Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 7/8 leq. 30
  • Bosodoma—Hobane’ng ha bo sa Lokela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bosodoma—Hobane’ng ha bo sa Lokela?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo O-oa bo Hanyetsa—Hobane’ng?
  • Litholoana Tse Mpe
  • Litekanyetso Tsa Bibele li Tlisa Khotso
  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?
    Tsoha!—1995
  • Na Bakreste ba Lokela ho Hloea Basodoma?
    Tsoha!—1997
  • Na ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2012
  • Bosodoma Boikarabelo ba Baruti ke Bofe?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 7/8 leq. 30

Pono ea Bibele

Bosodoma—Hobane’ng ha bo sa Lokela?

“Ha ke nahane hore Molimo o hlile o tsotella kamoo motho a arabelang kateng tšusumetsong ea botona le botšehali. O tsotella kamoo re tsamaisang bophelo ba rōna kateng. ’Me likamano tsa botona le botšehali hase eona taba.”—Setho sa sehlopha sa bosodoma sa thuto ea Bibele.

PALO e hōlang ea batho e nka bosodoma e le mokhoa feela o fapaneng oa bophelo. Na Molimo o lumellana le hoo?

Le hoja batho ba bangata ba fetotse pono ea bona ’me ba bang ba e-s’o etse qeto tabeng ena, pono ea Bibele e hlakile: “U ke ke ua robala le monna joalokaha ho robaloa le mosali. Ke manyala,” ho bolela Bibele. (Levitike 18:22, The New Jerusalem Bible) Ha ho boikemelo, ha ho ho sekisetsa, ha ho tlhaloso e sa hlakang—bosodoma boa nyonyeha mahlong a Molimo.a Kotlo e ne e le lefu ho Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba phela tlas’a Molao oa Moshe. (Levitike 20:13) ’Me ha Bokreste bo fihla, kahlolo ea Molimo ea bosodoma e ile ea tsoela pele.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Molimo O-oa bo Hanyetsa—Hobane’ng?

Empa ke hobane’ng ha Molimo o bo hanyetsa ka thata hakaale? Lebaka le leng le boletsoe ho Esaia 48:17, (NW): “’Na Jehova, Molimo oa hao, Ea u rutang hore u itsoele molemo, ea u tsamaisang ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.” Mantsoe ao a tsoa ho Moqapi oa melao ea bokahohle ea tlhaho. O tseba moetso oa ’mele ea rōna, kelello, le bomoea. O hanela bosodoma hobane, har’a lintho tse ling, ha bo tsoele motho molemo. Ho hlahloba hape lengolo la moapostola Pauluse ho Bakreste ba lulang Roma ho tiisa sena. O ngotse:

“Ka baka leo, Molimo o ba neeletse litakatsong tse lihlong; hobane har’a bona basali ba fetotse mokhoa oa bona oa hlaho, ho etsa ka oo e seng oa hlaho. Ka mokhoa o joalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosali ka mokhoa oa teng, ’me ba chesitsoe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang, ’me ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona. ’Me ereka ha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Molimo, Molimo o ba neeletse moeeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tšoanelang.”—Ba-Roma 1:26-28.

Hlokomela hore bosodoma ha bo bitsoe feela ka hore bo “lihlong,” “bo manyala,” ‘ha boa tšoanela’ empa hape ke mokhoa “oo e seng oa hlaho.” Mabapi le litemana tsena, tlaleho e tsoang Kerekeng ea Chache e re: “Seo Pauluse a se bolelang ka ‘[mokhoa] oo e seng oa hlaho’ ke hore ‘ke oo e seng oa hlaho’ ho batho ka ho ea ka tsela ea pōpo ea Molimo. Boitšoaro bohle ba bosodoma bo arohile morerong oa Molimo oa pōpo.” Seithuti sa bophelo ba batho le kahisano Weston LaBarre o ile a bo bitsa “ho ferekanya tlhaho ea bohlokoa ea bophelo ba motho le ea ba bang.” Sena se lumellana le tlhaloso ea lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng Bibeleng ’me le fetoletsoe e le “ea hlaho” kapa, “ho ea ka hlaho.”

Ha ho makatse hore ‘ho aroha leha e le hofe morerong oa Molimo oa pōpo’ ho kotulisa liphello tse mpe (joalokaha tlaleho ea motho e bohloko ka tikoloho e ho bontšitse). Basodoma ‘ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.’ Ka mantsoe a mang, bophelo ba bona e-ba bophelo ba likamano tseo e seng tsa tlhaho tsa botona le botšehali; ke ka lebaka leo, bophelo ba bona bo sa amoheleheng ho Molimo. Ho ekelletsa moo, ba ka ’na ba utloa bohloko ’meleng ka baka la liketso tse khopo tsa bona.b

Litholoana Tse Mpe

Pauluse o boetse o bolela hore basodoma ba ne ba tla ‘chesoa ke ho lakatsana.’ Le hoja monahano o fosahetseng o ka tsosa litakatso tse fosahetseng esita le likamanong tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba bong bo fapaneng, ho bonahala hore ka tebello ea likamano tse litšila, takatso e mpe e chesa ka matla haholoanyane. “Bophelo bo Kotsi ba Lerato le Habeli,” sehlooho se hatisitsoeng makasineng oa Newsweek, se itse: “Banna le basali ba bang le likamano le batho ba bong bo tšoanang le ba bona kapa bo fapaneng hangata ba bua ka ho tsoheloa ka ‘matla,’ ‘matla a sa tšoaneng’ ao ba bang le ’ona le batho ba batona kapa ba batšehali joaloka bona. James o ho hopola e le ho tšoanang le ‘ho fofa sepaka-pakeng ka parachute. Ho taha haholo.’” Ka ho chesoa ho joalo, basodoma ba bangata ba ba le balekane ba eketsehileng (ba bang ba ba le ba makholo), ’me ho ba bang tšusumetso ea bona e ba khannela ho ba le likamano ka makhetlo mangata ka letsatsi, esita le bao ba sa ba tsebeng ho hang. Ho robala hona ha bona le mang kapa mang ha ho lebise feela mafung a tšoaetsanoang, a joaloka lefu la ho ruruha ha sebete, empa ho hōlisa mōna, ho hloka tšireletseho, le ho hlonama, esita le joalokaha ho etsahala likamanong tsa botona le botšehali bathong ba sa tšoaneng.

Hang ha motho a inehela “litakatsong tse mpe,” a ka fetoha lekhoba la tsona. (1 Ba-Thessalonika 4:5) Ho ea bohōleng bofe? Ha mosodoma e mong a bua ka AIDS, o lumetse: “Esita leha u tobane le bomalimabe, lefu le tšabehang, tšusumetso ea likamano tsa botona kapa botšehali e matla.” Sena se re hopotsa temoso ea Bibele: “’Me joale sebe se se ke sa busa ’meleng ea lona e shoang, hore le se utloe litakatsong tsa sona.”—Ba-Roma 6:12.

Kaha boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali bo itšetlehile haholo ka ho ikhotsofatsa, hangata bo lebisa liketsong tse mpe le ho feta. Ho ea ka tšekamelo ea tlhaho ea motho oa moetsalibe, hang ha ketso e e-ba e tloaelehileng, ho e thabela hoa fokotseha. Ka hona, basodoma ba bang ba fihletse bohato bo bitsoang sadomasochism hammoho le liketso tse ling tse litšila.c Tlhaloso e ’ngoe ea Bibele e bolela hore “phello ea litakatso tse joalo tse mpe le tseo e seng tsa tlhaho . . . e etselitsoe ho silafatsa kelello; ho tebisetsa motho boemong bo tlaase ba bophoofolo; ho senya kutlo.” Seithuti sa Bibele se beha bosodoma sehlopheng se le seng le “litlolo tsa molao, tse hanyetsang ka ho feletseng mabaka, tlhaho, le boiketlo ba bona hammoho le ba bang.”

Litekanyetso Tsa Bibele li Tlisa Khotso

Re ka leboha hore Molimo ha o fetole litekanyetso tsa oona ho khotsofatsa feela likhopolo tse fetang kapa litakatso tse khopo tsa batho. Joalokaha o sa amohele ho silafatsoa ha lefatše kapa leshano hobane feela batho ba bangata ba batla ho ho etsa, kahoo ha o amohele bosodoma leha ba bangata ba bo rata ka cheseho. Ho sa tsotellehe hore na ke tsela efe eo batho ba e hōlisang, Jehova o batla hore re mo hlonephe ’me re itsoele molemo.

Ka thabo, ba bang ba lahlile liketso tse joalo ’me ba tlisitse bophelo ba bona tumellanong le “thuto ea pholoho” e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. (1 Timothea 1:10; 1 Ba-Korinthe 6:9-11) Joalokaha eo pele e neng e le mosodoma a boletse: “Se ntlisetsang thabo ke hore hajoale ke na le letsoalo le hloekileng, ’me ke tseba hore ke phela bophelo bo thabisang Molimo o Matla ’Ohle.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe

a Bosodoma ke ho ba le likamano tsa botona le botšehali le motho e motona kapa e motšehali ho tšoana le uena.

b “Basodoma ba banna ba na le mathata a meriana a khethehileng a amanang haholo le bophelo ba bona ba likamano tsa botona.” (Providing Health Care for Gay Men) Har’a mathata a joalo a mafu ho na le lefu la ho hlaseloa ha mohlamu ke kokoanyana e bōpang hlobo, seso mohlamung le molomong, lefu le litšila le tšoaetsanang la likokoanyana le sitisang ho phalla ha mokelikeli karolong ea letheka, lefu le hlaselang senya, le lefu la Bowen.

c Sadomasochism e hlalosoa ke New Colligiate Dictionary ea Webster e le “ho fumana monate ho hlokofatseng ’mele kapa bohloko ba kelello ebang ke ho ba bang kapa ho motho ka boeena.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela