Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Motho e Mong le e Mong o Tla Lokoloha
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • “Ho Senoloa ha Bara ba Molimo”

      Jehova o ile a beha pōpo tlas’a lefeela “motheong oa tšepo” ea hore ka letsatsi le leng tokoloho e tla boela e be teng lelapeng la motho ka mesebetsi ea “bara ba Molimo.” “Bara [baa] ba Molimo” ke bo-mang? Ke barutuoa ba Jesu Kreste bao, joaloka ‘pōpo eohle ea batho,’ ba tsoaletsoeng bokhobeng ba sebe le ho se phethahale. Ka tsoalo, ha ba na sebaka se loketseng lelapeng la Molimo la bokahohle le hloekileng le le phethahetseng. Empa Jehova o ba etsetsa ntho e ’ngoe e khethehileng. Ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Krete, O ba lokolla litlamong tsa sebe se futsitsoeng ’me o ba bolela ba “lokile,” kapa ba hloekile moeeng. (1 Bakorinthe 6:11) Joale o ba amohela e le “bara ba Molimo,” a ba khutlisetsa lelapeng la hae la bokahohleng.—Baroma 8:14-17.

      E le bara ba amohetsoeng ba Jehova, ba tla ba le tokelo e khanyang. E tla ba “baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše,” haufi le Jesu Kreste e le karolo ea ’Muso oa leholimo oa Molimo, kapa puso. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4) Ona ke ’muso o thehiloeng ka tieo melao-motheong ea tokoloho le toka—eseng khatellong le bompoling. (Esaia 9:6, 7; 61:1-4) Moapostola Pauluse o re bara bana ba Molimo ke metsoalle ea Jesu, “peō ea Abrahama” e ileng ea tšepisoa khale. (Bagalata 3:16, 26, 29) Ka hona, ba phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatseng tšepiso eo Molimo a ileng a e etsetsa motsoalle oa hae Abrahama. Karolo ea tšepiso eo ke hore ka peō ea Abrahama (kapa, bana), “lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa.”—Genese 22:18.

  • Motho e Mong le e Mong o Tla Lokoloha
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • “Ho senoloa ha bara ba Molimo” ho qala neng? Hona joale haufinyane, ha Jehova a hlakisa ho bohle hore na bara ba Molimo ke bo-mang. Sena e tla ba ha “bara” bana, ba tla beng ba tsoselitsoe boemong ba moea, ba kopanela le Jesu Kreste ho hloekiseng lefatše lena la bokhopo le khatello ka ntoa ea Molimo ea Harmagedone. (Daniele 2:44; 7:13, 14, 27; Tšenolo 2:26, 27; 16:16; 17:14; 19:11-21) Re bona bopaki bo ntseng bo eketseha ho re pota-pota ba hore re hare-hare ho ‘matsatsi a ho qetela,’ ha mamello ea nako e telele eo ka eona Molimo a mameletseng borabele le phello ea bona e khopo e tla fela.—2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3-31.

  • Motho e Mong le e Mong o Tla Lokoloha
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • Ha u ntse u “letetse ho senoloa ha bara ba Molimo,” u ka ’na ua hlaolela kholiseho e tšoanang le eo moapostola Pauluse a neng a e-na le eona ka tlhokomelo le tšehetso tse sireletsang tsa Kreste, le ka tšehetso ea hae, esita le haeba mahlomola le ho hloka toka li bonahala eka ha li mamellehe. Ka mor’a hore a bue ka ho senoloa ha bara ba Molimo, Pauluse o ile a botsa: “Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste? Na e tla ba matšoenyeho kapa mahlomola kapa mahloriso kapa tlala kapa tlhobolo kapa kotsi kapa sabole?” (Baroma 8:35) Ka sebele, Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba ne ba ntse ba le “litlamong” tsa matla a hatellang a mofuta ona kapa oane, ha re sebelisa mantsoe a Rousseau. Ba ne ba ‘ntse ba bolaoa letsatsi lohle’ joaloka “linku tsa ho hlajoa.” (Baroma 8:36) Na ba ile ba lumella seo hore se ba nyahamise?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela