Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 303-leq. 307
  • Merabe ea Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Merabe ea Batho
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
    Tsoha!—1993
  • Adama le Eva
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Kaine o Fumane Mosali oa Hae Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 303-leq. 307

Merabe ea Batho

Tlhaloso: Kamoo morabe o sebelisitsoeng mona, o bolela karolo ea batho e nang le litšobotsi tse itseng tse bonahalang tse ka futsoang le tse lekaneng ho khetholla sehlopha e le batho ba khethollehileng. Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore ’nete ea hore merabe e na le hona ho nyalana le ho tsoala bana e bontša hore haele hantle ke “mofuta” o le mong, kaofela ke litho tsa lelapa la motho. Ka hona merabe e sa tšoaneng e mpa e le likarolo feela tsa ho se tšoane ho hoholo ho ka bang teng har’a batho.

Merabe e sa tšoaneng e tsoile hokae?

Gen. 5:1, 2; 1:28: “Ka letsatsi leo Molimo o nong o bōpe motho ka lona, o ’mōpile ka setšoantšo sa Molimo. Oa bōpa e motona le e motšehali, oa ba hlohonolofatsa, ’me oa ba rea lebitso la motho [kapa, Batho], mohla ba bōpjoang.” “Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng.” (Ke kahoo batho bohle e leng bana ba tsoileng ho batho ba pele ba babeli, Adama le Eva.)

Lik. 17:26: “[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang [a Adama] ho aha sebakeng sa lefatše lohle.” (Ka hona, ho sa tsotellehe hore na sechaba se etsoa ka merabe e mekae, kaofela ke litloholo tsa Adama.)

Gen. 9:18, 19: “Bara ba Noe ba tsoileng arekeng ke Sema, le Kama, le Jafeta. . . . Ke bona bara ba bararo ba Noe bao lefatše le tletseng batho ka bona.” (Hoba Molimo o timetse lefatše la banyefoli ka moroallo oa lefatše mehleng ea Noe, baahi ba bacha ba lefatše, ho akarelletsa merabe eohle e tsebahalang kajeno, ba tsoile ho bana ba bana ba bara ba bararo ba Noe le basali ba bona.)

Na Adama le Eva e ne e le feela batho ba tšōmong?

Bibele ha e tšehetse pono eo; bona sehlooho se seholo “Adama le Eva.”

Kaine o fumane mosali oa hae hokae haeba ho ne ho e-na le lelapa le le leng feela?

Gen. 3:20: ‘Adama a rea mosali oa hae Eva, kahobane e le ’m’a ba utloang bohle.’ (Ka hona batho bohle e ne etlaba bana ba Adama le Eva.)

Gen. 5:3, 4: “Adama a phela lilemo tse lekholo le mashome a mararo, a tsoala mora ka setšoantšo sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha. Eitse hobane Adama a tsoale Setha, a phela lilemo tse makholo a robileng meno e le ’meli; a tsoala bara le barali.” (Mora e mong oa Adama e ne e le Kaine, ’me e mong oa barali ba Adama o tlameha ebe ebile mosali oa Kaine. Ka nako eo historing ea batho ha batho ba sa phela hantle haholo ba le sehlahlo, joalokaha ho bontšoa ke bolelele ba bophelo ba bona, monyetla oa ho fetisetsa likoli baneng ka lebaka la ho nyalana ka lapeng o ne o se moholo. Leha ho le joalo, kamorao ho lilemo tse ka bang 2 500 tsa histori ea motho, ha bophelo ba motho bo se bo theohile haholo, Jehova a nea Iseraele melao e hanelang ho nyalana ka lapeng.)

Gen. 4:16, 17: “Eaba Kaine o tloha pontšeng ea Jehova, a ea aha naheng ea Node [kapa, ea Boleleri], ka ’nģa Bochabela ho Edene. Kaine a tseba [“a tseba,” ke hore, a mo tseba haufi-ufi, KJ, RS; “a robala le mosali oa hae,” NE] mosali oa hae, ’me a emola, a tsoala Henoke.” (Hlokomela hore Kaine ha a ka a teana le mosali oa hae ka lekhetlo la pele naheng eo a ileng a balehela ho eona, joalokaha eka mosali o ne a e-tsoa lelapeng le leng. Ho e-na le hoo, o bile le likamano tsa botona le botšehali le eena moo hore a tsoale mora.)

Khōlo ea litšobotsi tse sa tšoaneng tsa merabe e ka hlalosoa joang?

“Batho bohle ba phelang kajeno ba tsoa mofuteng o le mong, Motho, ’me ba tsoa kutung e le ’ngoe. . . . Ho se tšoane kahehong ea ’mele ho pakeng tsa batho ho tsoaloa ke ho se tšoane kahehong ea lefutso le tšusumetsong ea tikoloho e matleng ana a liphatsa tsa lefutso. Mabakeng a mangata, phapang ena e tsoaloa ke tšebelisano e tsoaloang ke mabaka ana ka bobeli. . . . Phapang pakeng tsa batho ka bomong ba morabe o le mong kapa har’a baahi [ba sebaka se le seng] e atisa ho ba khōlō ho feta phapang e bang teng ka karolelano pakeng tsa merabe kapa baahi [ba libaka tse ngata].”—Sehlopha sa bo-ramahlale se neng se bokantsoe ke UNESCO, se qotsitsoe ho Statement on Race (New York, 1972, khat. ea boraro), Ashley Montagu, maq. 149, 150.

“Morabe ke feela e ’ngoe ea likarolo tse ikarotseng tsa liphatsa tsa lefutso tseo mefuta ea batho e ileng ea aroloa ka tsona ha e ntse e tlala lefatše. Karolong e ’ngoe le e ’ngoe ho tse khōlō tse hlano tsa lefatše, ho hlahile hoo e ka bang morabe o le mong. . . . Ruri motho o ile a arohana liphatseng tsa lefutso boemong bona ba histori ’me re ka lekanya le ho ithuta liphello tsa karohano ena ka mesalla e ntseng e le teng ea merabe eo ea khale. Joalokaha re ka lebella, karohano ho bonahala e amana le hore na libaka li arohane hakae. . . . Ho se tšoane hoa liphatsa tsa lefutso hoo re ho bonang hona joale, ho theiloe ha merabe e thomeha likarolong tse khōlō tsa lefatše, ka hore baahi ba likete-kete ba bokelloe ka likarolo tse ikhethileng tsa liphatsa tsa lefutso lefatšeng lohle. . . . Qaka eo re talimaneng le eona ke hore sehlopha ka seng sa batho ho bonahala se fapane ho hang empa botebong ba phapang ena ke ho tšoana hoa bohlokoa.” (Heredity and Human Life, New York, 1963, H. L. Carson, maq. 151, 154, 162, 163) (Ka hona, mathoasong a histori ea batho, ha sehlopha sa batho se ne se arohane le tse ling ’me se nyalana, metsoako eitseng e ikhethang ea liphatsa tsa lefutso ea teba baneng ba sona.)

Na Bibele e ruta hore batho ba batšo ba rohakiloe?

Khopolo eo e theiloe kutloisisong e fosahetseng ea Genese 9:25, moo ho qotsoang Noe a re: “Ho rohakoe Kanana; e tla ba mohlanka oa bahlanka ba banab’abo.” E bale ka hloko; ha e re letho ka lebala la letlalo. Thohako e hlahile hobane mora oa Kama Kanana ho bonahala a ne a entse ketso e ’ngoe e sisimosang e tšoaneloang ke thohako. Empa bana ba Kanana e ne e le bafe? Hase batho ba batšo, empa lichaba tse lebala le khanyang tse phelang ka bochabela ho Leoatle la Meteterane. Ka lebaka la mekhoa ea tsona e hlephileng, litšebeletso tsa bodemona, borapeli ba litšoantšo, le mahlabelo a bana, li ile tsa oela kahlolong ea bomolimo, ’me Molimo oa nea Iseraele naha e neng e ahiloe ke Bakanana. (Gen. 10:15-19) Ha hoa ka hoa timetsoa Bakanana bohle; ba bang ba ile ba etsoa bahlanka, phethahatsong ea thohako.—Josh. 17:13.

Batho ba batšo ba tsoile ho ngoana ofe oa Noe? “Bara ba Kushe [e mong oa bara ba Kama] ke Saba, le Havila, le Sabta, le Raema, le Sabteka.” (Gen. 10:6, 7) Hamorao ha Bibele e bua ka Kushe, ke kamanong le Ethiopia. Hamorao Seba e sebelisoa ha ho buuoa ka sechaba se seng se karolong e ka bochabela ea Afrika ’me ka ho hlakileng haufi le Ethiopia.—Esa. 43:3, botlaaseng ba leqephe khatisong ea Litšupiso ea NW.

Na batho bohle ke bana ba Molimo?

Ho ba bana ba Molimo hase ntho eo rōna batho ba sa phethahalang re nang le tokelo ho eona ka tsoalo. Empa bohle re bana ba Adama, eo ha a ne a bōptjoa a phethehile e neng e le ‘mora oa Molimo.’—Luka 3:38.

Lik. 10:34, 35: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”

Joh. 3:16: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Hoa hlokahala ho sebelisa tumelo ea ’nete ho eena hore mang le mang ho rōna a ka finyella kamano le Molimo e kang eo Adama a ileng a e lahla. Tokelo eo e bulehetse batho ba merabe eohle.)

1 Joh. 3:10: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo.” (Ka hona Molimo ha o talime batho bohle e le bana ba oona. Ponong ea moea, ba etsang ka boomo lintho tseo Molimo o li nyatsang, ntat’a bona ke Diabolose. Bona Johanne 8:44. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba bonahatsa litšobotsi tsa bomolimo. Har’a bona, Molimo o khethile lenane le itseng ho ea busa e le marena le Kreste leholimong. Bana Molimo o ba bitsa “bana” kapa “bara” ba oona. Bakeng sa lintlha tse ling, bona sehlooho se seholo “Ho Tsoaloa la Bobeli.”)

Ba-Roma 8:19-21: “Tse bōpiloeng kaofela li lebeletse ponahalo ea bana ba Molimo ka hlolohelo e kholo. . . . tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Topollo e tla tlela batho ha “bana ba Molimo,” hoba ba amohele bophelo ba leholimo, ba ‘bonahatsoa’ e le ba nkang bohato bo tiileng molemong oa batho tlas’a tataiso ea Kreste. Hoba ba tšepahalang ba lefatšeng [ba bitsoang “tse bōpiloeng” lengolong lena] ba finyelle phetheho ea botho le ho bontša botšepehi bo sa thekeseleng ho Jehova joaloka Morena oa Bokahohle, joale le bona ba tla thabela kamano e ntle le bana ba Molimo. Batho ba merabe eohle ba tla kopanela ho sena.)

Na batho ba lichaba tsohle ba tla ke ba kopane kannete e le baena le bo-khaitseli?

Ho bao e neng etlaba barutuoa ba hae ba ’nete, Jesu o itse: “Le bana ba motho a le mong.” (Matt. 23:8) Hamorao a eketsa: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Joh. 13:35.

Ho sa tsotellehe ho se phethahale hoa botho, kelello eo ea bonngoe e ne e le ntho ea sebele har’a Bakreste ba pele. Moapostola Pauluse a ngola: “Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lona le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste.”—Ba-Gal. 3:28.

Boena ba Bokreste bo sa sithabetsoang ke khethollo ea merabe ke ’nete har’a Lipaki tsa Jehova lekholong la bo20 la lilemo. Sengoli William Whalen o itse ho U.S. Catholic: “Ke lumela hore e ’ngoe ea litšobotsi tse hohelang ka ho fetisisa tsa [mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova] ebile mokhoa oa oona oa neano oa ho lekana hoa merabe.” Hoba a ithute Lipaki tsa Jehova ka matla Afrika, setsebi sa kahisano sa Univesithi ea Oxford Bryan Wilson o itse: “Mohlomong Lipaki ke tsona tse atlehang haholoanyane ho feta sehlopha leha e le sefe lebelong leo li felisang khethollo ea mehlobo har’a ba sokolohelang ho tsona.” Ha e bua ka kopano ea machaba ea Lipaki tse neng li e-tsoa linaheng tse 123, The New York Times Magazine eitse: “Lipaki ha lia ka tsa khahla batho ba New York ka palo ea tsona feela, empa le ka ho se tšoane hoa tsona (li akarelletsa batho ba tsoang metsamaong eohle ea bophelo), ho se ele seli ho se tšoane hoa tsona ka merabe (Lipaki tse ngata ke batho ba batšo) le boitšoaro ba tsona bo khutsitseng le bo laolehileng.”

’Muso oa Molimo o tla tloha o timetsa tsamaiso ea joale ea lintho ea bonyefoli, ho akarelletsa bohle ba sa rateng Jehova Molimo le batho ba bang. (Dan. 2:44; Luka 10:25-28) Lentsoe la Molimo le tšepisa hore ho tla pholoha batho ba “lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” (Tšen. 7:9) Ba kopantsoe hammoho ke borapeli ba Molimo oa ’nete, tumelo ho Jesu Kreste, ho ratana, ruri ba tla etsa lelapa le momahaneng la batho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela