Bacha Baa Botsa . . .
Nka Sebetsana Joang le Khatello ea Lithaka?
“Khatello ea lithaka e hohle.”—Jesse, ea lilemo li 16.
“Ha ke ntse ke hōla, khatello ea lithaka sekolong e ne e le e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa eo ke neng ke tlameha ho sebetsana le eona.”—Johnathan, ea lilemo li 21.
KHATELLO EA LITHAKA ke tšusumetso eo ka sebele e lokelang ho nkoa ka botebo. Leha ho le joalo, tiiseha hore u ka e hlōla. Ha e le hantle, u ka e laola le ho etsa hore e u tsoele molemo. Empa joang?
Sehloohong se fetileng letotong lena, re tšohlile bohato ba pele ba bohlokoa: Hlokomela matla ao khatello ea lithaka e nang le ’ona le kamoo tšusumetso ea ’ona e ka u amang habonolo kateng.a Ke mehato efe e meng e molemo eo u ka e nkang? Tataiso e molemo eo u e hlokang e ka Lentsoeng la Molimo. Liproverbia 24:5 e re: “Motho ea nang le tsebo o eketsa matla.” Ke tsebo ea mofuta ofe e ka eketsang matla a hao hore a hlōle khatello ea lithaka? Pele re arabela potso eo, a re ke re qale ka ho tšohla bothata bo etsang hore matla a khatello ea lithaka a u hlōle.
Kotsi ea ho se Itšepe
Ka linako tse ling bacha ba Lipaki Tsa Jehova ba fumana khatello ea lithaka e le phephetso e khethehileng hobane tsela ea bona ea bophelo e akarelletsa ho bolella ba bang ka tumelo ea bona. (Matheu 28:19, 20) Na ka linako tse ling ha u kopana le bacha ba bang u ho fumana ho le thata ho ba bolella ka tumelo ea hao? Ha u mong. Melanie ea lilemo li 18 o re: “Ke ne ke ho fumana ho le thata ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng ho bolella bana ba bang hore ke Paki.” Oa phaella: “Ha ke ne ke nahana hore ke kollelitse sebete sa ho bua hore ke Paki, ke ne ke boela ke tleloa ke letsoalo.” Ho bonahala eka tšusumetso e mpe ea khatello ea lithaka e ne e mo sitisa ho bua.
Bibele e re tiisetsa hore esita le bona banna le basali ba hlahelletseng ba tumelo ba ile ba qeaqea ho bua ka Molimo ho batho ba bang. Ka mohlala, Jeremia e mocha o ne a tseba hore o tla tobana le songoa le ho hlorisoa haeba a mamela taelo ea Molimo ea ho bua ka sebete. Ho feta moo, Jeremia o ne a sa itšepe. Hobane’ng? O ile a re ho Molimo: “Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” Na Molimo o ile a lumela hore bocha ba Jeremia bo etse hore a se ke a tšoanelehela ho bua? Che. Jehova o ile a tiisetsa moprofeta eo: “U se ke ua re, ‘Ke sa le moshanyana.’” Jehova o ile a tsoela pele ’me a fa mohlankana enoa ea qeaqeang kabelo ea bohlokoa.—Jeremia 1:6, 7.
Haeba re sa itšepe, re ikutloa re ikhalala, ho ka ba thata haholo ho hanela khatello ea lithaka. Liphuputso li bontšitse sena. Ka mohlala, morao koana ka 1937 rasaense e mong ea bitsoang Muzafer Sherif o ile a etsa teko e ’ngoe e tsebahalang. O ile a kenya batho ka kamoreng e lefifi, a ba bontša lehlaseli la khanya, ’me a ba botsa hore na lehlaseli leo la khanya le suthile hakae.
Ha e le hantle, lehlaseli leo le ne le sa sutha; sena e ne e mpa e le pono e thetsang. Ha ba botsoa ka bomong, batho bana ba ile ba hlahisa likhakanyo tsa bona tsa kamoo le suthileng kateng. Leha ho le joalo, ha e se e le sehlopha ho ile ha thoe ba hlahise likhakanyo tsa bona ka lentsoe le phahameng. Ho ile ha etsahala’ng? Ba sa tšepe maikutlo a bona, ba ile ba susumetsana. Ha potso e ntse e pheta-phetoa, likarabo tsa bona li ile tsa ’na tsa atamelana ho fihlela ba thehile “maikutlo a sehlopha.” Esita le hamorao ha ba boetse ba botsoa ka bomong, ba ne ba ntse ba susumelitsoe ke maikutlo a sehlopha.
Teko eo e bontša ntlha ea bohlokoa. Ho ikhalala kapa ho se itšepe ho etsa hore batho ba tšoaetsoe habonolo ke khatello ea lithaka. Ena ke taba e lokelang ho nahanoa ka botebo, na ha ho joalo? Etsoe, khatello ea lithaka e ka ama batho ha ho tluoa litabeng tsa bohlokoa, ho akarelletsa pono ea bona ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, esita le lipakane tseo ba tlang ho li phehella bophelong. Haeba re itumella ho amohela “maikutlo a sehlopha” ha ho tluoa litabeng tse joalo, seo se tla ama bokamoso ba rōna haholo. (Exoda 23:2) Ke’ng se ka etsoang?
U nahana hore u ne u tla arabela potso eo joang haeba u ne u tseba hantle hore lehlaseli la khanya le ne le sa sutha? Mohlomong sehlopha se ne se sa tl’o u susumetsa. E, re lokela ho itšepa. Empa ke ho itšepa ha mofuta ofe ho amehang, hona re ka ho finyella joang?
Etsa Jehova Tšepo ea Hao
E ka ’na eaba u utloile ho buuoa khafetsa ka seo motho a ka se etsang hore a itšepe. Empa ha ho tluoa tabeng ea hore na u ka finyella ho itšepa joang—le ea hore na ke ho isa bohōleng bofe—teng maikutlo aa fapana. Bibele e na le keletso ena e leka-lekaneng: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.” (Baroma 12:3) Phetolelo e ’ngoe ea temana ena e baleha tjena: “Ke lakatsa ho bolella e mong le e mong oa lōna hore a se ke a inka a feta seo a hlileng a leng sona, empa a itekanye ka kelello e hlaphohileng.”—Charles B. Williams.
‘Ho lekanya ka kelello e hlaphohileng seo u hlileng u leng sona’ ho u thibela hore u se ke ua ikhohomosa, ua itšepa ho tlōla, kapa ua ikhantša. Ka lehlakoreng le leng, pono eo e leka-lekaneng e ka etsa hore ho isa bohōleng bo itseng u tšepe matla a hao a ho nahana, a ho beha mabaka le a ho etsa liqeto tse utloahalang. ’Mōpi oa hao o u file ‘matla a ho nahana,’ ’me eo ke mpho ea bohlokoa. (Baroma 12:1) Ho hopola seo ho ka u thusa ho hanyetsa tšusumetso ea hore ba u potolohileng ba u etsetse liqeto. Leha ho le joalo, ho na le mofuta o mong oa tšepo o tla u sireletsa le ho feta.
Morena Davida o ile a bululeloa ho ngola: “U tšepo ea ka, ’Musi Morena Jehova, u kholiseho ea ka ho tloha bocheng ba ka.” (Pesaleme ea 71:5) E, Davida o ne a behile tšepo ea hae ka ho feletseng ho Ntate oa hae oa leholimo, ’me o ile a etsa sena ho tloha bocheng ba hae. E ne e sa le “moshanyana”—mohlomong ea ka tlaase ho lilemo tse 20—ha Goliathe senatla sa Mofilista a ne a qholotsa lesole leha e le lefe la Iseraele hore le tl’o loana le eena. Masole a ile a tlakasela. (1 Samuele 17:11, 33) Mohlomong ho ne ho e-na le maikutlo a mang a nyahamisang a bakoang ke khatello ea lithaka har’a bona. Ntle ho pelaelo ba ile ba bua ka bonatla le matla a Goliathe ba feletsoe ke tšepo ’me ba hlapanya hore motho ea tla amohela phephetso eo o tla be a sa nke hantle. Davida ha aa ka a angoa ke khatello ea mofuta oo. Hobane’ng?
Hlokomela mantsoe a Davida ho Goliathe: “U tla ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betsoang, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.” (1 Samuele 17:45) Davida o ne a ntse a bona bonatla ba Goliathe, matla kapa libetsa tsa hae. Empa o ne a tseba ho hong, feela joalokaha a ne a tseba hantle hore ka holim’a hae ho na le sepakapaka. O ne a tseba hore Goliathe e ne e se letho ha a bapisoa le Jehova Molimo. Haeba Jehova a ne a le ka lehlakoreng la Davida, joale ke hobane’ng ha a ne a ka tšaba Goliathe? Tšepo e joalo ho Molimo e ile ea etsa hore Davida a ikutloe a sireletsehile. O ne a ke ke a laoloa ke khatello leha e le efe ea lithaka.
Na le uena u tšepile Jehova ka tsela e tšoanang? Ha a e-s’o fetohe ho tloha mehleng ea Davida. (Malakia 3:6; Jakobo 1:17) Ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ka eena, u tla kholiseha haholoanyane ka seo a u bolellang sona Lentsoeng la hae. (Johanne 17:17) Ho lona u tla fumana litekanyetso tse sa fetoheng, tse tšepahalang tse tla u tataisa bophelong le ho u thusa ho hanela khatello ea lithaka. Ho phaella tšepong eo u nang le eona ho Jehova, ho na le ho hong hoo u ka ho etsang.
Khetha Baeletsi ba Molemo
Lentsoe la Molimo le totobatsa bohlokoa ba ho batla tataiso e molemo. Liproverbia 1:5 e re: “Motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale.” Batsoali ba hao, ba amehileng ka ho teba ka se molemong oa hao, e ka ba mohloli oa tataiso. Indira o tseba sena hantle. O re: “Hore ebe hona joale ke tsamaea tseleng ea ’nete ke kahobane batsoali ba ka ba ile ba mphetlela Mangolo kamehla le ho etsa hore Jehova e be oa sebele bophelong ba ka.” Bacha ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang.
Haeba u setho sa phutheho ea Bokreste, u na le mohloli o babatsehang oa tšehetso—balebeli ba khethiloeng, kapa baholo, hammoho le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong. Mocha e mong ea bitsoang Nadia o re: “Ka sebele ke ne ke tšepa baholo ba phutheho ea heso. Ke hopola puo e ’ngoe e neng e fanoa ke molebeli ea okamelang e neng e lebisitsoe ho bacha ka ho khetheha. Ka mor’a seboka ’na le motsoalle oa ka re ne re thabile hobane re ne re nka hore seo a se buileng ke sona se re hlahelang.”
Sebetsa se seng se matla khahlanong le tšusumetso e mpe ea khatello ea lithaka ke ho ba le tšusumetso e ntle ea khatello ea lithaka. Haeba u khetha metsoalle ea hao ka bohlale, e ka u thusa hore u khomarele lipakaneng tse ntle le litekanyetsong tse nepahetseng. Re ka etsa khetho e nepahetseng joang? Hopola keletso ena: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Nadia o ne a le seli ho khetha metsoalle ka bohlale sekolong—ea balumeli-’moho le eena ba latelang litekanyetso tse tšoanang tsa boitšoaro. O re: “Ha bashanyana ba bang sekolong ba ne ba tla ka morero oa ho ‘bua’ le rōna, re ne re tšehetsana.” Metsoalle e molemo e ka re thusa hore re bonahatse litšobotsi tsa rōna tse ntle. Boiteko boo u bo etsang ho e fumana hase ba lefeela.
Ka hona, kholiseha hore haeba u tšepile Jehova, u batla tataiso ea Bakreste ba hōlileng tsebong u bile u khetha metsoalle ka bohlale, u ka khona ho sebetsana ka katleho le khatello ea lithaka. Ha e le hantle, u ka ba le tšusumetso e ntle ho metsoalle ea hao ’me ua e thusa hore e tsoele pele le uena tseleng e isang bophelong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “Khatello ea Lithaka—Na e Hlile e Matla Hakaalo?” tokollong ea Tsoha! ea December 8, 2002.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]
Batla metsoalle e molemo, eo joaloka uena e ratang Molimo le litekanyetso tsa hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
“Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33
“Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20