Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 6/15 maq. 3-4
  • Na re sa Tla ba Bona Hape?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re sa Tla ba Bona Hape?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Tšepo ea Tsoho ke ea Sebele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Hase ’Nete!”
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 6/15 maq. 3-4

Na re sa Tla ba Bona Hape?

“U re siile ka ho sa feleng. Ho ne ho sa lebelloa ho hang. Empa ho sa tsotellehe maqeba a tebileng ao lefu la hao le a siileng ka morao, u tla ’ne u be le rōna ka mehla ka lipelong tsa rōna. Le ka mohla re ke ke ra lebala lilemo tse hlollang tseo re ’nileng ra li thabela le uena kapa hona hore re ka felloa ke tšepo ea hore re tla u bona hape ka tsatsi le leng.”

SEBAKENG sa Babusi ba Hlomphehang sa Luxembourg, malapa a pholohileng le metsoalle khafetsa a bolela maikutlo a kang ana litsebisong tsa boikhopotso tse hlahang likoranteng tse hatisoang ka mor’a lefu la moratuoa. Mehopolo e tšoanang e ntse e le likelellong tsa ba bang lefatšeng ka bophara, mehopolo e mofuthu ea tlholohelo, hammoho le ho hloka tšepo ho tepelletsang ho tlisoang ke hore ba shoetsoe—tšepo e kopaneng le ho se kholisehe. E ka ’na eaba u kile ua hlaheloa ke lintho tse joalo kapa ua utloa ka tsona ho motsoalle ka morao ho lefu la moratuoa.

Ho batho ba bangata haholo, tšepo ea ho boela ba bona baratuoa ba bona ba shoeleng e ferekane ’me e lerootho. Mabaka a hlakile. Qalong feela, ha ho lea mong matsatsing ana eo ka sebele a hlileng a nkang nako ea ho batlisisa ka taba ena. ’Me ha e mong a leka ho etsa seo, boitsebiso bo fanoang ke malumeli a mangata potsong ena ke bo sa utloahaleng haholo kapa bo tsoile tseleng ho hang hore bo ka kholisa.

Joalokaha mohlomong u tseba, ho ba bangata “bophelo ba ka moso” feela bakeng sa bafu ke ha meloko ea malapa a bona e ntse e tsoela pele. E ka ’na eaba u ke u utloe khopolo ea hore batho ‘ba tsoela pele ho phela ka ho bana ba bona.’ Empa na “bophelo” bo joalo bo tlisa molemo leha e le ofe o ka utluoang ke bafu kapa tebello leha e le efe ho ba habo bona ba sa ntsaneng ba phela hore ba ka ba bona hape? Le hanyenyane! Ka hona ka sebele ho na le matšeliso a fokolang haholo khopolong e joalo!

Kaha re thahasella baratuoa ba rōna, ba seng ba shoele le ba sa ntsaneng ba phela, ho hlokahala hore re arabelloe lipotso tsena: Haeba e mong eo re mo ratang a e-shoa, na re sa tla ke re ’mone hape? Haeba karabelo ke e, e tla ba neng hona re tla ba bona hokae? Leholimong? Kapa hona moo lefatšeng? Ka sebele, ke tšepo efe e teng bakeng sa baratuoa ba shoeleng le bakeng sa rōna ka moso?

Ho toba taba, ho na le litaba tse molemo mabapi le lipotso tsena. Li molemo ka kutloisiso ea hore ho na le tšepo e tiileng, e thabisang. Ke litaba hobane ke molaetsa o fapaneng le oo batho ba bangata ba kileng ba o utloa, esita le mehloling ea bolumeli.

Lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, ha moromuoa oa Mokreste Pauluse a ne a le Athene, Greece, o ile a bua ka tšepo ea Mangolo bakeng sa bafu. Bamameli ba bang ba ne ba chesehela ho tseba, empa ba bang ba ne ba mametse ka ho nyatsa. Bafilosofi ba bang ba ne ba batla ho ntšetsa pele moqoqo oa likhang le eena, ’me ba ile ba bolela: “Na mobua-bui eo o re’ng?” Ba bang ba ile ba bolela hore “o bolela melimo esele. E ne e le ka baka la hobane a na a ba bolella Jesu le tsoho ea bafu.” (Liketso 17:18) E, litaba tse molemo tseo Pauluse a neng a lokela ho li bolela li ne li akarelletsa le tsoho! 

U ne u tla talima puo e buang ka tsoho ea ka moso joang—ka ho bona bafu ba phela hape? Na e ne e tla bonahala e le puo e se nang thuso? Kapa, ka baka la thuto ea hao ea bolumeli le likhopolo tsa hao tsa botho, na molaetsa oa Mangolo a Halalelang o buang ka tšepo bakeng sa bafu o hlaha o le mocha ’me o makatsa ho uena, joalokaha eka o ne o e-tsoa ho ‘molimo osele’?

Ho Pauluse, Baathene ba ile ba re: “Hobane u tlisitse litaba tse ling tse makatsang litsebeng tsa rōna; ke moo re ratang ho tseba hoba li re’ng?” (Liketso 17:20) Na le uena u lakatsa ho ithuta haholoanyane ka tšepo ea Bibele bakeng sa bafu ba rōna, le bakeng sa rōna ba ntseng ba phela? Haeba ho joalo, sehlooho se latelang se tla u thahasellisa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela