Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Basali ba Bakreste—Ho Boloka Botšepehi Mesebetsing
    Molula-Qhooa—1987 | March 15
    • Mosali e mong ea masene ea bitsoang Betty o nkile mohato o mong oa ho itlhokomela. O re: “Ke seli haholo ho tloaelana le bao ke sebetsang le bona, hobane boitšaro ba bona ha bo tšoane le ba ka.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Hona ha ho bolele ho ba ea sa atameleheng kapa ea hlahafallang basebetsi ba bang. Empa ha ba tsitlallela ho bua litaba tse nyatsoang ke Bokreste, u se ke ua tsila-tsila ho ba siruoa. (Ba-Efese 5:3, 4) Ha u mamela lipuo tseo tse hlephileng boitšoarong u ka fa banna ba mosebetsing maikutlo a hore u tla ba amohela ha ba u atamela.

  • Basali ba Bakreste—Ho Boloka Botšepehi Mesebetsing
    Molula-Qhooa—1987 | March 15
    • Qetellong, mosali ea masene o qoba maemo a ho sekisetsa. Ho memeloa ho noa lino tse tahang kapa ho sala mosebetsing kamor’a lihora tsa mosebetsi ka mabaka a sa utloahaleng e ka ’na ea e-ba leraba. (Bapisa 2 Samuele 13:1-14.) Maele a bohlale a re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa.”—Liproverbia 22:3.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela