Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kr khao. 20 maq. 209-219
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
  • ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho Thusa Nakong ea Likoluoa e le “Tšebeletso e Halalelang”?
  • Ke Hobane’ng ha re Thusa Nakong ea Likoluoa?
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa e Tlisa Melemo
  • Na U ka Kenya Letsoho?
  • Kamoo U ka Thusang Kateng ha ho Hlaha Koluoa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Thusa Batho ka Liphallelo?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Phallela ba Oetsoeng ke Likoluoa ka 2023—“Rea Bona Hore Jehova oa re Rata”
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
Bala Tse Ling
’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
kr khao. 20 maq. 209-219

KHAOLO 20

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Ho bontša lerato la Bokreste nakong ea likoluoa

1, 2. (a) Bakreste ba Judea ba ile ba tobana le bothata bofe? (b) Bakreste ba Judea ba ile ba bontšoa lerato joang?

HOO e ka bang ka selemo sa 46, Judea e ile ea hlaseloa ke tlala ea boja-likata. Barutuoa ba Kreste ba Bajuda ba neng ba lula moo ba ne ba hloka lijo kaha theko ea tsona e ne e phahame haholo hobane li ne li fokola. Ba ne ba lapile, ba tjametsoe ke tlala ea boja-likata. Leha ho le joalo, ba ne ba le mothating oa ho bona ha Jehova a ba sireletsa ka tsela eo a e-s’o ka a ba sireletsa ka eona pele. Ho ile ha etsahala’ng?

2 Ka lebaka la ho utloela barab’abo bona ba Bajuda ba Jerusalema le Judea bohloko, Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba ba neng ba lula Antioke le Syria, ba ile ba bokella chelete bakeng sa ho ea thusa balumeli-’moho le bona. Ba ile ba khetha barab’abo rōna ba babeli ba ikarabellang e leng, Barnabase le Saule ho isa liphallelo tseo ho baholo ba phutheho ea Jerusalema. (Bala Liketso 11:27-30; 12:25.) Ak’u nahane kamoo barab’abo rōna ba Judea ba ileng ba ikutloa kateng ka lerato leo barab’abo bona ba Antioke ba ileng ba ba bontša lona!

3. (a) Kajeno batho ba Molimo ba latela mohlala oa Bakreste ba Antioke joang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “Letšolo la Pele le Leholo la Liphallelo la Mehleng Ena.”) (b)  Re tla hlahloba lipotso life khaolong ee?

3 Ketsahalo eo, e ileng ea etsahala lekholong la pele la lilemo, ke ketsahalo ea pele e tlalehiloeng moo Bakreste ba lulang naheng e ’ngoe ba romelang liphallelo ho Bakreste ba bang ba lulang naheng e ’ngoe. Kajeno, re latela mohlala oa barab’abo rōna ba Antioke. Ha re utloa hore Bakreste-’moho le rōna ba hlahetsoe ke koluoa kapa bothata bo itseng, rea ba thusa.a E le hore re utloisise hore na ho thusa ha rōna nakong ea likoluoa ho amana joang le tšebeletso ea Bokreste, a re hlahlobeng lipotso tse tharo tse mabapi le tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa: Ke hobane’ng ha re nka mosebetsi oa rōna oa ho thusa nakong ea likoluoa e le tšebeletso? Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Re rua molemo joang tšebeletsong ea rōna ea ho thusa nakong ea likoluoa?

Ke Hobane’ng ha ho Thusa Nakong ea Likoluoa e le “Tšebeletso e Halalelang”?

4. Pauluse o ile a re’ng ho Bakorinthe ha a bua ka tšebeletso ea Bokreste?

4 Lengolong la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore tšebeletso ea Bakreste e habeli. Le hoja lengolo la Pauluse le ne le lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, kajeno mantsoe a hae a sebetsa le ho “linku tse ling” tsa Kreste. (Joh. 10:16) Karolo e ’ngoe ea tšebeletso ea rōna ke “bosebeletsi ba [tšebeletso ea] poelano,” e leng mosebetsi oa rōna oa ho bolela le oa ho ruta. (2 Bakor. 5:18-20; 1 Tim. 2:3-6) Karolo e ’ngoe e akarelletsa tšebeletso eo re e etsetsang balumeli-’moho le rōna. Ka ho toba, Pauluse o ne a bua ka “tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa.” (2 Bakor. 8:4) Lipolelo tse peli tse reng, “bosebeletsi ba [tšebeletso ea] poelano” le “tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa,” li fetoletsoe lentsoeng la Segerike, e leng di·a·ko·niʹa. Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa?

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe Pauluse o ile a re, ho thusa nakong ea likoluoa ke tšebeletso?

5 Ka ho sebelisa lentsoe le tšoanang la Segerike ha a bua ka mesebetsi ena e ’meli, Pauluse o ne a bontša hore tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa e tšoana le mefuta e meng ea tšebeletso e neng e etsoa liphuthehong tsa Bokreste. Pejana o ile a re: “Ho na le bosebeletsi bo [litšebeletso tse] sa tšoaneng, leha ho le joalo ho na le Morena ea tšoanang; ho na le liketso tse sa tšoaneng, . . . Empa liketso tsena tsohle li etsoa ke moea o tšoanang.” (1 Bakor. 12:4-6, 11) Ha e le hantle, Pauluse o ne a amahanya mefuta e fapaneng ea tšebeletso le “tšebeletso e halalelang.”b (Bar. 12:1, 6-8) Ha ho makatse hore e be o ne a sebelisa nako e ’ngoe ea hae molemong oa ho “sebeletsa bahalaleli”!—Bar. 15:25, 26.

6. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a re ho thusa nakong ea likoluoa ke karolo ea borapeli ba rōna? (b) Hlalosa kamoo mosebetsi oa ho thusa nakong ea likoluoa o etsoang kateng lefatšeng lohle kajeno. (Sheba lebokose le reng “Ha ho E-ba le Koluoa!” leqepheng la 214.)

6 Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utloisise hore na ke hobane’ng ha ho thusa nakong ea likoluoa e le karolo ea tšebeletso ea bona le borapeli ba bona ho Jehova. Hlokomela lebaka la hae: Bakreste baa thusana nakong ea likoluoa hobane ba “ipeha tlas’a litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (2 Bakor. 9:13) Kaha ba na le takatso e matla ea ho sebelisa seo ba ithutang sona lithutong tsa Kreste, Bakreste ba thusa balumeli-’moho le bona. Pauluse o ile a re liketso tse mosa tseo ba li etsetsang barab’abo bona, ha e le hantle ke ho bontša “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (2 Bakor. 9:14; 1 Pet. 4:10) Kahoo, ha makasine ea The Watchtower ea December 1, 1975, e bua ka ho thusa barab’abo rōna, ho akarelletsa ho ba thusa nakong ea likoluoa, e ile ea re: “Ha rea lokela ho belaela hore Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste ba nka tšebeletso ena e le ea bohlokoa haholo.” Ruri, ho thusa nakong ea likoluoa ke mofuta oa bohlokoa oa tšebeletso e halalelang.—Bar. 12:1, 7; 2 Bakor. 8:7; Baheb. 13:16.

Ke Hobane’ng ha re Thusa Nakong ea Likoluoa?

7, 8. Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Hlalosa.

7 Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Pauluse o ile a araba potso eo lengolong la bobeli leo a ileng a le ngolla Bakorinthe. (Bala 2 Bakorinthe 9:11-15.) Litemaneng tsena, Pauluse o hlalosa mabaka a mararo a ka sehloohong a ho kopanela ‘tšebeletsong ena ea phatlalatsa,’ e leng tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa. A re hlahlobeng mabaka ao.

8 La pele, tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa e tlotlisa Jehova. Hlokomela kamoo Pauluse a buang ka Jehova Molimo hangata kateng ho barab’abo litemaneng tse hlano tse bontšitsoeng ka holimo. O ba hopotsa ka “polelo ea teboho ho Molimo” le ka “lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo.” (Temana ea 11, 12) O hlalosa kamoo ho thusa nakong ea likoluoa ho etsang hore Bakreste ba ‘tlotlise Molimo’ kateng le ho rorisa “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (Temana ea 13, 14) Pauluse o ile a phethela puisano ea hae ka ho re: “Ho lebohuoe Molimo.”—Temana ea 15;1 Pet. 4:11.

9. Ho thusa nakong ea likoluoa ho ile ha fetola batho ba bang joang? Fana ka mohlala.

9 Joaloka Pauluse, bahlanka ba Molimo kajeno ba lumela hore ho thusa nakong ea likoluoa ho tlotlisa Jehova ’me ho khabisa lithuto tsa hae. (1 Bakor. 10:31; Tite 2:10) Ha e le hantle, tšebeletso ena e etsa hore batho ba neng ba e-na le maikutlo a fosahetseng ka Jehova le Lipaki tsa hae, ba fetohe. Ka mohlala: Mosali e mong ea lulang sebakeng se ileng sa otloa ke leholiotsoana o ne a behile saene monyakong oa hae e reng: “Lipaki Tsa Jehova—Le se ke la Kena.” Ka letsatsi le leng o ile a bona basebetsi ba lokisa ntlo ea moahisani oa hae e neng e senyehile. O ile a qeta matsatsi a ntse a shebile basebetsi bao ha ba ntse ba sebetsa ’me o ile a ea botsa hore na ke bo-mang. Ha a fumana hore baithaopi bao ke Lipaki Tsa Jehova, o ile a khahloa ke seo ’me a re: “Ke ne ke e-na le maikutlo a fosahetseng ka lōna.” O ile a etsa’ng? O ile a tlosa saene monyakong oa hae.

10, 11. (a) Ke mehlala efe e bontšang hore ha re thusa nakong ea likoluoa re “fana haholo ka litlhoko” tsa balumeli-’moho le rōna? (b) Ke bukana efe e thusang basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa? (Sheba lebokose le reng “Bukana ea Basebetsi ba Thusang Nakong ea Koluoa.”)

10 La bobeli, re “fana haholo ka litlhoko” tsa balumeli-’moho le rōna. (2 Bakor. 9:12a) Re ikemiselitse ho fa bara le barali babo rōna ba anngoeng ke likoluoa seo ba se hlokang le ho ba thusa. Hobane’ng? Hobane litho tsa phutheho ea Bokreste ke “’mele o le mong” ’me “haeba setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling tsohle li utloa bohloko le sona.” (1 Bakor. 12:20, 26) Ke ka hona lerato la Bokreste le kutloelo-bohloko li susumetsang bara le barali babo rōna ba bangata kajeno hore ka potlako ba hlophise maemo a bona a bophelo, ba bokelle lisebelisoa tsa bona ’me ba ee libakeng tse anngoeng ke likoluoa e le hore ba thuse balumeli-’moho le bona. (Jak. 2:15, 16) Ka mohlala, ka mor’a hore tsunami e otle Japane ka 2011, ofisi ea lekala ea United States e ile ea romella Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa tse United States lengolo le neng le kōpa hore “barab’abo rōna ba ’maloa ba nang le boiphihlelo” ba il’o thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso tse senyehileng. Ba ile ba arabela joang? Ho e-s’o ee kae, hoo e ka bang baithaopi ba 600 ba ile ba kōpa ho ea thusa ’me ba lumela hore ba tla itefella ho ea Japane! Ofisi ea lekala ea United States e ile ea re: “Re ile ra hlolloa ke karabelo eo re e fumaneng.” Ha mor’abo rōna oa Mojapane a botsa e mong oa baithaopi hore na ke hobane’ng ha a tlil’o thusa, moithaopi eo o ile a re: “Barab’abo rōna ba Japane ke karolo ea ‘’mele oa rōna.’ Re utloa bohloko boo ba bo utloang.” Ka linako tse ling, baithaopi bao ba susumetsoang ke lerato le hlokang boithati, ba ’nile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba thuse balumeli-’moho le bona.c—1 Joh. 3:16.

Paki ea Jehova ea Switzerland e lokisetsa liphallelo tse eang ho barab’abo rōna ka 1946

Switzerland, ka 1946

LETŠOLO LA PELE LE LEHOLO LA LIPHALLELO LA MEHLENG ENA

KA September 1945, likhoeli tse seng kae feela ka mor’a hore Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e lale Europe, Mor’abo rōna Knorr o ile a phatlalatsa ho thakholoa ha letšolo le leholo la ho romela “liphallelo ho barab’abo rōna ba hlokang, ba lulang Europe bohareng.”

Libeke tse ’maloa ka mor’a tsebiso eo, Lipaki tsa Canada, tsa United States le tsa linaheng tse ling li ile tsa qala ho bokella liaparo le lijo. Ho tloha ka January 1946 ho ea pele, ho ile ha romeloa lintho ho balumeli-’moho le rōna ba Austria, Belgium, Bulgaria, Chaena, Czechoslovakia, Denmark, Engelane, Finland, Fora, Jeremane, Greece, Hungary, Italy, Netherlands, Norway, Philippines, Poland le Romania.

Letšolo lena le ile la tsoela pele ka lilemo tse peli le halofo! Ka nako eo, bara le barali babo rōna ba ka bang 85 000 ba ile ba romela lijo tsa lik’hilograma tse ka bang 300 000, liphahlo tsa boima ba lik’hilograma tse ka bang 450 000 le lieta tse fetang 124 000 ho bara le barali babo rōna ba linaheng tse ruthuthiloeng ke ntoa. Ka August 1948, letšolo lena le leholo le ile la fela. Makasine ea The Watchtower ea 1949 e ile ea re: “Ka sebele barab’abo rōna ba ile ba bontšana lerato. Rea tseba hore barab’abo rōna bohle ba entse sena molemong oa ho tlotlisa Morena ’me baa tseba hore liphallelo tsena li tla thusa ba bang hore ba ntšetse pele borapeli ba bona; kahoo ba ile ba thabela ho sebeletsa barab’abo bona ka tsela ena.” Letšolo lena le ile la rorisa Jehova, la thusa balumeli-’moho le rōna la ba la tiisa maqhama a bonngoe har’a barab’abo rōna lefatšeng lohle.

11 Batho bao eseng Lipaki le bona ba ananela mosebetsi oa rōna oa ho thusa nakong ea likoluoa. Ka mohlala, ka mor’a hore koluoa e hlahe profinseng ea Arkansas, U.S.A., ka 2013, koranta e ’ngoe e ile ea tlaleha ka tsela eo baithaopi ba Lipaki ba arabelang ka potlako ka eona ’me ea re: “Baithaopi ba Lipaki Tsa Jehova ba hlophisehile ebile ba etsa mosebetsi oa bona ka bokhabane.” Ka sebele, joalokaha moapostola Pauluse a ile a bontša, re “fana haholo” ho barab’abo rōna ba hlokang.

12-14. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore barab’abo rōna ba khutlele kemisong ea bona ea lintho tsa moea ka mor’a koluoa? (b) Ke’ng seo ba bang ba ileng ba se bua se bontšang bohlokoa ba ho etsa lintho tsa moea?

12 La boraro, re thusa ba anngoeng ke koluoa hore ba khutlele kemisong ea bona ea lintho tsa moea. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Pauluse o ile a hlalosa hore batho ba fumanang thuso nakong ea likoluoa ba tla susumelletseha ho etsa “lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo.” (2 Bakor. 9:12b) Ha ho na tsela e ’ngoe e molemo eo ba anngoeng ke likoluoa ba ka lebohang Jehova ka eona ha e se ho khutlela kemisong ea bona ea lintho tsa moea kapele kamoo ho ka khonehang kateng. (Bafil. 1:10) Ka 1945 makasine ea The Watchtower e ile ea re: “Pauluse o ile a lumela . . . hore ho bokelloe menehelo hobane e ne e thusa . . . Bakreste ba hlokang hore ba be le lintho tseo ba li hlokang e le hore ba kopanele ka mafolofolo mosebetsing oa Jehova oa ho paka.” Morero oa rōna o ntse o tšoana le kajeno. Ha barab’abo rōna ba khutlela mosebetsing oa boboleli, ha ba matlafatse baahelani ba bona ba anngoeng ke likoluoa feela, empa le bona baa imatlafatsa.—Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.

13 Nahana ka seo batho ba ileng ba fumana thuso nakong ea likoluoa le ho matlafatsoa ke ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba ileng ba se bua. Mor’abo rōna o ile a re, “Lelapa la rōna le ile la thaba haholo ha le kopanela mosebetsing oa boboleli. Ha re ntse re leka ho tšelisa batho ba bang, re ile ra khaotsa ho tšoenyeha ka mathata a rōna.” Morali’abo rōna o ile a re: “Ho tsepamisa kelello ea ka linthong tsa moea ho ile ha etsa hore ke se ke ka tšoenyeha haholo ka mahlomola ao ke neng ke le ho ’ona. Ke ile ka ikutloa ke sireletsehile.” Morali’abo rōna e mong o ile a re: “Le hoja ho ne ho se letho leo re ka le etsang ka boemo boo re neng re le ho bona, boboleli bo ile ba etsa hore bophelo ba lelapa la rōna bo be le morero. Ho bua le batho ba bang ka tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha ho ile ha matlafatsa tumelo ea rōna tšepisong ea Molimo ea hore o tla nchafatsa lintho tsohle.”

14 Ho ba teng libokeng ke e ’ngoe ea lintho tsa moea tseo barab’abo rōna ba anngoeng ke likoluoa ba lokelang ho li etsa kapele kamoo ho ka khonehang kateng. Nahana ka se ileng sa etsahalla Kiyoko, e leng morali’abo rōna ea neng a le lilemo tse ka holimo ho 50 ka nako eo. Ka mor’a hore tsunami e otle, o ile a sala ka liaparo tseo a neng a li apere le lieta tseo a neng a li roetse feela ’me o ne a tsielehile a sa tsebe hore na o tla phela joang. Mor’abo rōna e mong o ile a mo bolella hore ba tla tšoarela seboka sa letsatsi leo ka koloing ea hae. Kiyoko o re: “’Na le morali’abo rōna e mong re ile ra lula ka koloing re e-na le moholo eo le mosali oa hae. Seboka seo se ne se se na lintlha tse ngata, empa joalokaha eka ke ka mohlolo, se ile sa etsa hore ke lebale ka tsunami eo. Ke ile ka ikutloa ke e-na le khotso ea kelello. Seboka seo se ile sa mpontša bohlokoa ba ho bokana hammoho re le Bakreste.” Ha a bua ka liboka tseo a ileng a ea ho tsona ka mor’a koluoa e ileng ea hlaha, morali’abo rōna e mong o ile a re: “Li ile tsa nthusa ho re ke mamelle!”—Bar. 1:11, 12; 12:12

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa e Tlisa Melemo

15, 16. (a) Ke melemo efe eo Bakreste ba Korinthe le ba libakeng tse ling ba neng ba tla e fumana ha ba fana ka thuso nakong ea likoluoa? (b) Re rua molemo joang ha re thusa ka tsela e tšoanang kajeno?

15 Ha a bua ka tšebeletso ena ea ho thusa nakong ea likoluoa, Pauluse o ile a hlalosetsa Bakorinthe ka melemo eo bona hammoho le Bakreste ba bang ba neng ba tla e fumana ha ba kopanela tšebeletsong ena. O ile a re: “Ka thapeli bakeng sa lōna baa [Bakreste ba Bajuda ba Jerusalema ba ileng ba fumana thuso] le hloloheloa [rata] ka lebaka la mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo ho lōna.” (2 Bakor. 9:14) Ka sebele, moea oa ho fana oo Bakorinthe ba neng ba e-na le oona o ne o tla susumelletsa Bakreste ba Bajuda hore ba rapelle barab’abo bona ba Korinthe hammoho le ba Balichaba ’me seo se ne se tla etsa hore ba ba rate le ho feta.

16 Ha makasine ea The Watchtower ea December 1, ea 1945 e bua ka mantsoe a Pauluse a mabapi le melemo ea ho etsa tšebeletso ena, e ile ea re: “Ak’u nahane ka bonngoe bo bang teng ha batho ba Molimo ba thusana!” Ke sona seo basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa ba se bonang kajeno. Moholo e mong ea ileng a thusa moo ho bileng le moroallo o ile a re: “Ho thusa nakong ea likoluoa ho entse hore ke ikutloe ke atamelane haholo le barab’abo rōna ho feta leha e le neng pele.” Morali’abo rōna e mong ea ileng a fumana thuso o ile a re: “Mokhatlo oa rōna oa bara ba motho o etsa hore re ikutloe eka re se re le Paradeiseng.”—Bala Liproverbia 17:17.

17. (a) Mantsoe a ho Esaia 41:13 a phethahala joang mosebetsing oa ho thusa nakong ea likoluoa? (b) Bolela mehlala e meng e bontšang kamoo ho thusa nakong ea likoluoa ho tlotlisang Jehova le ho matlafatsa bonngoe ba rōna kateng. (Sheba lebokose le reng “Baithaopi ba Lefatšeng Lohle ba Thusa Nakong ea Likoluoa.”)

17 Ha basebetsi ba fihla moo ho nang le koluoa, barab’abo rōna ba anngoeng ke koluoa eo ba bona ho phethahala ha mantsoe a Molimo ka tsela e ikhethang, a reng: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’” (Esa 41:13) Ka mor’a ho phonyoha koluoa, morali’abo rōna e mong o ile a re: “Ke ile ka felloa ke tšepo ha ke bona tšenyo e bakiloeng ke koluoa eo, empa Jehova o ile a ntšoara ka letsoho. Ha ke khone ho hlalosa tsela eo ke ileng ka ikutloa ka eona ha barab’abo rōna ba ne ba nthusa.” Ka mor’a hore koluoa e hlahe sebakeng sa habo bona, baholo ba bang ba babeli ba ile ba ngola ba re: “Tšisinyeho ea lefatše e ile ea re utloisa bohloko haholo, empa Jehova o ile a re thusa a sebelisa barab’abo rōna. Re ne re ile ra utloela ka mosebetsi oa ho thusa nakong ea likoluoa, empa hona joale re inoesa ka nkho.”

Peter Johnson ea thusang ho haha libaka tsa borapeli

O ILE OA ETSA HORE BOPHELO BA KA BO BE LE MORERO

HO KENYA letsoho letšolong la liphallelo ho ka ama bacha joang? A re hlahlobeng se ileng sa etsahalla Peter Johnson, ea ileng a qala ho etsa mosebetsi ona ha a le lilemo li 18. O re: “Ke ile ka angoa haholo ke tsela eo barab’abo rōna ba neng ba ananela ka eona le thabo eo ke neng ke e fumana ha ke fana. Seo se ile sa etsa hore ke be le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo nka khonang kateng.” Ka mor’a moo, Peter o ile a qala ho ba pula-maliboho. O ile a boela a sebeletsa Bethele ’me hamorao o ile a qala ho sebeletsa e le setho sa Komiti ea Kaho ea Lebatooa. Hona joale Peter o re: “Ke ile ka qala ho etsa mosebetsi oa liphallelo ka lekhetlo la pele morao koana ka 1974 ’me o ile oa etsa hore bophelo ba ka bo be le morero.” Na u mocha? Na u ka latela mohlala oa Peter? Mosebetsi oa ho thusa nakong ea likoluoa o ka etsa hore le uena bophelo ba hao bo be le morero ha u ntse u sebeletsa Jehova!

Na U ka Kenya Letsoho?

18. U ka etsa’ng haeba u batla ho kenya letsoho mosebetsing oa ho thusa nakong ea likoluoa? (Sheba le lebokose le reng, “O Ile oa Etsa Hore Bophelo ba ka bo be le Morero.”)

18 Na u ka rata ho ba le thabo e tlisoang ke ho thusa nakong ea likoluoa? Haeba ho joalo, hopola hore hangata basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa ba khethoa har’a batho ba sebetsang kahong ea Liholo Tsa ’Muso. Kahoo, bolella baholo ba phutheho ea heno hore u batla ho tlatsa foromo. Moholo ea nang le boiphihlelo mosebetsing oa ho thusa nakong ea likoluoa o fana ka khopotso ena: “Pele u ka ea sebakeng seo ho nang le koluoa ho sona, emela hore u mengoe ke Komiti ea Liphallelo.” Haeba re etsa seo, mosebetsi oa rōna o tla tsoela pele ho etsoa ka tsela e hlophisehileng.

19. Basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa ba bontša joang hore re balateli ba ’nete ba Kreste?

19 Ka sebele, ho thusa nakong ea likoluoa ke tsela e babatsehang ea ho bontša hore re mamela taelo ea Kreste ea hore re “ratane.” Ha re ratana, re bontša hore re balateli ba ’nete ba Kreste. (Joh 13:34, 35) Ke tlhohonolofatso e kaakang kajeno hore ebe re na le baithaopi ba bangata ba tlotlisang Jehova ha ba ntse ba fana ka thuso ho batho ba tšehetsang ’Muso oa Molimo ka botšepehi!

a Khaolo ena e hlahloba litsela tseo balumeli-’moho le rōna ba thusoang ka tsona nakong ea likoluoa. Leha ho le joalo, libakeng tse ling, re thusa le batho bao eseng Lipaki.—Gal 6:10

b Pauluse o ile a sebelisa lentsoe di·aʹko·nos (ho sebeletsa) ha a bua ka “bahlanka ba sebeletsang.”—1Ti 3:12.

c Sheba sehlooho se reng “Ho Thusa Lelapa Labo Rōna la Balumeli Bosnia,” khatisong ea Molula-Qhooa oa November 1, 1994, leqepheng la 23-27.

’Muso ke oa Sebele Hakae ho Uena?

  • Re tseba joang hore ho thusa nakong ea likoluoa ke ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang?

  • Mabaka a mararo a ka sehloohong a ho thusa nakong ea likoluoa ke afe?

  • Ho thusa nakong ea likoluoa ho na le melemo efe?

  • Ho thusa nakong ea likoluoa ho amana joang le taelo ea Jesu e ho Johanne 13:34?

BAITHAOPI BA LEFATŠENG LOHLE BA THUSA NAKONG EA LIKOLUOA

AFRIKA BOHARENG LE BOPHIRIMELA

KA 1994, batho ba ka bang 800 000 ba Rwanda, ba ile ba bolaoa ntoeng ea bana ba thari. Ka mor’a lipolao tseo tse sehlōhō, ho ile ha e-ba le lintoa linaheng tse ling tsa Afrika Bohareng ’me seo se ile sa etsa hore ho be le tšubuhlellano likampong tsa baphaphathehi. Lipaki Tsa Jehova tsa Belgium, Fora le Switzerland li ile tsa thusa balumeli-’moho le tsona ba anngoeng ke lintoa tseo ka ho romela ka sefofane lithane tse ka bang 300 tsa liaparo, meriana, litente, lijo le lintho tse ling. Ka mor’a libeke tse seng kae, liphallelo tseo li ile tsa fihla ho barab’abo rōna ba neng ba li hloka.

Hape hona mona Afrika, ho na le sehlopha sa lingaka tse leshome tsa Lipaki le baoki ba tsoang Fora se ’nileng sa thusa barab’abo rōna ba anngoeng ke lintoa tsa lehae, bofuma le maloetse. Lilemong tse peli tse fetileng feela, sehlopha seo se se se thusitse bakuli ba fetang 10 000. Mosebetsi oo se o etsang o tlotlisa Jehova le mokhatlo oa hae. Mooki e mong o re: “Ha re fihla sebakeng se itseng re il’o thusa bara le barali babo rōna, batho ba bua ka tlhompho ba re, ‘Bana ke Lipaki Tsa Jehova. Ba tlil’o thusa barab’abo bona.’” Morali’abo rōna e mong ea neng a qeta ho thusoa ke mooki, o ile a re: “Kea leboha morali’eso. Kea leboha, Jehova!”

Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala thuso ha ho bile le likotsi tse khōlō. Ka 2012, ho ile ha e-ba le kotsi ea koloi Nigeria e ileng ea bolaea Lipaki tse 13, tseo kaofela ha tsona e neng e le litho tsa phutheho e nyenyane ’me tse 54 tse ling, li ile tsa tsoa likotsi tse mpe. Komiti ea liphallelo e ile ea hlophisa hore batho ba tsoileng kotsi ba hlokomeloe ka linako tsohle. Ha mokuli e mong a hlokomela kamoo bara le barali babo rōna ba neng ba hlokometsoe hantle kateng, o ile a letsetsa moruti oa hae, a re: “Ha ho le ea mong kerekeng ea rōna ea kileng a nketela. Tloo sepetlele u tlo bona kamoo Lipaki Tsa Jehova li bontšanang lerato kateng!”

Le hoja barab’abo rōna ba ratehang ba phutheho eo e nyenyane ba ne ba utloile bohloko ka lebaka la tahlehelo eo, ba ile ba tšelisoa ke lerato leo balumeli-’moho le bona ba ileng ba ba bontša lona. Ho phaella moo, ka mor’a hore litho tse ling tsa phutheho eo li bone tlhokomelo e lerato eo komiti ea liphallelo e e bontšitseng barab’abo bona ba ileng ba angoa ke kotsi eo, li ile tsa susumelletseha hore li eketse tšebeletso ea tsona. Pele ho kotsi eo, phutheho e ne e e-na le bahoeletsi ba 35. Pele selemo se fela, ba ne ba se ba le 60.

AUSTRALIA

Ka 2013, metse e lebopong la Queensland e ile ea puputloa ke moroallo o ileng oa siea Lipaki tse 70 li se na moo li lulang teng. Mark le Rhonda le morali oa bona ba ile ba tloha ntlong ea bona e neng e tletse metsi ’me ba balehela moo batho ba neng ba isoa teng e le hore ba sireletsehe. Sebaka seo se ne se tletse haholo. Rhonda o re: “Batho ba ne ba le bangata hoo ho neng ho se moo re ka lulang teng.” Lerata le thibang litsebe la lihelikopthara tse neng li ntse li tla li tsamaea, le ne le etsa hore batho ba neng ba le moo, ba ferekane le ho feta. Kaha o ne a tšoenyehile, o ile a botsa monna oa hae a re: “Ekaba re tl’o etsa joang?” Mark o ile a rapela ka tieo ho Jehova, a mo kōpa hore a ba thuse. Rhonda o re: “Metsotso e ka bang 30 ka mor’a moo, ho ile ha fihla barab’abo rōna ba bararo ba neng ba tsamaea ka koloi. Ha re kopana le bona, ba ile ba re: ‘Re tl’o le lata. Le tla lula ha mor’abo rōna e mong.’” Rhonda ha a tsoela pele o re: “Ke sitoa ho hlalosa hore na re ne re thabile hakae ka nako eo ha re bona tlhokomelo e lerato e tsoang mokhatlong oa Jehova.”

Baithaopi ba fetang 250 ba ile ba potlakela sebakeng seo sa koluoa e le hore ba il’o thusa barab’abo bona. Mor’abo rōna e mong ea seng a hōlile, o re: “Ho ile ha fihla sehlopha sa Lipaki ’me se ile sa sebetsa ka thata ho lokisa ntlo ea ka. ’Na le mosali oa ka re ke ke ra lebala kamoo ba ileng ba re thusa kateng.”

BRAZIL

Ka 2008, batho ba ka bang 80 000 ba ile ba baleha matlo a bona ka lebaka la ho ritsa ha seretse le likhohola tse ileng tsa e-ba teng naheng ea Santa Catarina. Moahi e mong o ile a e tšoantša le “tsunami ea letsopa, seretse le lifate.” Barab’abo rōna ba bang ba ile ba balehela Holong ea Kopano. Márcio eo e neng e le mohlokomeli oa holo eo, o re: “Ba ne ba setse ka liaparo tse ’meleng feela ’me li ne li tletse liretse.” Morali e mong oabo rōna o re: “Ntlo ea rōna e ile ea oela. Ke ile ka utloa bohloko ha ke e bona e putlama ka nako le motsotso, empa nke ke ka lebala kamoo bara le barali babo rōna ba ileng ba re tšelisa kateng. Re ile ra bontšoa lerato haholo! Koluoa eo e ile ea nthuta bohlokoa ba ho ba le matlotlo a lintho tsa moea.”

Lipaki Tsa Jehova li hlophisa liphallelo le ho fana ka tsona Brazil

Ka 2009, Holo ea Kopano ea Santa Catarina, Brazil, e ile ea e-ba sebaka seo batho ba ileng ba balehela ho sona ’me ho ne ho e-na le liphallelo

Ho ritsa ha seretse ho ’nile ha senya libaka tse mosikong oa thaba tse pel’a motse oa Rio de Janeiro. E le hore ba khone ho thusa ha likoluoa tsena li hlaha, barab’abo rōna ba ile ba theha Komiti ea Liphallelo ea linako tsohle. Ha ho bonahala eka ho tla ba le ho foqoha ha seretse, ho na le barab’abo rōna ba hlabelang komiti ea liphallelo mokhosi. Ka ho panya ha leihlo, ho fihla baithaopi ka literaka tse ngotsoeng ka maphakong, mantsoe ana: “Lipaki Tsa Jehova—Thuso ea Liphallelo.” Litho tsohle tsa lihlopha tseo li tla le thepa eohle e hlokahalang ’me li se li ntse li tseba hore li lokela ho etsa’ng. Basebetsi ba apara likipa tse ba khethollang ka ho hlaka hore ke Lipaki Tsa Jehova. Ba sebetsa hammoho le barab’abo rōna ba Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele ho thusa bara le barali babo rōna ba lemetseng. Baithaopi ba tlisa lijo, metsi, meriana, liaparo le lintho tse hloekisang. Ho ntša seretse se keneng ka tlung ke mosebetsi o moholo. Ka mor’a hore seretse se ritse morao tjena, ho ile ha hlokahala baithaopi ba 60 hore ba ntše seretse se neng se ka tlala literaka tse ’nè!

HO ITOKISETSA LIKOLUOA

Sehlopha se Busang se ile sa kōpa hore makala a lefatšeng lohle a fe baholo ba liphutheho le balebeli ba tsamaeang tataiso e mabapi le ho itokisetsa le ho sebetsana le likoluoa ha li hlaha. Ka mohlala, le pele ho e-ba le koluoa baholo ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba na le boitsebiso bo nakong ba setho ka seng sa phutheho.

HA HO E-BA LE KOLUOA

  1. Moholo oa Phutheho o il’o bona lelapa le leng

    Baholo ba ikopanya le bahoeletsi bohle

  2. Baholo ba tlalehela mohokahanyi oa sehlopha sa baholo

  3. Mocha oa puisano pakeng tsa bahokahanyi ba liphutheho, balebeli ba tsamaeang, barab’abo rōna ba ikarabellang le ofisi ea lekala

    Bahokahanyi ba tlalehela balebeli ba tsamaeang le barab’abo rōna ba ikarabellang ba ka ikopanyang le ofisi ea lekala

  4. Lijo le Metsi

    Ntle ho tšenyo ea nako, ho fanoa ka lijo, metsi, bolulo, meriana ’me barab’abo rōna ba thusoa moeeng le maikutlong

  5. Ho hlahlojoa tlaleho ea hore na boemo bo joang le hore na ho hlokahala’ng

    Ofisi ea lekala e romella Komiti ea Bahokahanyi ea Sehlopha se Busang tlaleho ea hore na boemo bo joang le hore na ho hlokahala eng

  6. Liphallelo li isoa moo li hlokahalang

    Komiti ea Liphallelo e hlophisa hore bara le barali babo rōna ba fumane lintho tseo ba li hlokang ho fihlela boemo bo loka

  7. Sefofane sea fofa

    Komiti ea Bahokahanyi e hlahloba boemo ’me haeba ho hlokahala e fana ka tumello ea hore ho romelloe baithaopi ba tsoang linaheng tse ling ho ea thusa

BUKANA EA BASEBETSI BA THUSANG NAKONG EA LIKOLUOA

Sekoahelo sa bukana ea Jehovah’s Witnesses and Disaster Relief

KA June 2013 ho ile ha lokolloa bukana e bitsoang Jehovah’s Witnesses and Disaster Relief. E ne e etselitsoe haholo-holo balaoli ba ’muso oa United States ba sebetsanang le maemo a tšohanyetso. Bukana eo e bua ka mosebetsi oa ho thusa nakong ea likoluoa oo re ’nileng ra o etsa ho tloha bohareng ba lilemo tsa bo-1940. E boetse e na le ’mapa o bontšang hore mosebetsi oa rōna ke oa lefatše lohle. Moholo ea etsang mosebetsi oa ho hlophisa lintho tse hlokahalang nakong ea likoluoa, o re: “Barab’abo rōna ba sebetsang Likomiting Tsa Liphallelo ba sebelisa bukana ena ho ikopanya le ba boholong ba libakeng tseo ho tsona likoluoa li hlahang habonolo. Ha ba boholong ba tloaelana le mosebetsi oa rōna oa ho thusa nakong ea likoluoa, seo se etsa hore ho be bonolo hore re fumane tumello ea ho kena libakeng tseo likoluoa li hlahileng ho tsona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela