Na ba Mahlomoleng ba Tla ke ba be le Khotso?
NA U ka rata ho bona bohloko bo fela, eseng bakeng sa hao feela empa le bakeng sa moloko oohle oa batho? Nahana ka mehlala ena:
Sonia o bile mahlomoleng a maholo.a Taba ea pele, o ile a hlokomela hore monna oa hae o ’nile a etsa bofebe ka lilemo tse leshome. Eaba mora oa hae oa ho fela o tšoaetsoa HIV ’me a bolaoa ke AIDS. Lilemo tse peli hamorao mora oa hae e mong o ile a kula, ’me kapele le eena o ile a bolaoa ke AIDS. Sonia oa hopola: “Tšobotsi ea ho qetela ea lefu la hae e ile ea nka nako e telele haholo. O ile a tepella maikutlong haholo, moriri oa hae oa hlotheha, ’me o ne a sa bone hantle. E ne e le ho hlomolang haholo.”
Fabiana, seithuti sa univesithi sa Brazil, o ne a amehile ka ho hloka toka ha lefatše sechabeng. Eaba tsieleho e hlasela bophelo ba hae. Khaitseli ea hae, e neng e tepeletse maikutlong, e ile ea ipolaea. Ha Fabiana a felloa ke mosebetsi, motsoalle oa hae o ile a etsa tlhahiso ea hore a batle pai-de-santo (ngakana-ntšonyana), a bolela hore e tlameha ebe Fabiana o hlahetsoe ke bomalimabe bo bokana hobane e mong a mo betsitse! Empa pai-de-santo ha ea ka ea thusa. Ho e-na le hoo Fabiana o ile a ikutloa a tubehile, a sa khone ho robala ka lebaka la litsietsi tsa hae.
Mahlomola a Ana a ile a qala a sa le monyenyane. Oa pheta: “Ha ke ne ke e-na le selemo, ’Mè o ile a ntšiea, ka hona Nkhono o ile a ntlhokomela.” Joale, ha Ana a le lilemo li tharo feela, nkhono oa hae o ile a shoa. Ana o ile a isoa lehaeng la likhutsana Rio de Janeiro, moo a ileng a lula teng ho fihlela a le lilemo li 13. O re: “Re ne re tšoeroe hampe haholo mono, ’me ke ile ka ba lerabele. Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke le khahlanong le hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ho bonahala hore mahlomola a ama bophelo ba motho e mong le e mong ka tsela e itseng. Ka sebele, re utloa litaba tsa tsieleho ea batho letsatsi le letsatsi—neng le neng ha re shebella litaba, re li bala kapa re li mamela. Dr. Mary Sykes Wylie oa ngola: “Ha ea ka ea e-ba ho fihlela mehleng ea rōna . . . ea mecha e mengata ea puisano moo, ha e le hantle, ho phonyoha ho tšoenngoa ke litaba tse mpe ho ileng ha se ke ha khoneha. Lintoa, likoluoa tsa tlhaho, litlokotsi tsa liindasteri, likotsi tsa mebileng e meholo tse bolaeang, tlōlo ea molao, bokhukhuni, ho hlekefetsa ka likamano tsa botona le botšehali, peto le pefo ea ka lapeng—kaofela li etsa hore moferefere e be sehlooho sa litaba se tšosang sa lekholo la bo20 la lilemo.” Moapostola Pauluse oa Mokreste ka tsela ea sebele o ile a akaretsa phihlelo ea motho tjena: “Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong.”—Baroma 8:22.
Ho thoe’ng ka uena? Na u mahlomoleng? U ka lebella thuso efe? Na u sa tla ke u fumane khotso ea ’nete? Sonia, Fabiana, le Ana ba ile ba fumana matšeliso a sebele le khotso ea sebele! U ka bala ka eona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a hlahang sehloohong sena a fetotsoe.