Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/98 leq. 1
  • Na U Na Le “Moutloa Nameng”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Na Le “Moutloa Nameng”?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Loana le “Moutloa Nameng”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bofokoli ba Botho bo Phahamisa Matla a Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Moutloa Nameng” ho Pauluse
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 5/98 leq. 1

Na U Na Le “Moutloa Nameng”?

1 Ka cheseho re labalabela ho phetha thōmo ea ho bolela litaba tse molemo ka hohle kamoo re ka khonang kateng. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba bangata ba thatafalloa ke ho kopanela ka botlalo ka lebaka la ho kula ho tebileng ’meleng kapa mefokolo e kenellang, e ba thatafalletsang ho etsa ho hongata kamoo ba neng ba ka lakatsa kateng. Ho bona, e ka ba phephetso ho sebetsana ka katleho le maikutlo a ho nyahama, haholo-holo ha ba bona ba bang ba ba likolohileng ba le mafolofolo haholo tšebeletsong.—1 Bakor. 9:16.

2 Mohlala o Lokelang ho Etsisoa: Moapostola Pauluse o ile a tlameha ho loana le “moutloa nameng.” Ka makhetlo a mararo o ile a kōpa Jehova hore a tlose tšitiso ena e tepeletsang, eo a e hlalositseng e le “lengeloi la Satane” le neng le ntse le mo jabela. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena, Pauluse o ile a mamella le ho tsoela pele tšebeletsong ea hae. Ha aa ka a iqenehela kapa ho ba motho ea lulang a tletleba. O ile a fana ka sohle se matleng a hae. Senotlolo sa katleho ea hae se ne se e-tsoa tiisetsong ena e hlahang ho Molimo: “Mosa o sa tšoanelang oa ka o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Bofokoli ba Pauluse bo ile ba fetoha matla ha a ithuta ho amohela boemo ba hae le ho itšetleha ka Jehova le ka moea o halalelang bakeng sa hore a mamelle.—2 Bakor. 12:7-10.

3 Kamoo U ka Mamellang Kateng: Na bofokoli ba botho bo hlahisa litšitiso tšebeletsong ea hao ho Molimo? Haeba ho joalo, etsisa tsela eo Pauluse a neng a talima lintho ka eona. Esita le hoja ho kula ha hao kapa bofokoli li se na pheko ea ka ho sa feleng tsamaisong ena ea lintho, u ka tšepa Jehova ka ho feletseng, e leng eena ea utloisisang litlhoko tsa hao ’me a tla u fa “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Sebelisa hamolemo thuso eo u e fumanang phuthehong, u se itšehle thajana. (Liprov. 18:1) Haeba u thatafalloa ke ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo, batla litsela tse sebetsang tsa ho paka ka ho sa reroang kapa ho paka ka thelefono.

4 Le hoja moutloa nameng o ka u thibela ho etsa seo u se khonang tšebeletsong, ha ho hlokahale hore u ikutloe eka ha u kopanele tšebeletsong. Joaloka Pauluse, le uena u ka ‘paka ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo,’ u etsa seo matla a hao le maemo li se lumellang. (Lik. 20:24) Ha u ntse u ikitlaetsa ka matla ho phetha tšebeletso ea hao, tseba hore Jehova o thaba haholo.—Baheb. 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela