Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 3/15 maq. 4-7
  • Basali ba Bakreste—Ho Boloka Botšepehi Mesebetsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Basali ba Bakreste—Ho Boloka Botšepehi Mesebetsing
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahiri Bao ho Leng ‘Thata ho ba Khahlisa’
  • Ho Lula U Hloekile Boitšoarong
  • Lithibelo
  • Ho Thibela Ho Hobosoa
  • Mosebetsi oa Hao le Botšepehi ba Hao
  • Ho Hleka-hlekoa ke ba Batona kapa ba Batšehali—Kamoo U ka Itšireletsang Kateng
    Tsoha!—1996
  • Basali Mesebetsing—Liteko le Liphephetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Nka Sebetsana Joang le ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali?
    Tsoha!—2000
  • Lula U Tšepahala!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 3/15 maq. 4-7

Basali ba Bakreste—Ho Boloka Botšepehi Mesebetsing

“KA LINAKO tse ling khatello [mosebetsing] e matla hoo motho o sa tsebeng hore na u ka etsa joang.” Ho buile joalo mosali e mong ea sebetsang.a Khatello ea ho hlahisa tema, tlhōlisano e tšabehang, batsamaisi ba lenyokonyane le mosebetsi o tenang—tsena ke tse ling tsa lintho tse seng kae tse etsang hore mesebetsi e mengata e be e bosula. Ke mesebetsi e fokalang e fanang ka nyakallo le thabo tse tšepisoang ke mecha ea phatlalatso. Empa haeba u mosali ea sebetsang, u lokela ho loanela ho atlehisa mosebetsi oa hao.

Leha ho le joalo, ka sena, ha re bue ka mokhoa oa ho fumana chelete. Mosebetsing ke moo botšepehi ba hao ba Bokreste bo beoang tekong! Tsela eo u sebetsang ka eona mosebetsing, ho qhela moea oa tlhōlisano e tšabehang, le ho thibela ho nanareloa boitšoarong li senola hore na u inehetse hakae melao-metheong ea bomolimo. Hore a fumane mohau ho Jehova Molimo, mosali ea sebetsang o tlameha ho bua joalokaha mopesaleme a buile: “Ke tsamaile ka botšepehi ba ka.”—Pesaleme ea 26:1, NW.

Bibele e u thusa ho etsa sona seo hantle. Ka mohlala, ha u khothaletsoa ho sekamela mekhoeng ea hore lekanyane ho phela le liretse kapa ha u lekoa hore u lumelle hore mosebetsi o sire boikarabelo ba lelapa, thuto ea Bibele, liboka tsa Bokreste le tšebeletso, ke hantle ha u hopola mantsoe a Morena Salomone: “Ke bone hobane mokhathala ’ohle le mesebetsi eohle e metle ea batho e ntse e hlahisa mōna le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.” (Moeklesia 4:4) Ho talima mosebetsi oa boipheliso ka tsela ena ho thibela kapa ho fokolisa takatso e chesang. Ho u thusa hore u be le pono e nepahetseng ka mosebetsi, o u talima e le ntho ea bobeli ho litaba tsa moea.—Mattheu 6:33.

Empa na hoo ho bolela hore u lokela u be ea sa tsotelleng mosebetsi oa boipheliso? Le hanyenyane, hobane Bibele e nyatsa botsoa. (Liproverbia 19:15) E bua ka ‘ho bona boiketlo ka lebaka la ho sebetsa ka thata.’ (Moeklesia 2:24) Ho feta moo, ho hlokomela lelapa ha motho ke boikarabelo bo fanoeng ke Molimo. (1 Timothea 5:8) Kahoo haeba ho khahlametsa tlamo eo ho bolela ho etsa mosebetsi oa boipheliso o sa thabiseng, nahana ka mantsoe a Bibele ho Ba-Kolosse 3:23: “Seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena [Jehova], e seng batho.” Ho italima u le ea sebeletsang “Jehova” ke tšusumetso e matla ea hore u be ea behang, ho fetang hōle ho nyolleloa moputso kapa leraba la ho phahamisoa mosebetsing.

Bahiri Bao ho Leng ‘Thata ho ba Khahlisa’

Mosali e mong ea bitsoang Sally o re: “Ke ikutloa eka [mookameli oa ka] o nchebile ka linako tsohle. Ha ho mohla a ka buang mantsoe a monate ho mang kapa mang.” Ho sebetsa tlas’a mookameli eo ho leng “thata” ho mo khahlisa kapa oa sefela-peloana e ka ba ho tšoenyang maikutlo ka ho tšoanang, haholo-holo ha motho a le mocha mosebetsing.—1 Petrose 2:18.

Leha ho le joalo, ka baka la moruo, ho tlohela mosebetsi e tla be e le bothoto. Kahoo e ka ba ho molemohali ho latela keletso ea Bibele ea hore basebetsi—ba batona le ba batšehali—‘ba ikokobetse.’ (1 Petrose 2:18, TLP) Ho e-na le ho rotetsa khohlano ka lipuo tse phoqang kapa tse se nang tlhompho, leka ho ‘khahlisa bahiri nthong tsohle, u se ke oa ba fetola.’ (Tite 2:9) Boitšoaro bo joalo bo ka ’na ba thibela hore u lahleheloe ke mosebetsi oa hao. Salomone o itse: “Ha pelo ea ’musi [motho e mong ea boholong] e ka u halefela, u se ke ua furalla litulo tsa hao, hobane mosa o ka u phemisa phoso e kholo.”—Moeklesia 10:4.

Mookameli ea bohale a ka ’na a hlajoa ke lihlong ha ho hloka mamello ha hae ho kopana le bonolo, le lintho tseo a li batlang tse sa utloahaleng li etsoa hamolemo. (Liproverbia 15:1; Ba-Kolosse 4:6) ’Me ha u ipaka u le ea nang le tsebo le ea ka tšeptjoang, boikutlo ba hae ho uena bo ka ’na ba ntlafala butle-butle. Haeba ho se joalo, ha ho letho leo u ka le etsang ha e se ‘ho mamella,’ u tseba hore Molimo o thabisoa ke boitšoaro ba hao ba Bokreste.—Jakobo 5:7, 8.

Ho Lula U Hloekile Boitšoarong

Botšepehi bo boetse bo ama boitšoaro ba Bokreste. Sehlooho se seng ho Ladies’ Home Journal se lemositse: “Ofisi—moo motho e mong le e mong a lebelletsoeng ho apara hantle, ho itšoara hantle, ho qeta nako hammoho le ho phehella lipakane tse tloaelehileng—ho foka moea o ka tsosang litakatso tsa ho kopanela liphate habonolo.” Litaba tsa marato tsa liofisi li hohle. Kahoo ke bohlale hore u be seli. Boloka likamano le banna bao u sebetsang le bona motheong oa mosebetsi feela. Qoba lipuo tse tla tsosa maikutlo a bohata. “Hobane ho rata ha Molimo ke hore . . . le tšabe bofebe.”—1 Ba-Thessalonika 4:3, 4.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling, basali ke mahlatsipa a bothata bo bileng teng ka lilemo: ho tlatlapuoa ka ho kopanela liphate. Bibele e re bolella hore monna e mong ea bitsoang Boaze o ile a laela bahlankana bao a ba hirileng hore ‘ba se ke ba ama’ Ruthe, mosali ea sebetsang tšimong ea hae. Seithuti sa Bibele John P. Lange o bua ka “mesoaso e litšila eo mohlomong bakotuli ba joalo ba neng ba tloaetse ho hlorisa basali ka eona.” (Ruthe 2:9) ’Me le hoja bahiri ba bang ba kajeno ba leka ho sireletsa bahiruoa ba bona ba batšehali, ba bang ba hakanya hore karolo ea 40 ho ea ho 85 lekholong ea basali ba sebetsang (United States) e phetlehetse ho tšoenngoeng ka mokhoa o mong oa ho kopanela liphate.

Ka mohlala, mosali e mong e monyenyane ea bitsoang Valerie, o ne a sebetsa e le mongoli. Nako le nako, mookameli oa hae—ea mo fetang ka lilemo tse menang tsa hae hararo—o ne a atisa ho mo kobisa ka moaparo oa hae. Ka lekhetlo le leng o bile a leka ho mo hohella ho sheba litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe. Qetellong, a ’mitsetsa ofising ea hae ’me a ’molella hore, “Hore u ’ne u sebetse, u tlameha ho ntumella hore ke robale le uena.” E, o ile a hana ho etsa joalo.

Tšoaro e joalo e nyelisang e ka mekhoa e mengata. Makasine oa Brithane New Statesman o re: “Ho tloha ho shebaneng ka mahlo a lefereho, ho sothaneng matsoho, ho amaneng ka ’mele ho sa hlokahaleng le mahlapa.” Hangata khatello ea ho ameha boitšoarong ba ho kopanela liphate e tla ka bolotsana joaloka ka ho bitsoa ka lebitso le reneketsang (‘Moratuoa’) kapa e tla pepenene ka ho kōpuoa ho kopanela liphate. Basali ba bang ba lumelletse ho tlatlapuoa ka lebaka la ho tšaba ho lahleheloa ke mesebetsi. ’Me liphuputso li bontša hore basali ba ’maloa ba bile ba bonahala ba phoqeha ke tlhokomelo eo!

Empa leha ho hlokomeloa ke motho e motona e ka ’na ea e-ba ho phoqang, ho tloaelana ho tlōla moeli hangata ke tšusumetso ea pele ho ekeng mosali hore u robale le eena. Kahoo ke tšokelo botšepehing ba hao le nyeliso boemong ba hao bo hlomphehang ba Bokreste.—1 Ba-Korinthe 6:18.

Lithibelo

“Hobane bohlale bo tla kena pelong ea hao, . . . masene a u lebele, kutloisiso e u boloke.” (Liproverbia 2:10, 11) Kahoo u ka sebelisa bohlale bo sebetsang le masene ho itšireletsa joang? Mosali e mong ea sebetsang ea bitsoang Diane o re: “Ke ile ka ba tsebisa mosebetsing hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” (Bapisa Mattheu 5:16.) Ha banna ba tseba hore u na le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, hangata ba e-ba leqe ho u atamela.

Mosali e mong ea masene ea bitsoang Betty o nkile mohato o mong oa ho itlhokomela. O re: “Ke seli haholo ho tloaelana le bao ke sebetsang le bona, hobane boitšaro ba bona ha bo tšoane le ba ka.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Hona ha ho bolele ho ba ea sa atameleheng kapa ea hlahafallang basebetsi ba bang. Empa ha ba tsitlallela ho bua litaba tse nyatsoang ke Bokreste, u se ke ua tsila-tsila ho ba siruoa. (Ba-Efese 5:3, 4) Ha u mamela lipuo tseo tse hlephileng boitšoarong u ka fa banna ba mosebetsing maikutlo a hore u tla ba amohela ha ba u atamela.

Ho qoqa ka litaba tsa mosebetsi feela ho ka boetse ha leleka le tlhokomelo e sa batleheng. Hape, Bibele e eletsa basali hore “ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo.” (1 Timothea 2:9; bapisa Liproverbia 7:10.) Buka Sexual Harassment on the Job e re: “Moaparo o phephetsang—ke hore, mese e melala e tlaase; mese e bonaletsang; lishethelana; le metsoebere ea litlolo—hase lintho tsa mosebetsing. . . . Menyetla ea hao ea ho iketsetsa seriti mosebetsing e ka eketseha haholo haeba u sa khetha ho apara ka mokhoa o hohelang.”

Qetellong, mosali ea masene o qoba maemo a ho sekisetsa. Ho memeloa ho noa lino tse tahang kapa ho sala mosebetsing kamor’a lihora tsa mosebetsi ka mabaka a sa utloahaleng e ka ’na ea e-ba leraba. (Bapisa 2 Samuele 13:1-14.) Maele a bohlale a re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa.”—Liproverbia 22:3.

Ho Thibela Ho Hobosoa

Ha e le hantle, ha se ntho e ka etsahalang ho nahana hore u ka fetola monahano oa banna bohle mosebetsing kapa ho fetola mekhoa ea boitšoaro e metseng ho bona ka nako e telele. (Bapisa Jeremia 13:23.) Hape hase ’nete ho etsa qeto ea hore banna bohle ba bonahalang ba le botsoalle ho tlōlisa, “mahlo a bona a tletse bofebe.” (2 Petrose 2:14) Kahoo ka linako tse ling ho nepahetse ho se belaelle ba bang.

Empa ha ho ameha ho tloaelana ho feteletseng, ema u tiile. Ha Salomone a etsa selelekela se sa rateheng ho moroetsana e mong, moroetsana eo o ne a se lihlong. A mo arabela lipolelong tsa hae tsa boeki ka lerato le sa thekeseleng bakeng sa molisa ea tlaase boemong. Kaha o ile a hana ho inehela katamelong ea Salomone, o ne a ka re, ‘Ke lerako.’—Sefela sa Lifela 8:10.

Bontša ho tiea ho tšoanang. Hangata mehato e joalo e ka thijoa ha e qala feela, ka hore: “U se ke ua ntšoara hle,” “Mpitse ka lebitso la ka,” kapa “Ha ke ananele mesoaso ea mofuta o joalo. ” Mosali e mong oa Mokreste ka makhetlo a ’maloa o ile a re, “Khaotsa!” Leha ho le joalo, hlakisa hore che ea hao e bolela che! (Bapisa Mattheu 5:37.) Karabelo e fokolang kapa e lerootho e ka ’na ea khothaletsa motšoenyi habonolo hore a leke ka thata.

Haeba u nyetsoe, ho tla ba molemo ho arolelana maikutlo a hao le monna oa hao. Mohlomong a ka ba le likhopolo tse ling tse sebetsang ka kamoo u ka sebetsanang le boemo bona kateng. Haeba ho bonahala ho molemo feela e le ho fetola mosebetsi, hopola tšepiso ea Molimo: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.”—Ba-Heberu 13:5.

Mosebetsi oa Hao le Botšepehi ba Hao

Kahoo le hoja mosebetsi hangata o hlokahala, mabakeng a mang o ka bea botšepehi ba hao ba Bokreste kotsing. Kahoo, mantsoe a Jesu ho Mattheu 10:16 ke a loketseng haholo: “Le be bohlale joale ka linoha, ’me le be ba se nang mano joale ka maebana-khoroana.”

Ho boloka botšepehi ba Bokreste mosebetsing ha ho bonolo, empa ho ka etsoa. Basali ba likete har’a Lipaki tsa Jehova ba etsa joalo ka ho latela keletso ea Bibele. Ba ipoloka ba le matla moeeng ka thuto ea Bibele, thapelo, liboka tsa Bokreste, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le litšebeletso tse ling tsa bomolimo. Ka baka leo, ba thabela ntho e ’ngoe eo moputso o ke keng oa fana ka eona. Ke tsebo ea hore ba na le mohau oa Jehova, Eo Lentsoe la hae le tšepisang hore: “Ea tsamaeang ka botšepehi o tla tsamaea tšireletsehong.”—Liproverbia 10:9, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mona ho buuoa ka mosali ea hiriloeng. Ha e le hantle, basali ba malapa, bo-’mè le basali ba bang le bona baa sebetsa.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Bakeng sa ho Boloka Botšepehi Mesebetsing:

Hlokomela ho tloaelana le basebetsi ’moho le uena

Etsa hore ho tsebahale hore u na le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro

Apara moaparo o hlomphehang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela