ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Ho ithuta Bibele ka hloko ho ka u thusa hore u lemohe ’nete ea bolumeli