Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na ho bohlale hore Mokreste eo molekane oa hae a shoeleng a lule a sa nyale kapa a sa nyaloe hape ka hobane a tšepile hore o tla kopanngoa le molekane oa hae nakong e tlang?
Ho hotle hakaakang hore Mokreste a ikutloe a rata molekane oa hae esita le kamor’a hore a shoe! Ba bang ha ba rate ho nyala kapa ho nyaloa hape, e seng kahobane ba khotsofaletse ho se kene lenyalong hape, empa kahobane ba tšepa ho ntšetsa pele lenyalo la bona la pele kamor’a tsoho. Le hoja re sa iphoufaletse boikutlo ba botho bo hlahisang tšepo e joalo, re khothalletsa ba nahanang joalo ho hlokomela lintlha tse ling tsa Bibele.
Ka mohlala, mantsoe a fanang ka moko tabeng ena ke a moapostola Pauluse “Mosali o tlameletsoe ho monna oa hae ke molao mehleng eohle eo monna oa hae a phelang ka eona; empa ekare ha monna oa hae a shoele, e-ba o lokolotsoe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng. Leha ho le joalo, molomong oa ka, ke re: Ha ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa.” (1 Ba-Korinthe 7:39, 40) Sena se bontša hore litlamo tsa lenyalo li khaoha ha molekane a e-shoa. Ebile ketso ea mosa hore Molimo o tsebise Bakreste taba ena, hobane bahlolohali ba banna le ba basali ba ka lekanyetsa boikutlo ba bona le litlhoko tsa bona ho rera haeba ba batla ho kena lenyalong hape kapa che; ha ba tlamelloa ho ea shoeleng.—1 Ba-Korinthe 7:8, 9.
Leha ho le joalo, na Bibele e bontša haeba ba tsositsoeng ba tla ba le monyetla oa ho kena lenyalong kapa ba tla tsoela pele le lenyalo la pele ba e-shoa? Ho na le tlaleho e ’ngoe eo ho bonahalang e fana ka leseli potsong ena. E ne e ama Basaduse, ba neng ba sa lumele tsohong, empa leha ho le joalo, ba tla ho Jesu ba leka litsela tsa ho mo tšoasa. Ba mo hloma bothata bo amang lenyalo la ngoan’abo monna: “Joale, bara ba motho ba ne ba le teng, ba supile; oa pele ho bona a nyala mosali, a shoa a se na bana. Oa bobeli a nka mosali eo, ’me a shoa a se na bana le eena. Le oa boraro a mo nka:a ’me ha e-ba joalo ho bona ba supileng: ba e-shoa, ba sa siee bana. Kamor’a bona kaofela, le eena mosali a shoa. Hleka mohl’a tsoho ea bafu, mosali e tla ba oa ofe ho bona?”—Luka 20:27-33; Mattheu 22:23-28.
Bakreste ha ba tlas’a Molao, empa ba ka ba le bothata bo tšoanang. Ka mohlala: Moena le Khaitseli C—— ba ne ba nyalane ’me ba na le bana ba babeli. Moena a shoa. Khaitseli C—— o ne a mo rata ’me a ikutloa a lahlehetsoe haholo, empa a ikutloa a hloka bolekane, tšehetso ea chelete, le eo a neng a ka kopanela likobo le eena le thuso ea bana. Ka hona a nyalana le Moena M—— ’me kopano ea bona e ne e le ea Mangolo joaloka ea pele. Hamorao moena a kula ’me a shoa. Haeba balekane bao ba pele ba tsosoa ’me lenyalo le le teng, o ne a tla nyaloa ke ofe?
Hlokomela karabo ea Jesu ho Basaduse bao: ‘Bana ba tsamaiso ena ea lintho baa nyala, ’me baa nyaloa, empa ba tlang ho tšoaneleha ho kena tsamaisong eo ea lintho le tsoho ea bafu ba ke ke ba nyala, le hona ba ke ke ba nyaloa. Hobane ha ba sa tla hlola ba e-shoa, hobane ba tla tšoana le mangeloi, ’me e tla ba bana ba Molimo, kahobane e le bara ba tsoho. Ha e le hobane bafu ba tla tsoha, Moshe le eena o ho bonahalitse . . . ha a bitsa Jehova, “Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo.” Ke Molimo, e seng oa bafu, empa oa ba phelang, hobane ho oona batho kaofela ke ba phelang.’—Luka 20:34-38, NW; Mattheu 22:29-32.
Ba bang ba ne ba nahana hore mona Jesu o ne a bua ka tsoho ea leholimo, empa ho na le mabaka a ho lumela hore karabo ea hae e ne e le mabapi le tsoho “tsamaisong ea lintho” e tlang ho tla. Ke mabaka afe a tiisang pono ena? Ba neng ba botsa Jesu ba ne ba sa lumele ho eena kapa hona ho tseba ka tsoho ea leholimo. Ba ne ba botsa ka lelapa la Bajode le neng le le tlas’a Molao. Ha Jesu a ba arabela a qolla Abrahama, Isaaka, le Jakobo, banna ba neng ba na le tšepo ea ho phela hape lefatšeng. (Genese 42:38; Jobo 14:13-15; bapisa Ba-Heberu 11:19.) Bapatriareka bao, le batho ba bang ba limillione, ba tla tsosetsoa lefatšeng ’me ha ba ipaka ba tšepahala ba tla “tšoana le mangeloi.” Ba ke ke ba shoa kamor’a hore Molimo o ba nee ho loka bakeng sa bophelo bo sa feleng, le hoja ba sa etsoa ba seng ba sa shoe.
Boikutlo ba batho kajeno bo ka etsa hore ho be thata ho amohela qetello ena. Empa re lokela ho hlokomela hore ha ho moo Bibele e bolelang hore ho tsosa ha Molimo ba tšepahalang ho bolela ho khutlisetsoa ha boemo ba bona ba lenyalo. Ka baka leo, ha ho ea lumelang hore haeba Akila le Priscilla ba fumane bophelo ba leholimo, ba ile ba tsoela pele le kamano ea bona ea lenyalo. (Liketso 18:2) ’Me Josefa le Maria ba tla amohela bophelo libakeng tse sa tšoaneng—lefatšeng bakeng sa Josefa le leholimong bakeng sa Maria. (Johanne 19:26; Liketso 1:13, 14) Erekaha ho se lea mong ho rōna ea kileng a phela leholimong, re ke ke ra hlalosa kamoo Akila, Priscilla, le Maria ba ikutloang kateng, empa re ka kholiseha hore ba khotsofalla tšebeletso ea bona ea leholimo ka ho feletseng.
Ka ho tšoanang, ha re e-s’o ka re phela re le batho ba phethahetseng. Ka hona re ke ke ra tiiseha ka hore na re tla ikutloa joang ka likamano tseo re neng re e-na le tsona haeba leha re fumana bophelo bo phethahetseng paradeiseng. Ke hantle haeba re hopola hore ha Jesu a ne a bua polelo eo e ne e le motho ea phethahetseng ’me ka baka leo o ne a le boemong bo molemo haholo ba ho utloisisa boikutlo ba batho ba tla ‘tšoaneleha tsamaisong eo ea lintho.’ Hape re ka tšepa hore Jesu o tseba “ho re utloela bohloko mefokolong ea rōna.” (Ba-Heberu 4:15) Ka hona haeba Mokreste a fumana ho le thata hore a amohele qetello ena ea hore ba tsosoang ba ke ke ba nyala kapa ba nyaloa, a ka tiiseha hore Molimo le Kreste baa utloisisa. ’Me a ka letela se tla etsahala.
Hona joale ha ho hlokahale hore taba ena e buelloe ho feta mona. Mopesaleme o ngolile: “Le tsebe hobane Jehova ke Molimo! Ke eena ea re entseng, ’me re ba hae, re sechaba sa hae, le mohlape o alosoang ke eena. . . . Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!” (Pesaleme 100:3-5) Molimo oa rōna o molemo o tla tlatsa litlhoko tsa rōna haholo haeba re ‘tšoaneleha tsamaisong eo ea lintho.’—Jobo 34:10-12; Lipesaleme 104:28; 107:9
Molemo oa Molimo o bonahatsoa hape ke ha o re tsebisa hore lefu la molekane le felisa lenyalo. (Ba-Roma 7:2) Ka baka leo, motho leha e le ofe ea hlokahalloang ke molekane oa hae o lokela ho ikutloa a lokolohile ho nyala kapa ho nyaloa hape haeba ho bonahala ho hlokahala kapa ho le molemo. Ba bang ba kene lenyalong hape, ’me ka hona ba tlatsa litlhoko tsa bona tsa hona joale le tsa malapa a bona. (1 Ba-Korinthe 7:36-38; Ba-Efese 6:1-4) Ka baka leo, Mokreste ea shoeloang ke molekane ha a lokela ho ikutloa a tlameletsoe ho lula a se na molekane ka baka la ho lebella hore molekane oa hae oa lenyalo oa nako e fetileng o tla khutlisetsoa ho eena tsohong mona lefatšeng tsamaisong e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba Moiseraele a e-shoa pele mosali oa hae a mo tsoalla mora ea tla amohela lefa, ngoan’abo monna o ne a lokela ho nyala mohlolohali eo e le hore a mo belehele mora.—Deuteronoma 25:5-10.