Ho Fanoa ka Mangolo ho Sehlopha sa Gileade sa Bo85—Ketsahalo e Thabisang
KA MOR’A ho khakoloa ha tempele lilemong tse ka bang 3000 tse fetileng, Salomone “a khutlisa sechaba, ba ikela hae litenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakalletseng.” (2 Likronike 7:10) Mantsoe ao a hlalosa hantle boikutlo ba batho ba fetang 4000 ha ba ne ba tloha Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova Jersey City ka la 11 Loetse, 1988. E ne e le ketsahalo ea eng? Ho ne ho fanoa ka mangolo ho sehlopha sa bo85 sa Sekolo sa Gileade sa Bibele sa Watchtower.
Ka mor’a pina, lenaneo le ile la buloa ka thapelo e tlohang botebong ba pelo e entsoeng ke W. L. Barry, setho sa Sehlopha se Busang. T. Jaracz, eo le eena e leng oa Sehlopha se Busang, o ile a sebeletsa e le molula-setulo letsatsing leo. ‘E le hore ketsahalo ena e be e khathollang moeeng le e hahang ka sebele, ho hlokahala moea oa Jehova le tlhohonolofatso ea hae,’ ho boletse Jaracz. Ha e le hantle, tsena li ile tsa hla tsa bonahala ha lenaneo le ntse le tsoela pele.
Ka mor’a mantsoe ao a kamohelo, ba neng ba tla amohela mangolo ba ile ba fuoa keletso ea ho qetela ka letoto la lipuo tse khutšoanyane, tse sebetsang. R. L. Rains, oa Komiti ea Bethele e bile sebui sa pele. A theile litlhaloso tsa hae ho Genese 12:1, 2, Rains o ile a eletsa liithuti: ‘Ipakeng ho ba tlhohonolofatso kabelong ea lōna ea boromuoa.’ ’Me ba ne ba tla etsa joalo joang? O ile a hatisa, ‘Ke ka tsela ea lōna ea bophelo hang ha le fihla moo.’ Eaba o totobatsa mabaka a mabeli a neng a tla ba thusa haholo: (1) Ba tlameha ho hlokomela hore ho tla hlokahala hore ba etse liphetoho e le hore ba amohele likabelo tsa bona tse ncha; ’me (2) ba tlameha ho boloka likamano tsa khotso le ba bang.
Ka tsela e mofuthu, e khothatsang, J. E. Barr oa Sehlopha se Busang a fana ka puo e hlahlamang, a buisana le ba neng ba amohela mangolo ka sehlooho sena: “Re Ekelletse Tumelo ea Rona,” e theiloeng ho Luka 17:5 (TLP). Barr a ba khothatsa: ‘Ka mehla le hopole ho kōpa Jehova ho le nea tumelo e eketsehileng.’ Ka mehla ba lokela ho hopola lebaka la sebele le entseng hore Jehova a ba romele likabelong tsa bona. Barr a boela a khothatsa, ‘Utloang matla a sa bonahaleng a tšehetsang a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o le tšehetsang ka mehla, bosiu le motšehare. Le ka mohla ho ke ke ha boleloa hore le kōpile ka makhetlo a mangata haholo lithapelong tsa lōna, “Jehova, ke kōpa o ’nehe tumelo e eketsehileng.”’
Cheseho ea bamameli e ile ea phahama ha molula-setulo a ba tsebisa sehlooho sa sebui se latelang, F. D. Songer oa Komiti ea Feketheri: “Ntho ea Bohlokoa eo re e Tšepetsoeng le Senotlolo se Khethehileng.” Songer o ne a theile litlhaloso tsa hae ho 1 Likronike 9:26, 27 (NW) le seo se hlalosoang moo ka balebeli ba Balevi. ‘Kabelo ea bona e ne e le ntho ea bohlokoa eo ba e tšepetsoeng,’ ho hlalositse Songer. Ba ne ba e-na le senotlolo—kofuto e neng e bontša hore ba ne ba e-na le matla a taolo likhorong tse kenang libakeng tse halalelang tsa tempele. Ba ne ba ka tšepeloa hore hoseng ho hong le ho hong ba tla bula liheke. Ha a lihella puo ea hae, Songer a bolella liithuti: ‘Le neiloe ntho ea bohlokoa eo le ka e tšepeloang le senotlolo se khethehileng, seo ka tšoantšetso le ka bulang ka sona, hoseng ho hong le ho hong, ho bulela ba batlang ho kena mabaleng a borapeli ba ’nete. Hlokomelang hantle ntho ena eo le e tšepetsoeng ’me le sebelise senotlolo seo ka tsela eo le ka tšeptjoang ka eona.’
M. G. Henschel oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo e hlahlamang ka sehlooho sena “Tšoarellang Mohlaleng oa Mantsoe a Phelisang.” Ha Moena Henschel a qotsa 2 Timothea 1:13, 14 (NW), o ile a hlalosa hore keletso eo Pauluse a ileng a arohana ka eona le Timothea e bile ena: ‘Sebelisa mohlala ona oa mantsoe a phelisang ao u a amohetseng ho ’na, ’me u o sireletse joale ka letlotlo, ntho eo u e tšepetsoeng.’ Liithuti le tsona li ne li amohetse letlotlo. Lebaka ke hore likhoeling tse hlano tse fetileng, li ile tsa ithuta Bibele le litaba tse amanang le tšebeletso ea boboleli. ‘Thupelo ena, mohlala ona oa mantsoe a phelisang, ke ntho eo Molimo o e beileng matsohong a lōna ho e sebelisa, e seng feela bakeng sa lōna, che, empa bakeng sa ba bang,’ ho hlalositse Henschel.
Ke keletso efe ea ho qetela eo barupeli ba babeli ba sekolo ba neng ba tla e neha liithuti tsa bona? J. D. Redford o buile pele sehloohong “Lumelang Liphoso tsa Lōna.” Redford o ile a ba hlokomelisa hore le hoja re tseba hore “bohle re khopjoa nthong tse ngata,” haeba re qosoa ka ho etsa phoso, re na le tšekamelo ea ho batla ho itokafatsa. (Jakobo 3:2) ‘Ho hana ho amohela liphoso tsa rōna ho tšoana hantle le ho ipolela re le batho ba sa etseng liphoso ba phethahetseng,’ ho boletse Redford. Ho amohela liphoso tsa rōna ke tsela e bohlale. Joang? Sebui sa hlalosa: ‘Ha ho motho ea ka bolokang hlompho ea ba bang haeba a tsitlella hore o nepile esita le haeba a bontšoa phoso ea hae e totobetseng. Ke joang motho leha e le ofe a ka tšepang motho eo a tsebang hore a ka ikemisetsa ho tela ’nete e le hore feela a bonahale a nepile? Ho amohela liphoso ho haha matla a rōna, le boitlhompho. Empa ho hlōleha ho etsa joalo ho bontša bokoala, ’me ho ka sebeletsa ho fokolisa boitšoaro ba rōna.’ Ho sebelisa keletso e joalo e sebetsang ntle ho pelaelo ho tla thusa liithuti ho sebelisana hantle le ba bang.
U. V. Glass, morupeli e mong le mongoli oa sekolo, o ile a thea khothatso ea hae ea ho qetela tlalehong ea Bibele ea Gideone, eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho lopolla Iseraele matsohong a Bamediane. (Baahloli, likhaolo 6-8) Gideone o ile a bontša hore ho tšepa ha hae Jehova ho ne ho sa beoa sebakeng se fosahetseng, hobane ha batho ba ne ba batla ho mo etsa morena, o ile a hana, a re: “Jehova ke eena ea tla le busa.” (Baahloli 8:23) ‘Ka ho tšoanang le lōna ha le batle ho phahamisoa. Le se le iponahalitse. Empa sena ha se bolele hore ke lōna ba loanang. Ke Jehova ea le tšehelitseng.’
Sebui sa ho qetela hoseng hoo e bile A. D. Schroeder oa Sehlopha se Busang, ’me ho ne ho hlakile ha a ntse a bua hore pelo ea hae e ne e khomaretse Sekolo sa Gileade haholo. ’Me e ne e le ka lebaka le letle—e bile mongoli oa sekolo sena ha se ne se theoa ka 1943. Moena Schroeder o ile a haha puo sehloohong sa hae “A le ke le Fumanoe le Tšepahala,” se theiloeng ho 1 Ba-Korinthe 4:2, (NW). Ho tšepahala ho akarelletsa eng? Schroeder a hlalosa, ‘Ho hlalosa motho ea tletseng tumelo lipolelong tsa phatlalatsa le litšepisong tse hlollang tsa Jehova Molimo. Hape ho bolela hore motho o bua ’nete, o tsitsitse, ’me o tšepahala ho Jehova.’ Na ho na le mehlala ea ba ileng ba fumanoa ba tšepahetse? E ne e le banna le basali ba phetseng pele ho mehla ea Bakreste ba boletsoeng ho Ba-Heberu khaolo ea 11; Jesu Kreste; le baapostola le barutuoa ba bang ba tlotsitsoeng ba lekholo la pele la lilemo C.E. Ka mor’a hore Moena Schroeder a ba hlokomelise ka mehlala e meng ea mehleng ena, a botsa: ‘Ho thoe’ng ka rōna?’ A eketsa: ‘Lintho li peli, ua tšepahala kapa ha u tšepahale. Ebang re batlotsuoa kapa re ba bongata bo boholo ba batho, kaofela ha rōna, lihlopha tsena ka bobeli, re tlameha ho tšepahala pitsong ea rōna.’
Ka mor’a litlhaloso tsa Moena Schroeder, molula-setulo o ile a fetisetsa ho bamameli litumeliso tse amohetsoeng ho tsoa linaheng tse fapaneng. Joale ha fihla nako ea hore liithuti li amohele mangolo a tsona a diploma. Liithuti tse 22 li ne li hlaha linaheng tse tšeletseng—Canada, Finland, Jeremane, Great Britain, Sweden, le United States. Leha ho le joalo, likabelo tsa tsona li ne li tla li isa linaheng tse fapaneng tse 11—Belize, Dominica, Ecuador, El Salvador, Hong Kong, Lesotho, Pakistan, Paraguay, Puerto Rico, Senegal, le Taiwan. ’Me liithuti tse amohelang mangolo li ile tsa re’ng letsatsing leo la kamohelo ea mangolo? E mong oa liithuti o ile a bala lengolo le ngoletsoeng Sehlopha se Busang le lelapa la Bethele, leo karolo ea lona e balehang tjena: “Re boela re le leboha kaofela ha lōna ka ho etsa hore likhoeli tsena tse hlano e be tseo re tla ’ne re li hopole ka mehla bophelong bohle ba rōna.”
Ka mor’a khefu, W. L. Van De Wall oa Lefapha la Komiti ea Tšebeletso a qalisa lenaneo la motšehare oa mantsiboea ka thuto ea Molula-Qhooa e khutsufalitsoeng. Ka mor’a hae, liithuti tsa etsa lenaneo le lekhutšoanyane li bontša hape ka tsela e thahasellisang—’me ka nako e ’ngoe e le e qabolang—liphihlelo tseo li li thabetseng ha li ne li paka Motseng oa New York. Joale, bamameli bohle, ho akarelletsa le sehlopha sa bo85, ba thabela lenaneo le khethehileng la sehlooho se reng “Ho Tloaelana Haholoanyane le Baromuoa ba Rōna ba Chesehang.” Ka li-slide le mantsoe a hatisitsoeng theiping, bamameli ba tseba ho bona—le ho utloa—baromuoa ba nako e telele.
E le sephetho se tšoanelang, liithuti li ile tsa etsa tšoantšiso ea Bibele e hatisang kamoo ho hlokahalang kateng ho etsa thato ea Molimo ka cheseho. Ka mor’a pina e phethelang, bohle ba ile ba ameha ka ho tebileng ha F. W. Franz, mopresidente oa Mokhatlo oa Watchtower, ea lilemo li 95, a etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo ho phetha lenaneo. Ka mor’ a sena, bohle ‘ba ikela hae ka thabo le ka lipelo tse nyakalletseng.’
Sekolo saGileade sa Bibele sa Watchtower se hlonngoeng ka 1943 se koetlisa le ho romela baromuoa likarolong tsohle tsa lefatše. Bakeng sa lihlopha tsa pele tse 35, sekolo se ne se le Polasing ea ’Muso ea Mokhatlo oa Watchtower, haufi le South Lansing, New York. Ho tloha ka sehlopha sa bo36, ka la 6 Hlakola, 1961, sekolo sena sa fallisetsoa ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn, New York, moo se ’nileng sa sebeletsa teng ho fihlela hona joale. Leha ho le joalo, ho qala ka sehlopha sa bo86 ka la 17 Mphalane, 1988 sekolo se falliselitsoe Mapolasing a Watchtower, haufi le Pine Bush, New York.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Lipalo tse Amang Sehlopha:
Karolelano ea lilemo: 29.1
Karolelano ea lilemo ’neteng: 13.4
Karolelano ea tšebeletso ea nako e tletseng: 9.1
Lenane la baena ba masoha: 2
Lenane la banyalani: 10
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Sehlopha se Amohelang Mangolo sa bo85 sa Sekolo sa Gileade sa Bibele sa Watchtower
Lethathameng le ka tlaase mona, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng o mong le o mongo
(1) Johnston, Y.; Kuismin, S.; Ugarte, Z.; Williams, Z.; Grischkewitz, G. (2) Powers, E.; D’Angelo, L.; Honsberger, J.; Williams, J.; James, J. (3) Kuismin, V.; Grischkewitz, U.; Ugarte, R.; Rogerson, A.; Lantunen, K.; James, D. (4) Rogerson, M.; Johnston, R.; D’Angelo, T.; Honsberger, T.; Powers, T.; Danielson, M.