Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 3/15 leq. 3
  • Basali Mesebetsing—Liteko le Liphephetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Basali Mesebetsing—Liteko le Liphephetso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Basali ba Bakreste—Ho Boloka Botšepehi Mesebetsing
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Boemo bo Ntlafalitsoeng ba Basali Mehleng Ena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • “Basali ba Sebetsang ka Thata Moreneng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mokhatlo oa Basali o Tlisa Liphetoho
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 3/15 leq. 3

Basali Mesebetsing—Liteko le Liphephetso

“BASALI ba kene mesebetsing ka bongata bo tšosang nakong ea lilemo tse mashome a mararo tse fetileng.” Ke kamoo ho tlalehang Mokhatlo oa Lefatše oa Liphuputso. Tlaleho eo e tsoela pele, “Linaheng tse futsanehileng le tse ruileng, ho phahama ha theko ea lintho ho khothaletsa basali hore ba sebeletse meputso.” Kapa joalokaha mosali e mong oa Nigeria a bolela: “Khatello ea moruo e ka tsela eo ke tlamehang hore ke eo sebetsa feela.”

Joaloka “mosali ea khabane” oa mehleng ea Bibele, basali ba bangata ba thabetse ho etsa tlatsetso e hlokahalang bakeng sa boiketlo ba malapa a bona. (Liproverbia 31:10, 16, 24) ’Me ba bang ba fumana hore ho ba le mosebetsi ke phephetso e bile hoa khotsofatsa. Empa le hoja mosebetsi oa boipheliso o na le melemo ea oona, o boetse o ka ba le mathata a oona.

Ka mohlala, mosali e mong eo e leng mookameli oa lebenkele o re: “Ke rata mosebetsi oa ka. Mookameli oa ka o motlōtlō, le ofisi ea ka e ntle. Empa ha ke rate ha mosebetsi oo o e-ja boholo ba nako ea ka eo nka o neang oona, hobane kamor’a oona ke na le mosebetsi o mong o nkemetseng lapeng—joaloka mosali le ’mè.” Ho ntse ho le joalo, basali ba bangata ba khona ho hlokomela mosebetsi, lehae le lelapa hantle, ’me ka lebaka leo ba lokela ho babatsoa ka mofuthu.a

Leha ho le joalo, mesebetsi ea boipheliso e boetse e pepesetsa basali mathata a ’maloa a ikhethang mesebetsing. Ho ba bangata, phephetso ke ho boloka boikutlo bo lekalekaneng ha ba qobelloa ho sebetsa tikolohong eo ho renang tlhōlisano e tšabehang kapa e feteletseng ka ho se tsotelle. Takatso ea ho tsoela pele, ho hlahella, e khannetse hore basali ba bangata ba talime mesebetsi ea bona e le ntho ea pele bophelong ba bona.

Ka linako tse ling mosebetsi e boetse ke mohloli oa likhatello tsa boitšoaro. Ho pepesetseha lipuong tse hlephileng letsatsi le leng le le leng ke pelaelo e tloaelehileng ea basali ba sebetsang. Ho hobe le ho feta, ba bang ba iphumana ba tšoenngoa ka ho kopanela liphate. Mosali e mong oa Mokreste oa hopola: “Ha ke qala ho sebetsa, e ne e le ’na feela ngoanana ofising eo. Banna ba ne ba nkobisa, ’me ke ne ke hlile ke thatafalloa.”

Mathata a joalo ke khathatso ea sebele ho basali ba tlamehang ho tobana le oona letsatsi le letsatsi, haholo-holo ba lakatsang ho boloka litekanyetso tsa Bokreste. Ka thabo, ho na le mohloli oa thuso ea sebele bakeng sa bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona puisano ea “Banyalani ba Sebetsang—Ho Talimana le Liphepetso,” khatiso ea la 8 Tlhakola, 1985, ea molekane oa makasine oa rōna oa Tsoha! ka Senyesemane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela