Lipaki Khahlanong le Melimo ea Bohata
“Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.”—ESAIA 43:10.
1. Molimo oa ’nete ke mang, hona ke litšobotsing life a phahametseng melimo e mengata e rapeloang kajeno?
MOLIMO oa ’nete ke mang? Kajeno, moloko oohle oa batho o talimane le taba ena ea bohlokoahali eo ho phehisanoang ka eona. Le hoja batho ba rapela melimo e mengata haholo, O Mong feela ea ka re fang bophelo le bokamoso bo thabileng. O Mong feela eo ho ka thoeng ka eena: “Ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng.” (Liketso 17:28) Ka sebele, ke Molimo a le mong feela ea nang le tokelo ea ho rapeloa. Joalokaha sehlopha sa libini sa leholimo bukeng ea Tšenolo se re: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”—Tšenolo 4:11.
2, 3. (a) Satane ka leshano o ile a phephetsa tokelo ea Jehova ea ho rapeloa joang? (b) Phello ea sebe sa Eva e bile efe ho Eva le ho bana ba hae, hona phello e bile efe ho Satane?
2 Tšimong ea Edene, Satane ka leshano o ile a phephetsa tokelo ea Jehova ea ho rapeloa. A sebelisa noha, o ile a bolella Eva hore haeba a ne a ka tlōla molao oa Jehova ’me a ja sefateng seo Jehova a neng a mo hanetse ho ja ho sona, o ne a tla tšoana le Molimo. O ile a re: “Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:5) Eva o ile a lumela seo noha e mo bolellang sona ’me a ja tholoana e hanetsoeng.
3 Ho hlakile hore Satane o ne a bua leshano. (Johanne 8:44) Tsela feela eo ka eona Eva a ileng a “ba joalo ka [Molimo, NW]” ha a ne a etsa sebe e bile hore o ile a itjarisa boikarabelo ba ho etsa qeto ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe, e leng se ka beng se siiloe ho Jehova. ’Me ho sa tsotellehe leshano la Satane, qetellong o ile a shoa. Motho feela eo ka sebele a ileng a fumana molemo sebeng sa Eva ke Satane. Ruri pakane e sa boleloang ea Satane ka ho phehella Eva hore a etse sebe e ne e le hore eena ka boeena e be molimo. Nakong eo Eva a neng a etsa sebe, e bile eena molateli oa hae oa pele oa motho, ’me kapele Adama o ile a kopanela le eena. E ne e se feela hore bongata ba bana ba bona bo “tsoaletsoe bokhopong” empa hape bo ile ba oela tlas’a tšusumetso ea Satane, ’me ka nako e khutšoanyane, lefatše lohle le neng le arohile ho Molimo oa ’nete le ile la e-ba teng.—Genese 6:5; Pesaleme ea 51:5.
4. (a) Molimo oa lefatše lee ke mang? (b) Ho na le tlhokahalo e potlakileng ea eng?
4 Lefatše leo le ile la timetsoa Moroallong. (2 Petrose 3:6) Ka mor’a Moroallo ho ile ha hlaha lefatše le leng le arohileng ho Jehova, ’me le ntse le le teng. Bibele ha e bua ka lona e re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Ka ho sebetsa khahlanong le morero le moelelo oa molao oa Jehova, lefatše lena le sebeletsa lipakane tsa Satane. Ke molimo oa lona. (2 Ba-Korinthe 4:4) Empa, ha e le hantle ke molimo ea se nang matla. A ke ke a thabisa batho leha e le hona ho ba fa bophelo; ke Jehova feela ea ka etsang seo. Kahoo, batho ba batlang bophelo bo nang le morero le lefatše le molemo ba tlameha hore ba qale ka ho ithuta hore Jehova ke Molimo oa ’nete ebe ba ithuta ho etsa thato ea hae. (Pesaleme ea 37:18, 27, 28; Moeklesia 12:13) Kahoo, ho na le tlhokahalo e potlakileng ea hore banna le basali ba tumelo ba pake kapa ba bolele ’nete ka Jehova.
5. Pauluse o ile a bua ka ‘leru lefe la lipaki’? Bolela batho ba bang bao a ba thathamisang.
5 Ho tloha qalong feela, batho bao ba tšepahalang ba bile teng lefatšeng. Moapostola Pauluse, ho Ba-Heberu khaolo ea 11, o fana ka lethathamo le lelelele la bona ’me o ba bitsa “leru le lekalo la lipaki.” (Ba-Heberu 12:1) Abele, mora oa bobeli oa Adama le Eva, ke eena oa pele lethathamong la Pauluse. Henoke le Noe le bona ba boletsoe ho tloha nakong ea pele ho Moroallo. (Ba-Heberu 11:4, 5, 7) Ea hlaheletseng ke Abrahama, moholo-holo oa morabe oa Bajode. Abrahama, ea bitsoang “motsoalle oa Molimo,” e bile moholo-holo oa Jesu, “paki e tšepehang, ea ’nete.”—Jakobo 2:23; Tšenolo 3:14.
Ho Pakela ’Nete ha Abrahama
6, 7. Ke ka litsela life bophelo le liketso tsa Abrahama e bileng bopaki ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete?
6 Abrahama o ile a sebeletsa e le paki joang? Ka tumelo ea hae e matla le kutlo ea hae e bonahatsang botšepehi ho Jehova. Ha a ne a biletsoa ho siea motse o moholo oa Ure le ho ea lula naheng e hōle bophelo ba hae bohle, Abrahama o ile a mamela. (Genese 15:7; Liketso 7:2-4) Hangata meloko ea batho ba lelerang e tla tlohela bophelo ba eona ba bo-hloma-u-hlomole ’me e khethe bophelo bo sireletsehileng haholoanyane ba motse o moholo. Kahoo, ha Abrahama a tloha motseng o moholo a lumela ho lula litenteng, o ile a fana ka bopaki bo matla ba hore o tšepa Jehova Molimo. Kutlo ea hae e ne e le bopaki ho bashebelli. Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrahama ka ho enneng bakeng sa tumelo ea hae. Le hoja a ne a lula litenteng, Abrahama o ile a atleha linthong tse bonahalang. Ha Lota le lelapa la hae ba ne ba isitsoe botlamuoeng, Jehova o ile a atlehisa Abrahama ha a phalla, e le hore a ka khona ho ba pholosa. Mosali oa Abrahama o ile a ba le mora botsofaling ba hae, ’me ka tsela eo tšepiso ea Jehova ea hore Abrahama e ne e tla ba ntate oa peō e ile ea tiisoa. Ka Abrahama, batho ba ile ba bona hore Jehova ke Molimo ea phelang ea phethahatsang litšepiso tsa hae.—Genese 12:1-3; 14:14-16; 21:1-7.
7 Abrahama ha a tsoa pholosa Lota, o ile a khahlametsoa ke Melkisedeke, morena oa Saleme (eo hamorao e ileng ea bitsoa Jerusalema), ea ileng a amohela Abrahama, a re: “Abrame [oa] Molimo o holimo-limo.” Morena oa Sodoma le eena o ile a kopana le eena ’me o ne a batla ho mo fa limpho. Abrahama o ile a hana. Hobane’ng? O ne a sa batle hore ho be le pelaelo leha e le efe mabapi le Mohloli oa litlhohonolofatso tsa hae. O ile a re: “Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Molimo o holimo-limo, mong a maholimo le lefatše, hore, leha e le tšoele, leha e le leqhoele la seeta, nke ke ka nka letho la hao, u tle u se ke ua re: Ke fumisitse Abrame.” (Genese 14:17-24) Abrahama e bile paki e molemo hakaakang!
Sechaba sa Lipaki
8. Moshe o ile a bontša tumelo e matla ho Jehova joang?
8 Moshe, setloholo sa Abrahama, le eena o-oa hlaha lethathamong la Pauluse la lipaki. Moshe o ile a furalla maruo a Egepeta ’me hamorao ka sebete a talimana le ’musi oa ’muso oo oa lefatše o moholo e le hore a ka isa bana ba Iseraele tokolohong. O ile a fumana sebete seo hokae? Tumelong ea hae. Pauluse o re: “[Moshe] a tiea joalo ka hoja a bona ea sa bonoeng.” (Ba-Heberu 11:27) Melimo ea Egepeta e ne e ka bonoa ebile e ka angoa. Esita le kajeno, liemahale tsa eona li khahla batho. Empa Jehova, le hoja a sa bonahale, e ne e le oa sebele haholo ho Moshe ho feta melimo eo eohle ea bohata. Moshe o ne a se na pelaelo ea hore Jehova o teng le hore o ne a tla putsa barapeli ba Hae. (Ba-Heberu 11:6) Moshe e bile paki e hlaheletseng.
9. Sechaba sa Iseraele se ne se lokela ho sebeletsa Jehova joang?
9 Ka mor’a hore a etelle Baiseraele pele ho ba isa tokolohong, Moshe e ile ea e-ba ’muelli oa selekane se pakeng tsa Jehova le litloholo tsa Abrahama ka Jakobo. Phello e bile hore sechaba sa Iseraele se bile teng e le letlotlo la Jehova le khethehileng. (Exoda 19:5, 6) Bopaki bo ne bo lokela ho fanoa ke sechaba ka lekhetlo la pele. Mantsoe a Jehova ka Esaia, lilemong tse ka bang 800 hamorao, a ile a sebetsa ho latela lintho tsa motheo ho tloha ha sechaba sena se e-ba teng: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na.” (Esaia 43:10) Sechaba sena se secha se ne se tla sebeletsa e le lipaki tsa Jehova joang? Ka tumelo ea sona le kutlo le ka liketso tsa Jehova molemong oa sona.
10. Mesebetsi ea Jehova e matla molemong oa Baiseraele e fana ka bopaki ka tsela efe, hona ka liphello life?
10 Lilemo tse ka bang 40 ka mor’a hore sechaba sa Iseraele se thehoe, se ne se le haufi le ho rua Naha e Tšepisitsoeng. Lihloela li ile tsa tsoa ho ea hloela motse oa Jeriko, ’me Rahaba, moahi oa Jeriko, o ile a li sireletsa. Hobane’ng? O ile a re: “Re utloile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Leoatle le Lefubelu kateng, pel’a lōna, mohla le tsoang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabeli a ba-Amore kateng, ba mose oane oa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timelitseng. Eitse hobane re utloe, ra nyahama lipelo; meea ea rōna kaofela ea khathala pel’a lōna, hobane Jehova, Molimo oa lona, ke Molimo holimo leholimong, le tlase lefatšeng.” (Joshua 2:10, 11) Tlaleho ea mesebetsi ea Jehova e matla e ile ea susumelletsa Rahaba le lelapa la hae ho furalla Jeriko le melimo ea eona ea bohata le ho rapela Jehova le Baiseraele. Ho hlakile hore Jehova o ne a fane ka bopaki bo matla ka Baiseraele.—Joshua 6:25.
11. Batsoali bohle ba Baiseraele ba ne ba e-na le boikarabelo bofe mabapi le ho paka?
11 Ha Baiseraele ba ntse ba le Egepeta, Jehova o ile a romela Moshe ho Faro ’me a re: “E-ea ho Faro hobane ke thatafalitse pelo ea hae le lipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse lipontšo tsena tsa ka pel’a hae; le hore u tle u phetele mor’a hao le setloholo sa hao taba tsee ke li entseng ho ba-Egepeta, le lipontšo tsa ka tsee ke li entseng har’a bona, ’me le tle le tsebe hobane ke ’na Jehova.” (Exoda 10:1, 2) Baiseraele ba mamelang ba ne ba tla bolella bana ba bona ka liketso tsa Jehova tse matla. Bana ba bona, le bona, ba ne ba tla li bolella bana ba bona, ka hona sena se ne se tla etsoa ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong. Kahoo, liketso tsa Jehova tse matla li ne li tla hopoloa. Ka ho tšoanang, kajeno batsoali ba na le boikarabelo ba ho pakela bana ba bona.—Deuteronoma 6:4-7; Liproverbia 22:6.
12. Tlhohonolofatso ea Jehova ho Salomone le ho Baiseraele e ile ea sebeletsa e le bopaki joang?
12 Litlhohonolofatso tsa Jehova tse enneng ho Baiseraele ha ba sa ntse ba tšepahala li ile tsa sebeletsa e le bopaki ho lichaba tse ba potolohileng. Joalokaha Moshe a ile a bolela ka mor’a ho lokolisa litlhohonolofatso tseo Jehova a li tšepisitseng: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla bona hoba u bitsoa ka lebitso la Jehova, ’me li tla u tšaba.” (Deuteronoma 28:10) Salomone o ne a fuoe bohlale le leruo ka lebaka la tumelo ea hae. Tlas’a puso ea hae sechaba se ile sa atleha ’me sa thabela nako e telele ea khotso. Mabapi le nako eo rea bala: “Ha tla ba machaba ’ohle, ho tla utloa bohlale ba Salomone, ba romiloe ke marena ’ohle a lefatše, a neng a utloe tsa bohlale ba hae.” (1 Marena 4:25, 29, 30, 34) Ea hlaheletseng har’a baeti ba Salomone e bile mofumahali oa Sheba. Ka mor’a hore ka boeena a bone tlhohonolofatso ea Jehova sechabeng le ho morena oa sona, o ile a re: “A ho bokoe Jehova, Molimo oa hao, ea khahliloeng ke uena hore a u bee teroneng, u be morena ho khahlisa Jehova, Molimo oa hao. Molimo o u beile morena oa ba-Iseraele, ho ba etsa ka bokhabane le ho loka, kahobane oa ba rata.”—2 Likronike 9:8.
13. E ka ’na eaba bopaki bo matla ka ho fetisisa ba Iseraele e bile eng, hona re ntse re fumana molemo joang ho eona?
13 Moapostola Pauluse o ile a bolela seo mohlomong e bileng bopaki bo matla ka ho fetisisa ba Iseraele. Ha a bua le phutheho ea Bakreste e Roma ka Baiseraele ba nama, o ile a re: “Lipolelo tsa Molimo li tšepetsoe bona.” (Ba-Roma 3:1, 2) Ho tloha ho Moshe, Baiseraele ba itseng ba tšepahalang ba ne ba bululetsoe hore ba tlalehe litšebelisano tsa Jehova le Iseraele ka ho li ngola, esita le keletso ea hae, melao ea hae le boprofeta ba hae. Ka mangolo ana bangoli bao ba boholo-holo ba behile bopaki melokong eohle e tla tla—ho akarelletsa le oa rōna kajeno—ba hore ho na le Molimo a le mong feela, ’me lebitso la hae ke Jehova.—Daniele 12:9; 1 Petrose 1:10-12.
14. Ke hobane’ng ha ba bang ba neng ba pakela Jehova ba ile ba hlorisoa?
14 Ka masoabi, khafetsa Baiseraele ba ile ba hlōleha ho bontša tumelo, eaba Jehova o tlameha ho romela lipaki sechabeng sa hae. Bongata ba tsona bo ile ba hlorisoa. Pauluse o ile a re “ba bang ba tšoenyehile ka litšomo, le ka ho shapuoa, le ka litlamo, le ka literonko.” (Ba-Heberu 11:36) Ka sebele e ne e le lipaki tse tšepahalang! Ho hlomola hakaakang hore ebe hangata ba ne ba hlorisoa ke sechaba sa habo bona se khethiloeng sa Jehova! (Mattheu 23:31, 37) Ha e le hantle, sebe sa sechaba seo se bile seholo hoo ka 607 B.C.E., Jehova a ileng a nolofalletsa Bababylona ho timetsa Jerusalema le tempele ea eona le ho etella pele bongata ba Baiseraele ba phonyohileng ho ea botlamuoeng. (Jeremia 20:4; 21:10) Na ho pakela lebitso la Jehova ha sechaba ho ile ha fella moo? Che.
Teko ea Melimo
15. Bopaki bo ile ba fanoa joang esita le botlamuoeng ba Babylona?
15 Esita le botlamuoeng ba Babylona, batho ba tšepahalang sechabeng sena ha baa ka ba qea-qea ho paka ka Bomolimo ba Jehova le matla a hae. Ka mohlala, Daniele ka sebete o ile a phutholla litoro tsa Nebukadnezare, a hlalosetsa Belshatsare mongolo o leboteng, ’me a hana ho sekisetsa ka pele ho Dariuse tabeng ea thapelo. Baheberu ba bararo le bona, ha ba hana ho inamela setšoantšo, ba ile ba fa Nebukadnezare bopaki bo tsotehang.—Daniele 3:13-18; 5:13-29; 6:4-27.
16. Jehova o ile a bolela joang esale pele ho khutlela ha Baiseraele naheng ea bona, ’me morero oa ho khutla hoo e ne e tla ba ofe?
16 Leha ho le joalo, Jehova o ile a rera hore sechaba se ne se tla boela se fane ka bopaki naheng ea Iseraele. Ezekiele, ea ileng a profeta har’a Bajode ba leng botlamuoeng Babylona, o ile a ngola ka boikemisetso ba Jehova mabapi le naha e lesupi: “Ke tla atisa banna ho lōna, e leng ho re ntlo eohle ea Iseraele: metse e tla boela e ahuoe, le lithako li tsosoe.” (Ezekiele 36:10) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a tla etsa see? Ka ho khethehileng e le hore e be bopaki lebitsong la hae. Ka Ezekiele o ile a re: “Ha ke etsetse lōna, ntlo ea Iseraele: ke etsetsa lebitso la ka le khethehileng, leo le le sentseng lichabeng tseo le fihlileng ho tsona.”—Ezekiele 36:22; Jeremia 50:28.
17. Mantsoe a Esaia 43:10 a bolela’ng?
17 E ne e le ha a profeta ho khutla ha Baiseraele botlamuoeng Babylona moo moprofeta Esaia a ileng a susumetsoa ho ngola mantsoe a Esaia 43:10, a reng Iseraele e ne e le paki ea Jehova, mohlanka oa hae. Ho Esaia 43 le 44, Jehova o hlalosoa e le ’Mōpi oa Iseraele, Moqali, Molimo, Ea Halalelang, ’Moloki, Morekolli, Morena le Moetsi. (Esaia 43:3, 14, 15; 44:2) Botlamuoa ba Baiseraele bo ne bo lumeletsoe hobane ka makhetlo sechaba se ile sa hlōleha ho mo tlotlisa ka seo a leng sona. Leha ho le joalo, e ne e ntse e le sechaba sa hae. Jehova o ne a ile a re ho bona: “Se tšabe, hobane ke u lopolotse, ke u bitsitse ka lebitso la hao, u oa ka.” (Esaia 43:1) Botlamuoa ba Baiseraele Babylona bo ne bo tla fela.
18. Ho lokolloa ha Baiseraele Babylona ho ile ha paka joang hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete?
18 Ha e le hantle, Jehova o ile a etsa hore ho lokolloa ha Baiseraele Babylona e be teko ea melimo. O ile a phephetsa melimo ea bohata ea lichaba hore e tlise lipaki tsa eona, ’me o ile a bitsa Iseraele paki ea hae. (Esaia 43:9, 12) Ha a ne a lokolla Baiseraele botlamuoeng, o ile a paka hore melimo ea Babylona e ne e se melimo ho hang le hore ke eena feela Molimo oa ’nete. (Esaia 43:14, 15) Lilemong tse ka bang 200 tse fetileng pele ho ketsahalo eo, ha a ne a bitsa Cyruse Mopersia mohlanka oa hae bakeng sa ho lokolla Bajode, o ile a fana ka bopaki bo eketsehileng ba Bomolimo ba hae. (Esaia 44:28) Iseraele e ne e tla lokolloa. Hobane’ng? Jehova oa hlalosa: “E le hore ba [Baiseraele] ka bolela lithoriso tsa ka ka ho qaqileng.” (Esaia 43:21, NW) Sena se ne se tla fana ka monyetla o eketsehileng oa bopaki.
19. Ke bopaki bofe bo ileng ba fanoa ke ho mema ha Cyruse Baiseraele hore ba khutlele Jerusalema le ke liketso tsa Bajode ba tšepahalang ka mor’a ho khutla hoo?
19 Ha nako e fihla, Cyruse Mopersia o ile a hapa Babylona feela joalokaha ho profetiloe. Cyruse, le hoja e ne e le mohetene, o ile a bolela Bomolimo ba Jehova ha a ne a phatlalatsa ho Bajode, Babylona: “Ha’ra lōna mang le mang eo e leng motho oa sechaba sa hae, Molimo oa hae o ke o be le eena, ’me a nyolohele Jerusalema naheng ea Juda, ’me a hahe ntlo ea Jehova, Molimo oa Iseraele; ke oona Molimo o leng Jerusalema.” (Esdrase 1:3) Bajode ba bangata ba ile ba arabela. Ba ile ba nka leeto le lelelele ho khutlela Naheng e Tšepisitsoeng ’me ba haha aletare setšeng sa tempele ea khale. Ho sa tsotellehe ho nyahama le khanyetso e matla, qetellong ba ile ba khona ho haha tempele hape le motse oa Jerusalema. Sena sohle se ile sa etsahala, joalokaha Jehova ka boeena a itse, “hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa [hae].” (Zakaria 4:6) Sena se finyeletsoeng se ile sa fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.
20. Ho sa tsotellehe mefokolo ea Baiseraele, ho ka thoe’ng ka ho fana ha bona ka bopaki lebitsong la Jehova lefatšeng la boholo-holo?
20 Kahoo, Jehova o ile a tsoela pele ho sebelisa Iseraele e le paki ea hae, le hoja e le sechaba sa batho ba sa phethahalang ’me ka linako tse ling ba mo fetohela. Lefatšeng la pele ho Bokreste, sechaba seo, ka tempele ea sona le boprista, se ne se emela setsi sa lefatšeng sa borapeli ba ’nete. Mang kapa mang ea balang ka liketso tsa Jehova mabapi le Iseraele Mangolong a Seheberu a ke ke a ba le pelaelo leha e le efe ea hore ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete, ’me lebitso la hae ke Jehova. (Deuteronoma 6:4; Zakaria 14:9) Leha ho le joalo, bopaki bo boholoanyane bo ne bo lokela ho fanoa lebitsong la Jehova, ’me re tla tšohla sena sehloohong se latelang.
Na U sa Hopola?
◻ Ke joang Abrahama a ileng a fana ka bopaki ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete?
◻ Ke tšoaneleho efe e ikhethang ea Moshe e ileng ea mo nolofalletsa ho ba paki e tšepahalang?
◻ Ke ka litsela life Iseraele joaloka sechaba e ileng ea fana ka bopaki mabapi le Jehova?
◻ Ke joang ho lokoloha ha Baiseraele Babylona e bileng pontšo ea hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ka tumelo ea hae le kutlo, Abrahama o ile a fana ka bopaki bo ikhethang ka Bomolimo ba Jehova