Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 5/15 leq. 27
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisoasi tsa Kreste?
  • “Ho Hatella Letsoalo”
  • ‘Setempe’ se Khopisang
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
  • Boiteko ba ho Kopana
    Tsoha!—1991
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 5/15 leq. 27

Ho Nyarela ka Litabeng

Lisoasi tsa Kreste?

“Lisoasi tsa Evangeli” ebile sehlooho sa koranta ea Kereke ea Chache, Church Times. Se ne se bolela ka leeto le sa tloaelehang la Lipontšo tsa Mebileng tsa Lebotho la Kereke le neng le etela libaka tsa boikhathollo pel’a leoatle Engelane le Wales. Lebotho lena la Kereke le theiloeng lilemong tse lekholo tse fetileng e le thuso Kerekeng ea Chache, le entsoe ka sepheo sa ho bolela evangeli “har’a batho ba lelekiloeng sechabeng le linokoane tse lulang libakeng tse futsanehileng tsa Westminster.”

Kajeno, baetapele ba Lebotho la Kereke ba ntse ba amehile ka hore “evangeli e lokela ho fuoa sebaka sa eona se loketseng.” Lipontšo tsa bona tsa Mebileng li etsoa ka boikemisetso ba ho nehelana ka evangeli “ka tsela e tšehisang batho ba nang le phihlelo e fokolang ka Molimo, bao le ka mohla ba neng ba sa nahane ka ho tla tšebeletsong e tšoareloang kerekeng kapa holong ea kereke.” “Lisoasi tsa Evangeli” tse aparetseng ketsahalo ena tse emeng ’mileng li tšepa hore “boineelo ba tsona ba ho iketsa maoatla bo tla etsa hore bonyane batho ba fetang ka tsela ba eme ’me ba mamele ka nakoana,” ho hlokometse Church Times.

Le hoja moaparo oa bona oa bosoasi le li-balloon tse sa lefelloeng li hapile tlhokomelo ea bana, batho ba baholo ba setse ba maketse hore na sena se amana kae le evangeli e qaliloeng ke Jesu Kreste.

Ke ’nete moapostola Pauluse o ngotse: ‘Hobane re bonoa sethalleng sa lefatše . . . Re maoatla ka baka la Kreste.’ (1 Ba-Korinthe 4:9, 10, NW) Empa ke eng seo a neng a se nahanne? Na o ne a bolela ka ho iketsa lisoasi kapa “ho iketsa maoatla” ka sepheo sa ho hapa tlhokomelo ea batho ba fetang ka tsela? Che. Pauluse o ne a bontša kamoo lefatše le nkang Bakreste e le maoatla kateng, “ba etsoang sesomo sa batho,” joalokaha The New International Dictionary of New Testament Theology e bolela, ka tumelo ea bona le thuto.

Ho fapana le “Lisoasi tsa Evangeli” tsa Lebotho la Kereke, Jesu o rutile matšoele “joale ka motho ea nang le borena.” Tšebeletso ea hae e ne e tobile e se na bosoasi. Joalokaha a hlalositse, “Hobane ha ke etse letho ke ’notši, empa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” Phello ebile efe? “Batho ba bangata ba lumela ho eena.”—Mattheu 7:29; Johanne 8:28, 30.

“Ho Hatella Letsoalo”

Eugene Stockwell, motsamaisi oa Lekhotla la Lefatše la Evangeli la Likereke, haufinyane o lumetse karolo ea boikaketsi ea baruti ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana lintoeng tse peli tsa lefatše. O ile a bolella seboka sa bolumeli Warsaw, Poland, a re: “Ke mojaro o boima oa letsoalo la Bakreste hore lintoa tse khōlō tsa lefatše lekholong lena la lilemo li qhomme lichabeng tseo khale li neng li e-na le meetlo ea Bokreste ’me hangata libetsa tsa sesole li ne li hlohonolofatsoa ke baetapele ba likereke tsa Bokreste.”

Stockwell o phaelletse: “Ho boletsoe ka mofuthu o moholo hore Molimo o ka lehlakoreng lena kapa lane la ntoa. . . . Ka bonolo bo boholo rōna Bakreste re beha tumelo ea rōna tšebeletsong ea pefo ea rōna.” O boletse hore Ntoa ea II ea Lefatše ebile “bopaki bo boholo ba ho hlōleha ho ba ‘lichaba tsa Bokreste’ le ho phelela tumelo ea rōna, tumelo eo hangata e boleloang ka mantsoe ’me ka ho hlakileng e latoloang ka liketso.”

Empa na ‘mojaro ona o boima oa letsoalo’ o rutile ba ipolelang hore ke Bakreste le baruti ba bona thuto e itseng? Ho ea ka Tšebeletso ea Khatiso ea Kopano ea Malumeli, Motsamaisi Stockwell o lumetse: “Re bua ka ho rata lira tsa rōna, empa re ea li bolaea. Re bua ka ho sekeha lerama le leng, empa re ipokellela libetsa ka matla. Re bua ka khotso e fetang kutloisiso, empa re ameha ntoeng e fetisang kutloisiso leha e le efe. Re bua ka tumelo ho Molimo empa re beha tumelo ea rōna libetseng tse senyang.”

Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba tšehetsang ntoa le balateli ba bona ba tšoana le batho ba neng “ba bolela mafeela” mehleng ea moapostola Pauluse. Ka bona, o itse: “Ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso.”—Tite 1:10, 16.

‘Setempe’ se Khopisang

Ka la 19 Pulungoana, 1987, Lekhotla la Tsamaiso ea Liposo la Afrika Boroa le ile la rera ho hatisa litempe tse ’nè tsa sehopotso sa Bibele. Se seng sa litempe se ne se e-na le polelo ea Segerike “Lentsoe la Molimo” le polelo “Lentsoe la Jehova” ka Seheberu. Ho ile ha hatisoa likopi tse ka bang 1 750 000.

Leha ho le joalo, nakoana pele li ka lokolleloa tšebeliso ea sechaba, liposo li ile tsa amohela molaetsa oa tšohanyetso hore li khutlise thomello ea tsona ea setempe sena. Lebaka? Hobane lekhotla la orthodox ea Sejode le se fumane se khopisa,” ho tlalehile koranta ea Gauteng The Star. E phaelletse: “Rabbi David Hazdan oa Gauteng o boletse hore lebitso la Molimo le ngotsoeng ka botlalo joalokaha le ngotsoe setempeng hangata le ne le boloketsoe feela liboka tse khethehileng tsa bolumeli.”

Ke ka lebaka la lineano tsa Bajode bafetoleli ba bangata ba Bibele ba joale ba qobang ho sebelisa lebitso la Jehova ’me ba ngolang litlotla tse kang, “Morena” kapa “Molimo” bakeng sa lona. Ha ho makatse ha Jesu a ile a re ho baetapele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Le fetotse molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang.”—Mattheu 15:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela