Balebeli ba Tsamaeang—Limpho Tseo e Leng Banna
“Ha a nyolohela holimo o ile a nka baholehuoa; a fana ka limpho tseo e leng banna.”—BAEFESE 4:8.
1. Ke mosebetsi ofe o mocha oo ho ileng ha tsebisoa ka oona makasineng ee ka 1894?
LILEMONG tse fetileng tse ka holimo ho lekholo, Watch Tower e ile ea tsebisa ka ntho e ’ngoe e ncha. E ile ea hlalosoa e le “Lekala le Leng la Mosebetsi.” Mosebetsi oo o mocha o ne o akarelletsa eng? E ne e le qalo ea kajeno ea mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang. Tokollo ea September 1, 1894, ea koranta ena e ile ea hlalosa hore ho tloha ka nako eo ho ea pele barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ne ba tla etela lihlopha tsa Liithuti tsa Bibele ‘ka morero oa ho li haha ’neteng.’
2. Molebeli oa potoloho le oa setereke ba na le boikarabelo bofe?
2 Lekholong la pele la lilemo C.E., liphutheho tsa Bokreste li ne li eteloa ke balebeli ba kang Pauluse le Barnabase. Banna bana ba tšepahalang ba ne ba e-na le pakane ea ho “haha” liphutheho. (2 Bakorinthe 10:8) Kajeno, re hlohonolofalitsoe ka banna ba likete ba etsang sena ka tsela e hlophisehileng. Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ba khethile e le balebeli ba potoloho le ba setereke. Molebeli oa potoloho o sebeletsa liphutheho tse ka bang 20, o sebeletsa e le ’ngoe ka nako e etsang beke, hoo e ka bang habeli ka selemo, a hlahloba litlaleho, a fana ka lipuo a bile a kopanela tšebeletsong ea tšimo le bahoeletsi ba ’Muso ba sebaka seo. Molebeli oa setereke ke molula-setulo oa kopano e ’ngoe le e ’ngoe ea potoloho ea selemo le selemo lipotolohong tse ’maloa, o kopanela tšebeletsong ea tšimo phuthehong eo eena le molebeli oa potoloho ba e etetseng bekeng ea kopano ea potoloho, ’me o fana ka khothatso ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng.
Moea oa Bona oa Boitelo
3. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore balebeli ba tsamaeang ba be le moea oa boitelo?
3 Balebeli ba tsamaeang ba tseleng kamehla. Sena ka bosona se hloka moea oa boitelo. Ho tsamaea ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe hangata ho ka ba thata, empa banna bana le basali ba bona ba etsa sena ka thabo. Molebeli e mong oa potoloho o itse: “Mosali oa ka o ntšehetsa haholo ’me ha a belaele . . . O tšoaneloa ke ho rorisoa haholo bakeng sa moea oa hae oa boitelo.” Balebeli ba bang ba potoloho ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka holimo ho 1 000 lipakeng tsa liphutheho. Ba bangata ba khanna likoloi, empa ba bang ba tloha sebakeng se seng ba ea ho se seng ka lipalangoang tsa sechaba, ka libaesekele, ka lipere kapa ka maoto. Molebeli e mong oa potoloho oa Moafrika o bile o tlameha ho tšela nōka a pepile mosali oa hae e le hore ba fihle phuthehong e ’ngoe. Maetong a hae a boromuoa, moapostola Pauluse o ile a tlameha ho tobana le mocheso le serame, tlala le lenyora, ho se robale bosiu, likotsi tse sa tšoaneng, le mahloriso a mabifi. O ne a bile a “tšoenyeha ka liphutheho tsohle”—eo ke phihlelo e tloaelehileng ho balebeli ba tsamaeang kajeno.—2 Bakorinthe 11:23-29.
4. Bokuli bo ka ba le phello efe bophelong ba balebeli ba tsamaeang le basali ba bona?
4 Joaloka Timothea, molekane oa Pauluse, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ka linako tse ling baa kula. (1 Timothea 5:23) Sena se eketsa khatello likelellong tsa bona. Mosali e mong oa molebeli oa potoloho oa hlalosa: “Ho ba ’moho le barab’eso ka linako tsohle ho boima ha ke sa phele hantle. Ha ho qaleha nako ea ho khaotsa ho ilela khoeli, ke fumane hona ho le thata ka ho khethehileng. Ho phutha thoto eohle ea rōna feela beke e ’ngoe le e ’ngoe le ho ea sebakeng se seng sesele ke phephetso ea sebele. Hangata, ke tlameha ho ema ke rapele Jehova hore a mphe matla a ho tsoela pele.”
5. Ho sa tsotellehe liteko tse sa tšoaneng, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba ’nile ba bontša moea ofe?
5 Ho sa tsotellehe ho kula le liteko tse ling, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba fumana thabo tšebeletsong ea bona ’me ba bontša lerato le nang le boitelo. Ba bang ba behile bophelo ba bona kotsing hore ba fane ka thuso ea moea linakong tsa mahloriso kapa tsa ntoa. Ha ba etela liphutheho, ba bontšitse moea o tšoanang le oa Pauluse, ea ileng a re ho Bakreste ba Thesalonika: “Re ile ra ba bonolo har’a lōna, joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae. Kahoo, re e-na le boikutlo bo bonolo bakeng sa lōna, re ile ra khahloa haholo ho le fa, eseng feela litaba tse molemo tsa Molimo, empa le lisoule tsa rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.”—1 Bathesalonika 2:7, 8.
6, 7. Balebeli ba tsamaeang ba sebetsang ka thata ba ka ba le tšusumetso efe e ntle?
6 Joaloka baholo ba bang ka phuthehong ea Bokreste, balebeli ba tsamaeang ‘ba sebetsa ka thata ho bueng le ho ruteng.’ Baholo bohle ba joalo ba lokela ho ‘nkoa ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli.’ (1 Timothea 5:17) Mohlala oa bona o ka ipaka o le molemo haeba, ka mor’a ‘ho nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng re etsisa tumelo ea bona.’—Baheberu 13:7.
7 Balebeli ba tsamaeang ba itseng ba bile le tšusumetso efe ho ba bang? Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea ngola: “Mor’eso P—— e bile tšusumetso e hlollang hakaakang bophelong ba ka! E ne e le molebeli ea tsamaeang Mexico ho tloha selemong sa 1960 ho ea pele. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke letela liketelo tsa hae ka tšepo le ka thabo. Ha ke ne ke le lilemo li leshome, o ile a mpolella, ‘Le uena u tla ba molebeli oa potoloho.’ Lilemong tse thata tsa bocha, ke ne ke mo batla khafetsa hobane kamehla o ne a e-na le mantsoe a bontšang bohlale ao a ka mpolellang ’ona. O ne a phelela ho lisa mohlape! Hona joale ha ke le molebeli oa potoloho, kamehla ke leka ho qeta nako e itseng ke e-na le bacha le ho ba khothalletsa ho hahamalla lipakane tsa puso ea Molimo joalokaha a ile a nkhothalletsa. Esita le lilemong tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, ho sa tsotellehe mathata a ho se sebetse hantle ha pelo ea hae, Mor’eso P—— kamehla o ne a batla ho bua polelo e khothatsang. Letsatsi feela pele ho lefu la hae ka February 1995, o ile a tsamaea le ’na ho ea kopanong ea letsatsi le khethehileng ’me a khothalletsa mor’abo rōna oa setsebi sa lipolane tsa mohaho ho hahamalla lipakane tse molemo. Hang-hang mora enoa oabo rōna o ile a etsa kōpo ea ho sebeletsa Bethele.”
Baa Ananeloa
8. “Limpho tseo e leng banna” tse hlalositsoeng ho Baefese khaolo ea 4, ke bo-mang, hona li tsoela phutheho molemo joang?
8 Balebeli ba tsamaeang le baholo ba bang ba hlohonolofalitsoeng ka likabelo tsa tšebeletso ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo ba bitsoa “limpho tseo e leng banna.” Jesu, e le moemeli oa Jehova le Hlooho ea phutheho, o fane ka banna bana ba moea e le hore ka bomong re ka hahuoa le ho finyella khōlong e feletseng. (Baefese 4:8-15) Mpho efe kapa efe e tšoaneloa ke pontšo ea kananelo. Sena ke ’nete haholo-holo mabapi le mpho e re matlafaletsang ho tsoela pele re sebeletsa Jehova. Ka hona he, re ka bontša kananelo ea rōna joang bakeng sa mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang? Ke ka litsela life re ka bontšang hore re ‘ntse re nka banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa’?—Bafilippi 2:29.
9. Re ka bontša kananelo bakeng sa balebeli ba tsamaeang ka litsela life?
9 Ha ho tsebisoa ka ketelo ea molebeli oa potoloho, re ka qala ho etsa litokisetso tsa ho ba le karolo e feletseng mesebetsing ea phutheho bekeng eo. Mohlomong re ka behella ka thōko nako e eketsehileng ho tšehetsa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo nakong ea ketelo. Re ka ’na ra khona ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba thusang khoeling eo. Ka sebele re tla batla ho sebelisa litlhahiso tsa molebeli oa potoloho e le hore re ntlafatse tšebeletso ea rōna. Moea o joalo oa ho arabela hamolemo o tla re ruisa molemo ’me o tla mo kholisa hore ketelo ea hae e molemo. E, balebeli ba tsamaeang ba etela phutheho ho re haha, empa le bona ho hlokahala hore ba hahuoe moeeng. Ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona Pauluse a neng a hloka khothatso, ’me o ne a atisa ho kōpa Bakreste-’moho le eena ho mo rapella. (Liketso 28:15; Baroma 15:30-32; 2 Bakorinthe 1:11; Bakolose 4:2, 3; 1 Bathesalonika 5:25) Balebeli ba tsamaeang ba kajeno ka ho tšoanang ba hloka lithapelo tsa rōna le khothatso.
10. Re ka thusa joang ho etsa hore mosebetsi oa molebeli ea tsamaeang e be o thabisang?
10 Na re kile ra bolella molebeli oa potoloho le mosali oa hae kamoo re ananelang liketelo tsa bona kateng? Na rea mo leboha bakeng sa keletso e molemo eo a re fang eona? Na rea mo bolella ha litlhahiso tsa hae tsa tšebeletso ea tšimo li eketsa thabo ea rōna tšebeletsong? Haeba re etsa joalo, sena se tla thusa ho etsa hore mosebetsi oa hae e be o thabisang. (Baheberu 13:17) Molebeli e mong oa potoloho Spain ka ho khetheha o ile a hlalosa kamoo eena le mosali oa hae ba ananelang likarete tsa teboho tseo ba li amohetseng ka mor’a ho etela liphutheho. O re: “Re boloka likarete tsena ebe re li bala ha re ikutloa re nyahame. Ke mohloli oa khothatso ea sebele.”
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsebisa mosali oa molebeli oa potoloho le oa molebeli oa setereke hore baa ratoa le ho ananeloa?
11 Ka sebele mosali oa molebeli ea tsamaeang o rua molemo mantsoeng a pabatso. O itetse haholo hore a thuse monna oa hae karolong ena ea tšebeletso. Barali bana babo rōna ba tšepahalang ba tela takatso ea tlhaho ea ho ba le mahae a bona ’me, maemong a mangata, ba tela le takatso ea ho ba le bana. Morali oa Jafeta e bile e mong oa bahlanka ba Jehova eo ka boithatelo a ileng a tlohela monyetla oa hae oa ho ba le monna le lelapa ka lebaka la kano eo ntate oa hae a neng a e entse. (Baahloli 11:30-39) Boitelo ba hae bo ile ba talingoa joang? Baahloli 11:40 e re: “Ka lilemo tsohle, baroetsana ba Iseraele ba ea ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho bina lithoko tsa morali oa Jafeta mo-Gileade.” Ho molemo hakaakang ha re etsa boiteko ba ho bolella mosali oa molebeli oa potoloho le oa molebeli oa setereke hore baa ratoa le ho ananeloa!
“Le se ke la Lebala Kamohelo e Mofuthu ea Baeti”
12, 13. (a) Ho na le motheo ofe oa Mangolo bakeng sa ho amohela balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ka mofuthu? (b) Bontša kamoo kamohelo e mofuthu ea baeti e joalo e ka bang molemo ka mahlakoreng a mabeli.
12 Ho amohela baeti ka mofuthu ke tsela e ’ngoe ea ho bontša lerato le kananelo ho ba leng mosebetsing oa Bokreste oa ho tsamaea. (Baheberu 13:2) Moapostola Johanne o ile a babatsa Gaiase bakeng sa ho amohela ka mofuthu ba etelang phutheho e le baromuoa ba tsamaeang. Johanne o ile a ngola: “Moratuoa, u etsa mosebetsi o tšepahalang ho eng kapa eng eo u e etsetsang barab’abo rōna, basele le hona, ba pakileng lerato la hao ka pel’a phutheho. Ka kōpo bana u ba tsamaise ka mokhoa o tšoanelang Molimo. Etsoe e ne e le ka lebaka la lebitso la hae ba ileng ba tsoa, ba sa nke ntho leha e le efe e tsoang ho batho ba lichaba. Ka hona, rōna, re tlas’a tlamo ea ho amohela batho ba joalo ka kamohelo e mofuthu ea baeti, e le hore re ka ba basebetsi-’moho ’neteng.” (3 Johanne 5-8) Kajeno, re ka ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso ka hore re atolosetse kamohelo e mofuthu ea baeti e tšoanang ho balebeli ba tsamaeang le basali ba bona. Ho hlakile hore baholo ba sebaka ka seng ba lokela ho tiisa hore bolulo boa khotsofatsa, empa molebeli e mong oa setereke o ile a re: “Ho lula ha rōna le barab’abo rōna ho ke ke ha itšetleha ka hore na ke mang ea ka re etsetsang ho hong. Ha re batle le ho fana ka maikutlo a joalo. Re tlameha ho ikemisetsa ho amohela kamohelo e mofuthu ea baeti ea mor’abo rōna ofe kapa ofe, ea ruileng kapa ea futsanehileng.”
13 Kamohelo e mofuthu ea baeti e ka ba molemo mahlakoreng ana ka bobeli. Jorge o hopola eo e kileng ea e-ba molebeli oa potoloho eo hona joale a sebeletsang Bethele, o re: “Lelapeng leso, re ne re tloaetse ho mema balebeli ba potoloho hore ba lule le rōna. Ke ikutloa hore liketelo tsena li ile tsa nthusa ho feta kamoo ke neng ke hlokomela kateng ka nako eo. Bocheng ba ka, ke ne ke e-na le mathata moeeng. ’Mè o ne a tšoenyehile ka sena empa a sa tsebe hore na ha e le hantle a ka nthusa joang, ka lebaka leo a kōpa molebeli oa potoloho hore a buisane le ’na. Qalong ke ne ke mo koekoetla, kaha ke ne ke tšaba ho tšoauoa liphoso. Empa mokhoa oa hae o bontšang botsoalle o ile oa qetella o ntšusumelelitse ho mo phutholohela. O ile a ’memela ho ba le eena lijong ka Mantaha o mong, ’me ke ile ka mo phetlela sefuba hobane ke ne ke ikutloa ke tiisehile hore kea utloisisoa. O ile a mamela ka hloko. Litlhahiso tsa hae tse sebetsang li ile tsa hla tsa sebetsa, ’me ke ile ka qala ho tsoela pele moeeng.”
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela balebeli ba tsamaeang ho e-na le ho ba tšoaea liphoso?
14 Molebeli ea tsamaeang o leka ho ba ea nang le thuso moeeng ho ba bacha le ho ba hōlileng ka ho tšoanang. Joale, ka sebele re lokela ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa boiteko ba hae. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re ne re mo tšoaea liphoso ka lebaka la mefokolo ea hae kapa re mo bapisa hampe le ba bang ba kileng ba etela phutheho ea rōna pele? Mohlomong sena se ne se tla nyahamisa haholo. Ho ne ho sa khothatse ho Pauluse ho utloa ha mosebetsi oa hae o songoa. Hoa bonahala hore Bakreste ba bang ba Korinthe ba ne ba bua ka tsela e nyelisang ka ponahalo ea hae le matla a hae a ho bua. Eena ka boeena o ile a qotsa basomi ba joalo e le ba reng: “Mangolo a hae a tōma ’me a matla, empa ho ba teng ha hae ka boeena hoa fokola le puo ea hae ea eiseha.” (2 Bakorinthe 10:10) Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe balebeli ba tsamaeang hangata ba utloa mantsoe a kananelo e lerato.
15, 16. Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba angoa joang ke lerato le cheseho tse bontšoang ke balumeli-’moho le bona?
15 Molebeli e mong oa potoloho Latin America o tsamaea ka maoto sebaka se selelele letsatsi lohle litselaneng tse qhafu-qhafu ha a etela bara le barali babo ba moea ba lulang sebakeng se laoloang ke likhukhuni. Oa ngola: “Ho ama maikutlo ho bona kamoo barab’abo rōna ba bontšang kananelo ea bona kateng bakeng sa ketelo ena. Le hoja ke tlameha ho etsa boiteko bo matla ho fihla moo, ke talimana le likotsi tse ngata le mathata a mangata, sena sohle se putsoa ka lerato le cheseho tseo barab’abo rōna ba li bontšang.”
16 Molebeli oa potoloho Afrika oa ngola: “Ka lebaka la lerato leo barab’abo rōna ba neng ba re bontša lona, re ile ra rata tšimo ea Tanzania haholo! Barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho rōna, ’me ba ne ba thabela hore re lule mahaeng a bona.” Ho ne ho e-na le kamano e lerato le e thabileng lipakeng tsa moapostola Pauluse le banyalani ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Akuila le Priska. Ha e le hantle, Pauluse o ile a re ka bona: “Ntumelisetseng Priska le Akuila basebetsi-’moho le ’na ho Kreste Jesu, ba behileng melala ea bona kotsing bakeng sa soule ea ka, bao e seng ’na feela ea ba lebohang empa hape le liphutheho tsohle tsa lichaba.” (Baroma 16:3, 4) Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba leboha hore ebe ba na le bo-Akuila le bo-Priska ba kajeno e le metsoalle ea bona e etsang boiteko bo khethehileng ho ba amohela ka mofuthu boeting le ho ba balekane ba bona.
Ho Matlafatsa Liphutheho
17. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ho na le bohlale tokisetsong ea balebeli ba tsamaeang, ’me ba fumana thupelo ea bona hokae?
17 Jesu o itse: “Bohlale bo pakoa bo lokile ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19) Bohlale tokisetsong ea balebeli ba tsamaeang bo totobatsoa ke hore e thusa ho matlafatsa liphutheho tsa batho ba Molimo. Leetong la Pauluse la bobeli la boromuoa, eena le Silase ka katleho ba ile ba “pholletsa le Syria le Silisia, [ba] matlafatsa liphutheho.” Buka ea Liketso ea re bolella: “Ha ba ntse ba tsamaea ho pholletsa le metse, melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka eona ho ba leng moo hore ba e boloke. Ka hona, ka sebele, liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” (Liketso 15:40, 41; 16:4, 5) Balebeli ba tsamaeang ba kajeno ba fumana thupelo ea moea ka Mangolo le litokollo tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” joalokaha ho etsa joalo Bakreste bohle ba bang.—Matheu 24:45.
18. Balebeli ba tsamaeang ba matlafatsa liphutheho joang?
18 E, baholo ba tsamaeang ba tlameha ho tsoela pele ho jela tafoleng ea Jehova ea moea. Ba tlameha ho tloaelana hantle le mekhoa le lintlha tse tataisang tse lateloang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Joale banna ba joalo e ka ba tlhohonolofatso ea sebele ho ba bang. Ka mohlala oa bona o motle oa cheseho tšebeletsong ea tšimo, ba ka thusa balumeli-’moho le bona ho ntlafatsa tšebeletsong ea Bokreste. Lipuo tse thehiloeng Bibeleng tseo baholo bana ba etang ba fanang ka tsona li haha bamameli moeeng. Ka ho thusa ba bang ho sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo, ho sebetsa tumellanong le batho ba Jehova lefatšeng ka bophara, le ho sebelisa litokisetso tsa moea tseo Molimo a li etsang ka “lekhoba le tšepahalang,” balebeli ba tsamaeang ba matlafatsa liphutheho tseo ba nang le tokelo ea ho li etela.
19. Ke lipotso life tse sa ntseng li tla hlahlojoa?
19 Ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ne o qalisa mosebetsi oa baholo ba tsamaeang har’a Liithuti tsa Bibele hoo e ka bang lilemong tse lekholo tse fetileng, makasine ena e ile ea re: “Re tla lebella liphello le ketello-pele ea Morena e eketsehileng.” Ketello-pele ea Jehova e ’nile ea bonahala ka ho hlakileng. Ka lebaka la tlhohonolofatso ea hae le tlas’a taolo ea Sehlopha se Busang, mosebetsi ona o ’nile oa atolosoa le ho ntlafatsoa ho theosa le lilemo. Ka lebaka leo, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tiisoa tumelong ’me palo ea tsona e eketseha letsatsi le letsatsi. Ho totobetse hore Jehova o hlohonolofatsa moea oa boitelo oa limpho tsena tseo e leng banna. Empa balebeli ba tsamaeang ba ka etsa mosebetsi oa bona ka katleho joang? Lipakane tsa bona ke life? Ba ka finyella se molemohali joang?
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Boikarabelo bo bong ba molebeli oa potoloho le oa setereke ke bofe?
◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore balebeli ba tsamaeang ba be le moea oa boitelo?
◻ Ho ka bontšoa kananelo joang bakeng sa mosebetsi oa baholo ba tsamaeang le basali ba bona?
◻ Balebeli ba tsamaeang ba ka etsa eng ho tiisa liphutheho tumelong?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho ba tseleng kamehla ho hloka moea oa boitelo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Na u kile ua amohela balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ka mofuthu?