Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 10/8 maq. 16-17
  • Na Basali ba Lokela ho Pata Botle ba Bona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Basali ba Lokela ho Pata Botle ba Bona?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Molimo
  • Basali ba Bakreste Baa Ikhabisa
  • Sepheo sa ho Ikhabisa ke sa Bohlokoa
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Basali
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Moaparo le Boitlhopho ba Hao na Lia Tsotelleha ho Molimo?
    Tsoha!—1998
  • Lulang le Tiile Tumelong!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 10/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Na Basali ba Lokela ho Pata Botle ba Bona?

“BASALI ba rata feshene,” ho rialo George Simonton, eo e kileng ea e-ba moqapi oa lifeshene ebile e le moprofesa oa Fashion Institute of Technology ea New York. Oa hlalosa: “Basali ba rata ho bontša hore na ke bo-mang, ho ipotla, ho ntlafatsa ponahalo ea bona . . . ke nahana hore ho etsa joalo ho bontša hore ua itlhompha le ho hlompha batho bao u nang le bona.” Ke ’nete hore ke khale mokhabo e le ntho e hlokometsoeng e le tsela eo basali ba bontšang ka eona hore ke basali, ho ntlafatsa ponahalo ea bona, le ho ikutloa hore baa itšepa.

Leha ho le joalo, lebitsong la bolumeli, ba bang ba na le pono e fosahetseng ka ho ikhabisa ha basali. Tertullian o ile a ngola tjena lekholong la boraro la lilemo C.E., “Basali ba Halalelang . . . haeba . . . ba le batle ka tlhaho, . . . ha baa lokela ho eketsa botle ba bona, empa ba leke ho bo pata.” Mabapi le litlolo, o ile a tsoela pele tjena: “Basali ba siteloa Molimo ka hore ba itlotse ka litlolo sefahlehong, ba itlotse ka poiri e etsang hore marama a be mafubetsoana, kapa ho lelefatsa lintši tsa bona.” ’Me o ile a hlalosa khauta le silevera, e leng “lintho tsa mokhabiso,” e le “likofuto tsa ho hohela.”

Kajeno, ba bangata ba ntse ba e-na le maikutlo a matla ka mokhabo oa basali. Malumeli a mang a bile a thibela bao e leng litho tsa ’ona ho roala mabenyane a ho ikhabisa a mofuta ofe kapa ofe, ho itlotsa ka litlolo, kapa ho apara liphahlo tse mebala-bala. Na mosali oa Mokreste o lokela ho pata botle ba hae, kapa na o lokela ho nka mehato ea ho ntlafatsa ponahalo ea hae?

Pono ea Molimo

Bibele ha e name ha e bua ka ho roala mabenyane le ho sebelisa litlolo. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo lekaneng ho bontša hore Molimo ha a nyatse lintho tsena le mefuta e meng ea mokhabiso.

Ka mohlala, ha a hlalosa tsela eo a ileng a hlohonolofatsa Jerusalema ka eona, Molimo o bua joalokaha eka motse oo e ne e le mosali, o re, “Ka tsoela pele ho u khabisa ka mekhabiso, . . . ua hōla ua ba motle haholo.” (Ezekiele 16:11-13) Mekhabiso e joalo, le hoja e le ea tšoantšetso, e ne e akarelletsa lipetja, sefaha sa molaleng le masale. Mangolo a boetse a bapisa mekhabiso ea botho ea khauta hantle le “ea khalemelang ka bohlale” eo mantsoe a hae a amoheloang ke motho ea ratang ho mamela. (Liproverbia 25:1, 12) Ke ntho e utloahalang ho fihlela qeto ea hore haeba Mangolo a ka etsa lipapiso tse ntle tjena, e tlameha ebe Molimo ha a khahlanong le basali ha ba sebelisa lintho tse ntle ho ntlafatsa ponahalo ea bona.

Basali ba Bakreste Baa Ikhabisa

Litemana tse ling tsa Bibele li bua ka ho toba ka ho ikhabisa ha basali. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle.” Joale ha ba ikhabisitse “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong,” hoo ho ka bontša hore ke basali ba fang Molimo tlhompho ea borapeli. (1 Timothea 2:9, 10) Ha basali ba Bakreste ba bonahatsa botle bo joalo bo itekanetseng, ho ka hlahisa lithuto tsa Molimo le phutheho hantle.

Batho ba bang ba hanyetsa seo ka hore tsona litemana tseo li re mokhabiso ha oa lokela ho ba oa “mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.” Na hoo ho bolela hore basali ha baa lokela ho lokisa meriri ea bona kapa ho roala mabenyane?

Che, ha ho joalo; Bibele e bua hantle ka mokhabiso. Kahoo, ho e-na le ho thibela mokhabiso o itseng, Pauluse o ne a khothalletsa basali hore ba ele hloko ho ikhabisa haholo-holo ka litšoaneleho tsa moea le mesebetsi e metle.

Sepheo sa ho Ikhabisa ke sa Bohlokoa

Moapostola Pauluse o ile a ngola: “A re se keng ra hlola re ahlolana, empa ho e-na le hoo le etse qeto ea hore le se ke la beha khopiso kapa sesosa sa ho khoptjoa ka pel’a mor’abo lōna.” (Baroma 14:13) See se sebetsa joang ho seo re khethang ho ikhabisa ka sona?

Ntlha ea pele, Pauluse o re bolella hore re se ke ra “ahlolana.” Re tlameha ho itebela khahlanong le ho ‘beha khopiso ka pel’a mor’abo rōna.’ Litekanyetso tsa hore na ke eng e amohelehang li ka ’na tsa fapana ho ea ka linaha le ho ea ka litso. Se amohelehang nakong e itseng le sebakeng se itseng, se ka ’na sa se amohelehe ho se seng. Ha rea lokela ho khopisa kapa ho halefisa ba bang ka ho roala mokhabiso oo setso sa rōna se o amahanyang le mokhoa oa bophelo o belaetsang. Basali ba tšabang Molimo ba lokela ho ipotsa: Batho ba talima seo ke se aparang joang? Na litho tsa phutheho lia soaba, li maketse, kapa li hlajoa ke lihlong ke seo ke se aparang? Esita le haeba mosali oa Mokreste a e-na le tokelo ea ho apara kapa ho itlhopha ka tsela e itseng, o tla tlohela tokelo eo haeba mokhoa oa hae oa ho itlhopha o tla khopisa.—1 Bakorinthe 10:23, 24.

Hape ho tsepamisa maikutlo ho tlōla tekano ponahalong ea motho ho ka lebisa maikutlong a fosahetseng. Kajeno linaheng tse ngata basali ba bang ba sebelisa mokhabiso ka tsela e hohelang ho ikhulela tlhokomelo ka tsela e sa lokelang. Leha ho le joalo, basali ba Bakreste ka tieo ba qoba ho sebelisa mokhabo hampe joalo, ba loanela ho ba ba hlaphohetsoeng kelellong le ba hloekileng litabeng tsa bona, “e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.”—Tite 2:4, 5.

Basali ba tšabang Molimo baa utloisisa hore le hoja ba ka khetha ho sebelisa mokhabiso, botle ba bona ba sebele ke ba ka hare, “motho ea ka sephiring oa pelo” ’me bo bonahala maikutlong a bona le boitšoarong ba bona. (1 Petrose 3:3, 4) Mosali ea tsebang ho khetha tsela eo a aparang ka eona, tsela eo a sebelisang litlolo ka eona le ho roala mabenyane a hae o ikhapela tlhompho ea ba bang ’me o tlotlisa ’Mōpi oa hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela