Ntho e Bohloko ho Feta—AIDS
“Liteko li tiisa pelaelo.” Mantsoe ao a ngaka ea ka a ile a luma ka hloohong ha ke ne beha thelefono fatše ka letsatsi le leng selemong se fetileng. Haeba feela ke ne ke ile ka mamela keletso ea Molimo le ho e sebelisa, nkabe ke ile ka qoba sena!
KE HOLISITSOE ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova Washington, ’me batsoali ba ka ba ile ba tiisa hore ke tseba lintho tseo Molimo o li hlokang. Kahoo ho ile ha makatsa batho ba bangata haholo ha ke qala ho phela ho fapana le ka moo ke rutiloeng kateng bongoaneng.
Ke ne ke amehile haholo ka ho batla ho ratoa ke bana ba bang sekolong. Ke ile ka leka lintho tsa mefuta eohle hore ke amoheloe. Ha ho letho le ileng la sebetsa, ’me ha ke le lilemo li 15, ke ile ka felloa ke tšepo linthong tsohle. Ke ile ka leka ho ipolaea, le hoja ke ile ka hlōleha.
Ka ho nahana hore ho ne ho tla etsa hore lintho li be molemonyana, ke ile ka qala ho tsuba koae le matekoane. Ha ho molemo o bileng teng. Hamorao, ke ile ka rera ho tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ho ea batla thabo sebakeng se seng. Ke ile ka tsebisa metsoalle ea ka ea sekolo hore ha ke sa le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me e ile ea bonahala e thabela sena.
Bophelo bo Litšila, bo sa Tsitsang
Qetellong ke ile ka fumana mosebetsi le kamore, moo matahoa le matekatse a etelang teng. A ile a tsoela pele ho mpolella kamoo ho leng bonolo kateng ho etsa chelete ka botekatse. Ka thuso ea ’ona, ha hoa nkuka nako e telele pele ke ithuta mekhoa ena. Ke ile ka fetoha motho ea ratang ho ratoa ke bohle ’me ho ne ho sa thabise haholo.
Ke ne ke lakatsa ho fetoha, ho khutlela hae le ho qala bocha. Ke ne ke hlolohetsoe batsoali ba ka le bophelo boo ke neng ke bo phela pele. Kahoo ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse. Karolo e thata e ne e le ho atamela batsoali ba ka ho kōpa tšoarelo. Ka thabo, ba ile ba ntšoarela ho tsoa lipelong tsa bona.
Baholo ba Bakreste ba ile ba kopana le ’na, ’me ka ba bolella ka takatso ea ka ea ho khutlisetsoa phuthehong. Boemo bo ne bo se bonolo ho ’na le ho bona. E ne e se feela hore ke na le mathata a hlahisitsoeng ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi empa hape ke ne ke tšoaelitsoe ke lefu le litšila la likamano tsa botona le botšehali. Ngaka ea ka e ile ea mpolella hore hoja ke ile ka emela khoeli e le ’ngoe hape, nkabe ke shoele. Ebile moluba-lube o mokaakang oo ke ileng ka ikenya har’a ’ona!
Ka mora nako, ke ile ka khutlisetsoa phuthehong, ’me ke ile ka ba ka nyala mofumahatsana oa phutheho e haufi. Lintho li ne li bonahala li tsamaea hantle. Leha ho le joalo, ke ne ke sa ntse ke sa ananele lerato la Jehova. Ke ne ke leka ho etsa lintho kamoo ke ratang ho e-na le ho itšetleha ka eena bakeng sa matla.
Lilemo tse ka tlaase ho tse peli hamorao, ke ile ka hlala ’me ka khaoloa hape ka baka la boitšoaro bo bobe. Ke ile ka tloaelana le batho ba bang ba lefatše. Qalong ho ne ho se na molato, empa temoso ea mangolo ea ipaka e le ’nete: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33.
Ho Qoela Bobeng Hape
Ka ho fallela hōle, ke ile ka nahana hore nke ke ka utloisa lelapa la rōna bohloko haholo. Ha ke ea thatafalloa ho fumana mosebetsi le bolulo San Francisco, California. Morekisi oa lithethefatsi o ile a ’neha mosebetsi oa ho rekisa lithethefatsi. Ke ne ke boetse ke le har’a sehlotšoana sa hae seo a se ratang se neng se leka lithethefatsi tse ncha ntle ho tefo. Joale ke ne ke na le mokhoa o mocha oo ke tsebahalang ka ’ona. E mong le e mong ea neng a ntseba (’me ho ne ho na le ba bangata) o ne a tseba hore ke na le lithethefatsi. Ba ne ba nkatamela literateng, matlong a joala, esita le mosebetsing, ba batla ho reka ho hong ho ’na.
Ka ntle ho moo, ha kea ka ka nka nako ho boela ke ameha boitšoarong bo bobe; e ne e le mokhoa oa ka hore ke ikutloe ke ratoa. ’Me ke ne ke ratoa haholo. Ke ile ka ithuta ho sebelisa batho ba bang ka likamano tsa botona le botšehali ho fumana lintho tseo ke li batlang. Ke ile ka phela ka lilemo ka mokhoa ona.
Ke hopola hantle ka lekhetlo le leng ha ke ne ke tšoeroe ke feberu e bohale ’me ke fokola haholo. Ngaka ea ka e ne e sa tsebe se ntšoereng. Ka mor’a nako feberu ea fola. Ke ne ke sa tsebe hore ke ’nile ka pepesehela ho eng ho fihlela lilemong tse tharo hamorao.
Nakong ena, ke ile ka qala ho khathatsoa ke bademona, ka lekhetlo leng ba hla ntlhasela. Ke ile ka utloa hore modemona o ne a batla ho kena ’meleng oa ka. Ke ne ke sa tsebe ho bua. Ke ile ka leka ho fihlela qetellong ke tseba ho hoeletsa, “Jehova Nthuse!” Hang-hang modemona a ntlohela.
Ak’u nahane kamoo ke ileng ka ikutloa kateng! Ke ne ke phela bophelo bo litšila haholo, empa leha ho le joalo, ke ile ka ba le sebete sa ho hoeletsa thuso ho Jehova! Ke ile ka ikutloa ke soabile haholo. Ke hobane’ng ha ke ile ka nahana hore Jehova o tla nthusa? Ke ile ka tepella haholo. Ke ile ka beha bophelo ba ka kotsing ka boomo, ke ne ke batla motho ea ka mpolaeang.
Takatso ea ho Fetoha
Ka letsatsi le leng, ha re bokane le metsoalle e meng, ra kena puisanong ka litaba tsa lefatše. Eitse ha ba mpotsa hore na ke nahana eng ka bokamoso, ke ile ka iphumana ke ba bolella ka morero oa Molimo ka lefatše le ka batho ba lona. Ba ne ba maketse. Empa e mong o ile a halefa ’me a mpitsa moikaketsi! O ne a nepile. Ke ne ke phela bophelo bo habeli. Leha ho le joalo, botebong ba pelo ea ka ke ne ke tseba hore Jehova ke eena feela poloko ea rōna le hore mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ke ’ona feela sebaka seo motho a lokelang ho ba ho sona.
Nakong ena bophelo ba ka le ba bao ba nang le ’na ba qala ho fetoha. Metsoalle ea ka e mengata e ne e tšoaroa ke AIDS. Ho ne ho le thata le ho shebella batho ba kileng ba phela hantle ’me butle-butle ba khathala le ho shoa. Ke ile ka ikutloa ke fokola ho ba tšelisa. Ho ne ho hlile ho ferekanya kaha ke ne ke tseba tsela e molemo haholo ea bophelo. Ke ne ke batla ho khutlela leratong la Jehova. Empa joang?
Ke ile ka qala ho rapella thuso ho Jehova. Ho ne ho le thata ho etsa sena. Ke ile ka ikutloa ke soabile ’me ke le litšila. Ka letsatsi le leng ke ile ka amohela molaetsa oa thelefono. O ne o tsoa ho ’mangoane, eo e neng e se e le lilemo tse robong ke sa ’mone. O ne a batla ho tla mpona. Le hoja a ne a sa lumele bolumeli ba batsoali ba ka, ke ile ka ’molella hore ke batla ho fetola bophelo ba ka le ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ne a bona ho tiea ha ka ’me a batla ho nthusa.
Tsela e Telele ea ho Khutla
’Mangoane o ile a ’mema hore ke lule le eena ho fihlela ke hlaphoheloa. Eitse ha a mpotsa hore na hoo ho tla thusa, ke ile ka tlōla ’me ka lla. Ke ne ke tseba hore sena ke sona seo ke neng ke se batla, kahoo ke ile ka khaohana le metsoalle ea ka ea pele. Likhoeli tse seng kae tse latelang ho ne ho le thata, empa ke ne ke na le tšepo ea hore Jehova o ne a tla nthusa ho tsoa bothateng bona. Ke nahana hore Malakia 3:7 e ne e sebetsa mona: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lona, ho bolela Jehova oa makhotla.”
Ke ile ka kopana le baholo kapele hoba ke falle. Ke ile ka ba bolella tsohle ka ’na le hore ka ’nete ke batla ho sebeletsa Jehova. Ke ne ke tseba ’me le bona ba ne ba tseba hore ho khutlisetsoa ha ka ho ne ho ke ke ha etsoa ka pele. Ke ne ke na le tlaleho e telele e mpe. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ke ne ke ikemiselitse. Letsatsi le leng le le leng le bosiu bo bong le bo bong ke ne ke rapella thuso ea Jehova ka tieo. Ke ne ke tloaetse ho nahana hore ke motho ea fokolang haholo. Ke nahana hore ke ea fokola. Empa ha u thusoa ke Jehova, hoa makatsa kamoo u matlafalang kateng.
Ke ile ka sebelisa lithethefatsi ka lilemo tse ngata ho sebetsana le bophelo ba letsatsi le letsatsi. Joale ke ne ke lokela ho phela ntle ho tsona. Ke ne ke tšaba. Matšoele a batho a ne a ntšosa, ’me ka sebele ke ne kula haeba ke ne ke le har’a ’ona nako e telele. Nakong eo, ke ne ke leka ho tlohela ho tsuba ka mor’a hore ke tloaele ho tsuba mabokose a mane ka letsatsi. Ntho feela e ileng ea nthusa ho tsoa boemong bona e bile thapelo le ho ikhopotsa nako le nako hore mehato ea ka ea ho lokisa e ne e thabisa Jehova. Ke ile ka fumana matšeliso le khotso ka ho ea libokeng ka mehla. Leha ke ne ke sa bue le ba bang ka hobane ke ne khaotsoe, ke ile ka utloa lerato le mofuthu la baena le bo-khaitseli ba moea ba nako e tlang.
Qetellong, hoo e ka bang selemo ka mor’a ho fetola bophelo ba ka, Jehova o ile a bona ho tšoaneleha ho susumetsa bahlanka ba hae ho nkhutlisetsa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. O ne a tseba nako e nepahetseng ea ho nkamohela hape. Ha a u lumelle hore u lekoe ho feta kamoo u ka mamellang kateng. Nakoana ka mor’a moo, ka amohela thelefono eane ea ngaka e mpolellang hore ke na le AIDS. Ka sebele. Ba-Galata 6:7 e se bolelang ke ’nete: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”
Ka lekhetlo la pele ke ile ka lla. Ka qala ho nahana lintho tse ngata. Lipono tsa nako e fetileng tsa feta ka pel’a mahlo a ka. Ke ne ke se ke ile ka bona seo lefu lena le se etsang motho, le kamoo ba bang ba tšoarang batho ba nang le lefu lena kateng. Ke bile sethoto hakaakang ho nahana hore lefatše le na le hoo le ka fanang ka hona! ’Me e bile tšenyo e kaakang ea nako ea bohlokoa!
Ho Khotsofala le Hoja ke Tšoeroe ke AIDS.
Ke ea tseba hore ho na le bacha ba boemong bo tšoanang le boo ke bileng ho bona, ba batlang ho amoheloa ke metsoalle ea lefatše. Ka kōpo hle, u se ke ua thetsoa ke ho lumela hore se etsahetseng ho ’na lefatšeng se ke ke sa u etsahalla le haeba u hlokomoloha keletso ea Molimo. Maraba a Satane a ka ’na a fapana, empa ka mehla liphello lia tšoana.
Leha ho le joalo, ke ile ka ithuta hore ho sa tsotellehe hore na u bile mobe hakae kapa ke liphoso life tseo u kileng ua li etsa, Jehova Molimo u tla u thusa le ho u tšoarela haeba ka ’nete u batla ho mo thabisa le haeba u ea ho eena ka thapelo e tiileng.
Ha ke sa tšoenyeha haholo ka se ka nketsahallang. Ke ee ke tepelle ka linako tse ling empa ke hlaphoheloe kapele. Ntho eo ke khathatsehang ka eona feela joale ke ho khahlisa Jehova. Ke eena mohloli oa thabo ea ka le matšeliso a sebele. Kea tseba hore haeba ke etsa sohle se matleng a ka ho mo khahlisa, ke tla hlokomeloa hantle le ho ratoa ke eena.
Ke leboha haholo ha ke khutletse ho batho ba Jehova hobane esita leha nka shoa pele a tlosa qoso lebitsong la hae ka Armageddone, ke na le tšepo ea tsoho. Ithute ka ’na, ho phela ka ntle ho lerato la Jehova le mohau oa hae ho bohloko ho feta ho ba le AIDS.—E nehetsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Ke ne ke amehile ka ho batla ho ratoa ke bana ba bang